Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 2/15 maq. 3-4
  • Khang ea Lefu la Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khang ea Lefu la Jesu
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Topollo—Thuto e Lahlehileng ea Bokreste-’mōtoana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Boraro-bo-bong bo Hlalosoa Joang?
    Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?
  • “Boraro-bo-bong Bo Halalelang”—Na Bo Teng Ka Bibeleng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Maria o Emotsoe Ntle ho Sebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 2/15 maq. 3-4

Khang ea Lefu la Jesu

LETSATSING la Paseka ea 33 C.E., ho ile ha bolaoa batho ba bararo. Banna ba bararo ba ahlotsoeng ba ile ba isoa sebakeng se ka ntle ho marako a Jerusalema ’me ba bolaoa ka litsela tse ling tse bohloko ka ho fetisisa, tse nyelisang: ho khokhotheloa lithupeng tse otlolohileng. Lipolao tse joalo li ne li tloaelehile linakong tsa Roma, kahoo ho ne ho ka ’na ha lebelloa hore e be hona joale lipolao tsa Paseka e se e le khale li lebetsoe. Leha ho le joalo, e mong oa banna ba neng ba il’o bolaoa, e ne e le Jesu Kreste. Lefu la hae le ile la tlisa phetoho e khōlōhali ea bolumeli le khang.

Ho fetile lilemo tse ka bang likete tse peli ho tloha ketsahalong eo, kahoo e ka ’na eaba u na le tšekamelo ea ho e nka e le pale feela ea boholo-holo. Leha ho le joalo, na ua hlokomela hore khang e ileng ea hlaha ho hang ha e e-s’o lokisoe?

Joalokaha e ka ’na eaba ua tseba, batho ba limillione ba lumela hore Jesu o ba shoetse. Ba lumela ka tieo hore lefu la Kreste ke senotlolo se lebisang topollong le tšoarelong ea libe, le hore tumelo lefung la hae ke tsela e lebisang polokong. Leha ho le joalo, ka ho makatsang sehlooho se ho Anglican Theological Review se tlaleha hore tumelo ena e nkoang e le ea bohlokoahali e “bothateng.” ’Me “bothata” bo hlaha ho baeta-pele ba bolumeli.

Anglican Theological Review e hlalosa hore: “Thuto ea phekolo ea libe khopolong ea Bokreste e bothateng hobane ho belaelloa ho theoa ha eona Bibeleng, ho qaptjoa ha eona ho se ho koahetsoe ke likhopolo tsa nakoana . . . , ’me ponahatso ea eona bomoeeng bo tloaelehileng e nkile sebōpeho sa ho nkeha maikutlo ha botho le ho itokafatsa ho iphapanyetsang liphoso.” Ho fapana le hoo, ka sebele litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Prostanta le tsa K’hatholike li hlōlehile ho fumana tumellano ea mofuta leha e le ofe mabapi le seo lefu la Jesu Kreste le se bolelang.

U ka ’na ua ikutloa hore ena ke phehisano feela ea litsebi tse seng kae tsa bolumeli, hore ha e amane le bophelo ba hao. Empa nahana ka sena: Haeba ka sebele lefu la Jesu le amana le boemo ba hao ka pel’a Molimo le litebello tsa hao tsa bophelo bo sa feleng (leholimong kapa sebakeng se seng), joale ho hlokahala hore u ele khang ena hloko.

Ke hobane’ng ha litsebi tsa thuto ea bolumeli li sa ntsane li phehisana khang ka taba ena? Ka mohlala, nahana ka Kereke ea Roma e K’hatholike. E na le lethathamo le hlakileng la lithuto tse mabapi le ho se shoe ha sephefumolohi le Boraro-bo-bong. Empa, kereke e tsila-tsila ka mokhoa o makatsang mabapi le ho lopolloa ha batho ka lefu la Kreste. New Catholic Encyclopedia ea lumela: “Ho qapiloe lithuto tse ngata tse fapaneng ho hlalosa kamoo motho a lopolloang bobeng ba sebe le ho khutlisetsoa mohaung ka teng . . . Empa ha ho le e ’ngoe ea lithuto tsena e ileng ea atleha ka ho felletseng. . . . Ka karolo e itseng thuto ea bolumeli ea Topollo ha ea finyelloa ’me e sa ntsane e le bothata thutong ea bolumeli.”

Joale, ha hoa lokela ho u makatsa hore har’a batho ba limillione bao ka tieo ba bolelang hore ‘Jesu o shoele bakeng sa rōna,’ ba ’maloa ba na le khopolo e sa hlakang ea hore na seo se hlile se bolela’ng. Joalokaha Anglican Theological Review e bolela: “Ha a hatelletsoe . . . hangata Mokreste ea lumelang o hlōleha ho qotsa mohloli oa thuto eo ka Bibeleng, kapa ho hlalosa kamoo e sebetsang ka teng.” Ba imetsoe ke thuto eo ba sa e utloisiseng le eo ba ke keng ba e hlalosa, barapeli ba ka likerekeng ba thatafalloa ke ho bona kamoo lefu la Kreste le amanang le bophelo ba bona ka teng.

Ho hlōleha ha Bokreste-’mōtoana ho fana ka thuto e hlakileng mabapi le topollo ho boetse ho sitisitse boiteko ba bona ba ho finyella Bajode, Mahindu, Mabuddha, le ba bang ka molaetsa oa Bokreste. Le hoja ba bangata ba joalo ba tsota le ho hlompha lithuto tse ngata tsa Jesu, pherekano e mabapi le lefu la Kreste le seo le se bolelang e eme e le tšitiso tumelong.

Na bohlokoa ba lefu la Kreste ke sephiri feela—se ka holimo ho kutloisiso ea batho? Kapa na ho na le tlhaloso e utloahalang, e theiloeng Bibeleng mabapi le lona? U lokela ho ela lipotso tsena hloko, hobane Bibele e bolela taba ena e makatsang mabapi le Kreste: ‘E mong le e mong ea lumelang ho eena a ke ke a timela, empa o tla fumana bophelo bo sa feleng.’—Johanne 3:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela