‘Ke ne ke Tuka Bohale’
Ngoanana ea lilemo li 15 ho tsoa Knoxville, Tennessee, o ngotse: “Ke batla ho bolela liteboho tsa ka ho lōna bakeng sa buka ea lōna e ncha Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke thabetse ho e bala haholo.”
Joale o hlalosa se mo susumellelitseng hore a ngole: “Ke ne ke tukela moena oa ka bohale hobane o ne a ntlalehile kahobane ke sa etsa ho hong ka tlung hoo ke neng ke lokela ho ho etsa. Hona joale kaha re loanne, ke ikutloa ke le molato ’me ke kene ka kamoreng ea ka hore ke le ngolla le ho bala ‘Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakana ho Phelisana le Banab’eso?’ (Khaolo 6) Kea tseba e tla nthusa ho sebetsana le mathata nakong e tlang.”
Bacha ba tobana le lipotso tse ngata tse hlokang kahlolo e bohlale: Na ke se ke loketse ho laetsana? Nka hlōla ho nkeha maikutlong a lerato joang? Ho thoe’ng ka likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo? Nka tseba joang haeba ke lerato la sebele? Ke lokela ho khetha mosebetsi ofe? Nka hlōla khatello ea lithaka joang? Bakeng sa lipotso tseo le tse ling bacha ba hloka likarabo tse sebetsang.
Re lumela hore u tla fumana molemo haholo bukeng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e nang le khaolo potsong e ’ngoe le e ’ngoe ea tsena. U ka fumana kopi ea khatiso ena e nang le litšoantšo tse hohelang ka ho tlatsa le ho romela setlankane.
Ke tla thabela ho fumana buka e maqephe a 320 e nang la sekoahelo se thata Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le haufinyane ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)