Na Merero ea ho Finyella Tšireletseho ea Machaba e Tla Atleha?
MAKASINE oa WCC (World Council of Churches [Lekhotla la Lefatše la Likereke]) One World, o boletse hore: “Qhoebeshano, e ’nileng ea tšoasa lefatše ka lilemo tse ka holimo ho 40, ho bonahala e felile ka thuso ea Molimo.” Sengoli sa Mochache John Pobee sa Lenaneo la WCC le amanang le Thuto ea Bolumeli sea phaella: “Liketsahalo tsa bohlokoa tse etsahalang Europe e Bohareng le e Bochabela . . . ho bonahala e le selelekela sa khotso le tšireletseho Europe le lefatšeng ka kakaretso.”
Hase baemeli ba WCC feela ba amahanyang Molimo le merero ea motho ea ho finyella tšireletseho ea machaba. Ka April 1991, nakoana ka mor’a ntoa e bileng Koung ea Persia, Mopapa John Paul o ile a romela molaetsa ho eo pele e neng e le mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng ka nako eo Javier Pérez de Cuéllar oo ho oona a itseng: “Babishopo ba Likereke tsa K’hatholike tse Bochabela bo Hare le Bophirima ba na le tšepo mosebetsing oa Machaba a Kopaneng . . . Ba tšepa hore ka Machaba a Kopaneng le mekhatlo ea eona e khethehileng, batho bao ntoa e sa tsoa kupa e ba behileng boemong ba ho hloka ho tebileng ba ke ke ba hlōleha ho fumana tlhokomelo ea machaba le bonngoe.”
Ho phaella moo, Vatican ke e ’ngoe ea Linaha tse 35 tse ileng tsa theha le ho saena Tumellano ea 1975 ea Helsinki le Tokomane ea Stockholm ea 1986. Ha Machaba a Kopaneng a ne a phatlalatsa hore selemo sa 1986 ke “Selemo sa Machaba sa Khotso,” mopapa o ile a arabela ka ho mema baemeli ba malumeli a maholo a lefatše ho nka karolo moketeng oa “Letsatsi la Lefatše la ho Rapella Khotso.” Ka October 1986, baemeli ba bolumeli ba Buddha, ba Hindu, ba Islam, ba Shinto, ba Chache, ba Lutere, ba Greek Orthodox, ba Sejode, le malumeli a mang ba ile ba lula hammoho Assisi, Italy, ’me ba fapanyetsana ka ho rapella khotso ea lefatše.
Lilemo tse ’maloa hamorao, puong eo Moarekabishopo oa Chache oa Canterbury a ileng a nehelana ka eona Rome, o ile a bua ka ketsahalo ena e boletsoeng ka holimo. O ile a re: “Assisi, re ile ra bona hore Mobishopo oa Roma [mopapa] a ka bokella Likereke tsa Bokreste hammoho. Re ka rapela ’moho, ra bua ’moho le ho sebetsa ’moho bakeng sa khotso le boiketlo ba batho . . . Khatong eo e qalang ea ho rapella khotso ea lefatše ke ile ka ikutloa eka ke pel’a Molimo o itseng ‘Bonang ke etsa ntho e ncha.’”
Malumeli a mang, le hoja a ne a sa emeloa Assisi, le ’ona a na le tšepo ka merero ea motho ea ho finyella tšireletseho ea machaba. Koranta ea Die Kerkbode, e leng koranta ea molao ea Kereke ea Dutch Reformed ea Afrika Boroa, e itse: “Re fetela taolong ea lefatše le lecha. Se neng se bonahala se ke ke sa etsahala lilemong tse ’maloa tse fetileng se etsahala ka pel’a mahlo a rōna. Poelano e etsahalang karolong e khōloanyane ea lefatše pakeng tsa Soviet Union le linaha tsa Bophirima ke ea bohlokoa ka ho pharalletseng. Lefatšeng la rōna, batho bao hangata ba neng ba loantšana le lira tse neng li ke ke tsa boelana lia buisana, ’me khothatso e isang ‘khotsong’ e bonahala hohle . . . Ho latela pono ea Bokreste, boiteko bohle ba ho tlisa khotso pakeng tsa batho bo lokela ho amoheloa. Re ka rapella khotso mehleng ea rōna.”
Na Molimo o hlohonolofatsa merero ea motho ea ho finyella tšireletseho ea machaba?
Bibele e Re’ng?
Tabeng ea ho itšetleha ka boiteko ba motho, Bibele e fana ka keletso e tobileng: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Pesaleme ea 146:3, 4) Khatelo-pele e etsahalang hona joale e isang khotsong e ka ’na ea bonahala e khothatsa. Empa ho hlokahala hore re be le pono ea sebele. Matla a batho a lekanyelitsoe. Hangata, liketsahalo li phahametse batho. Ke ka thata ho etsahalang hore batho ba utloisise maikutlo a patiloeng, litšusumetso tse ipatileng, tse nyopisang merero ea bona e hlophiloeng hantle.
Lilemo tse makholo a supileng pele ho mehla ea Jesu, mehleng ea moprofeta Esaia, baeta-pele ba Bajode ba ne ba rera ho fumana tšireletseho ka lilekane tsa machaba le linaha tsa boahisani ka tsela e tšoanang le se etsahalang kajeno. Le mehleng eo, baeta-pele ba bolumeli ba ne ba tšehetsa se etsoang ke bo-ralipolotiki. Empa Esaia o ile a lemosa: “Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ea hlaha.” (Esaia 8:10) Morero oa bona o ile oa hlōleha ka tsela e ileng ea baka tlokotsi. Na ntho e tšoanang e ka etsahala kajeno?
E, e ka etsahala, kaha ka eena moprofeta eo, Molimo o ile oa phatlalatsa hore O na le tsela ea Oona ea ho tlisa tšireletseho lefatšeng. E ke ke ea ba ka mokhatlo leha e le ofe oa batho, empa e tla ba ka setloholo sa morena oa Iseraele Davida. (Esaia 9:6, 7) Mojalefa enoa oa Morena Davida ke Jesu Kreste, eo, ha a ne a botsoa ke Ponse Pilato, a ileng a lumela hore ke Morena empa a re: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Johanne 18:36; Luka 1:32) Ha e le hantle, ’Muso oa Jesu e ne e tla ba oa leholimo. ’Me ke ’ona—eseng Machaba a Kopaneng kapa sechaba leha e le sefe sa lipolotiki—o tla tlisa tšireletseho ea ka mehla, e ka tšeptjoang lefatšeng lena.—Daniele 2:44.
Jesu Kreste o boletse esale pele hore ’Muso oa hae o ne o tla qala ho busa maholimong nakong ea ha ho tla ba le “lintoa le litlaleho tsa lintoa,” ‘sechaba se seng se tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o tsohela ’muso o mong matla.’ Ho phethahala ha boprofeta ho tšoaea 1914 e le nako eo lintho tseo li ileng tsa etsahala ka eona ’me ho tsebahatsa lilemo tsa ho tloha selemong seo e le “bofelo ba tsamaiso ea lintho.”—Mattheu 24:3, 6-8, NW.
See se bolela’ng? Hore nako e saletseng tsamaiso ena ea joale ea lefatše e lekanyelitsoe, ’me haufinyane e tla fela. Na lee ke lebaka la ho ameha kapa ho soaba? Ha ho joalo haholo ha re hopola sehlōhō, ho hloka tōka, khatello, lintoa, le mahlomola ’ohle a ’nileng a tšoaea tsamaiso ena ea lintho. Ka sebele e tla ba ho khathollang ho ba tlas’a morena eo Lentsoe la Molimo, Bibele, le reng ka eena: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kelello, moea oa keletso le oa matla, moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova.”—Esaia 11:2.
Tšireletseho ea Sebele Lefatšeng
Bonneteng, ho ke ke ha e-ba le tšireletseho ea sebele lefatšeng ho fihlela ha boprofeta ba Esaia bo phethahala lefatšeng ka bophara tlas’a ’Muso oa Molimo: “Ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” (Esaia 65:17) Ho sa tsotellehe hore na baeta-pele ba bolumeli ba etsetsa lefatše lena lithapelo tse ngata hakae, merero ea batho ea ho finyella tšireletseho ea machaba e ke ke ea nka sebaka sa tsela ea Molimo ea ho tlisa khotso le tšireletseho.
Tšireletseho ea lefatše ka bophara, le e sa feleng e tlang ho tlisoa ke ’Muso oa Molimo e tla ba e babatsehang. E ’ngoe ea litlhaloso tse fumanoang ka Bibeleng ke ena: “Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mikea 4:3, 4.
Ke tšireletseho e tšepisoang ke Molimo feela e ke keng ea fela le e ka tšeptjoang. Kahoo, ho e-na le ho tšepa marena, ke hobane’ng ha u sa tšepe oona? Joale u tla fumana hore mantsoe a mopesaleme ke ’nete: “Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae! O entse maholimo le lefatše, leoatle le tse ho lona kaofela, o boloka ’nete ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 146:5, 6.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Kereke e K’hatholike le Lipolotiki tsa Machaba
“Le hoja Kreste a boletse hore ’muso oa hae ‘hase oa lefatše lena,’ baruti ba maemong a phahameng le bapapa e le khokanyana-phiri ba nkile karolo ka matla likhohlanong tsa machaba le tsa bochaba tsa lipolotiki ho tloha mehleng ea Constantine.”—The Catholic Church in World Politics, ea Moprofesa Eric Hanson oa Univesithi ea Jesuit Santa Clara