Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/1 leq. 22
  • Jehova o Putsa Mocha ea Tšepahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Putsa Mocha ea Tšepahalang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bopaki bo Beha Litholoana Hae le Sekolong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Etsisang Jehova ha le Koetlisa Bana ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bacha—Le Ama Lipelo Tsa Batsoali ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/1 leq. 22

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Jehova o Putsa Mocha ea Tšepahalang

BACHA ba tšepahalang ke ba bohlokoa haholo mahlong a Jehova. Phihlelo e latelang ea mohlankana ea tšepahalang e lokela ho khothalletsa bacha ba bang ho boloka botšepehi ha ba ntse ba sebeletsa Jehova.

Argentina, moshanyana ea lilemo li 11 le moen’a hae ba ile ba ithuta buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng le nkhono oa bona. Hang-hang, batsoali ba bashanyana bana ba ile ba hanyetsa, ’me ba thibela bashanyana bana ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Ka nakoana, e le hore ba ka ba teng libokeng, bashanyana bana ba ne ba e-tsoa ka fensetere ea kamore eo ho itlhatsoetsoang ka ho eona, ba theohela foranteng, ho tloha moo ba tlōla lerako ba tlōlela foranteng ea moahisani ebe ba ea Holong ea ’Muso. Eaba motho e mong o bolella ’mè oa bona hore ba ne ba ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. ’Mè oa bona o ile a ba tšosa ka hore o tla ba shapa, ’me sena se ile sa tšosa moshanyana e monyenyane, ea ileng a khaotsa ho ithuta. Empa e moholoanyane o ile a tsoela pele. O ile a tsoela pele ho ba teng libokeng ka lilemo tse hlano batsoali ba hae ba sa tsebe.

Ha a le lilemo li 16, o ile a batla ho etsa thuto e ’ngoe sekolong se phahameng e neng e le sieo ha habo. Ho ba hōle le hae ho ne ho tla mo neha bolokolohi bo eketsehileng ba ho phehella ’nete. Batsoali ba hae ba ile ba mo lumella ho tsamaea, ’me lintho li ile tsa itsamaela hantle ka likhoeli tse tharo. Eaba mookameli oa sekolo o hlokomelisa batsoali ba hae hore mora oa bona ha a lumelise folaga kapa hona ho bina pina ea sechaba. Ka pele ho mookameli oa sekolo, batsoali ba hae, mongoli, ’muelli oa molao, le liprofesa tse leshome, mohlankana eo o ile a khona ho fana ka bopaki bo botle ba hore na ke hobane’ng ha a ne a sa etse lintho tsena ka baka la letsoalo. (Exoda 20:4, 5) Batsoali ba ne ba halefile haholo. ’Mè oa hae o ile a reka sethunya, ka morero oa ho thunya nkhono oa bona, eo a neng a nahana hore oa ikarabella ho sena. Empa ho ne ho se mohla a mo fumanang a le mong.

Hamorao, tlas’a tlhahiso e entsoeng ke motsoalle oa lelapa le ka tumello ea mookameli oa sekolo, batsoali ba ile ba rera ho isa mocha enoa sepetleleng sa batho ba nang le mafu a kelello, ba nahana hore phekolo ea kelello e ka mo etsa hore a lahle tumelo ea hae. Mosebeletsi oa tleliniki o ne a tsamaea le moshanyana enoa ka koloi lik’hilomithara tse 100 ho tloha moo ’me a mo ente ka insulin e ngata le lithethefatsi tse ling ho fihlela a akheha. Ha a phaphama, o ne a ferekane ka ho felletseng, ho se motho eo a mo tsebang, ’me a tšoeroe ke lefu la bolebali. Ka mor’a ho etsa litlhahlobo tse ngata lingaka li ne li sitoa ho fumana a e-na le pherekano ka kelellong. Empa sepetlele se ile sa tsoela pele ka phekolo. Nakong ea ha moshanyana enoa a hlaphohetsoe, o ne a rapela a sa khaotse ho Jehova hore a se ke a mo lahla ’me o ne a kōpa matla a hore a mamelle. Jehova o ile a fela a mo sireletsa, ’me qetellong o ile a lokolloa sepetlele.

Ka lekhetlo le leng mookameli oa sekolo o ile a botsa mohlankana hore na o ne a itokiselitse ho ikoahlaea. Ha a bolela hore ha a ikemisetsa, mookameli oa sekolo o ile a bolella batsoali ba hae hore ba mo khutlisetse sepetlele kaha joale o ne a hlanya ho feta pele. Batsoali ba ile ba mo hirela ntlo ’me ba bolella mong’a ntlo hore a hlokomele hore moshanyana eo ha a ee libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Ha batsoali ba se ba tsamaile, moshanyana eo o ile a makala hakaakang! Batho bao a neng a hirile ntlo ea bona e ne e le Lipaki tsa Jehova! Qetellong batsoali ba ile ba mo tlohela ka phekolo ea mafu a kelello, ba kholisehile hore lingaka li ne li ba thetsitse. Ho sa le joalo, Lekhotla le Phahameng la Argentina le ile la ntša taelo ea hore bana ba Lipaki tsa Jehova ba ke ke ba lelekoa sekolong ka baka la ho se lumelise folaga.

Na liteko tsee li ile tsa tsoela mocha eo ea tšepahalang molemo? E. O re: “Ke ile ka khona ho fana ka bopaki bo batsi ho lingaka, liprofesa, bana bao ke kenang sekolo le bona, batsoali, le beng ka ’na, ha e le hantle ho motse ’ohle. Batsoali ba ka ba batla ba kokobetse ’me ba na le boikutlo bo molemonyana ka Lipaki. Hona joale, ha ke hetla ke talima lilemo tsa ka ha ke sa le ngoana, ke hlokomela kamoo Molimo oa rōna o babatsehang o bileng o leng bonolo ka teng ka ho hlokomela motho ea lulang a tšepahala ho oona. Ho joalokaha mopesaleme a boletse ho Pesaleme ea 27:10: ‘Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.’”

Hona joale mohlankana enoa o lilemo li 23, o nyetse, ’me o mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova. Ka sebele, matla a Jehova a tšehetsang ha a na moeli.—Pesaleme ea 55:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela