Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 1/1 maq. 4-7
  • Thabo Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo Lefatšeng Lohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Thabo eo ho Seng Motho ea ka Nkamohang Eona”
  • “Ho Isa Pheletsong ea Lefatše”
  • ‘Ratanang’
  • Batho ba Khotso
  • “U Bone Mahlomola a ka”
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Batho ba Thabileng—Ka Lebaka Lefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Le Tlale Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 1/1 maq. 4-7

Thabo Lefatšeng Lohle

“BONANG, bahlanka ba ka ba tla bina ka baka la thabo ea lipelo tsa bona.” (Esaia 65:14) Jehova o ile a bua joalo ka moprofeta oa hae Esaia, ’me mantsoe a hae a phethahala ka tsela e hlollang hakaakang har’a Lipaki tsa Jehova! Thabo ea tsona ea pelo e hlaha hokae? E hlaha borapeling ba tsona bo kopaneng ho Jehova Molimo. Ke “Molimo o thabileng,” ’me ba o rapelang ba “ithabetse ho Jehova.” (1 Timothea 1:11, NW; Zakaria 10:7, NW) Boinehelo bona bo thabileng bo ba kopantse hammoho hore e be sechaba se le seng ha ba ntse ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho phahamisa mohoo oa lefatše lohle oa thoriso ho Molimo oa bona.—Tšenolo 7:9, 10.

“Thabo eo ho Seng Motho ea ka Nkamohang Eona”

Ka sebele, ho phatlalatsa lebitso la Molimo le ’Muso oa oona ke mohloli oa thabo ea ka mehla ho Lipaki tsa Jehova. (Mareka 13:10) Li arabela mantsoeng a mopesaleme: “Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a li ke li thabe!”—Pesaleme ea 105:3.

Hangata, li hlōla litšitiso e le hore li etse sena. Spain, Isidro o ile a inehela ho Jehova, ’me o ne a batla ho bua le ba bang ka Eena. Empa ke mokhanni oa teraka ea nang le nako e nyenyane ea bolokolohi, o nka maeto a malelele bosiu bohle ’me motšehare oa robala. Isidro o ne a batla ho pakela bakhanni ba bang ba literaka, empa sena o ne a ka se etsa joang?

O ile a kenya sea-le-moea sa CB (citizens band) terakeng ea hae e le hore a ka se sebelisa ho buisana le bakhanni ba bang. Kapele o ile a fumana seteishene se sebelisoang ka seoelo, sa bo13, ’me a etsa qeto ea ho se sebelisa. Leha ho le joalo, ka lekhetlo la pele ha a etsa tlhahiso ho bakhanni ba bang ba literaka hore ba buisane ka Bibele ka sea-le-moea sa CB, karabelo e ile ea e-ba e hanyetsang. Empa ba bang ba ile ba mamela. Taba eo e ile ea hasana, ’me ba bangata ba bakhanni bao ba literaka ba Spain ba ne ba se ba bulela seteishene sa bo13. Haufinyane, Isidro o ile a utloa hore bonyane a le mong o nka mehato ea ho ntšetsa pele thuto ea hae ea Bibele.

Monna e mong Italy o ile a utloela ka Lipaki tsa Jehova ha a ntse a qoqa ka beseng. Mosali oa hae o ile a kopana le tsona ka motsoalle oa hae. Ka bobeli ba ile ba ithuta Bibele ’me ba ne ba chesehela ho arolelana seo ba ithutileng sona le ba bang. Ba ne ba cheseha hoo monna a ileng a hana ho phahamisoa femeng ea habo ’me mosali oa hae o ile a tlohela mosebetsi o lefang hantle e le hore ba ka qeta nako e eketsehileng ba bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso. Na hoo ho ne ho tšoanela boiteko? E. Monna eo o re: “Ho tloha ha re qala ho tseba ’nete, ’na le mosali oa ka re bile le thabo ea ho thusa batho ba 20 ho fihla tsebong e nepahetseng ea morero oa Molimo. Ha nako ea mantsiboea e fihla, ’me ke khutlela hae ka mor’a ho qeta letsatsi tšebeletsong ea Jehova, ke ’nete hore ke ikutloa ke khathetse. Empa ke thabile, ’me ke leboha Jehova bakeng sa ho mpha thabo eo ho seng motho ea ka nkamohang eona.”

“Ho Isa Pheletsong ea Lefatše”

Ba ka har’a sechaba se thabileng sa Molimo ba bontša mafolo-folo a tšoanang hohle moo ba leng teng, esita le “pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ke libaka tse ’maloa tse hōle ho feta Greenland leboea. Empa, esita le hona moo, lik’hilomithara tse 320 ka leboea ho Arctic Circle, ho na le phutheho e nyenyane ea Ilulissat, e nang le batho ba 19. Ba bolela litaba tse molemo tse tšoanang le tseo banyalani bane ba Italy ba li bolelang, ’me selemong se fetileng ba ile ba thaba ho bona baahi ba supileng ba Greenland ba kolobetsoa ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova.

Lik’hilomithara tse likete-kete ho tloha Greenland, sehleke-hlekeng se chesang sa Mauritius se leoatleng le bitsoang Indian Ocean, Anjinee o thabile ka tsela e tšoanang. Pele lintho li ne li le thata bakeng sa Anjinee. Ho ea libokeng tsa Bokreste le ho bolela phatlalatsa ka Molimo Mauritius ha ho nkoe e le mesebetsi e loketseng ngoanana ea sa nyaloang oa Moindia oa Mohindu. Empa Anjinee o ile a mamella. Hona joale, lilemo tse robong ka mor’a hore a qale tsela ea hae ea Bokreste, ba bang ba beng ka eena le bona ba ithuta Bibele.

Re sa le tabeng ea Anjinee re ka boela ra bolela ka Emilio, ea karolong e ’ngoe ea lefatše, Honduras. Emilio o ile a utloa ha basebetsi-’moho le eena ba buisana ka Bibele mosebetsing ’me a kōpa hore ba mo kopanyelletse puisanong. O ne a sa tsebe ho bala empa o ile a mamela ka thabo ha litemana tsa Bibele li baloa. Ha ’nete ea Bokreste e kena pelong ea hae ka ho teba, Emilio o ile a tlohela mokhoa oa hae oa bophelo ba boitšoaro bo bobe ’me a khaotsa mokhoa oa ho noa ka ho fetelletseng. Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo ruta ho bala le ho ngola, ’me hona joale ke mosebeletsi sechabeng se thabileng sa Molimo.

Lik’hilomithara tse likete-kete ka leboea-bophirimela ho Honduras, ’mè e mong oa Leeskimo oa Alaska o ile a ithuta ’nete e tšoanang ea Bokreste. Mosali enoa o ne a lula motseng o ka thōko, ’me tsela feela ea hore a ikopanye le Lipaki tsa Jehova e ne e le ka poso. Kahoo o ile a ithuta ka poso, a botsa lipotso tsa hae ka poso, ’me hona joale o arolelana ka mafolo-folo seo a se tsebang le baahisani ba hae. Ho ka phetoa mehlala e mengata haholo e kang ona. Ho pota lefatše, ba pelo-nolo ba tla ho tla “sebeletsa Jehova ka thabo.”—Pesaleme ea 100:2, NW.

‘Ratanang’

Ntho e ’ngoe e hapang batho bana kaofela ke lerato le teng sechabeng se thabileng sa Molimo. Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Lerato la Bokreste le bonoa bophelong ba letsatsi le letsatsi ba Bakreste bana ba ’nete, ’me le bonoa haholo-holo linakong tsa koluoa.

Naheng e ’ngoe ea Afrika moo ka bomalimabe mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng, ho ne ho e-na le komello e khōlō. Batho ba likete tse leshome ba ile ba shoa, ’me mehlape eohle ea likhomo e ile ea shoa. Lipaki li ile tsa phonyoha joang? Ka ho ja metso ea lijalo le litholoana tsa avocado tse phehiloeng! Empa bothata ba bona bo ile ba nolofala ka potlako ha, ka thuso ea Molimo, ka tšohanyetso Lipaki tse linaheng tse ling li fumana tumello ea ho romela lithane tse 25 tsa liphallelo. Ka sebele, ho sa tsotellehe thibelo, litokisetso tsena li ile tsa hlokomeloa ke masole ho tiisa hore li fihla li sireletsehile!

Ka sebele, Lipaki tseo tsa Afrika li ile tsa thaba haholo ha li amohela bopaki bona ba lerato la baena ba tsona ha li bona phethahatso ea mantsoe a Esaia: “Bonang, letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa, le litsebe tsa hae ha lia thibana, hore a sitoe ho utloa.”—Esaia 59:1.

Batho ba Khotso

Ba pelo-nolo ba boetse ba haptjoa ke sechaba se thabileng sa Molimo hobane litho tsa sona li lahlile litsela tsa ntoa tsa lefatše lena ’me li ‘teile liphehla tsa tsona tsa ntoa mehoma.’ (Esaia 2:4) El Salvador, ntlo ea monna e mong eo pele e neng e le lesole e ne e tletse likhopotso tsa mosebetsi oa hae oa bosole. Empa ha a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a hōlisa lithahasello tsa khotso. Qetellong, o ile a tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e amana le ntoa ka tlung ea hae ’me ka mafolo-folo a kenela mosebetsi oa boboleli.

Ha mabotho a khahlanong le ’muso a qala ho busa motse oa habo, o ile a tšoaroa—ka ho hlakileng motho e mong o ne a boletse hore e ne e le lesole pele. Leha ho le joalo, o ile a hlalosa hore ha e sa le lesole empa e se e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ba batlang ho liha ’muso ba ile ba mo qosa ka hore o na le libetsa ka tlung ea hae, empa phuputso e ile ea senola hore ha li eo. Mookameli oa batho bana ba batlang ho liha ’muso o ile a botsa baahisani ka eena. Tlhaloso ea bona e tšoanang e ile ea e-ba: “O nyolosa le ho theosa seterateng a ntse a ruta ka Bibele letsatsi le letsatsi.” Monna enoa o ile a lokolloa. Ntle ho pelaelo, mafolo-folo a hae a ile a sebeletsa ho boloka bophelo ba hae.

Tlaleho e tsoang naheng e ’ngoe ea Afrika e bolela ka masole a mabeli a neng a ntse a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Le leng le ne le sebeletsa sesole sa ’muso, le leng le loanela bafetoheli ba ’muso. Qetellong, ka bobeli a ile a etsa qeto ea ho ‘tea liphehla tsa ’ona tsa ntoa mehoma’ eaba a itokolla sesoleng. Eitse ha a ea libokeng tsa Bokreste ka lekhetlo la pele, lesole le khahlanong le ’muso le ile la botsa lena le leng: “U batla’ng mona?” La arabela: “Le uena, u batla’ng mona?” Tlaleho e phetha ka hore: “Eaba a kopana ka matsoho, a tšolla meokho ea thabo hobane a ne a ka lula hammoho ka khotso.” Ntle ho pelaelo banna bana bao pele e neng e le masole ba ile ba rapela Molimo: “Oho Molimo, Molimo oa poloko ea ka, o ntopolle molatong oa mali a tšolohileng; ’me leleme la ka le tla rorisa ho loka ha hao!”—Pesaleme ea 51:14.

“U Bone Mahlomola a ka”

“Ke tla thaba ’me ke nyakalle moseng oa hao o lerato hobane u bone mahlomola a ka; u tsebile matšoenyeho a sephefumolohi sa ka.” (Pesaleme ea 31:7, NW) Mopesaleme o ile a rapela joalo, ’me ba bangata kajeno ba thabile hobane Lentsoe la Molimo le ba thusa ho mamella mahlomola a bona. Fora e mong oa Lipaki tsa Jehova o khannela mosali ea tšoeroeng ke lefu la schizophrenia thuto. Mosali enoa o ne a ’nile a phekoloa lefu la kelello ka nako e teletsana, empa sena se ne se sa ka sa thusa letho. Beke ka mor’a hore a qalise thuto ea hae, ngaka ea mafu a kelello e ile ea botsa: “Na ka sebele u utloisisa seo mosali enoa a u hlalosetsang sona ho tsoa Bibeleng?” Kahoo bekeng e latelang Paki eo e ile ea ea ofising ea ngaka eo ’me ea ithuta Bibele le mosali enoa ngaka eo e le teng.

Ka mor’a thuto, ngaka eo ea mafu a kelello e ile ea bolella Paki hore: “Ka lilemo ke ’nile ka thahasella bolumeli ba bakuli ba ka, empa ke ile ka hlokomela hore ha ho tšehetso ea sebele eo bolumeli leha e le bofe bo ka fanang ka eona. Leha ho le joalo, tabeng ea lōna, lintho li fapane. Mof. P—o tla habeli ka beke ho tla bona ngaka, ’me oa ntefa bakeng sa seo. Empa, ka thuto ea lōna ea Bibele le keletso e molemo, le etsa mosebetsi o molemo ka ntle ho tefiso. O etsa tsoelo-pele e ntle. Tšoarang joalo, ’me ke le tiisetsa hore ke tla le fa tšebelisano-’moho e felletseng ha le e hloka.”

Bibele e re: “Ho thabile sechaba se tsebang ho etsa mehoo ea thabo. Jehova, se tsoela pele ho tsamaea khanyeng ea sefahleho sa hao. Se ithabela lebitsong la hao letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 89:15, 16, NW) E mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova oa tseba hore pesaleme ena ke ’nete. Ka melomo ea tsona li phahamisa mohoo oa thabo o rorisang Jehova. Ba bangata ba ntse ba tsoa lichabeng ho tla rorisa Molimo hammoho le tsona. Ke hobane’ng ha u sa ikopanye le tsona ’me u latsoe thabo eo ka bouena?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Hona joale Lipaki tsa Jehova tse Europe Bochabela li thabela tokoloho e ncha eo li e fumaneng ea ho amohela “Molula-Qhooa” le ho ithuta oona ka lipuo tsa habo tsona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela