‘Batla Khotso ’me U e Phehelle’
“Jehova a ke a rorisoe, eena ea khahlisoang ke khotso ea mohlanka oa hae.”—PESALEME EA 35:27, “NW.”
1. Re thabela khotso efe kajeno?
HO BA le khotso ho thabisa hakaakang lefatšeng lee le arohaneng! Ho rapela Jehova, “Molimo oa khotso, oona ka sebele,” le ho kopanela mahlohonolong a ‘selekane sa hae sa khotso’ ho thabisa hakaakang! Har’a likhatello tsa bophelo, ke ho khathollang hakaakang ho tseba “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle” le ho latsoa ‘tlamo ea khotso’ e kopanyang batho ba Molimo ho sa tsotellehe moloko oa bona, puo, morabe, kapa boemo ba sechaba!—1 Ba-Thessalonika 5:23; Ezekiele 37:26; Ba-Filippi 4:7; Ba-Efese 4:3.
2, 3. (a) Le hoja batho ba Molimo ka kakaretso ba tla mamella, ho ka ’na ha etsahala’ng ka Bakreste ka bomong? (b) Bibele e re phehella hore re etse eng?
2 Re le Lipaki tsa Jehova, re nka khotso ena e le ea bohlokoa. Leha ho le joalo, re ke ke ra e nka habobebe. Ho fumana khotso ha ho itlise ka bohona hobane feela re kopanela le phutheho ea Bokreste kapa ho etsahala hore ebe re karolo ea lelapa la Bokreste. Le hoja masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona ea “linku tse ling” a tla mamella e le mohlape o le mong ho fihlela qetellong, batho ba itseng ba ka ’na ba lahleheloa ke khotso ea bona ’me ba oa.—Johanne 10:16; Mattheu 24:13; Ba-Roma 11:22; 1 Ba-Korinthe 10:12.
3 Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea hae: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo e mpe ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang.” (Ba-Heberu 3:12) Temoso ena e boetse e sebetsa ho bongata bo boholo ba batho. Kahoo Bibele e phehella Bakreste: ‘Batlang khotso ’me le e phehelle. Hobane mahlo a Jehova a talima ba lokileng, ’me litsebe tsa hae li mamela thapelo ea bona; empa sefahleho sa Jehova se bohale ho ba etsang hampe.’—1 Petrose 3:10-12, NW; Pesaleme ea 34:14, 15.
“Ho ba le Mohopolo o Sekametseng Nameng”
4. Ke eng e ka senyang khotso eo re nang le eona le Molimo?
4 Ke eng se ka re sitisang ho phehella khotso? Pauluse o bolela ntho e ’ngoe e joalo ha a re: “Ho ba le mohopolo o sekametseng nameng ho bolela lefu, empa ho ba le mohopolo o sekametseng moeeng ho bolela bophelo le khotso; hobane ho ba le mohopolo o sekametseng nameng ho bolela bora ho Molimo.” (Ba-Roma 8:6, 7, NW) Ha Pauluse a bua ka ‘nama,’ o bolela boemo ba rōna ba boetsalibe joaloka batho ba sa phethahalang ba nang le litšekamelo tsa boetsalibe tseo re li futsitseng. Ho inehela tlas’a nama ea boetsalibe ho tla senya khotso ea rōna. Haeba Mokreste a etsa boitšoaro bo bobe, a bua leshano, a utsoa, a sebelisa lithethefatsi, kapa a tlōla molao oa Molimo ka tsela e ’ngoe e itseng a sa bake, o senya khotso e pakeng tsa hae le Jehova eo a kileng a e thabela. (Liproverbia 15:8, 29; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Tšenolo 21:8) Ho feta moo, haeba a lumella lintho tse bonahalang hore e be tsa bohlokoahali ho eena ho feta lintho tsa moea, khotso ea hae le Molimo e kotsing e tebileng.—Mattheu 6:24; 1 Johanne 2:15-17.
5. Ke eng se akarelletsoang ho phehelleng khotso?
5 Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o itse: “Ho ba le mohopolo o sekametseng moeeng ho bolela bophelo le khotso.” Khotso ke e ’ngoe ea litholoana tsa moea, ’me haeba re koetlisa lipelo tsa rōna hore li ananele lintho tsa moea, re rapella moea oa Molimo hore o re thuse ho sena, re tla qoba “ho ba le mohopolo o sekametseng nameng.” (Ba-Galata 5:22-24) Ho 1 Petrose 3:10-12, khotso e amahanngoa le ho loka. (Ba-Roma 5:1) Petrose o re ho phehella khotso ho akarelletsa ‘ho furalla bobe le ho etsa se lokileng.’ Moea oa Molimo o ka re thusa ho “phehella ho loka” e le hore re ka boloka khotso ea rōna le Molimo.—1 Timothea 6:11, 12.
6. Bo bong ba boikarabelo ba baholo mabapi le khotso ea phutheho ke bofe?
6 Ho phehella khotso ke ntho e khōlō eo baholo ka phuthehong ba lokelang ho ameha ka eona. Ka mohlala, haeba motho ea itseng a leka ho hlahisa mekhoa e silafatsang, baholo ba na le boikarabelo ba ho sireletsa phutheho ka hore ba leke ho khalemela motho ea etsang sebe. Haeba a amohela khalemelo, o tla fumana khotso ea hae hape. (Ba-Heberu 12:11) Haeba a sa e amohele, a ka ’na a lokela ho lelekoa ka phuthehong e le hore ho ka bolokoa kamano ea khotso eo phutheho e nang le eona le Jehova.—1 Ba-Korinthe 5:1-5.
Ho ba le Khotso le Baena ba Rōna
7. Pauluse o lemosa Bakorinthe ka pontšo efe ea ‘ho ba le mohopolo o sekametseng nameng’?
7 ‘Ho ba le mohopolo o sekametseng nameng’ ho ke ke ha senya khotso eo re nang le eona le Molimo feela empa ho tla boela ho senye kamano ea rōna e ntle le Bakreste ba bang. Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: “Hoba le sa le ba nama. Hobane ha e le moo mōna o sa le teng har’a lōna, le liphapang, na ha le ba nama na? na ha le ee ka mokhoa oa batho na?” (1 Ba-Korinthe 3:3) Mōna le khohlano li khahlanong le khotso.
8. (a) Ho ka ’na ha etsahala joang ka motho ea bakang mōna le khohlano ka phuthehong? (b) Hore re be le khotso le Molimo ho itšetlehile ka eng?
8 Ho senya khotso ea phutheho ka ho baka mōna le khohlano ke ntho e tebileng haholo. Moapostola Johanne o ile a lemosa tjena ha a ne a bua ka tšobotsi e amanang le khotso e le tholoana ea moea: “E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng?” (1 Johanne 4:20) Ka tsela e tšoanang, haeba motho ea itseng a baka mōna kapa khohlano har’a baena, na ka sebele a ka ba khotsong le Molimo? Ka sebele a ke ke! Rea phehelloa: “Ithabeleng, le phethehe, le tšelisane, le be le khopolo e le ’ngoe, le lule ka khotso; ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.” (2 Ba-Korinthe 13:11) E, haeba re tsoela pele ho phelisana ka khotso, joale Molimo oa lerato le khotso o tla ba le rōna.
9. Re tseba joang hore ka linako tse ling Bakreste ba tla ba le liphapang le ho se lumellane?
9 Sena hase bolele hore ha ho mohla ho tla ba le liphapang pakeng tsa Bakreste. Libekeng tsa ka moraonyana ho Pentekonta, ho ile ha ba le ho se lumellane ka phuthehong e ncha ea Bokreste mabapi le kabo ea letsatsi le letsatsi ea lijo. (Liketso 6:1) Ketsahalong e ’ngoe ho se lumellane pakeng tsa Pauluse le Barnabase ho ile ha fella ka “ho tlakoloha ho matla ka bohale.” (Liketso 5:39, NW) Pauluse o ile a lokela ho eletsa Evodia le Syntyke, bao ntle ho pelaelo e neng e le bo-khaitseli ba khahlehang le ba chesehang, “hore ba be le pelo e le ’ngoe Moreneng.” (Ba-Filippi 4:2) Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a fana ka keletso e qaqileng mabapi le kamoo ho ka rarolloang lintho tse senyang khotso pakeng tsa Bakreste a ba a totobatsa bohlokoa ba ho rarolla mathata a joalo ka potlako! (Mattheu 5:23-25; 18:15-17) A ka be a sa ka a fana ka keletso ena haeba a ne a sa lebella hore ho tla hlaha mathata har’a balateli ba hae.
10. Ka linako tse ling ho hlaha maemo afe ka phuthehong, hona see se jarisa bohle ba amehang boikarabelo bofe?
10 Ka hona, kajeno ho ka etsahala hore motho ea itseng a khopisoe ke puo e khopisang kapa ho lemoha bofokoli bo itseng ho Mokreste-’moho. Sebōpeho sa motho e mong se ka ’na sa khopisa motho e mong haholo. Botho ba batho ba fapaneng bo ka ’na ba hohlana. Motho ea itseng a ka ’na a hanyetsa qeto ea baholo ka matla. Sehlopheng sa baholo ka bosona, moholo e mong a ka ’na a ba le monahano o matla eaba o leka ho phahamela baholo ba bang. Ho sa tsotellehe ’nete ea hore lintho tse joalo lia etsahala, re ntse re lokela ho batla khotso le ho e phehella. Phephetso ke ho rarolla mathata ana ka tsela ea Bokreste e le hore ho ka bolokoa “tlamo e kopanyang ea khotso.”—Ba-Efese 4:3, NW.
11. Jehova o entse litokisetso life ho re thusa ho phehella khotso pakeng tsa rōna ka borōna?
11 Bibele e re: “Jehova a ke a rorisoe, eena ea khahlisoang ke khotso ea mohlanka oa hae.” (Pesaleme ea 35:27, NW) E, Jehova o batla hore re lule ka khotso. Ka hona, o entse litokisetso tse peli tse ikhethileng ho re thusa ho boloka khotso pakeng tsa rōna ka borōna le pakeng tsa rōna le eena. E ’ngoe ea tsona ke moea o halalelang, oo khotso e leng tholoana ea oona, hammoho le litšoaneleho tse ling tsa khotso tse amanang le eona, tse kang mamello, mosa, bonolo, le boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23) E ’ngoe ke bohlale ba Molimo, boo re balang tjena ka bona: “Bohlale bo tsoang holimo, taba ea bona ea pele, bo hloekile, hape bo na le khotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le litholoana tse monate.”—Jakobo 3:17, 18.
12. Re lokela ho etsa’ng haeba khotso ea rōna le baena ba rōna e senyehile?
12 Ka hona, haeba khotso ea rōna le ba bang e senyeha, re lokela ho rapella bohlale bo tsoang holimo ho re bontša hore na re nke khato efe, ’me re lokela ho kōpa ho nehoa moea o halalelang hore o re matlafatse e le hore re etse se nepahetseng. (Luka 11:13; Jakobo 1:5; 1 Johanne 3:22) Tumellanong le thapelo ea rōna, joale re ka talima mohloling oa bohlale ba Molimo, e leng Bibele, bakeng sa tataiso, hammoho le ho hlahloba lingoliloeng tse teng tsa Bibele bakeng sa keletso ea kamoo re ka sebelisang Mangolo ka teng. (2 Timothea 3:16) Re ka boela ra batla keletso ho baholo ka phuthehong. Mohato oa ho qetela e tla ba ho latela tataiso e amohetsoeng. Esaia 54:13 e re: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” Sena se fana ka maikutlo a hore khotso ea rōna e itšetlehile ka ho sebelisa lintho tseo Jehova a re rutang tsona.
“Ho Lehlohonolo ba Bōpang Khotso”
13, 14. (a) Polelo ea Jesu e reng “ba bōpang khotso” e fana ka maikutlo afe? (b) Re ka fetoha batho ba bōpang khotso joang?
13 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o itse: “Ho lehlohonolo ba bōpang khotso, hobane ba tla bitsoa bana ba Molimo.” (Mattheu 5:9, BPN) Polelo e reng “ba bōpang khotso” mona ha e bolele motho ea itseng ea bonolo ka tlhaho. Motho ea bōpang khotso o na le tsebo ea ho tsosolosa khotso ha e senyehile. Leha ho le joalo, habohlokoahali motho ea bōpang khotso o loanela ho qoba ho senya khotso ho tloha sethathong. ‘Khotso e laola pelo ea hae.’ (Ba-Kolosse 3:15) Haeba bahlanka ba Molimo ba loanela ho ba ba bōpang khotso, mathata a hlahang har’a bona a tla fokotseha.
14 Ho fetoha motho ea bōpang khotso ho akarelletsa ho hlokomela mefokolo ea rōna ka borōna. Ka mohlala, Mokreste ea itseng a ka ’na a ba bohale kapa ea e-ba sefela-peloana le ea khopehang habonolo. Ha a le tlas’a khatello, maikutlo a hae a ka ’na a mo etsa hore a lebale melao-motheo ea Bibele. Ena ke ntho e ka lebelloang ho batho ba sa phethahalang. (Ba-Roma 7:21-23) Leha ho le joalo, bora, khohlano, le bohale li thathamisoa e le mesebetsi ea nama. (Ba-Galata 5:19-21) Haeba re iphumana re e-na le litšekamelo tse joalo ka ho rōna—kapa haeba ba bang ba re hlokomelisa tsona—re lokela ho rapella moea oa Jehova ka tieo re bile re sa khaotse hore re hlaolele ka ho rōna boitšoaro le bonolo. Ka sebele, e mong le e mong o lokela ho loanela ho hlaolela litšoaneleho tse joalo e le karolo ea botho ba hae bo bocha.—Ba-Efese 4:23, 24; Ba-Kolosse 3:10, 15.
15. Bohlale bo tsoang holimo bo hanana le ho ba manganga ka mokhoa o sa bontšeng ho ba le kahlolo e molemo joang?
15 Ka linako tse ling, phutheho kapa sehlopha sa baholo se tšoenngoa ke motho e mong ea manganga, eo ka linako tsohle a tsitlellang ho etsa lintho ka tsela ea hae. Ke ’nete hore ha ho tluoa tabeng ea molao oa Molimo, Mokreste o lokela ho ba le mohopolo o matla, ebile ha aa lokela ho tenyetseha. ’Me haeba re ikutloa hore re na le khopolo e ntle e ka ruisang ba bang molemo, ha ho letho le phoso ka ho itlhalosa ka ho tobileng, hafeela re ka hlalosa mabaka a rōna. Empa ha re batle ho tšoana le batho ba lefatše “ba sa bulehelang tumellano leha e le efe.” (2 Timothea 3:1-4, NW) Bohlale bo tsoang holimo bo na le khotso, bo na le kahlolo e molemo. Batho bao liketso tsa bona li bonahatsang ho se tenyetsehe ka manganga ba lokela ho ela hloko keletso ea Pauluse e neng e ea ho Bafilippi ea hore ba se ke ba ‘etsa letho ka boithoriso ba lefeela.’—Ba-Filippi 2:3.
16. Keletso ea Pauluse e bukeng ea Bafilippi e re thusa ho hlōla boithoriso ba lefeela joang?
16 Lengolong lona leo, Pauluse o re phehella hore ‘ka boikokobetso,’ le ka tieo, re lokela ho ‘nka batho ba bang ba re phahametse.’ Sena se khahlanong le boithoriso ba lefeela. Mokreste ea hōlileng tsebong ha a nahane pele ka ho susutlella ba bang ho amohela likhopolo tsa hae, hore a se ke a itšenya lebitso, kapa ho sireletsa boemo ba hae le matla ao a nang le ’ona. Sena se ne se tla be se le khahlanong le khothatso eo Pauluse a faneng ka eona ea hore ‘a se ke a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, empa a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.’—Ba-Filippi 2:4; 1 Petrose 5:2 3, 6.
Mantsoe a Khotso
17. Ke tšebeliso efe e fosahetseng ea leleme e ka senyang khotso ea phutheho?
17 Motho ea phehellang khotso haholo-holo o hlokolosi ka hore na o sebelisa leleme la hae joang. Jakobo oa lemosa: “Leleme, leha e le sethoana se senyenyane, le ithorisa ka tse kholo. Bonang, molloana o monyenyane o ka chesa moru o mokakang!” (Jakobo 3:5) Ho seba ho kotsi, ho tšoaea ba bang liphoso ka sekhukhung, mantsoe a hlabang le a utloisang bohloko, ho koma-koma le ho belaela, hammoho le thoriso e sa etsoeng ka tieo bakeng sa ho iphumanela molemo—lintho tsena kaofela ke mesebetsi ea nama e senyang khotso ea batho ba Molimo.—1 Ba-Korinthe 10:10; 2 Ba-Korinthe 12:20; 1 Timothea 5:13; Juda 16.
18. (a) Tsela e nepahetseng eo e mong le e mong ea amehang tabeng ea tšebeliso e mpe ea leleme e sa reroang a lokelang ho e nka ke efe? (b) Ha khalefo e etsa hore motho ea itseng a bue mantsoe a bohloko, Bakreste ba hōlileng tsebong ba itšoara joang?
18 Ke ’nete hore Jakobo o itse: “Ha e le leleme, che, lona ha ho motho ea tsebang ho le thapisa.” (Jakobo 3:8) Esita le Bakreste ba hōlileng ka linako tse ling ba bua lintho tseo ka tieo ba ikoahlaelang tsona hamorao. Kaofela ha rōna re tšepa hore ba bang ba tla re tšoarela liphoso tse joalo feela joalokaha re ba tšoarela. (Mattheu 6:12) Ka linako tse ling ho tlakoloha ho matla ka bohale ho ka ’na ha hlahisa mantsoe a bohloko. Ka hona, motho ea bōpang khotso o tla hopola hore “karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.” (Liproverbia 15:1) Hangata, o tla lokela ho ithiba le ho hana ho busetsa mantsoe a bohale ka mantsoe a bohale le ho feta. Ka mor’a moo, ha khalefo e se e kokobetse, motho ea bōpang khotso ea nang le kutloelo-bohloko o tseba ho iphapanyetsa lintho tse builoeng ha batho ba sa ntsane ba halefile. ’Me Mokreste ea ikokobelitseng o tseba kamoo a tla ikōpela tšoarelo ka teng le ho leka ho folisa maqeba ao a a bakileng. Hore ka botšepehi motho a re, “Ntšoarele,” ke letšoao la matla a boitšoaro.
19. Re ithuta eng ho Pauluse le Jesu mabapi le kamoo keletso e ka fanoang ka teng?
19 Ho ka ’na ha hlokahala hore leleme le sebelisoe ho fa ba bang keletso. Pauluse o ile a khalemela Petrose phatlalatsa ha a ne a etsa ketso e fosahetseng ha a le Antioke. ’Me Jesu o ile a fana ka keletso e matla melaetseng ea hae e neng e ea liphuthehong tse supileng. (Ba-Galata 2:11-14; Tšenolo, likhaolo 2, 3) Ha re ithuta mehlala ena, re ithuta hore keletso ha ea lokela hore e be mosa haholo hoo e lahleheloang ke morero. Leha ho le joalo, Jesu le Pauluse ba ne ba se bohale kapa sehlōhō. Keletso ea bona e ne e se tsela ea ho intšetsa malokobe ho ba bang ka baka la ho ferekana ha bona. Ka botšepehi ba ne ba leka ho thusa baena ba bona. Haeba motho ea fanang ka keletso a hlokomela hore ha a khone ho laola leleme la hae ka ho felletseng, a ka ’na a khetha hore a khutse le hore a kokobele hanyenyane pele a ka bua eng kapa eng. Ho seng joalo, a ka ’na a bua mantsoe a bohloko eaba o baka bothata bo bobe le ho feta boo a ntseng a leka ho bo rarolla.—Liproverbia 12:18.
20. Ke eng se lokelang ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e buang ho baena le bo-khaitseli ba rōna kapa eo re e buang ka bona?
20 Joalokaha ho se ho boletsoe, khotso le lerato li amana haufi-ufi joaloka litholoana tsa moea. Haeba ka mehla seo re se buang ho baena ba rōna—kapa seo re se buang ka bona—ke ponahatso ea lerato la rōna ho bona, joale se tla tlatsetsa khotsong ea phutheho. (Johanne 15:12, 13) Lipolelo tsa rōna e tlameha hore e be “tse mosa, tse nokiloeng ka letsoai.” (Ba-Kolosse 4:6, BPN) Li lokela hore li latsoehe hamonate, li ipiletse pelong. Jesu o ile a eletsa: “Le be le letsoai ka ho lōna, ’me le ahisane ka khotso.”—Mareka 9:50.
“Etsa Sohle Seo U ka se Khonang”
21. Ke eng e bonahalang har’a batho ba Molimo libokeng tsa beke le beke le likopanong tse khōlō esita le likopanong tse ling?
21 Mopesaleme o ngotse: “Bonang! Ho hotle ’me ho monate hakaakang ha baena ba phela hammoho ba kopane!” (Pesaleme ea 133:1, NW) Kannete, re thabela ho ba hammoho le baena ba rōna, haholo-holo libokeng tsa rōna tsa beke le beke le likopanong tse khōloanyane le likopanong tse ling. Ka linako tse joalo khotso eo re nang le eona e bonahala esita le ho batho ba ka ntle.
22. (a) Ke khotso-’mōtoana efe eo haufinyane lichaba li tla nahana hore li e finyelletse, ’me e tla lebisa ho eng? (b) Ke khotso efe ea sebele eo selekane sa Molimo sa khotso se tla lebisa ho eona?
22 Haufinyane lichaba li tla nahana hore li finyelletse khotso li sa itšetleha ka Jehova. Empa ha li ntse li re, “Khotso le tšireletseho!” timetso ea tšohanyetso e tla oela bohle ba se nang khotso le Molimo. (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW) Ka mor’a moo, Khosana e khōlō ea Khotso e tla tsoela pele ka ho phekola batho liphellong tsa tlokotsi tsa ho lahleheloa ke khotso eo motho a neng a e-na le eona le Molimo qalong. (Esaia 9:6, 7, NW; Tšenolo 22:1, 2) Joale, selekane sa khotso sa Molimo se tla tlisa khutso lefatšeng ka bophara. Esita le libatana tsa naha li tla latsoa ho fela ha lehloeo.—Pesaleme ea 37:10, 11; 72:3-7; Esaia 11:1-9; Tšenolo 21:3, 4.
23. Haeba re nka tšepo ea lefatše le lecha la khotso e le ea bohlokoa, re lokela ho etsa eng hona joale?
23 Eo e tla ba nako e khanyang hakaakang! Na u e lebelletse ka cheseho? Haeba ho joalo, ‘phehella ho ba le khotso le batho bohle.’ Batla khotso le baena ba hao hona joale, ’me haholo-holo u batle ho ba le khotso le Jehova. E, “kaha u lebelletse lintho tsena, etsa sohle seo u ka se khonang hore qetellong u fumanoe ke eena u se na letheba ’me u se na sepha u bile u e-na le khotso.”—Ba-Heberu 12:14; 2 Petrose 3:14, NW.
Na U sa Hopola?
◻ Ke eng e ka senyang khotso eo re nang le eona le Jehova?
◻ Ho ka ’na ha hlokahala hore ho rarolloe liphapang tsa mofuta ofe ka phuthehong?
◻ Jehova o entse tokisetso efe ho re thusa ho batla khotso le ho e phehella?
◻ Ke maikutlo afe a nama a ka senyang khotso ea phutheho, hona re ka a loantša joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Khotso ea khaphatseha har’a ba rutoang ke Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Khotso ea baena ba sebeletsang ba kopane ke e thabisang hakaakang!