Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/15 maq. 24-27
  • “Metsi a Bophelo” aa Phorosela Cape Verde

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Metsi a Bophelo” aa Phorosela Cape Verde
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • São Vicente e Utloa “Puo e Hloekileng”
  • Batho ba Hloekisitsoeng
  • Cheseho e Tukang Sehleke-hlekeng sa Fogo
  • Litholoana tseo Naha ea Bok’hatholike e li Behang
  • Sebaka sa ho Qetela Seo re Ileng ra Emisa ho Sona—Sehleke-hleke sa Sal
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/15 maq. 24-27

“Metsi a Bophelo” aa Phorosela Cape Verde

LETONA la toka Riphabliking ea Cape Verde le ile la re: “Ho ba teng le ho sebelisoa ha borapeli ba Lipaki tsa Jehova Cape Verde ho tloha ka 1958 ke ’nete e lokelang ho hlokomeloa.” O ne a bua le Lipaki tse peli tseo a neng a li bitselitse ofising ea hae ka taelo ea lekhotla la molao. O ile a phaella: “Rea ikoahlaea hore ebe ho nkile nako e telele hakana pele Lipaki tsa Jehova li ngolisoa ka molao.”

Lipaki tsa Jehova tse Cape Verde li ke ke tsa lebala seboka seo se ileng sa tšoaroa ka November 30, 1990. Se ile sa bontša hore ’muso o li hlokometse ka molao joaloka mokhatlo oa bolumeli naheng eo. Leha ho le joalo, ho Lipaki tsena tse peli tse neng li le teng, e ile ea ba phihlelo ea botho e amang maikutlo, hobane e ne e le ka 1958 ha e mong oa tsona—Luis Andrade—a fumana lingoliloeng tse itseng tsa Bibele tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ha a qeta ho bala lingoliloeng tsena ho tloha qalong ho ea qetellong, o ile a tseba hore o fumane ’nete. Ka cheseho, o ile a bolella eo e bileng motsoalle oa hae ka nako e telele Francisco Tavares, seo a ithutileng sona. Lilemong tse seng kae tse latelang, bobeli ba bona ba ile ba tsoela pele ho noa metsi a bophelo a ’nete ka ho bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, tseo ba neng ba li fumana ka poso e le peeletso. Lilemo tse leshome hamorao, ka 1968, ba ile ba kolobetsoa ketelong ea pele ea molebeli ea tsamaeang Cape Verde.

Baena Andrade le Tavares ba ile ba hlokomela boikarabelo ba bona ba ho ba le karolo mosebetsing oa ho phatlalatsa memo ena: “Tlong! . . . inkeleng feela metsi a bophelo.” (Tšenolo 22:17, NW) Ba ne ba ikemiselitse ho amohela phephetso ea tšimo ea bona e qalikaneng le e thata. Cape Verde e entsoe ka lihleke-hleke tsa Leoatle la Atlantic tse leshome tse khōlō le tse ling tse nyenyane, e ka ba bohōle ba lik’hilomithara tse 560 ka bophirimela ho Dakar, Senegal. Lebitso Cape Verde, le bolelang “Cape e Talana,” pele-pele e ne e le la hloahloa e lebōpong la leoatle le Afrika. Leha ho le joalo, lihleke-hleke tsena ho hang ha li talana, kaha pula ea fokola, ’me baahi ba 350 000 ba tlameha ho fumana mokhoa oa ho iphelisa naheng e omelletseng.

Lilemong tse 30 tse fetileng, baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba sebetsa ka thata e le basebeletsi ba nako e tletseng ba tlisetsang baahi ba lihleke-hleke tsena metsi a bophelo. Phello ea mosebetsi o joalo e bile efe? Haufinyane, molebeli ea tsamaeang ea tsoang Portugal o ile a etela phutheho ea Cape Verde. Re tla mo fa monyetla oa ho re bolella seo a ileng a se fumana.

São Vicente e Utloa “Puo e Hloekileng”

Sebaka sa pele seo re ileng ra emisa ho sona Cape Verde ke Porto Grande e Sehleke-hlekeng sa São Vicente. Ha re tloha boema-fofaneng re kena toropong, re ile ra bona mahlakore a maralla a koahetsoe ke lehlabathe le fefotsoeng ke moea. Lehoatata la Afrika Leboea le se le fihlile lihleke-hlekeng tsa Cape Verde! Ho tloha ka December ho ea ho February, harmattan—moea o chesang, o omelletseng o tsoang Sahara—o foka leoatleng ’me o koahela lihleke-hleke ka lehlabathe le lerole le lengata. Ka linako tse ling lerole lena le etsa leru le letenya hoo lifofane li sitoang ho fofa. Limela tse seng kae tse setseng lia omella ha harmattan e fihla.

Leha ho le joalo, ka puo ea moea, mehloli ea metsi e fumaneha habonolo. Lipaki tsa Jehova li thehile liphutheho tse peli Porto Grande, ’me bahoeletsi ba ’Muso ba 167 ba tšoarehile mosebetsing oa ho isa metsi a bophelo a ’nete ho baahi ba Sehleke-hleke sa São Vicente ba 47 000. Ka mafelo-beke, batho ba 400 ba tla libokeng tsa thuto ea Bibele Holong ea ’Muso.

Nakong ea liketelo tse nkang beke eohle, ho ne ho etsoa litokisetso tsa ho qetela bakeng sa Kopano ea Setereke ea “Puo e Hloekileng” e neng e lokela ho tšoareloa holong ea litšoantšiso le libaesekopo e ntle ka ho fetisisa motseng oo. (Sofonia 3:9) Ha baemeli ba etileng ba kopana le batho ba lihleke-hleke tsena tsa Santo Antão le São Nicolau ba ile ba fihlela tlhōro ea 756. Batho ba 24 ba ile ba kolobetsoa. Lenaneo le ile la akarelletsa tšoantšiso ea Bibele e ileng ea etsoa ke Lipaki. Monna ea tsamaisang koetliso bakeng sa ho hlahisoa ha libaesekopo o ile a ba teng tšoantšisong ena ’me a e shebella: “Re ile ra ikoetlisa selemo sohle ’me esita le hona joale re ntse re na le mathata a mangata. Batho ba nkileng karolo tšoantšisong ea lōna ba entse hamolemo haholo le hoja ba ikoetlisitse ka likhoeli tse peli feela.” Ha kopano e fela, e ne e le nako ea hore re ee motseng oa Praia, motse-moholo oa Riphabliki ea Cape Verde, o sehleke-hlekeng sa São Tiago.

Batho ba Hloekisitsoeng

Lilemong tsa morao tjena baahi ba bangata ba lihleke-hleke tse ling ba ile ba fallela motse-moholo ka bongata ba batla mosebetsi. Ka baka leo, ba ile ba haha mekhoro ea boholo-holo e likete-kete ka mathōko ho motse ona, ba qeta metsi le litokisetso tse entsoeng bakeng sa bohloeki ba motse tse seng li ntse li fokola. Malapa a mangata a rua lipoli, likolobe, le likhoho bakeng sa ho eketsa meputso ea ’ona. Ho bona liphoofolo tsena li tsamaea ka bolokolohi literateng ho tloaelehile. Sena se tlatselitse ho jaloeng ha maloetse.

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe maemo a thata hakaalo, hona joale ho na le liphutheho tse peli tse tsoelang pele Praia, tseo ka kakaretso li nang le bahoeletsi ba ’Muso ba 130. Ho totobetse hore Lipaki tsena tse thabileng li ile tsa ‘iphumantša molemo’ ka ho sebelisa seo li ithutileng sona Bibeleng. Ka baka la ho leka ho ba sechaba se hloekileng le se halalelang, baena ba rōna le bana ba bona ba phela hantle moeeng le ’meleng. Le hoja ba phela ka thata, ba ruile moeeng.—Esaia 48:17; 1 Petrose 1:15, 16.

Ha re fihla, baena ba ne ba tšoarehile ka ho lokisetsa kopano ea setereke. Lipaki le batho ba thahasellang ba tsoang likarolong tsohle tsa São Tiago le lihleke-hlekeng tsa Sal le Fogo ba ile ba tla kopanong ena, ’me Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka tlhōro ea ba 472 ba bileng teng. Batho bohle ba ne ba thabile haholo, ho akarelletsa le ba banyenyane ba bangata bao lifahleho tsa bona li neng li khanya! Ha re ntse re lutse ka har’a letšoele lena le mametseng ka hloko, ho ne ho totobetse hore re lokela hore le ka mohla re se nyelise “letsatsi la taba tse nyenyane.” (Zakaria 4:10) Khōlo ena e ne e tlisitsoe ke batho ba babeli ba ileng ba ithuta ’nete lilemong tse 30 tse fetileng!

Pele re tloha sehleke-hlekeng sena, re ile ra etela lihlopha tse peli tse nyenyane, Vila Assomada le Tarrafal, tse ka ntle ho motse. Sehleke-hleke sena se ne se le maralla, se se na limela, se bile se omelletse. Empa mona le mane, re ile ra bona libaka tse nyenyane tse nang le limela le lifate tse tlokomang—liakere tsa lipalema tsa coconut, libanana, li-papaya, li-mango, le tse ling. Sena se ile sa re hopotsa boprofeta ba Esaia bo bolelang hore ka nako e ’ngoe e tlang lehoatata le tla ba le lipalesa. (Esaia 35:1) Joaloka sekhutlo se setle se nang le metsi, esita le hona joale lihlopha tsena tse peli tsa Lipaki li fana ka lijo le lino tse ngata tsa moea ho batho ba likete-kete ba phelang naheng e omelletseng moeeng.

Cheseho e Tukang Sehleke-hlekeng sa Fogo

Sehleke-hleke se latelang seo re ileng sa emisa ho sona ke Fogo, e bolelang “mollo.” Ho simoloha ha eona seretseng se chesang ho hlalosa lebitso lena. Tlhōro ea Cano e sa ntse e ntša seretse se chesang. E phahama ho tloha leoatleng ebe e etsa motsollope o phethahetseng ho ea fihla tlhōrong ea limithara tse 2 800. Pula e ngata e ne e sa tsoa na sehleke-hlekeng sena, eleng pula ea pele e kileng ea na hakaalo lilemong tse ngata. Batho ba ile ba hlasimoloha, ’me ba ne ba ntse ba tšoarehile ka mokhoa o sa tloaelehang ba lokisa lijalo tsa bona tse kang linaoa le manioc, e leng lijo tse tloaelehileng tsa Cape Verde.

Leha ho le joalo, batho bana ba ananelang ba ne ba sa tšoareha haholo hoo ba neng ba ke ke ba emisa le ho noa metsi a ’nete a tsoang ka Bibeleng. Re ile ra khona ho kopana le lihlopha tse tharo tse sa tšoaneng, le hoja ho ne ho le boima ho fihla ho tsona hobane likoloi li ne li fokola li bile li le boemong bo bobe. Re ile ra thaba haholo ha batho ba 162 ba tla libokeng, hobane ho ne ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 42 feela sehleke-hlekeng sena. Sena se ne se bontša cheseho ea sehlopha sena se senyenyane sa baena le bo-khaitseli, bao ka karolelano e mong le e mong a ileng a sebelisa lihora tse 15 khoeli le khoeli bakeng sa ho isa metsi a tšoantšetso a ’nete ho baahi ba 32 000 ba Sehleke-hleke sa Fogo.

Litholoana tseo Naha ea Bok’hatholike e li Behang

Re ne re sa ntse re lokela ho etela baena ba rōna ba lihleke-hleke tsa Santo Antão le São Nicolau. Joalokaha mabitso ana a bontša, Kereke ea Roma e K’hatholike e kentse tšusumetso ea eona lihleke-hlekeng tsena ka lilemo tse makholo-kholo. Le hoja Bok’hatholike e ntse e le bona bolumeli bo ka sehloohong Cape Verde, batho ba bangata ba tšepahalang ba noa metsi a hlasimollang a ’nete ka Bibeleng.

Bahoeletsi ba ’Muso ba 49 ba liphutheho tse peli tse nyenyane tse libakeng tse peli tse bapileng tsa Santo Antão ba sebetsa ka thata e le hore ba ka finyella litlhoko tsa moea tsa baahi ba 44 000. Ha batho ba 512 ba ne ba tla puong ea Bibele ea phatlalatsa Phuthehong ea Porto Novo, bahoeletsi ba ’Muso ba 32 ba sebaka seo ba ile ba kholiseha hore batho ba bangata ba kang linku ba Santo Antão ba nyoretsoe metsi a ’nete.

Mosebetsi ona o ile oa qalisoa lilemong tse seng kae tse fetileng Sehleke-hlekeng sa São Nicolau ha khaitseli oa pula-maliboho oa Portugal a ne a khannela lelapa le leng sehleke-hlekeng sena thuto ea Bibele ka ngollano. Joale, ka 1978, pula-maliboho e mong oa Portugal o ile a etsa qeto ea ho khutlela sehleke-hlekeng seo a hlahetseng ho sona, São Nicolau, bakeng sa ho bolella baahi ba sona ba 15 000 ’nete ea Bibele. Ha a ne a tšoara seboka sa pele sehleke-hlekeng sena, ho ne ho na le motho a le mong feela—eena! Empa Jehova Molimo o ile a arabela lithapelo tsa hae tse tiileng tseo a ileng a li etsa sebokeng seo. Nakong ea ketelo ea rōna, bahoeletsi bana ba 48 ba liphutheho tse tharo ba ne ba thabetse ho bona batho ba 335 ba le teng libokeng.

Kopano ea pele ea potoloho sehleke-hlekeng sena e ne e tšoeroe nakong ea ketelo ea rōna, ’me re ile ra lumelloa ho sebelisa holo ea litšoantšiso le libaesekopo ea sebaka seo ka ntle ho tefello. Liofisiri tsa ’muso li ile tsa kenya thepa ea molumo tsa ba tsa e tlisa ka ntle ho tefello. Bahoeletsi bana ba 19 ba motse oo kopano e neng e tšoaretsoe ho ’ona ba ile ba lokisetsa marobalo bakeng sa baemeli ba etileng ba 100 ba lokisa le lijo bakeng sa batho ba 208 ba tlileng kopanong. Ho sa tsotellehe mathata a mangata ao baena ba rōna ba tobanang le ’ona letsatsi le letsatsi, ba ile ba etsa monehelo oa Letlōle la Mokhatlo la Kaho ea Liholo tsa ’Muso.

Boitšoaro bo botle ba Lipaki tsa Jehova bo tsebahala haholo sebakeng sena, ’me bahiri ba bangata baa li batla ha ba hloka basebetsi. Ka mohlala, mong’a seteishene sa peterole se le seng feela sehleke-hlekeng sena o ile a kōpa Paki hore e mo sebeletse, kaha o ne a batla motho ea tšepahalang. Moena enoa o ne a se a ntse a sebetsa empa o ile a bolela hore o tla bona hore na a ka mo fumanela motho e mong. Mong’a seteishene o ile a phehella: “Hafeela e le Paki e kolobelitsoeng!” Ka mor’a likhoeli tse peli tse latelang, o ile a re ho moena oa rōna: “Lipaki tsa Jehova ke bona feela batho ba lokelang ho sebetsana le chelete!”

Sebaka sa ho Qetela Seo re Ileng ra Emisa ho Sona—Sehleke-hleke sa Sal

Sebaka sa ho qetela seo re ileng ra emisa ho sona leetong lena la rōna ke sehleke-hleke sa Sal. Lebitso la sona le bolela “letsoai,” ’me seo se bontša hore na mosebetsi o moholo sehleke-hlekeng sena ke ofe. Mona phutheho e nyenyane e na le bahoeletsi ba 22, ba sebetsang ka thata ho tlisa molaetsa oa ’Muso ho baahi ba 6 500. Ruri ho bolella baahi ba sehleke-hleke sena litaba tse molemo ho ne ho thabisa, hobane re ne re memeloa ka matlong ’ohle ’me re ne re khona ho buisana le litho tse ngata tsa lelapa.

Sehleke-hleke sa Sal ke sa ho qetela seo re ileng ra se etela. Ho sebetsa le bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ba Cape Verde ebile tlhohonolofatso e kaakang! Hona joale ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 531 sehleke-hlekeng sena, ’me ho totobetse hore ba tla eketseha hobane batho ba 2 567 ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 1991 ba ntse ba fumana litokisetso tsa moea. Le hoja bongata ba Lipaki tsa Jehova tsa sebaka sena li se na lintho tse ngata tse bonahalang, li ruile li bile li fepehile hantle moeeng. ’Me li leboha hakaakang hore ebe Jehova o etsa hore metsi a bophelo a phorosele ka bongata lihleke-hlekeng tsena bakeng sa khanya le tlotliso ea hae!

[’Mapa o leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

CAPE VERDE

SANTO ANTÃO

SÃO VICENTE

SÃO NICOLAU

SANTA LUZIA

SAL

BOA VISTA

MAIO

SÃO TIAGO

FOGO

BRAVA

Praia

Leoatle la Atlantic

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela