Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
“Bokamoso ba mehla ea rōna e tla ba koluoa. Re hloka bolumeli, empa ha ho moo re fumanang Molimo o ka bo tšoanelang.”—Lucian Blaga, seroki sa Leromania le rafilosofi
“Bolumeli le baruti, ba bile har’a lira tse khōlō tsa tsoelo-pele le tokoloho, ’me mohlomong ba tla lula nako e telele ba ntse ba le joalo.”—Khristo Botev, seroki sa Lebulgaria
MANTSOE a tsamaeang le sehlooho sena a bontša pharela eo batho ba bangata ba pelo-li-ntle ba iphumanang ba le ho eona. Botebong ba pelo baa ikutloa hore ba hloka bolumeli, empa Molimo oa sephiri oo baruti ba rutang ka oona hase Molimo oo ba ka o utloisisang le oo ba ka o ratang. Ho ekelletsa moo, ba hlokomela hore baruti le malumeli a bona ba entse ho hongata ho thibela tsoelo-pele le tokoloho ea batho. E, le hoja ho ntse ho hlokomeloa tlhoko ea bolumeli ka ho eketsehileng, batho ba tšepahalang ba ke ke ba lumellana le bolumeli leha e le bofe.
Phapang ea Bohlokoa
Bolumeli bo phetha karolo ea bohlokoa kahehong le historing ea batho. The New Encyclopædia Britannica e bua ka bolumeli “e le ntho ea sebele e teng phihlelong ea motho, mokhoeng oa hae oa bophelo, le historing ea hae” ’me e eketsa ka hore: “Bopaki ba boikutlo le tlamo ea botšepehi ba bolumeli bo teng karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba motho.” Empa histori e bontša hore ha ho le bo bong ba malumeli a maholo a lefatše boo e bileng tlhohonolofatso ho batho.
Letona la India Jawaharlal Nehru ka nako e ’ngoe le ile la re: “Ponahalo ea se bitsoang bolumeli, kapa boemong ba bolumeli leha e le bofe bo hlophisitsoeng, India le libakeng leha e le life, e re kentse tšabo.” Ha u nahanisisa ka lintoa tse ’nileng tsa loanoa le tlōlo ea molao e entsoeng ka lebitso la bolumeli, na ka botšepehi u ka mo hanyetsa?
Lekholong la bo18 la lilemo, rafilosofi oa Lefora Voltaire o ile a bontša phapang e thahasellisang. O ile a ngola: “U re bolumeli bo hlahisitse liketsahalo tse mpe tse se nang palo. Ho e-na le hoo u lokela hore ke tumela-khoela, tumela-khoela e busang qitikoe ea rōna e soabileng. Tumela-khoela ke sera se khopo ka ho fetisisa sa borapeli bo hloekileng boo re bo isang ho Boleng bo Phahameng.” Voltaire o ile a loantša leeme la bolumeli le neng le le teng mehleng ea hae, empa o ile a boloka tumelo ea hae ho Molimo e le ’Mōpi oa bokahohle. O ile a bona phapang pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata.
Tlhokahalo ea ho Khetha
Hase bohle ba lumellanang le Voltaire. Ba bang ba bolela hore ba bona malumeli ’ohle a lokile; kahoo, ba bona ho se na tlhokahalo ea sebele ea ho batla bolumeli ba ’nete. Batho ba joalo ba lokela ho ela hloko temoso e fanoeng ke moprofeta Esaia, ea ileng a ngola: “Ho malimabe ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli, le leseli ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!” (Esaia 5:20) Bolumeli ba bohata bo hlahiselitse batho bobe. Bo felletse ka lefifi la moea ’me bo siile ho baba melomong ea batho ba pelo li tšepahalang.
Ka hona, khetho ha e pakeng tsa ho se lumele hore Molimo o teng le ho lumela bolumeling leha e le bofe. Ha e bobebe hakaalo. Hang ha motho a hlokometse tlhoko ea ho fumana Molimo, motho eo o tlameha ho batla bolumeli ba ’nete. Joalokaha ’matlisisi Émile Poulat a ile a beha taba ena hantle ho Le Grand Atlas des Religions (Atlelase e Khōlō ea Malumeli): “Lintho tseo [malumeli] a li rutang le tseo a li batlang li fapane hoo ho seng bobebe ho li lumela kaofela.” Tumellanong le sena, Encyclopædia Universalis (Universal Encyclopedia) ea Fora e re: “Haeba lekholo la bo21 la lilemo le khutlela bolumeling, . . . motho o tla tlameha ho etsa qeto ea hore na lintho tse halalelang tseo a li fuoang ke ’nete kapa ke bohata.”
Kamoo U ka Khethang Bolumeli bo Nepahetseng
Ke’ng se tla re tataisa ha re khetha bolumeli bo nepahetseng? Encyclopædia Universalis e nepile ha e phahamisa bohlokoa ba ’nete. Bolumeli bo rutang mashano e ke ke ea e-ba ba ’nete. Moprofeta ea moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng o itse: “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:24.
Moprofeta eo ke Jesu Kreste, ’me o boetse a re: “Itebeleng khahlanong le matichere a bohata a bolumeli, a tlang ho lōna a apere joaloka linku empa ha e le hantle e le liphiri tse meharo. Le ka a bona ka litholoana tsa ’ona. . . . Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se bolileng se hlahisa litholoana tse mpe.” (Mattheu 7:15-17, Phillips) E le ha ba bona litholoana tse mpe tsa malumeli “a maholo” a lefatše, esita le tsa lihlotšoana tsa bokhelohi le lihlopha tse ’nileng tsa hlaha, batho ba bangata ba pelo-li-ntle ba a talima kaofela e le ‘lifate tse bolileng,’ e le a sa lokang ke phetho. Empa ke joang ba ka fumanang bolumeli ba ’nete?
Ka ho totobetseng ho ke ke ha etsahala hore motho a ithute malumeli ’ohle a likete ka ntle le ka hare ho Bokreste-’mōtoana pele a etsa khetho. Leha ho le joalo, haeba—joalokaha Jesu a boletse—re sebelisa ’nete le litholoana e le litekanyetso, ho ka etsahala hore re khetholle bolumeli ba ’nete.
’Nete le Tholoana
Jesu o buile ka ’nete. Mabapi le eona, ke sehlopha sefe sa balumeli se hanang mashano a bolumeli a nkiloeng litšomong tsa boholo-holo le filosofing ea Magerike a atileng malumeling a mangata? Leshano le leng ke hore sephefumolohi sa motho se etselitsoe hore se se ke sa shoa.a Thuto ena e hlahisitse thuto e nyefolang Molimo ea mollo oa lihele.
Jesu o boetse a bua ka litholoana. Mabapi le tsona, na u tseba bolumeli bo hlahisitseng boena ba sebele ba machaba moo mekoallo ea morabe, lipuo, le bochaba e hlōtsoeng ke lerato le ho utloisisana? Na u tseba ka sechaba sa bolumeli sa lefatšeng ka bophara seo litho tsa sona li ka ikhethelang ho hlorisoa ho e-na le ho lumella bo-ralipolotiki kapa baeta-pele ba bolumeli ho ba hlohlelletsa ho hloea baena ba bona le bo-khaitseli ba bona le ho ba bolaea ka lebitso la bochaba kapa la bolumeli. Bolumeli bo hanneng mashano a joalo a bolumeli ’me ba hlahisa tholoana e joalo bo fana ka bopaki bo matla ba hore ke bo nepahetseng, na ha ho joalo?
Bolumeli ba ’Nete Boa Sebelisoa Kajeno
Na bolumeli bo joalo bo teng? E, bo teng. Empa u tlameha ho lumela hore hase bo bong ba malumeli a maholo a lefatše. Na see se lokela ho re makatsa? Che. Thutong ea hae e tummeng ea Thabeng Jesu o itse: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebehebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”—Mattheu 7:13, 14.
Kahoo bolumeli ba ’nete bo ka fumanoa hokae? Ka boikokobetso le ho tšepahala hohle, re tlameha ho bolela hore Lipaki tsa Jehova li bōpa sechaba sa machaba se tsamaeang ‘tseleng ena e tšesane le e patisaneng.’ Ke ’nete, malumeli a maholo ka ho nyefola a bitsa Lipaki tsa Jehova sehlotšoana sa bokhelohi. Empa ha e le hantle ke sona seo baeta-pele ba bakoenehi ba bolumeli lekholong la pele la lilemo C.E. ba ileng ba se bitsa Bakreste ba pele.—Liketso 24:1-14.
Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore li na le bolumeli ba ’nete? Koana, li bōpa mokhatlo oa boena oa machaba o fihlang linaheng tse ka holimo ho 200 le o hlōlang ho aroloa ho entsoeng ke bochaba, morabe, lipuo, le boemo ba motho sechabeng. ’Me li hana ho lumela lithuto—ho sa tsotellehe hore na ke tsa khale hakae—tseo ka ho hlakileng li hananang le se boleloang ke Bibele. Empa li fihletse boemo bo lakatsehang joalo joang? ’Me ho sebelisa bolumeli ba ’nete ho akarelletsa eng? Potso ena le tse ling tse amang bolumeli ho tla buisanoa ka tsona lihloohong tse peli tse latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki bo batsi hore tumelo ena e simolohile litšōmong, bona buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 52-7.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lintoa tsa Bolumeli e ne e le karolo ea litholoana tse mpe tsa bolumeli ba bohata
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Bibliothèque Nationale, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Bolumeli ba ’nete bo hlahisa litholoana tse ntle