Letsatsi le Lokelang ho Hopoloa
“Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—JOHANNE 16:33.
1, 2. Ke letsatsi lefe le le leng historing eohle le ikhethang ho a mang ’ohle, hona hobane’ng?
LEFATŠE le bua ho hongata ka khotso. Bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, khotso e ile ea amahanngoa le Letsatsi la tlhōlo ea makhotla a linaha tsa selekane tsa Europe (V-E Day) le Letsatsi la tlhōlo ea makhotla a linaha tsa selekane holim’a Japane (V-J Day).a Selemo le selemo, Keresemese e etsa hore batho ba nahane ka ‘khotso lefatšeng.’ (Luka 2:14) Empa ho na le letsatsi le leng historing eohle ea batho le ikhethang ho a mang ’ohle. Ke letsatsi leo ka lona Jesu Kreste a buileng mantsoe a qotsitsoeng ka holimo. Har’a matsatsi a limillione tse peli le ho feta ao batho ba ’nileng ba a phela mona lefatšeng, ke letsatsi le le leng le ileng la fetola bophelo ba batho ka ho felletseng molemong oa bona oa ka ho sa feleng.
2 Letsatsi leo la bohlokoa ke la Nisane 14 ho latela almanaka ea Sejode. Selemong sa 33 sa Mehla ea rōna e Tloaelehileng, Nisane 14 e qalile ka shoalane ka April 1. A re hlahlobisiseng liketsahalo tsa letsatsi leo le ikhethang ka ho fetisisa.
Nisane 14!
3. Jesu o ile a sebelisa lihora tsee tsa ho qetela joang?
3 Ha ho qala ho phirima, mohlomong khoeli e ntle e tolokileng ea chaba e le khopotso ea hore Jehova ke eena ea lekanyetsang linako le mehla. (Liketso 1:7) ’Me ho etsahala’ng ka ntlong ela e ka holimo eo Jesu le baapostola ba hae ba 12 ba bokaneng ka ho eona bakeng sa ho keteka Paseka ea Bajode ea selemo le selemo? Ha Jesu a itokisetsa ‘ho tloha lefatšeng lena ho ea ho Ntate, o bontša lerato ho batho ba hae ho fihlela qetellong.’ (Johanne 13:1) See o se etsa joang? Ka polelo ea molomo le ka mohlala, Jesu o tsoela pele ho kenya ka ho barutuoa ba hae litšoaneleho tse tla ba thusa ho hlōla lefatše.
Ho Apara Boikokobetso le Lerato
4. (a) Jesu o ile a bonahatsa tšoaneleho ea motheo joang ho barutuoa ba hae? (b) Re tseba joang hore Petrose o ile a ithuta bohlokoa ba boikokobetso?
4 Ho sa ntse ho hlokahala hore baapostola ba hlobole lefufa le boikhohomoso ba boithati. Kahoo Jesu o ithatela ka thaole ’me o qala ho ba hlatsoa maoto. Ena ha se pontšo ea boikokobetso ba boikaketsi, bo kang bo etsoang Roma ke mopapa oa Bokreste-’mōtoana selemo le selemo. Ka sebele ha ho joalo! Boikokobetso ba ’nete ke boitelo bo hlahisoang ke ‘boinyenyefatso ba motho ea nkang ba bang ba mo phahametse.’ (Ba-Filippi 2:2-5) Qalong, Petrose ha a utloisise, o hana ha Jesu a mo hlatsoa maoto. Ha a khalemeloa, o kōpa Jesu ho mo hlatsoa ’mele kaofela. (Johanne 13:1-10) Leha ho le joalo, e tlameha e be Petrose o ile a ithuta thuto e itseng. Lilemo tse seng kae hamorao, o ile a eletsa ba bang ka nepo. (1 Petrose 3:8, 9; 5:5) Ke habohlokoa hakaakang kajeno hore kaofela ha rōna re sebeletse Kreste ka boikokobetso!—Bona le Liproverbia 22:4; Mattheu 23:8-12.
5. Ke taelo efe ea Jesu e ileng ea bontša bohlokoa ba tšoaneleho e eketsehileng e khōlō?
5 E mong oa ba 12 ha a rue molemo keletsong ea Jesu. Ke Judase Iskariota. Ha sejo sa Paseka se ntse se tsoela pele, Jesu o tšoenyeha moeeng, o senola Judase joaloka moeki oa hae, ’me oa mo leleka. Ke feela ka mor’a ho mo leleka moo Jesu a bolellang barutuoa ba hae ba 11 ba tšepahalang: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Ka sebele ona ke molao o mocha, o bonahetseng mohlaleng oa Jesu o motle ka ho fetisisa! Ha nako ea lefu la hae la sehlabelo e ntse e atamela, Jesu o bonahatsa lerato le ikhethang. O sebelisa motsotso o mong le o mong oa bohlokoa ho ruta le ho khothatsa barutuoa bao. Hamorao, o hatisa bohlokoa ba lerato, o re: “Molao oa ka ke hoba le ratane, joale ka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”—Johanne 15:12, 13.
“Tsela, le ’Nete, le Bophelo”
6. Jesu o tekela barutuoa ba hae ba haufi-ufi pakane efe?
6 Jesu o bolella ba 11 ba tšepahalang: “Pelo tsa lōna li se ferekane; lumelang ho Molimo, le ho ’na le lumele. Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse; ke ea ho le lokisetsa bolulo.” (Johanne 14:1, 2) Sebaka sena se tla ba “’musong oa maholimo.” (Mattheu 7:21) Jesu o bolela kamoo sehlopha sena se haufi le eena sa barutuoa ba tšepahalang se ka finyellang pakane ea sona. O re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na.” (Johanne 14:6) Sena se boetse se sebetsa ho batho ba fumanang bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 7:9, 10; 21:1-4.
7-9. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a itlhalosa e le “tsela, le ’nete, le bophelo”?
7 Jesu ke “tsela.” Tsela e le ’ngoe feela ea ho atamela Molimo ka thapelo ke ka Jesu Kreste. Jesu ka boeena o kholisa barutuoa ba hae hore Ntate o tla ba fa eng kapa eng eo ba e kōpang ka lebitso la Jesu. (Johanne 15:16) Lithapelo tse lebisoang litšoantšong kapa ho “bahalaleli” ba bolumeli kapa liteboho tse lebisoang ho Moroetsana Maria le lithoko tse phetakoang—ha ho le e ’ngoe ea tsona eo Ntate a e utloang le ho e amohela. (Mattheu 6:5-8) Ho phaella moo, ho Liketso 4:12 re bala sena ka Jesu: “Ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.”
8 Jesu ke “’nete.” Moapostola Johanne o itse ka eena: “Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna le tletse mohau le ’nete, ’me re bohile khanya ea lona, e kang khanya ea Mora a ’notši ea tsoang ho Ntate.” (Johanne 1:14) Jesu o ile a fetoha ’nete ea boprofeta bo makholo-kholo bo Mangolong a Seheberu ka ho bo phethahatsa. (2 Ba-Korinthe 1:20; Tšenolo 19:10) O ile a tsebahatsa ’nete ka ho bua le barutuoa ba hae le matšoele a neng a mo mamela, ha a phehisana khang le baruti ba tletseng boikaketsi, le ka mohlala oa hae oa sebele.
9 Jesu ke “bophelo.” Joaloka Mora oa Molimo, Jesu o itse: “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.” (Johanne 3:36) Ho bontša tumelo sehlabelong sa Jesu ho lebisa bophelong bo sa feleng—bophelo ba ho se shoe leholimong bakeng sa “mohlatsoana” oa Bakreste ba tlotsitsoeng le bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise bakeng sa bongata bo boholo ba “linku tse ling.”—Luka 12:32; 23:43; Johanne 10:16.
Ho Mamella Mahloriso
10. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re ‘hlōle lefatše,’ ’me Jesu o fane ka khothatso efe mabapi le see?
10 Ba nang le tšepo ea ho phela tsamaisong ea Jehova e ncha ba tlameha ho loantša lefatše le ‘rapalletseng ka tlaase ho e mobe,’ Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ka hona, mantsoe a Jesu a ho Johanne 15:17-19 ke a khothatsang hakaakang! O re: “Ke le laela tseo, le tle le ratane. Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna. Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.” Bakreste ba ’nete ba ’nile ba hlouoa ho theosa ho fihlela selemong sena sa 1992, ’me re thaba hakaakang hore e be ho na le mehlala e metle ea ba tsoelang pele ho ema ba tiile, ba matlafatsoa ke ho itšetleha ka letsoho le matla la Molimo! (1 Petrose 5:6-10) Kaofela ha rōna re ka mamella liteko ka ho bontša tumelo ho Jesu, ea phethang puisano ea hae ka mantsoe ana a khothatsang: “Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—Johanne 16:33.
Ho Theha Selekane se Secha
11. Jeremia o ile a profeta eng ka selekane se secha?
11 Mantsiboeeng oona ao, ka mor’a hore mokete oa Paseka o fele, Jesu o bua ka selekane se secha. Moprofeta Jeremia o buile ka sona lilemo tse makholo-kholo esale pele, a re: “Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda . . . Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka . . . ke tla ba lesella bokhopo ba bona, ’me ha ke sa tla hopola libe tsa bona.” (Jeremia 31:31-34) Sehlabelo se tiisang selekane sena se secha se lokela ho etsoa ka Nisane 14, 33 C.E.!
12. Jesu o ile a theha selekane se secha joang, ’me se finyella eng?
12 Jesu o bolella ba 11 ba tšepahalang hore o lakalitse haholo ho ja Paseka ena le bona. Joale o nka bohobe, oa leboha, oa bo ngoatha, ’me o ba fa bona, o re: “Hona ke ’mele oa ka, o neeloang lōna; etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” Ka tsela e tšoanang, o fetisetsa senoelo sa veine e khubelu ho bona, ’me o re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” (Luka 22:15, 19, 20) Selekane se secha se sebetsa ka “mali a bohlokoa” a Jesu, a bohlokoa haholo ho feta mali a liphoofolo a ileng a fafatsoa ha ho tiisoa selekane sa Molao sa Iseraele! (1 Petrose 1:19; Ba-Heberu 9:13, 14) Ba kenngoang selekaneng se secha ba fumana tšoarelo e felletseng ea libe. Ka hona, ba ka tšoaneleha hore e be karolo ea ba 144 000, ba fumanang lefa la ka ho sa feleng la ho ba Iseraele oa moea.—Ba-Galata 6:16; Ba-Heberu 9:15-18; 13:20; Tšenolo 14:1.
“Le Tle le ’ne le Nkhopole”
13. (a) Nakong ea Sehopotso re lokela ho nahanisisa ka eng? (b) Ke bo-mang feela ba lokelang ho ja litšoantšetso, hona hobane’ng?
13 Sehopotso sa selemo le selemo sa bo1 960 sa lefu la Jesu se tla ba ka April 17, 1992. Ha letsatsi leo le ntse le atamela, re tla be re etsa hantle ha re nahanisisa ka sohle seo sehlabelo se phethahetseng sa Jesu se se finyellang. Tokisetso ena e phahamisa bohlale ba Jehova le lerato la hae le tebileng ho batho. Botšepehi ba Jesu bo se nang sekoli, ho fihlela lefung le bohloko, bo hlakola Jehova thohako ea Satane ea hore libōpuoa tsa Hae tse batho li na le sekoli ’me li tla hlōleha tlas’a teko. (Jobo 1:8-11; Liproverbia 27:11) Ka mali a hae a sehlabelo, Jesu o buella selekane se secha, kofuto ea Jehova ea ho khetha ‘moloko o khethiloeng, baprista le marena, sechaba se halalelang, sechaba se ruiloeng.’ Ha ba sa ntsane ba le lefatšeng, ba ‘bolela lithoko’ tsa Molimo oa bona, Jehova, ea ba ‘bitsitseng lefifing le ho ba kenya leseling la hae le hlollang.’ (1 Petrose 2:9; bapisa le Exoda 19:5, 6.) Ka nepo, ke bona feela ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso selemo le selemo.
14. Batho ba limillione ba bang teng ba entšoa joang?
14 Sehopotsong sa selemo se fetileng, ho bile teng ba 10 650 158 lefatšeng ka bophara, empa har’a bona ke ba 8 850 feela—e leng karolo ea leshome ka tlaase ho karolo e le ’ngoe lekholong—ba ileng ba ja litšoantšetso. Ka hona, molemo oa mokete oo ke ofe ho batho ba limillione ba bang teng ho oona? O molemo haholo! Le hoja ba sa je litšoantšetso, ba entšoa moeeng ka ho kopanela le baena ba bangata lefatšeng lohle, ha ba utloa lintho tsohle tse hlollang tseo Jehova a li finyellang ka sehlabelo sa Mora oa hae.
15. Ba bang ka ntle ho batlotsuoa ba rua molemo joang sehlabelong sa Jesu?
15 Ho feta moo, moapostola oa re bolella ho 1 Johanne 2:1, 2: “Re na le moemeli pel’a Ntate: ke Jesu Kreste ea lokileng. Ke eena e leng pheko ea libe tsa rōna; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.” E, le hoja tabeng ea pele sehlabelo sa Jesu se ruisa molemo sehlopha sa Johanne se kentsoeng selekaneng se secha, se boetse se fana ka tšoarelo ea libe tsa “lefatše lohle.” Ke sehlabelo sa “pheko” ea libe tsa ba bang bohle ba lefatše la batho ba bontšang tumelo maling a Jesu a tšollotsoeng, a ba nolofalletsang ho fumana tebello e thabisang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Mattheu 20:28.
“’Musong oa Ntate”
16. (a) Hona joale ho bonahala Jesu le majalefa hammoho le eena ba kopanela ho eng? (b) Kajeno ke eng se hlokahalang ho masala a tlotsitsoeng le bongata bo boholo ba batho?
16 Ha Jesu a tsoela pele ho khothatsa baapostola ba hae, o supa letsatsi leo ka lona ka tsela ea tšoantšetso a tlang ho noa se hlahisitsoeng ke sefate sa morara se le secha hammoho le barutuoa ba hae ’Musong oa Ntat’ae. (Mattheu 26:29) Oa ba bolella: “Ke lōna ba tiiselitseng le ’na melekong ea ka. ’Me ’na ke le nea ’muso, joale ka ha Ntate a ’neile oona, le tle le be ba jang le ba noang tafoleng ea ka ’musong oa ka; ’me le tle le lule literoneng, le ahlole meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 22:28-30) Kaha Jesu o qalile ho busa ’Musong maholimong ka 1914, re ka ’na ra fihlela qeto ea hore ba bangata ho majalefa hammoho le Jesu, ba ’nileng ba bokelloa ho theosa le makholo a lilemo, ba se ba ntse ba tsositsoe, e le hore ba ka ‘lula literoneng’ le eena. (1 Ba-Thessalonika 4:15, 16) Letsatsi la hore mangeloi a lokolle “meea e mene” ea ‘mahlomola a maholo’ le ntse le atamela ka potlako! Nakong eo, ho tšoauoa ha ba 144 000 ba Iseraele oa moea le ho bokelloa ha batho ba limillione ba bongata bo boholo ho tla be ho phethiloe. Kaofela ha bona ba tlameha ho boloka botšepehi, joaloka Jesu, e le hore ba ka fumana moputso oa bophelo bo sa feleng.—Tšenolo 2:10; 7:1-4, 9.
17 le lebokose. (a) Haeba motlotsuoa a ka qheleloa ka thōko joaloka ea sa tšepahaleng, ka ho utloahalang ke mang ea ka mo nkelang sebaka? (b) Ka 1938 lihlooho tsa Watchtower li ile tsa khantša leseli la mofuta ofe le thahasellisang mabapi le ho ahoa ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o lefatšeng le ho atolosoa ha oona hamorao?
17 Ho thoe’ng haeba ba bang ho batlotsuoa ba hlōleha ho boloka botšepehi? Nakong ena e mahlonoko, ntle ho pelaelo lenane la ba joalo ba sa tšepahaleng e tla ba le fokolang. Ka ho utloahalang, bafe kapa bafe ba ba nkelang sebaka ba ne ba ke ke ba khethoa har’a ba sa tsoa kolobetsoa, empa ba ne ba tla khethoa har’a ba ’nileng ba tiisetsa le Jesu melekong ea hae ka lilemo tse ngata tsa tšebeletso e tšepahalang. Khanya e phatsimang ea leseli la moea le ileng la tla ka Watchtower lilemong tsa bo-1920 le bo-1930 e bontša hore ho bokelloa ha masala a batlotsuoa ho ne ho batla ho phethiloe nakong eo. Ba ‘hlatsoang liaparo tsa bona tse telele le ba li soeufatsang maling a Konyana’ ho tloha ka nako eo ba na le tšepo e fapaneng e thabisang. Ka Kreste, moea oa Jehova o ba isa “lilibeng tsa metsi a bophelo” lefatšeng la Paradeise.—Tšenolo 7:10, 14, 17.
Thapelo e Matla ka ho Fetisisa
18. Re ithuta lithuto life tse matla thapelong ea Jesu e ho Johanne khaolo 17?
18 Jesu o phetha seboka sa hae sa Sehopotso le barutuoa ba hae ka ho etsa thapelo e matla e tlalehiloeng ho Johanne 17:1-26. Tabeng ea pele o rapella hore Ntate oa hae a mo tlotlise ha a boloka botšepehi ho fihlela qetellong. Ka tsela ena Jehova le eena o tla tlotlisoa, lebitso la hae le tla halaletsoa—le tlosoe thohako eohle. Hobane, ka sebele, motho ea phethahetseng e leng Jesu o hlile o paka hore libōpuoa tsa Molimo tse batho li ka hloka sekoli, esita le tlas’a teko e boima ka ho fetisisa. (Deuteronoma 32:4, 5; Ba-Heberu 4:15) Ho phaella moo, lefu la Jesu la sehlabelo le bulela bana ba Adama monyetla o moholo. Jesu o re: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” Ke habohlokoa hakaakang hore re fumane tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le Mora oa hae, Konyana ea Molimo, ea tetseng bophelo ba hae bakeng sa ho tlotlisoa ha Jehova le poloko ea batho! (Johanne 1:29; 1 Petrose 2:22-25) Na u ananela sehlabelo seo se bontšang lerato le fetisisang ho isa bohōleng ba ho inehela ka ho felletseng ho Jehova le tšebeletsong ea hae ea bohlokoa?
19. Masala le bongata bo boholo ba batho ba ka thabela bonngoe bo hlollang joang?
19 Ho phaella moo, Jesu o rapela Ntate oa hae ea Halalelang hore A hlokomele barutuoa ha ba ntse ba ipaka e se karolo ea lefatše, ba khomarela lentsoe la Hae joaloka ’nete, le ho ipoloka ba le bonngoeng ba bohlokoa le Ntate le Mora. Na thapelo ee ha ea arabeloa ka mokhoa o hlollang ho tla fihlela kajeno ha masala a tlotsitsoeng le bongata bo boholo ba batho ba ntse ba sebeletsa hammoho ba kopane tlamahanong ea lerato, ha ba ntse ba bolokile ho se nke lehlakore lefatšeng, pefong ea lona, le bokhopong ba lona? Mantsoe a Jesu a phethang a eang ho Ntate oa hae, Jehova, ke a bohlokoa hakaakang! Jesu o itse: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona, le ’na ke be ho bona.”—Johanne 17:14, 16, 26.
20. Ke hobane’ng ha Nisane 14, 33 C.E., ka sebele e le letsatsi le lokelang ho hopoloa?
20 Ha ba ea tšimong ea Gethesemane, Jesu o boetse o thabela botsoalle bo bokhutšoanyane, le bo hahang le barutuoa ba hae. Joale lira tsa hae li mo hloa setha! Ha ho mantsoe a ka hlalosang mahlomola ao Jesu a bileng le oona ’meleng, masisa-pelo a hae a otlang pelo a bakoang ke thohako e phahelletsoeng ho Jehova, le botšepehing ba hae bo behileng mohlala o motle ho sena sohle. Jesu o mamella ho fihlela qetellong, bosiu bohle le lihoreng tse ngata tsa motšehare letsatsing leo. O bontša ka ho hlaka hore ’Muso oa hae e ke ke ea e-ba oa lefatše. ’Me ha a le lekhatheng la ho shoa, oa hooa: “Ho phethahetse!” (Johanne 18:36, 37; 19:30, BPN) Tlhōlo ea hae lefatšeng e phethahetse. Ka sebele Nisane 14, 33 C.E., ke letsatsi le lokelang ho hopoloa!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Victory in Europe Day le Victory over Japan Day (Letsatsi la Tlhōlo Europe le Letsatsi la Tlhōlo Holim’a Japane).
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ Jesu o ile a ruta eng ka boikokobetso le lerato?
◻ Jesu o ile a fetoha “tsela, le ’nete, le bophelo” joang?
◻ Morero oa selekane se secha ke ofe?
◻ Masala a tlotsitsoeng hammoho le bongata bo boholo ba batho ba kopanela bonngoeng le leratong tsa mofuta ofe?
[Lebokose le leqepheng la 20]
Bohlale ba Salomone e Moholoanyane
Lihlooho tsa The Watchtower tse reng “Organization” litokollong tsa June 1 le June 15, 1938, li ile tsa tiisa tokisetso ea motheo ea puso ea Molimo eo Lipaki tsa Jehova li e latelang ho tla fihlela kajeno. Li ile tsa fihla tlhōrōng nakong e hlollang ea ho fetoloa ha thuto le tlhophiso ho qalileng ka 1919. (Esaia 60:17) Ha The Watchtower e bapisa nako eo ea lilemo tse 20 le lilemo tse 20 tseo Salomone a ahileng tempele le ntlo ea borena e Jerusalema ka tsona, e itse: “Mangolo a bontša hore, ka mor’a lilemo tse mashome a mabeli tsa lenaneo la Salomone la kaho . . . , o ile a qalisa lenaneo la kaho sechabeng ka kakaretso. (1 Mar. 9:10, 17-23; 2 Likron. 8:1-10) Joale mofumahali oa Sheba ‘ea neng a tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše o ile a tla hore a tl’o utloa bohlale ba Salomone.’ (Matt. 12:42; 1 Mar. 10:1-10; 2 Likron. 9:1-9, 12, NW) Sena se hlahisa potso: Batho ba Jehova ba lefatšeng ba letetsoe ke eng haufinyane? Re tla leta ka tšepo e felletseng, ’me re tla bona hore na ba letetsoe ke eng.” Tšepo eo e ne e se ea lefeela. Tlas’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo lenaneo le pharalletseng lefatšeng ka bophara la kaho le bokelletse batho ba bongata bo boholo ba fetang limillione tse ’nè. Joaloka mofumahali oa Sheba, ba tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše hore ba tl’o utloa bohlale ba Salomone e Moholoanyane, Kreste Jesu—bo tlisoang ho bona ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.”—Mattheu 24:45-47.