‘Ho Fumana Tsebo ka Molimo le Jesu’
“SENA se bolela bophelo bo sa feleng, ho fumana ha bona tsebo ka uena, Molimo o le mong oa ’nete, le eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3, NW) Jesu o buile joalo thapelong e eang ho Ntate oa hae oa leholimo, ’me ka tsela ena o ile a bontša tlhokahalo ea bohlokoa e le hore re fumane bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha New World Translation e fetolela temana ena ka hore ‘ho fumana tsebo ka . . . Molimo’ ho e-na le “tsebe . . . Molimo,” joalokaha liphetolelo tse ling tse ngata tsa Bibele li etsa?—Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Johanne 17:3, NW.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le ‘ho fumana tsebo’ kapa “tseba” ke mofuta oa leetsi gi·noʹsko. ’Me phetolelo ea New World Translation e etselitsoe ho totobatsa se boleloang ke lentsoe leo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Moelelo oa sehlooho oa gi·noʹsko ke ho “tseba,” empa lentsoe lena la Segerike le na le libōpeho tse sa tšoaneng tsa moelelo. Hlokomela litlhaloso tse latelang:
“GINŌSKŌ (γινώσκω) e bolela ho fumana tsebo, ho tseba, ho hlokomela, ho utloisisa, kapa ho utloisisa ka ho felletseng.” (Expository Dictionary of New Testament Words, W. E. Vine) Ka hona, ho fetolela gi·noʹsko e le ‘ho fumana tsebo’ ha se ‘ho fetola Bibele,’ joalokaha bahlahlobisisi ba batlang liphoso ho New World Translation ba ’nile ba nahana. Ha a tšohla libōpeho tse sa tšoaneng tsa moelelo oo lentsoe lena le ka bang le ’ona, mohlophisi oa buka e hlalosang mantsoe ea hlomphehang haholo James Hope Moulton o re: “Lentsoe γινώσκειν, le bontša ketso e tsoelang pele, ‘ho fumana tsebo.’”—A Grammar of New Testament Greek.
A Grammatical Analysis of the Greek New Testament e hlalosa gi·noʹsko joalokaha e hlaha ho Johanne 17:3, (NW) e le “e bontšang ketso e tsoelang pele.” Tlhaloso e eketsehileng ea lentsoe lena la Segerike e hlaha ho Word Studies in the New Testament, ea Marvin R. Vincent. Eona e re: “Bophelo bo sa feleng bo thehiloe tsebong, kapa ho phehelleng tsebo, kaha mokhoa oa bojoale o tšoaea khopolo e tsoelang pele, e sa khaotseng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa hae.) Word Pictures in the New Testament ea A. T. Robertson e hlahisa hore lentsoe lena le fetoleloe e le “lokela ho tsoela pele ho tseba.”
Ka hona, Segerikeng sa pele, mantsoe a Jesu a ho Johanne 17:3, (NW) a bolela boiteko bo tsoelang pele ba ho batla ho tseba Molimo oa ’nete le Mora oa hae, Jesu Kreste, ’me sena se hlahisitsoe hantle phetolelong e ho New World Translation. Re fumana tsebo ena ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mafolo-folo le ka ho bontša kutlo ka ho lumellanya bophelo ba rōna le litekanyetso tsa eona. (Bapisa le Hosea 4:1, 2; 8:2; 2 Timothea 3:16, 17.) Ba itloaetsang botho ba Molimo le ba Mora oa oona ’me ebe ba leka ho bo etsisa ba letetsoe ke moputso ofe o motle? Bophelo bo sa feleng!