Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
“U Kreste, Mor’a Molimo o phelang.”—MATTHEU 16:16.
1, 2. (a) Boholo ba motho bo ka ’na ba lekanngoa joang? (b) Ke banna bafe historing ba ’nileng ba bitsoa ba Baholo, hona hobane’ng?
UNAHANA hore motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela ke mang? U lekanya boholo ba motho joang? Ka tsebo ea hae ea ntoa? ka matla a hae a maholo a kelello? ka matla a hae a ’mele?
2 Babusi ba fapa-fapaneng ba ’nile ba bitsoa ba Baholo, joaloka Cyruse e Moholo, Alexander e Moholo, le Charlemagne ea ileng a bitsoa “e Moholo,” esita leha a ntse a phela. Ka boteng ba bona bo hlokomelehang, banna ba kang bana ba bile le tšusumetso e khōlō holim’a batho bao ba neng ba ba busa.
3. (a) Teko ea ho lekanya boholo ba motho ea itseng ke efe? (b) Ha ho sebelisoa teko ena, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela ke mang?
3 Ka ho thahasellisang, rahistori H. G. Wells o ile a hlalosa teko ea hae ea ho lekanya boholo ba motho. Lilemong tse fetang 50 tse fetileng, o ile a ngola: “Teko ea rahistori ea boholo ba motho ke hore ‘Ke eng seo a se siileng hore se ’ne se hōle? Na o entse hore batho ba qale ho nahana ka tsela e ncha ka matla a nang le tšusumetso le hoja eena a se a le sieo?’” Wells o ile a phetha ka ho re: “Ho latela teko ena, Jesu ke eena ea hlahelletseng ka mahetla.” Esita le Napoléon Bonaparte o ile a hlokomela: “Jesu Kreste o ile a susumetsa le ho busa batho ba ka tlas’a Hae ho sa hlokahale hore A be teng ka ’mele o bonahalang.”
4. (a) Ho na le mehopolo efe e sa tšoaneng ka Jesu? (b) Rahistori e mong eo e seng Mokreste o beha Jesu sebakeng sefe historing?
4 Leha ho le joalo, batho ba bang ba ’nile ba hlahisa khanyetso ea hore Jesu hase motho ea bileng teng historing empa ke tšōmo. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba ’nile ba rapela Jesu joaloka Molimo, ba bolela hore Molimo o tlile lefatšeng e le Jesu. Leha ho le joalo, motheong oa liqeto tsa hae tse itšetlehileng ka ho felletseng ka bopaki ba histori bo mabapi le ho ba teng ha Jesu e le motho, Wells o ngotse: “Ke ho thahasellisang le habohlokoa hore rahistori, ka ntle ho leeme leha e le lefe la bolumeli, o fumana hore a ke ke a hlalosa tsoelo-pele ea batho ka botšepehi ntle le ho beha tichere e futsanehileng e tsoang Nazaretha boemong bo phahameng ka ho fetisisa. . . . Rahistori ea kang ’na tjena, ea bileng a sa ipitseng Mokreste, o fumana tsoelo-pele ena e thehiloe ka hohle-hohle bophelong le bothong ba motho enoa oa bohlokoa ka ho fetisisa.”
Na ka Sebele Jesu o Kile a Phela?
5, 6. Bo-rahistori H. G. Wells le Will Durant ba re’ng mabapi le hore Jesu ke motho ea bileng teng historing?
5 Empa ho thoe’ng haeba motho e mong a u bolella hore ha ho mohla Jesu a kileng a phela, hore ha e le hantle ke tšōmo, ntho eo batho ba itseng ba lekholong la pele la lilemo ba iqapetseng eona? U ne u tla arabela qoso eo joang? Le hoja Wells a lumela hore “ha re tsebe ho hongata ka [Jesu] kamoo re neng re ka rata ho tseba ka teng,” leha ho le joalo o re: “Likosepele tse ’nè . . . lia lumellana ha li re neha setšoantšo sa motho ea nang le botho ba sebele; li fana ka tlaleho ea sebele e kholisang. Ho lumela hore ha ho mohla a kileng a phela, le hore litlaleho tsa bophelo ba hae ke tse iqapetsoeng, ho thata haholoanyane ’me ho phahamisa mathata a eketsehileng ho rahistori ho feta ho amohela litšobotsi tsa bohlokoa tsa lipale tsa Kosepele e le ’nete.”
6 Rahistori ea hlomphehang Will Durant o ile a beha mabaka ka tsela e tšoanang, ’me a hlalosa: “Taba ea hore molokong o le mong batho ba seng bakae [ba ipitsang Bakreste] ba hlokang tsebo ba iqapetse botho bo matla le bo ipiletsang hakaalo, tekanyetso ea boitšoaro e phahameng le pono ea boena ba batho e susumetsang hakaalo, e ne e tla ba mohlolo oo ho neng ho tla ba thata ho o lumela ho feta mohlolo leha e le ofe o tlalehiloeng Likosepeleng.”
7, 8. Jesu o bile le tšusumetso e matla hakae historing ea batho?
7 Ka hona, u ne u ka botsa motho ea nang le lipelaelo tse joalo: Na motho oa tšōmong—motho eo ho seng mohla a kileng a phela—o ne a ka ba le tšusumetso historing ea batho ka mokhoa o tsotehang hakaale? Buka ea litšupiso e bitsoang The Historians’ History of the World e itse: “Phello ea mesebetsi ea [Jesu] historing e bile e khōlō haholo, esita le ho latela pono ea litaba ea lefatše feela, ho feta liketso tsa motho leha e le ofe e mong historing. Mehla e mecha, e khetholloang ka tsoelo-pele e khōlō ea lefatše, e qalile nakong ea tsoalo ea hae.” Ak’u nahane ka sena. Esita le lialmanaka tse ling tsa kajeno li thehiloe selemong seo ho nahanoang hore Jesu o hlahile ka sona. The World Book Encyclopedia ea hlalosa: “Lilemo tsa pele ho selemo seo li ngoloa e le B.C., kapa before Christ [pele ho Kreste]. Lilemo tsa ka morao ho selemo seo li ngoloa e le A.D., kapa anno Domini (selemong sa Morena oa rōna).”
8 Ka lithuto tsa hae tse matla le ka tsela eo a phetseng tumellanong le tsona, Jesu o susumelitse bophelo ba batho ba bangata ka tsela e matla ka lilemo tse ka bang likete tse peli. Ho joalokaha mongoli e mong a kile a hlalosa tjena ka nepo: “Mabotho ’ohle a kileng a macha, likepe tsohle tsa ntoa tse kileng tsa hahoa, le lipalamente tsohle tse kileng tsa lula, marena ’ohle a kileng a busa, ha li kopanngoa hammoho ha lia ba le tšusumetso e matla joalo bophelong ba motho lefatšeng lena.” Empa, bahlahlobisisi ba re: ‘Sohle seo re hlileng re se tsebang ka Jesu se fumaneha ka Bibeleng. Ha ho litlaleho tse ling tsa mehleng eo tse buang ka eena tse ntseng li le teng.’ Empa, na sena ke ’nete?
9, 10. (a) Bo-rahistori le bangoli ba pele ba lefatše ba ile ba re’ng ka Jesu? (b) Motheong oa bopaki ba bo-rahistori ba pele, buka e ’ngoe e hlomphehang ea boitsebiso e fihletse qeto efe?
9 Le hoja litšupiso tsa bo-rahistori ba pele ba lefatše tse buang ka Jesu Kreste e le tse fokolang haholo, litšupiso tse joalo li hlile li teng. Rahistori oa Moroma ea hlomphehang oa lekholong la pele la lilemo Cornelius Tacitus, o ngotse hore moemphera oa Roma Nero ‘o ile a phareha molato oa ho chesoa ha Roma ho Bakreste,’ eaba Tacitus oa hlalosa: “Lebitso [Mokreste] le nkiloe ho Kreste, eo ’musi oa profensi Ponse Pilato a ileng a mo ahlolela lefu pusong ea Tibere.” Ba bang ba bangoli ba Baroma ba nakong eo e leng Suetonius le Pliny e Monyenyane, le bona ba ile ba bua ka Kreste. Ho phaella moo, ho Antiquities of the Jews, Flavius Josephus, rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo, o ile a ngola ka lefu la morutuoa oa Mokreste Jakobo. Tlhalosong Josephus o boletse hore Jakobo e ne e le “ngoan’abo Jesu, ea neng a bitsoa Kreste.”
10 Ka hona, The New Encyclopædia Britannica e phetha ka ho re: “Litlaleho tsena tse ikemetseng li paka hore mehleng ea boholo-holo esita le bahanyetsi ba Bokreste ha ho mohla ba kileng ba belaella hore Jesu o kile a ba teng historing, e leng se ileng sa belaelloa ka lekhetlo la pele ebile e le ka mabaka a fokolang qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo, lekholong la bo19 la lilemo, le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo.”
Ha e le Hantle Jesu e ne e le Mang?
11. (a) Ha e le hantle, mohloli o le mong feela oa boitsebiso ba histori ka Jesu ke ofe? (b) Balateli ba Jesu ba ne ba na le potso efe mabapi le hore na e ne e le mang?
11 Leha ho le joalo, sohle se tsejoang ka Jesu kajeno se tlalehiloe ke balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo. Litlaleho tsa bona li bolokiloe Likosepeleng—e leng libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ke baapostola ba hae ba babeli, Mattheu le Johanne, barutuoa ba hae ba babeli, Mareka le Luka. Litlaleho tsa batho baa li senola eng mabapi le hore na Jesu e ne e le mang? Ha e le hantle e ne e le mang? Metsoalle ea Jesu ea lekholong la pele la lilemo e ile ea nahanisisa ka potso eo. Ha e bona Jesu a khutsisa leoatle le tsukutloang ke moea ka ho le khalemela, e ile ea ipotsa ka ho makala: “Na enoa ke mang na?” Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a botsa baapostola ba hae: “Lōna, le re, ke mang na?”—Mareka 4:41; Mattheu 16:15.
12. Re tseba joang hore Jesu hase Molimo?
12 Haeba u ne u ka botsoa potso eo, u ne u tla arabela joang? Ha e le hantle Jesu e ne e le mang? Ka ho hlakileng, ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba tla bolela hore e ne e le Molimo o Matla ’Ohle o nkile sebōpeho sa motho, mothofatso oa Molimo. Leha ho le joalo, ha ho mohla metsoalle ea Jesu ea botho e kileng ea lumela hore Jesu e ne e le Molimo. Moapostola Petrose o ile a ’mitsa “Kreste, Mor’a Molimo o phelang.” (Mattheu 16:16) Ho sa tsotellehe hore na u ka batlisisa hakae, ha ho mohla u tla bala hore Jesu o kile a ipolela hore ke Molimo. Ho fapana le hoo, o ile a bolella Bajode hore e ne e le “Mora oa Molimo,” eseng Molimo.—Johanne 10:36.
13. Jesu o ne a fapane joang le batho ba bang bohle?
13 Ha Jesu a ne a tsamaea holim’a leoatle le loebehlanang, barutuoa ba ile ba hlolloa ka ho eketsehileng ke hore o ne a sa tšoane le motho leha e le ofe. (Johanne 6:18-21) E ne e le motho ea khethehileng haholo. Ho joalo hobane pele o ne a ile a phela le Molimo leholimong e le motho oa moea, e, e le lengeloi, leo Bibele e le tsebahatsang e le arekangeloi. (1 Ba-Thessalonika 4:16; Juda 9) Molimo o ’mōpile pele O bōpa lintho tse ling tsohle. (Ba-Kolosse 1:15) Ka hona, ka lilemo tse ngata, esita le pele bokahohle bo bonahalang bo bōptjoa, Jesu o ne a thabela botsoalle bo haufi-ufi le Ntat’ae, Jehova Molimo, ’Mōpi e Moholo.—Liproverbia 8:22, 27-31; Moeklesia 12:1, NW.
14. Ho tlile joang hore Jesu a fetohe motho?
14 Joale, hoo e ka bang lilemo tse likete tse peli tse fetileng, Molimo o ile oa fetisetsa bophelo ba Mora oa oona ka pōpelong ea mosali. Kahoo Jesu ea e-ba mora oa motho oa Molimo, ea tsoetsoeng ke mosali ka tsela e tloaelehileng. (Ba-Galata 4:4) Ha Jesu a ntse a hōla ka pōpelong ea ’mè oa hae, Maria, esita le hamorao ha a ntse a hōla e sa le moshanyana, o ne a itšetlehile ka bao Molimo o ba khethileng hore e be batsoali ba hae lefatšeng. Qetellong Jesu o ile a kena bonneng, ’me ho hlakile hore o ile a fuoa matla a ho hopola ka botlalo botsoalle boo a neng a e-na le bona le Molimo nakong e fetileng leholimong. Sena se ile sa etsahala ‘ha a phetleloa maholimo’ ha a kolobetsoa.—Mattheu 3:16; Johanne 8:23; 17:5.
15. Re tseba joang hore Jesu e ne e le motho ea felletseng ha a sa ntsane a phela lefatšeng?
15 Ka sebele, Jesu e ne e le motho ea khethehileng. Leha ho le joalo, e ne e le motho ea lekanang le Adama, eo Molimo o ’mōpileng tšimolohong ’me oa ’meha tšimong ea Edene. Moapostola Pauluse o hlalositse: “‘Motho oa pele Adama e ile ea ba sephefumolohi se phelang.’ Adama oa morao e ile ea ba moea o phelisang.” Jesu o bitsoa “Adama oa morao” hobane, joaloka Adama oa pele, Jesu e ne e le motho ea phethahetseng. Empa ka mor’a hore Jesu a shoe, o ile a tsosoa, ’me a boela a kopana le Ntat’ae leholimong e le motho oa moea.—1 Ba-Korinthe 15:45, NW.
Tsela e Molemohali ea ho Ithuta ka Molimo
16. (a) Ke eng se ileng sa etsa hore ho ba le setsoalle le Jesu e be tokelo e khōlō haholo? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho ka thoe ho bona Jesu ho tšoana le ho bona Molimo?
16 Ak’u nahane ho se hokae ka tokelo e babatsehang eo ba bang ba ileng ba e thabela ea ho ba metsoalle ea Jesu ha a sa le lefatšeng! Inahanele u se u mametse ’me u bua, u talimile ebile u sebetsa le Motho eo mohlomong a qetileng lilemo tse libillione e le motsoalle ea haufi-ufi oa Jehova Molimo leholimong! Joaloka mora ea tšepahalang, Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae oa leholimo linthong tsohle tseo a neng a li etsa. Ha e le hantle, Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae ka ho phethahetseng hoo nakoana pele a bolaoa a ileng a bolella baapostola ba hae: “Ea mponang o bone Ntate.” (Johanne 14:9, 10) E, boemong bo bong le bo bong boo Jesu a ileng a thulana le bona mona lefatšeng, o ile a etsa kamoo Ntate oa hae, Molimo o Matla ’Ohle, a neng a tla etsa ka teng haeba A ne a le teng mona. Kahoo, ha re ithuta ka bophelo le tšebeletso tsa Jesu Kreste, ha e le hantle, re ithuta hore na Molimo ke motho oa mofuta ofe.
17. Letoto la lihlooho tsa Molula-Qhooa tse reng “Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae” le ile la phetha morero ofe o motle?
17 Ka hona, letoto la lihlooho tsa “Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae,” le ileng la hatisoa litokollong tse latellanang tsa Molula-Qhooa ho tloha ka April 1985 ho fihlela ka June 1991, ha lea ka la fana ka tlhaloso e ntle feela ea motho Jesu empa hape le ile la re ruta haholo ka Ntate oa hae oa leholimo, Jehova Molimo. Ka mor’a likarolo tsa eona tsa pele tse peli, mosebeletsi e mong oa pula-maliboho o ile a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower ka kananelo, a re: “Tsela e molemo ea ho atamela haufi le Ntate e ka ba efe haese ho tseba Mora hamolemonyana!” Seo ke ’nete hakaakang! Tlhokomelo ea Ntate e lerato ho batho le kutloelo-bohloko ea hae li bonahatsoa bophelong ba Mora.
18. Moqapi oa molaetsa oa ’Muso ke mang, ’me Jesu o ile a lumela see joang?
18 Lerato la Jesu ho Ntat’ae, joalokaha le bonahalitsoe ke ho ikokobeletsa ho etsa thato ea Ntat’ae ka ho felletseng, ka sebele ke ntho e ntle e lokelang ho eloa hloko. Jesu o ile a bolella Bajode ba neng ba batla ho ’molaea: “Ha ke etse letho ke ’notši, ke mpa ke bolela litaba tseo joale ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28) Kahoo, Jesu e ne e se eena moqapi oa molaetsa oa ’Muso oo a neng a o bolela. Jehova Molimo e ne e le eena moqapi oa oona! Nako le nako Jesu o ne a isa tlotla ho Ntat’ae. O itse: “Ha kea ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ea nthomileng ke eena ea ’neileng taelo ea see ke tla se bolela, le ea mokhoa oo ke tla se bolela ka oona. . . . See ke se bolelang, ke se bolela joale ka ha Ntate a mpoleletse sona.”—Johanne 12:49, 50.
19. (a) Re tseba joang hore Jesu o ne a ruta ka tsela eo Jehova a rutang ka eona? (b) Ke hobane’ng ha Jesu e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela?
19 Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a bua kapa a ruta seo Ntate a neng a ’molelletse sona feela. O ile a etsa ho fetang hoo. O se buile kapa a se ruta ka tsela eo Ntate a ka beng a se buile ka eona kapa a se rutile ka eona. Ho feta moo, mesebetsing eohle ea hae le likamanong tsa hae le ba bang, o ile a itšoara le ho sebetsa kamoo Ntate a neng a tla itšoara le ho sebetsa ka teng tlas’a maemo a tšoanang. Jesu o ile a hlalosa: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena.” (Johanne 5:19) Ka litsela tsohle, Jesu e ne e le setšoantšo se phethahetseng sa Ntate oa hae, Jehova Molimo. Kahoo hase ntho e makatsang hore ebe Jesu e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela! Ka sebele, ke habohlokoa hore re nahanisise ka hloko ka motho enoa oa bohlokoa hakana!
Lerato la Molimo le Bonahala ho Jesu
20. Moapostola Johanne o ne a tseba joang hore “Molimo ke lerato”?
20 Ke eng seo re hlileng re ithutang sona ka ho khethehileng ka ho ithuta ka ho tebileng le ka hloko ka bophelo le tšebeletso tsa Jesu? Moapostola Johanne o ile a lumela hore “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho.” (Johanne 1:18) Leha ho le joalo, ho 1 Johanne 4:8, (BPN) Johanne o ile a ngola ka kholiseho e felletseng a re: “Molimo ke lerato.” Johanne o ne a ka bua joalo hobane o ne a tseba lerato la Molimo ka seo a se boneng ho Jesu.
21. Ke taba efe ka Jesu e entseng hore e be motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela?
21 Joaloka Ntate, Jesu o ne a e-na le kutloelo-bohloko, a le mosa, a ikokobelitse ’me a atameleha. Batho ba fokolang le ba hatelletsoeng, batho ba mefuta eohle—banna, basali, bana, barui, mafutsana, ba matla le baetsalibe—ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le eena. Ka sebele, ke mohlala oa Jesu o khethehileng oa lerato, oa ho etsisa Ntat’ae, o mo entseng hore e be motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Ho tlalehoa hore esita le Napoléon Bonaparte o ile a re: “’Na, Alexander, Cesare, le Charlemagne, re thehile mebuso, empa motheo oa katleho ea rōna e ne e le ofe? E ne e le likhoka. Ke Jesu Kreste feela ea ileng a theha ’muso oa hae holim’a lerato, ’me mehleng ena batho ba limillione ba ka mo shoela.”
22. Lithuto tsa Jesu li ile tsa tlisa liphetoho joang?
22 Lithuto tsa Jesu li ile tsa tlisa liphetoho tse khōlō. Jesu o ile a phehella: “Le se ke la hanyetsa motho e mobe, empa ea u jabelang lerameng le letona, u mo retelletse le le letšehali.” “Ratang lira tsa lōna, le rapelle ba le hlorisang.” ‘Etsa ba bang ntho eo u neng u tla rata ha ba u etsa eona.’ (Mattheu 5:39, 44, BPN; 7:12) Lefatše le ka be le fetohile hakaakang hoja motho e mong le e mong o ne a sebelisa lithuto tsena tse phahameng!
23. Jesu o ile a etsa’ng e le hore a ka ama batho lipelo le ho ba susumelletsa ho etsa se lokileng?
23 Litšoantšo kapa lipapiso tsa Jesu li ile tsa ama lipelo, tsa susumelletsa batho hore ba etse se lokileng le ho qoba bobe. Mohlomong u sa hopola hantle pale ea hae e tsebahalang haholo ea Mosamaria ea nyatsehang ea ileng a thusa motho oa morabe o mong ea neng a lemetse ha batho ba morabe oa habo bao ho nahanoang hore ke balumeli ba sa ka ba etsa joalo. Kapa pale ea ntate ea nang le kutloelo-bohloko le ea tšoarelang le mor’a hae ea lehlasoa. ’Me ho thoe’ng ka pale ea morena ea ileng a tšoarela mohlanka molato oa lidenare tse limillione tse 60 empa eare ha mohlanka eo a reteleha eaba eena o hlahlela mohlanka-’moho le eena teronkong kahobane a ne a hlōleha ho mo lefa molato oa lidenare tse 100? Ka litšoantšo tse bonolo, Jesu o ile a bontša kamoo liketso tsa boithati le meharo e leng tse nyatsehang ka teng, le kamoo liketso tsa lerato le mohau e leng tse ipiletsang ka teng!—Mattheu 18:23-35; Luka 10:30-37; 15:11-32.
24. Ke hobane’ng ha re ka re ntle ho pelaelo Jesu e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela?
24 Leha ho le joalo, ka ho khethehileng se ileng sa hulela batho ho Jesu ’me sa ba susumelletsa ho etsa botle ke hore bophelo ba hae bo ne bo lumellana ka ho phethahetseng le seo a neng a se ruta. O ne a sebelisa seo a se rutang. O ne a mamella bofokoli ba ba bang. Ha barutuoa ba hae ba tsekisana ka hore na e moholo ke mang, ka mosa o ile a ba khalemela ho fapana le hore a ba nyatse ka bohale. Ka boikokobetso o ile a sebeletsa litlhoko tsa bona esita le ho ba hlatsoa maoto. (Mareka 9:30-37; 10:35-45; Luka 22:24-27; Johanne 13:5) Qetellong, ka ho rata o ile a shoa lefu le bohloko, eseng feela molemong oa bona, empa molemong oa batho bohle! Ntle ho pelaelo, Jesu e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ho na le bopaki bofe ba hore Jesu e ne e le motho oa sebele ea bileng teng historing?
◻ Re tseba joang hore Jesu e ne e le motho, empa o ne a fapane joang le batho ba bang bohle?
◻ Ke hobane’ng ha ho ithuta bophelo ba Jesu e le tsela e molemohali ea ho ithuta ka Molimo?
◻ Re ka ithuta eng ka lerato la Molimo ka ho ithuta ka Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Baapostola ba Jesu ba ile ba ipotsa ka ho makala: “Na enoa ke mang na?”