Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/1 maq. 8-13
  • Joale ke Nako ea ho Batla Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Joale ke Nako ea ho Batla Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Hlokang Thuso
  • Ke Nako ea ho ba le Cheseho le ho Nka Khato
  • Thuso e Sebetsang eo Re ka Fanang ka Eona ke Efe?
  • Jehova o Tšoaneloa ke ho Batloa
  • Na Ua Ipotsa Hore na “Jehova o Hokae?”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Kamoo Jehova a re Atametsang ho Eena Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jehova oa le Tsotella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/1 maq. 8-13

Joale ke Nako ea ho Batla Jehova

“Ha e le Jehova, o talimile bara ba batho a le leholimong, ho bona hore na ho na le ha e le ofe ea nang le temoho, motho leha e le ofe ea batlang Jehova.”—PESALEME EA 14:2, “NW.”

1, 2. (a) Ba bangata ba talima Molimo oa ’nete, Jehova, joang? (b) Re tseba joang hore Jehova o hlokomela ho iphapanya ha batho?

KAJENO, Molimo oa ’nete, Jehova, o latoloa ke batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng, ba sa kholisehang hore na Molimo o teng kapa che, barapeli ba melimo ea bohata, le ba limillione ba ipolelang hore ba lumela ho Molimo empa ba o latola ka mesebetsi ea bona. (Tite 1:16) Joaloka rafilosofi oa Lejeremane Nietzsche oa lekholong la bo19 la lilemo, ba bangata ba lumela hore “Molimo o shoele.” Na Jehova ha a hlokomele ho iphapanya hoo ha booatla? Che, hobane o ile a bululela Davida hore a ngole tjena: “Lehlanya le itse pelong ea lona: Molimo ha o eo. Ba bolile, mesebetsi ea bona e manyala; ha ho ea etsang hantle.”—Pesaleme ea 14:1.

2 Davida o ile a tsoela pele: “Ha e le Jehova, o talimile bara ba batho a le leholimong, ho bona hore na ho na le ha e le ofe ea nang le temoho, motho leha e le ofe ea batlang Jehova.” E, ’Musi Morena o hlokomela ba batlang ho mo tseba le ho mo sebeletsa. Ka hona, ke habohlokoa hore re ’matle ka tieo hona joale. Ho tla bolela phapang pakeng tsa bophelo bo sa feleng le timetso ea ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 14:2, NW; Mattheu 25:41, 46; Ba-Heberu 11:6, NW.

3. Ho na le monyetla oa hore ho etsahale eng nakong e tlang?

3 Ka hona, rea bona hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaana hore re thuse ba bang ho batla Jehova hona joale. Ho sa ntse ho e-na le batho ba limillione bao le ka mohla ba e-s’o ka ba teana le e mong oa Lipaki tsa Jehova kapa ho utloa “litaba tse molemo tsa ’muso.” ’Me hore na “bongata bo boholo ba batho” bo tla qetella bo eketsehile hakae ka palo pele ho ‘mahlomola a maholo,’ ha re tsebe. Empa ka sebele ho na le monyetla oa hore ba eketsehileng ba batle Jehova Molimo le ho mo fumana nakong e tlang e seng e le haufi pele e e-ba morao haholo. Joale potso ke ena, Re ka etsa eng ho thusa ba likete-kete ba eketsehileng ho fumana Molimo?—Mattheu 24:14, NW; Tšenolo 7:9, 14.

4, 5. Ba bangata ba khetha eng ha ba ntse ba batla molimo?

4 Kajeno batho ba bangata lefatšeng ba ntse ba batla, empa ba ntse ba batla eng? Ke ba fokolang feela ba hlileng ba batlang Molimo o le mong oa ’nete, Jehova. Ba bangata ba khetha molimo o tšoanelang litakatso tsa bona ka bomong le maikutlo a bona. Ho joalokaha motsamaisi e mong oa liphuputso oa U.S. George Gallup, E monyenyane, a boletse: “Ha e le hantle ha u fumane phapang e khōlō hakaalo pakeng tsa batho ba kenang kereke le batho ba sa keneng kereke tabeng ea ho qhekella, ho qoba ho lefa makhetho, le ho utsoa, haholo-holo hobane ho na le bolumeli bo bongata ba batho ba boemo bo itseng sechabeng.” O phaella ka ho re “batho ba bangata ba matahanya bolumeli bo ba khotsofatsang le bo ba nyakallisang . . . Motho e mong o ile a bo bitsa bolumeli bo khethoang ho latela thahasello ea motho.”

5 Ba bang ba tla re, “Ke khotsofetse ke bolumeli ba ka.” Ha e le hantle, potso e lokela ho ba ena, “Na e be bolumeli ba ka bo khotsofatsa Molimo?” Ke ’nete, ba bangata Bokreste-’mōtoaneng le bolumeling ba Bohindu ba khotsofalletse ho hlompha litšoantšo tsa bona le melimo ea litšoantšo. Ba bangata bao ho thoeng ke Bakreste ba fumana hore ho lekane ho bona hore ba sebeletse molimo o se nang lebitso oa Boraro-bo-bong. ’Me Mamosleme a ka holimo ho limillione tse 900 a lumela ho Allah. Ka lehlakoreng le leng, batho ba limillione ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba re Molimo ha o eo.

Ba Hlokang Thuso

6. Babali ba bangata ba Molula-Qhooa ba hlokometse eng?

6 Empa ho thoe’ng ka ba bang ba rōna ba balang makasine oo ka mehla? Re batlile Molimo oa ’nete ’me re o fumane. Re pakile mantsoe a ho Jakobo 4:8 e le ’nete: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” Ka ho kopanela le phutheho ea Bokreste ka mafolo-folo, re atametse haufi haholoanyane ho Molimo, ’me re latsoitse ka borōna kamoo Jehova a atamelang haufi haholoanyane ho rōna ka teng.—Johanne 6:44, 65.

7. Re tseba joang hore ho na le batho ba bangata ba ntseng ba thahasella ho ba mafolo-folo ’neteng?

7 Leha ho le joalo, rea tseba hore ho sa ntse ho e-na le ba bangata ba thabelang ho kopanela le batho ba Jehova ka linako tse ling empa ho tla fihlela joale ba e-s’o nke khato e tiileng ea ho atamela haufi le Jehova ka boinehelo le kolobetso. Re tseba joang hore ho joalo? Ka 1990 batho ba ka bang limillione tse leshome ba bile teng Sehopotsong sa lefu la Jesu. Empa ke ba bakae ho bona ba phatlalatsang litaba tse molemo tsa ’Muso ka mafolo-folo? Ke ba ka holimo ho limillione tse ’nè feela. Sena se bolela hore ho na le ba ka bang limillione tse tšeletseng ba thahasellang ’nete le bao ka linako tse ling ba thabelang ho kopanela le rōna empa ba e-s’o ka ba qalisa ho buella puo e hloekileng ea ’nete ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ntle ho pelaelo, ka linako tse ling ba bangata ba bua hamolemo ka Jehova le ka puso ea hae ea ’Muso. Leha ho le joalo, ha ba e-s’o ka ba ikhetholla ka ho hlakileng e le Lipaki tsa Jehova. Batho bana le bona re batla ho ba thusa.—Sofonia 3:9, NW; Mareka 13:10.

8, 9. (a) Jehova o re khothalletsa ho etsa eng? (b) Ke hobane’ng ha e se bohlale ho hlokomoloha keletso ea Jehova?

8 Re batla ho khothalletsa batho bana hore ba fetohe Lipaki tse thabileng le tse mafolo-folo tsa Jehova karolong ena ea ho qetela ea mosebetsi o moholo oo hona joale o phethoang lefatšeng ka bophara. Ka kōpo hlokomela memo e lerato ea Jehova e ho Liproverbia 1:23: “Bakang ka khalemelo ea ka, ’me bonang, ke tla le tšollela moea oa ka, ke le rute litaba tsa me.” (Bapisa le Johanne 4:14.) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore Jehova o tla arabela ha re nka mehato e tiileng ea ho ikhetholla ka lebitso la hae le borapeli ba hae! Ka sebele, ha re batle ho akarelletsoa ho ba hlalosoang ho Liproverbia 1:24, 25, NW: “Ke ’nile ka hooa empa le ntse le hana, ke otlollotse letsoho la ka empa ha ho na ea hlokomelang, ’me le ntse le hlokomoloha keletso eohle ea ka, ’me ha lea amohela khalemelo ea ka.”

9 Ba hlokomolohang keletso ea Jehova ea hore ba ’matle ha a sa ntse a ka fumanoa le ba sa etseng qeto ho fihlela ba hlile ba bona mahlomola a maholo a qalisa ba tla fumana hore ba ile ba ema nako e telele haholo. Ho etsa joalo ho ne ho tla bontša ho haelloa ke tumelo le bohlale ’me e ne e tla ba ho nyelisa mosa o sa tšoanelang oa Jehova.—2 Ba-Korinthe 6:1, 2.

10. Ke hobane’ng ha ho hloka thahasello le ho iphapanya ho le kotsi?

10 Ha re etsa papiso ka tlhokahalo ea ho nka khato ka potlako, na u ne u tla latela keletso e ntle ea ngaka mohla feela u seng u ntse u e-na le pneumonia matšoafong a mabeli? Kapa, ho fapana le hoo, na u ne u tla e latela ha u hlokomela matšoao a ho kula hoo ka lekhetlo la pele? Joale ke hobane’ng ha u sa ntsane u lieha hore u ikarole lefatšeng le kulang la Satane le ho ema ka lehlakoreng la Jehova le Lipaki tsa hae? Liphello tsa ho hloka thahasello, ho iphapanya, le ho se tsotelle li hlakisoa ho Liproverbia 1:26-29: “Le ’na ke tla tšeha litsietsi tsa lōna, ke some mohla le hlaheloang ke matsoso . . . mohlang oo, ba tla bitsa ho ’na, empa ha nka ke ka araba; ba tla mpatla e sa le ka meso, empa ba ke ke ba mphumana. Kahobane ba hloile tsebo, ba sa ka ba ikhethela ho tšaba Jehova.” A re se keng ra fumanoa ‘re batla Jehova’ ha nako e se e ile haholo!

11. Ho na le thuso efe bakeng sa ba batlang ho sebeletsa Molimo?

11 Mohlomong ba bang ba balang makasine ona ba ntse ba le mothating oa ho batla Molimo oa ’nete. Re thabela hore u ntse u phehella ho batla. Re rapella hore tsebo ea hao ea Bibele e u susumelletse ho nka khato e tiileng e tsoelang pele ea ho ema u tiile bakeng sa ’nete. Kholiseha hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova e lutse e itokiselitse ho u thusa ha u ntse u batla.—Ba-Filippi 2:1-4.

Ke Nako ea ho ba le Cheseho le ho Nka Khato

12, 13. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re nke khato ea ho tšehetsa borapeli ba ’nete?

12 Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore kaofela ha rōna re nke khato ea ho ikhetholla hammoho le Jehova Molimo le borapeli ba hae ba ’nete? Hobane liketsahalo tsa lefatše li se li tla fihla sehlohlolong. Maqephe a histori a phetleha kapele ho feta kamoo motho a ka khonang ho a bala ka teng. Ena hase nako ea ho palama terata kapa ea ho ba foofo. Jesu o ile a bolela sena ka ho hlakileng: “Ea sa ntoaneleng, oa ntoantša; le ea sa bokelleng le ’na, oa hasanya.” O boetse a re: “E mong le e mong ea hlajoang ke lihlong ka ’na le ka litaba tsa ka, Mor’a motho le eena o tla mo hlabeloa ke lihlong, mohla a tlang ka khanya ea hae, le ea Ntat’ae, le ea mangeloi a halalelang.”—Mattheu 12:30; Luka 9:26.

13 Hona joale ke nako ea ho ba le cheseho le ho nka khato! Rea tseba hore na liketsahalo tsa lefatše li habile hokae, ’me Harmagedone ea atamela. Ka hona, pitso e etsoang ke hore ho batloe Jehova hona joale pele ho ‘letsatsi la bohale ba hae,’ ha a sa ntse a ka fumanoa. Nakong ea mahlomola a maholo, nako e tla be e se e ile haholo.—Sofonia 2:2, 3; Ba-Roma 13:11, 12; Tšenolo 16:14, 16.

14. Re na le mabaka afe a ho batla Molimo?

14 Ka sebele, batho bohle ba lokela hore ba be ba ntse ba batla mohau oa Molimo hona joale. Moapostola Pauluse o ile a o hlalosa ka nepo ho Liketso 17:26-28: “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle; o laetse mehla e laotsoeng ke oona, le meeli ea ho aha ha bona; e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna. Hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng.” Polelo eo ea ho qetela e reng, “hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng,” e re fa mabaka a lekaneng a ho batla Molimo. Ka baka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, re phela tikolohong e moqotetsane empa e le ea bohlokoa le e nang le bophelo ea lefatše lena le lenyenyane. Na ha rea lokela ho leboha ’Musi Morena oa bokahohle? ’Me na ha rea lokela ho bontša teboho ea rōna ho eena ka mekhoa e sebetsang?—Liketso 4:24.

15. (a) Rahistori Arnold Toynbee o ile a ikutloa hore morero oa bolumeli bo matla haholoanyane ke ofe? (b) Re tlameha ho etsa eng e le hore re ka khona ho tlotlisa Molimo?

15 Rahistori Arnold Toynbee o kile a ngola: “Morero oa ’nete oa bolumeli bo matla haholoanyane ke ho hlakisetsa liphefumolohi tse ngata tseo bo ka li finyellang likeletso tsa moea le linnete tsa bona tsa motheo, e le hore bo ka matlafatsa sephefumolohi ka seng ho tsona hore se khone ho phethahatsa tlamo ea ’nete ea Motho. Tlamo ea ’nete ea motho ke ho tlotlisa Molimo le ho thabisoa ke Oona ka ho sa feleng.” (An Historian’s Approach to Religion, maqephe 268-9) E le hore re ka tlotlisa Molimo, pele re tlameha ho o batla le ho fumana tsebo e nepahetseng ka oona le ka merero ea oona. Ka hona, pitso ea Esaia ke e loketseng: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”—Esaia 55:6, 7.

Thuso e Sebetsang eo Re ka Fanang ka Eona ke Efe?

16. (a) Phutheho ea Bokreste e talimane le phephetso efe? (b) Re ka thusa ba bang ho sebeletsa Jehova ka tsela efe e sebetsang?

16 Batho ba limillione ba thahasellang bao e e-s’o ka e ba bahoeletsi ba mafolo-folo ba hlahisa phephetso ho rōna kaofela. Re etsa eng ka litsela tse sebetsang re le baholo, bahlanka ba sebeletsang, bo-pula-maliboho, le bahoeletsi ho thusa batho ba thahasellang ’nete hore ba kopanele le rōna ka mafolo-folo borapeling ba ’nete? Tsela e ’ngoe ea ho fana ka thuso e sebetsang ha e hlokahala ke ho ba etela malapeng a bona le ho ea le bona libokeng Holong ea ’Muso e le hore le bona ba ka thabela melemo ea moea oa Jehova ka mehla. Keletso ea Pauluse e neng e ea ho Baheberu, khaolong ea 10, litemana 24 le 25, ke e potlakileng kajeno joalokaha e ne e potlakile ka nako eo: “A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” Re khothalletsa bohle ba lakatsang ho amoheloa ke Jehova hore ba kopanele le Lipaki tsa Jehova ka mehla Holong ea tsona ea ’Muso e sebakeng ka seng.

17. E le hore re ka thusa liithuti tsa Bibele hore li hatele pele ha li ntse li batla Jehova, ke lipotso life tse hlokang ho arabeloa?

17 Haeba re ithuta Bibele le motho e mong ea bang teng libokeng ka mehla, na re ka thusa motho ea joalo hore a tšoanelehe ho ba mohoeletsi oa litaba tse molemo? (Bona Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqephe 97-9.) ’Me hang ha e e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, na re mo memela ho ea mosebetsing oa boboleli oa phatlalatsa ka mehla le ho ea lithutong tse ling tsa rōna le maetong a ho boela? (Bona tokollo ea Molula-Qhooa oa December 1, 1989, leqephe 31.) Ka mantsoe a mang, hang feela ha batho ba joalo ba bacha ba tšoaneleha, na rea ba khothatsa ka ho ba bontša liphello tse ling tse molemo tsa mosebetsi oa rōna oa boboleli ka hore ba inoese ka nkho?—Mattheu 28:19, 20.

Jehova o Tšoaneloa ke ho Batloa

18. Jehova o bontšitse mohau oa hae joang ho batho?

18 Ka baka la sehlabelo sa topollo sa Kreste Jesu, Jehova ha aa koetle libe tsa rōna tsa nakong e fetileng le ho re lahla hafeela re baka le ho bontša tumelo. Hlokomela mantsoe a Davida: “Ha a ka a re etsa kamoo libe tsa rōna li leng kateng, ha a ka a re putsa ka moputso oa makhopo a rōna. Empa joale ka leholimo ha le phahamile holimo ho lefatše, mohau oa hae o moholo joalo ho ba mo tšabang. Joale ka ha Bochabela bo le hole le Bophirimela, o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna. Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.”—Pesaleme ea 103:10-14; Ba-Heberu 10:10, 12-14.

19. Bao e ka ’nang eaba ba ne ba suthetse thōko le ’nete ba khothalletsoa eng?

19 Kannete Jehova ke Molimo o mosa le o mohau. Haeba re e-tla ho eena ka boikokobetso le ka pako, oa re tšoarela ebile oa lebala. Ha aa koetle lehloeo le sa feleng le lebisang phellong ea ho hlokofatsoa mollong o sa feleng oa lihele. Che, ho joalokaha Jehova a boletse: “Ke ’na, ke ’na ea tlosang litlōlo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa hao.” Seo e lokela ho ba khothatso e kaakang ho bafe kapa bafe bao e ka ’nang eaba ba suthetse thōko le ’nete ’me ba hlokomolohile kamano ea bona le Jehova! Le bona ba khothalletsoa ho batla Jehova hona joale le ho khutla hore ba kopanele ka mafolo-folo le batho ba khethetsoeng lebitso la hae.—Esaia 43:25.

20, 21. (a) Re na le mohlala ofe o khothatsang ka Juda ea boholo-holo? (b) Ho ne ho hlokahala hore baahi ba Juda ba etse eng e le hore ba fumane tlhohonolofatso ea Jehova?

20 Ntlheng ena re na le mohlala o khothatsang oa Morena Asa oa Juda ea boholo-holo. O ile a ntša borapeli ba bohata ka metso ’musong oa hae, empa mesaletsa ea borapeli ba bohedene e ile ea ’na ea sala. Tlaleho e ho 2 Likronike 15 litemana 2 ho ea ho 4, e re bolella seo moprofeta Azaria a ileng a se bolella Asa e le khopotso: “Jehova o na le lōna mohla lōna le nang le eena. Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna: ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena. Ka tšiu tse ngata, ba-Iseraele ha ba ka ba e-ba le Molimo oa ’nete . . . enere ha ba le tsietsing, ba ne ba sokolohela ho Jehova, Molimo oa Iseraele, ba ne ba ’matla, ’me o na a fumanoa ke bona.”

21 Jehova ha aa ka a bapala boleke-maipatile le Morena Asa empa ‘o ile a etsa hore a fumanoe.’ Morena o ile a itšoara joang ha a utloa molaetsa oo? Khaolong eona eo, litemana 8 le 12 lia arabela: “Eitse ha Asa a utloa mantsoe ao . . . a ipha matla, a felisa manyala lefatšeng lohle . . . ’me a tsosa aletare ea Jehova e pel’a mathule a Jehova. [Juda ea] itlama pel’a Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona, ka pelo eohle le ka moea oohle.” E, ba ile ba batla Jehova ka tieo “ka pelo eohle le ka moea oohle.” Phello e ile ea e-ba efe sechabeng? Temana ea 15 ea re bolella: “Ba-Juda kaofela ba thabela kano eo, hobane ba ne ba itlamile ka kano eo ka lipelo tsohle tsa bona, ’me ba ne ba batlile Molimo ka takatso e tletseng ea bona; oa ba oa fumanoa ke bona; ’me Jehova a ba nea phomolo ka ’nģa tsohle.”

22. Ke eng se re khothalletsang hore re be mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova hona joale?

22 Hona joale, na hoo hase khothatso ho rōna kaofela ea hore re nke khato e tiileng ea ho tšehetsa borapeli bo hloekileng ba Jehova? Rea tseba hore ho na le monyetla oa hore ba limillione ba eketsehileng ba rorise Jehova. Ntle ho pelaelo ba bangata ho bona ba ntse ba etsa liphetoho bophelong ba bona e le hore ba ka finyella litlhokahalo tsa Mangolo bakeng sa tšebeletso ea Jehova. Ba bangata ba ntse ba eketsa temoho le tumelo, ba ntse ba batla Jehova, ’me haufinyane ba tla susumelletseha ho kopanela puo e hloekileng le ba bang ka ho ba neha kutloisiso e tebileng ea ’nete ka Jehova le ka ’Muso oa hae. ’Me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore kaofela ha rōna re batle Jehova hona joale ha a sa ntse a ka fumanoa? Hobane lefatše le lecha la hae le tšepisitsoeng le haufi!—Esaia 65:17-25; Luka 21:29-33; Ba-Roma 10:13-15.

Na u sa Hopola?

◻ Ke bo-mang ba iphapanyetsang Molimo oa ’nete, Jehova?

◻ Hangata bolumeli bo ama boitšoaro ho isa bohōleng bofe?

◻ Ho na le monyetla ofe oa keketseho lenaneng la Lipaki tse mafolo-folo?

◻ Ke hobane’ng ha hona joale e le nako ea ho ba le cheseho le ho nka khato?

◻ Ke hobane’ng ha Jehova a tšoaneloa ke ho batloa?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Metsoalle e mengata ea Lipaki tsa Jehova e bang teng Sehopotsong e ka ’na ea e-ba bahlanka ba Molimo

Ba bileng teng Sehopotsong ka 1990: 9 950 058

Tlhōrō ea bahoeletsi ka 1990: 4 017 213

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Mehleng ea Morena Asa, sechaba se ile sa retelehela ho Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela