Na Borapeli ba Molimotsana oa ’Mè bo Ntse bo le Teng?
BORAPELI ba molimotsana oa ’mè bo ne bo ntse bo tsoela pele mehleng ea Bakreste ba pele. Moapostola Pauluse o ile a bo fumana Efese Asia Minor. Joalokaha a ile a etsa Athena, e leng motse o mong oa borapeli ba melimotsana, o ile a pakela “Molimo o entseng lefatše,” ’Mōpi ea phelang, ea sa tšoaneng “le gauda, leha e le silevera, leha e le lejoe le betliloeng ka masene le ka khopolo ea motho.” Taba ena e ne e le bohloko hoo Baefese ba neng ba ke ke ba e mamella, kaha bongata ba bona ba ne ba rapela molimo oa ’mè Artemise. Ba neng ba phela ka ho etsetsa melimotsana litempelana tsa silevera ba ile ba tsosa morusu. Ka nako e ka etsang lihora tse peli, matšoele a ile a hooa: “O moholo Artemise oa Baefese!”—Liketso 17:24, 29; 19:26, 34, BPN.
Artemise oa Baefese
Bagerike le bona ba ne ba rapela Artemise, empa Artemise ea neng a rapeloa Efese o ne a sa amane hakaalo le eo. Artemise oa Bagerike e ne e le molimotsana oa moroetsana oa ho tsōma le pelehi. Artemise oa Baefese e ne e le molimotsana oa kemolo. Tempele ea hae e khōlōhali e Efese e ne e nkoa e le e ’ngoe ea lintho tse ntle ka ho fetisisa tse supileng tse teng lefatšeng. Seemahale sa hae, seo ho neng ho nahanoa hore se oele leholimong, se ne se mo hlahisa e le mothofatso oa kemolo, sefuba sa hae se koahetsoe ke mekoloko ea matsoele a nang le sebōpeho sa mahe. Sebōpeho se makatsang sa matsoele ana se hlahisitse litlhaloso tse fapa-fapaneng, tse joaloka hore matsoele ao a emela pokello ea mahe kapa esita le makoalata a lipoho. Ho sa tsotellehe hore na tlhaloso ke efe, letšoao la kemolo le hlakile.
Ka ho thahasellisang, ho ea ka The New Encyclopædia Britannica, seemahale sa pele sa molimotsana ona “se ne se entsoe ka gauda, sefate sa ebony, silevera, le lejoe le letšo.” Seemahale se tsebahalang haholo sa Artemise oa Baefese, sa nakong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E., se mo hlahisa a e-na le sefahleho, matsoho, le maoto a matšo.
Setšoantšo sa Artemise se ne se tsamaisoa ho theosa le literata. Setsebi sa Bibele R. B. Rackham sea ngola: “Ka hare ho tempele [ea Artemise ho ne ho] bolokiloe . . . litšoantšo, litempelana, le lijana tsa hae tse halalelang, tsa gauda le silevera, tseo meketeng e meholo li neng li tlisoa motseng le ho khutlisoa ka mokoloko o motle ka ho fetisisa.” Mekete ena e ile ea hohela batho ba nkang maeto a malelele a bolumeli ba makholo a likete ho tloha Asia Minor eohle. Ba ne ba reka litempelana tse nyenyane tsa molimotsana oo ’me ba o bitsa ea moholo, mofumahali, moroetsana, “ea mamelang le ho amohela lithapelo.” Tikolohong e joalo, ho ne ho hlokahala hore Pauluse le Bakreste ba pele ba be sebete haholo ho tlotlisa “Molimo o entseng lefatše,” ho e-na le melimo le melimotsana e entsoeng ka “gauda, leha e le silevera, leha e le lejoe.”
Ho Tloha ho Molimotsana oa ’Mè ho ea ho “’Mè oa Molimo”
Moapostola Pauluse o ile a bolella baholo ba phutheho ea Bokreste ea Efese esale pele ka bokoenehi. O ile a lemosa hore bakoenehi ba ne ba tla hlaha ’me ba bue “lintho tse sothehileng.” (Liketso 20:17, 28-30, NW) Har’a likotsi tse neng li tla tsoela pele ho nanarela Efese ka linako tsohle e ’ngoe e ne e le ho khutla ha borapeli ba molimotsana oa ’mè. Na ka sebele see se ile sa etsahala?
Re bala tjena ho New Catholic Encyclopedia: “Joaloka setsi sa maeto a bolumeli, Efese e ne e nkoa e le sebaka seo [moapostola] Johanne a patetsoeng ho sona. . . . Neano e ’ngoe, e ileng ea pakeloa ke Seboka sa Efese (431), e hokahanya Moroetsana Maria ea Lehlohonolo le Johanne oa Mohalaleli. Kereke eo Seboka seo se neng se tšoaretsoe ho eona e ne e bitsoa Kereke ea Maria.” Buka e ’ngoe ea K’hatholike (Théo—Nouvelle encyclopédie catholique) e bua ka “neano e ratoang” ea hore Maria o ile a tsamaea le Johanne ho ea Efese, e leng moo Maria a ileng a qetella karolo e setseng ea bophelo ba hae teng. Ke hobane’ng ha kamano ena e inahaneloang feela pakeng tsa Efese le Maria e le ea bohlokoa ho rōna kajeno?
E re The New Encyclopædia Britannica e arabele: “Ho hlompha ’mè oa Molimo ho ile ha fumana tšusumetso ha Kereke ea Bakreste e fetoha kereke ea naha tlas’a Constantine ’me matšoele a bahetene a phallela ka kerekeng. . . . Botšepehi le thahasello ea bona ea bolumeli li ne li ’nile tsa hōlisoa ka lilemo tse likete-kete ka borapeli ba molimotsana oa ‘’mè e moholo’ le ‘moroetsana ea nang le bomolimo,’ e leng phetoho e tlohang malumeling a boholo-holo a tloaelehileng a Babylonia le Assyria.” Ke sebaka sefe se neng se ka ba molemo ho feta Efese bakeng sa hore borapeli ba molimotsana oa ’mè “bo kenngoe Bokresteng”?
Ka hona, e bile Efese, ka 431 C.E., moo ho bitsoang seboka sa boraro se emelang likereke tsohle se ileng sa phatlalatsa Maria e le “Theotokos,” e leng lentsoe la Segerike le bolelang “Motsoali oa Molimo,” kapa “’Mè oa Molimo.” New Catholic Encyclopedia e re: “Ho sebelisoa ha tlotla ena ke Kereke ntle ho pelaelo ho ile ha hōlisa thuto le boinehelo ho Maria makholong a lilemo hamorao.”
Kajeno u ka bona masupi a “Kereke ea Moroetsana Maria,” moo lekhotla lena le ileng la kopana teng, sebakeng sa Efese ea boholo-holo. U ka boela ua etela ntlo ea thapelo eo, ho ea ka neano, e leng ntlo eo Maria a ileng a phela le ho shoela ho eona. Mopapa Paul VI o ile a etela litempelana tsena tsa Maria Efese ka 1967.
E, Efese e ne e le eona e ka sehloohong bakeng sa ho fetola borapeli ba bohetene ba molimotsana oa ’mè, bo kang boo Pauluse a ileng a bo fumana lekholong la pele la lilemo, ho bo fetola boinehelo bo matla ho Maria joaloka “’Mè oa Molimo.” Borapeli ba molimotsana oa ’mè bo tsoetse pele haholo-holo ka boinehelo ho Maria linaheng tsa Bokreste-’mōtoana.
Borapeli ba Molimotsana oa ’Mè bo Ntse bo le Teng
Encyclopædia of Religion and Ethics e qotsa setsebi sa Bibele W. M. Ramsay ha se beha mabaka ka ho re “lekholong la bohlano la lilemo tlhompho e neng e lebisoa ho Moroetsana Maria Efese e ne e le [nchafatso] ea borapeli ba khale ba bahetene ba Anatolia ba ’Mè eo e leng Moroetsana.” The New International Dictionary of New Testament Theology e re: “Le hoja likhopolo tsa K’hatholike tsa ‘’mè oa Molimo’ le tsa ‘mofumahali oa leholimo,’ li hlahile ka morao ho T[estamente] e N[cha], li lebisa metsong ea pelenyana ea bolumeli le ea histori ea Bochabela. . . . Tlhomphong ea borapeli e ileng ea fuoa Maria hamorao ho na le mehlala e mengata ea borapeli ba bohetene ba ’mè ea nang le bomolimo.”
Mehlala ena e mengata haholo ’me e hlakile haholo hoo e ke keng eaba e hlahile ka tšohanyetso feela. Ho tšoana ho teng pakeng tsa liemahale tsa Moroetsana Maria tsa ’mè le ngoana le liemahale tsa melimotsana ea bohetene, e joaloka Isis, ho ke ke ha hlokomolohuoa. Ha ho kamoo makholo-kholo a liemahale le litšoantšo tsa Madonna e Motšo tse likerekeng tsa K’hatholike lefatšeng lohle a ke keng a re hopotsa seemahale sa Artemise. Buka Théo—Nouvelle encyclopédie catholique e re ka Baroetsana bana ba Batšo: “Ho bonahala e bile mokhoa oa ho fetisetsa ho Maria karolo e setseng ea boinehelo bo neng bo atile bo neng bo lebisoa ho Diana [Artemise] . . . kapa Cybele.” Mekoloko e etsoang Letsatsing la Nyolohelo ea Moroetsana Maria le eona e tšoana le mekoloko ea ho tlotlisa Cybele le Artemise.
Litlotla tse fuoang Maria ka botsona li re hopotsa melimotsana ea bo-’mè ea bahetene. Ishtare o ne a bitsoa “Moroetsana ea Halalelang,” “Mofumahali,” le “’mè ea mohau ea utloang lithapelo.” Isis le Astarte ba ne ba bitsoa “Mofumahali oa Leholimo.” Cybele o ne a bitsoa “’Mè oa Bohle ba Lehlohonolo.” Litlotla tsena tsohle, ka ho fapa-fapana ho fokolang, li sebelisoa ho Maria.
Vatican II e ile ea khothalletsa borapeli ba “Moroetsana ea Lehlohonolo.” Mopapa John Paul II o tsebahala haholo ka boinehelo ba hae bo matla ho Maria. Maeto a hae a malelele, ha ho mohla a hlōlehang ho etela litempelana tsa Maria, ho kopanyelletsa le ea Madonna e Motšo oa Czestochowa, Poland. O ile a beha lefatše lohle tlhokomelong ea Maria. Ka hona, ha ho makatse hore e be tlas’a sehlooho “Molimotsana oa ’Mè,” The New Encyclopædia Britannica ea ngola: “Lentsoe lena le boetse le sebelisoa ho litšoantšo tse sa tšoaneng tse joaloka liemahale tsa boholo-holo tsa basali tsa bo-Venus tseo ho boleloang hore ke tsa nakong ea ha Batho ba sa Sebelisa Lejoe Haholo le ho Moroetsana Maria.”
Empa tlhompho ea borapeli eo Roma e K’hatholike e e fang Maria hase eona feela tsela eo borapeli ba molimotsana oa ’mè bo tsoetseng pele ka eona ho fihlela nakong ea rōna. Ka ho thahasellisang, batšehetsi ba mekhatlo ea basali ba ngotse lingoliloeng tse ngata ka borapeli ba melimotsana ea bo-’mè. Ba lumela hore basali ba ’nile ba hatelloa ka ho fetelletseng lefatšeng lena leo ho lona banna ba hatelletseng basali ka likhoka le hore borapeli bo laoloang ke basali bo bonahatsa takatso e matla ea moloko oa motho bakeng sa lefatše le se nang likhoka. Ho bonahala eka ba bile ba lumela hore kajeno lefatše e ne e ka ba sebaka se molemo le se nang le khotso haholoanyane haeba le ne le laoloa ke basali ka ho eketsehileng.
Leha ho le joalo, borapeli ba molimotsana oa ’mè ha boa ka ba tlisa khotso lefatšeng la boholo-holo, ’me bo ke ke ba tlisa khotso kajeno. Ho phaella moo, batho ba bangata kajeno, ha e le hantle limillione tse kopanelang le Lipaki tsa Jehova, li kholisehile hore lefatše lena le ke ke la pholosoa ke Maria, le hoja li ntse li mo hlompha ’me li mo rata joaloka mosali ea tšepahalang, oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a ba le tokelo e babatsehang ea ho beleha le ho hōlisa Jesu. Lipaki tsa Jehova ha li lumele hore Mokhatlo oa Tokoloho ea Basali, le hoja tse ling tsa litlhokahalo tsa oona e le tse utloahalang, o ka tlisa lefatše le nang le khotso. Li lebelletse hore Molimo oo Pauluse a ileng a bolella Baathene le Baefese ka oona, “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona,” ke oona o tla tlisa lefatše le nang le khotso. (Liketso 17:24; 19:11, 17, 20) Molimo ona o Matla ’Ohle, oo lebitso la oona e leng Jehova, o tšepisitse ho tlisa lefatše le lecha le khanyang “moo ho loka ho ikahetseng teng,” ’me ka kholiseho re ka tšepa tšepiso ea oona.—2 Petrose 3:13.
Tabeng ea pono ea Bibele ka boemo ba mosali pel’a Molimo le motho, ho tla buisanoa ka taba ena ka ho eketsehileng makasineng ona.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
ASHTAROTHE—Molimotsana oa Kanana oa likamano tsa botona le botšehali le ntoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée du Louvre, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
ARTEMISE—Molimotsana oa kemolo oa Efese
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei dei Conservatori, Rome
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“’MÈ OA MOLIMO” oa Bokreste-’mōtoana
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Chartres Cathedral, France