Na Maemo a Hlile aa Ntlafala?
“Lerako la [Berlin] le ka ’na la keneha habonolo ha tšebelisano-’moho pakeng tsa Bochabela le Bophirima e ntse e eketseha. Empa ho tla nka lilemo, ho fete esita le meloko, pele le heleha. Le ka mohla Lijeremane tse peli li ke ke tsa fetoha ntho e le ’ngoe.” Ke kamoo makasine o hlomphehang oa Amerika o ileng oa ngola ka teng ka March 1989.
Nako e ka tlaase ho matsatsi a 250—eseng lilemo, re se re sa re letho ka ho feta ha meloko—hamorao, lerako le ile la qala ho heleha. Ka mor’a libeke feela, likarolo tsa lona tse likete-kete, tseo hona joale li seng li le boemong ba likhopotso, li ne li se li khabisitse lideske lefatšeng lohle.
QETELLONG Mokoallo o Arolang Linaha tsa Bokomonisi ho Linaha tse Ling o qetileng nako e telele haholo o ile oa buleha, ’me hoo ho ile ha tlisa tšepo ea hore qetellong khotso le tšireletseho ea lefatše ka bophara e atametse. Esita le Ntoa ea Koung ea Persia e Bochabela bo Hare ha ea ka ea tima tšepo ea hore bora bo pakeng tsa Bochabela le Bophirima bo nkileng nako e telele bo felile, le hore taolo ea lefatše le lecha e haufi.
Ho Eketsa Tšobotsi e Ncha
Ho tloha ka ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ’nile ha bonahala khato ea ho etsa Europe e kopaneng. Ka 1951, lichaba tsa Europe e ka Bophirimela li ile tsa thea Mokhatlo oa Europe oa Mashala le Tšepe. Mokhatlo ona o ile oa lateloa ke ’Maraka o Kopanetsoeng oa Europe ka 1957. Ka 1987 linaha tse 12 tsa mokhatlo ona oa machaba (oo hona joale o nang le batho ba limillione tse 342) li ile tsa ipehela pakane ea ho finyella bonngoe bo felletseng ba moruo ka 1992. Hona joale esita le bonngoe bo felletseng ba lipolotiki bo bonahala e le ntho e ka ’nang ea etsahala. Ena ke phetoho e khathollang hakaakang ho fapana le histori e tletseng tšollo ea mali ea Europe ea nakoaneng e sa tsoa feta!
Leha ho le joalo, ka baka la merusu e sa tsoa ba teng ea lipolotiki, selemo sa 1992 se hlile se nkoa e le sa bohlokoa haholo. Ho bile le litebello tse eketsehileng tsa hore linaha tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi tsa Europe Bochabela qetellong le tsona li ka ’na tsa kopanyelletsoa ho Europe e kopaneng.
Na Hoo ho Tšehelitsoe ke Molimo?
Lihlopha tse ling tsa bolumeli, li sa natse molao-motheo oa ho se nke lehlakore ha Bokreste, li ile tsa lumella hore khatello e nkileng mashome-shome a lilemo ea bolumeli Europe Bochabela e li susumelletse hore li kenelle ka mafolo-folo lipolotiking. Ha e bua ka sena, Frankfurter Allgemeine Zeitung ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane e bontša hore “ha ho pelaelo ea letho mabapi le tlatsetso ea Bakreste ho tliseng liphetoho Bochabela,” ea phaella ka hore “ruri karolo eo ba e phethileng ha ea lokela ho khelloa fatše.” E phaella ka hore: “Ka mohlala, Poland, bolumeli bo ile ba iketsa motsoalle oa sechaba, ’me kereke e ile ea fetoha sera se manganga sa mokha o busang; GDR [eo pele e neng e le Jeremane Bochabela] kereke e ile ea fa batho ba khahlanong le ’muso sebaka seo ba ka sebeletsang litaba tsa bona ho sona ’me ea ba lumella ho sebelisa mehaho ea kereke bakeng sa merero ea mekhatlo ea bona; Czechoslovakia, Bakreste le ba batlang puso ea sechaba ka sechaba ba ile ba kopana teronkong, ba qala ho utloana, ’me qetellong ba sebelisana ’moho.” Esita le Romania, moo “likereke li ileng tsa ipaka ho ba bafo ba tšepahalang ba puso ea Ceauşescu,” ho ka etsahala hore ebe ho tšoaroa ha moruti Laszlo Tökes ke hona ho ileng ha baka phetohelo.
Vatican le eona e ne e ameha. Ka December 1989 makasine oa Time o ile oa hlalosa hore: “Le hoja leano la Gorbachev la ho se itšunya-tšunye litabeng e ile ea ba sona sesosa se tobileng sa letoto la liketso tse isang tokolohong tse ileng tsa tla ka tšohanyetso Europe Bochabela likhoeling tse fetileng tse ’maloa, John Paul o lokeloa ke thoriso e khōloanyane. . . . Lilemong tsa bo-1980 lipuo tsa hae ka phehello li ne li hatella khopolo ea Europe e kopaneng hape ho tloha Atlantic ho ea lithabeng tsa Ural e bileng e susumetsoang ke tumelo ea Bokreste.” Ka hona, ka ho tloaelehileng, ha mopapa a ne a etetse Czechoslovakia ka April 1990, o ile a bolela tšepo eo a nang le eona ea hore ketelo ea hae e ne e tla bula menyako e mecha pakeng tsa Bochabela le Bophirima. O ile a phatlalatsa hore ho ne ho reriloe hore ho tšoaroe seboka sa babishopo ba Europe ho rera mehato e lokelang ho nkuoa ho phethahatsa pono ea hae ea “Europe e kopaneng motheong oa metso ea eona ea Bokreste.”
Na ho ke ke ha etsahala hore Jeremane e kopaneng e ka har’a Europe e kopaneng e ipake ho ba selelekela sa Europe e kopaneng ka ho felletseng, esita le ea lefatše le kopaneng? Na ho kenella ha bolumeli ha ho bontše hore see ke sona seo Bibele e se tšepisang? Ruri, kaha hona joale baruti ka mahlakoreng a mabeli ka Bochabela le Bophirima ba sebeletsa likhopolo tsa lipolotiki tsa ho batla khotso le tšireletseho, na re ne re ke ke ra lebella hore haufinyane sena se tla fetoha ntho ea sebele? A re bone.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 4]
Kereke ea Prostanta ea Nikolai e Leipzig—setšoantšo sa morusu oa lipolotiki Jeremane
Litho tsa lichaba tsa ’Maraka o Kopanetsoeng oa Europe