Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 5/15 maq. 24-27
  • Maindia a Goajiro a Arabela Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maindia a Goajiro a Arabela Hamolemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lintho tse re Khahlileng ka Lekhetlo la Pele
  • Re Batla Matlo
  • Ho Kopana ka ho Toba le Magoajiro
  • Phello e sa Lebelloang
  • Phello e Atlehileng
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 5/15 maq. 24-27

Maindia a Goajiro a Arabela Hamolemo

MOSALI-MOHOLO ea apereng seaparo se selelele se setšo ea lutseng moriting oa sefate se seholo, ho ile ha bonahala hore ke oa sechaba se nang le mekhoa e fapaneng ka ho felletseng. O ne a boetse a bua puo eo re sa e tsebeng. O ile a re ka cheseho: “Le khutle hape.” O ile a supa batho ba bang ba 50 ba morabe oa habo ba mo potolohileng ’me a phaella: “Kaofela ha rōna re batla hore le khutle hape. Le tle beke le beke!”

Batho bana e ne e le bo-mang? Ke hobane’ng ha ba ne ba thahasella hakaale hore re khutle, le hoja ho ne ho se mohla ba kileng ba kopana le rōna? E re re ke re u bolelle ka letsatsi leo re ileng ra le qeta har’a Maindia a Goajiro a lulang Hloahloeng ea La Guajira e karolong e ka leboea-bochabela ho Colombia le e bapileng le karolo e ka leboea-bophirimela ho Venezuela.

Lintho tse re Khahlileng ka Lekhetlo la Pele

Ho tloha motse-moholo oa Venezuela, Caracas, re ile ra qala ho emisa Maracaibo. Ha re ntse re kenella har’a motse, re ile ra hlokomela basetsana ba bararo ba tsamaeang tseleng ba apere liaparo tse telele tse mebala-bala. Litšobotsi tsa bona li ne li fapane le tsa Mavenezuela a tloaelehileng—marama a qhoballetseng, lebala le lesootho, moriri o motšo o otlolohileng. Ha re hlokomela motsamao oa bona o iketlileng le o seselang, re ile ra hlolloa ha re bona Maindia a Goajiro ka lekhetlo la pele.

Letsatsi leo re eang ka lona Hloahloeng ea La Guajira le ile la chaba le hlakile ’me le khutsitse. Pele letsatsi la hoseng le chesa haholo, re ile ra palama bese re le 50, re thabetse ho kopanela phutuhong e khethehileng e etsoang sechabeng ka kakaretso ea ho isa molaetsa oa Bibele libakeng tse hōle tsa Venezuela. Re ne re habile toropo ea Paraguachón, e sehelanang meeli le Colombia.

Ha re tloha motseng oa Maracaibo, re ile ra feta litorotsoana tse ngata le metse, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e na le ’maraka e mengata le maphephe ao ho oona ho rekisetsoang meqathatso le liaparo tse telele tse mebala-bala tse bitsoang li-manta. Motse ka mong o ne o e-na le setsi sa mabenkele se hloekileng le se seholo hammoho le kereke e mahali-hali, ho etsang hore tikoloho ena eohle e khahlehe. Batho kaofela ba ne ba e-na le litšobotsi tsa Maindia. Le hoja ba ne ba fapane haholo le rōna, re ile ra lokela ho ikhopotsa hore ba bang ba bona e ne e le Mavenezuela qalong.

Re Batla Matlo

Qetellong re ile ra fihla moo re eang teng. Bese ea rōna e ile ea tsoela ka thōko ho tsela ’me ea emisa maloka le lerako le lekhutšoaane moriting oa sefate se nang le makala a phutsaletseng. Ka lehlakoreng le leng la lerako lena e ne e le sekolo sa motse oo—se ne se koetsoe hobane e le Sontaha.

Re ile ra ikarola lihlopha tse peli, ’me ra tsoa ka makhalo a sa tšoaneng re ntse re batla matlo. Re ne re lokela ho memela batho bohle puong ea Bibele e neng e tla fanoa ka puo ea Segoajiro ka hora ea boraro motšehare oa mantsiboea jareteng ea sekolo. Re ne re tsamaea le Evelinda, Moindia oa sebaka seo oa Goajiro. Re ne re tšepile hore sena se tla etsa hore re amohelehe haholoanyane, hobane le hoja re ne re khona ho bua Sespanishe, re ne re sa tsebe puo ea Segoajiro ho hang.

Hang ha re tsoile motseng, ho ile ha hlokahala hore re tsamaee sebaka se selelele ha re tloha matlong a mang re ea ho a mang. Ha re ntse re theosa tseleng e ’ngoe e telele, le e hoballetseng e maloanlahla ka thōko, moshanyana e mong ea lilemo li leshome o ile a tsamaea maloka le rōna ’me a re talima a tletse thahasello. Evelinda o ile a bososela le eena ’me a hlalosa morero oa leeto la rōna sebakeng seo ka Segoajiro. Lebitso la hae e ne e le Omar, ’me eitse ha a mo memela puong eaba o matha a ntse a tlōlaka.

Re ile ra kheloha tsela, ’me ra latela tsela e e-s’o lokisoe e neng e ntse e le liretse ka mor’a lipula tse bileng teng. Re ile ra hlokomela hore ena ke tsela e sebelisoang ke linokoane pakeng tsa Colombia le Venezuela. Moea o ne o tletse monkho oa limela tse talana. Le hoja mocheso o ne o batla o bataola, ha oa ka oa re nyahamisa. Leha ho le joalo, re ile ra lebala mathata ao ’ohle ha tsela e kenang morung oa lifate tse teteaneng le tse talana tsa libakeng tse chesang kapele-pele e hlahella sebakeng se seholo seo ho batalalitsoeng lifate—lehae le tloaelehileng la Magoajiro.

Ho Kopana ka ho Toba le Magoajiro

Lipoli tse ngatanyana tse takiloeng ka mebala e metle e mesoeu, e metšo, le e mesootho, li ne li bothile moriting, li ntse li busolosa ka khotsofalo. Mosali e mong ea ntseng a anyesa lesea la hae o ne a paqame moalong o tlamelletsoeng pakeng tsa lifate tse peli. Bana ba babeli ba ne ba ntse ba bapala haufinyane. Mosali eo o ne a le ka thōkoana ho lekhoakhoa le entsoeng ka lithupa le terata le pota-potileng ntlo ea makote le litlhokoa e ruletsoeng ka joang. Ho ne ho e-na le maphephe a seng makae sebakeng seo. Ntle ho pelaelo le leng e ne e le kichini, moo ho neng ho ntse ho tuka mollo o besitsoeng ka patsi ifo ’me ho na le lipitsa tse khōlō tse kang liketlele. Ho ne ho anehiloe matlalo a lipoli haufinyane hore a ome.

Eitse ha monna e mong ea emeng hekeng a re bona re atamela, o ile a tla ho rōna a matha ’me a re behela litulo tse peli pel’a mosali ea paqameng moalong. Evelinda o ile a lumelisa monna le mosali eo ka puo ea bona ’me a hlalosa tšepo ea Mangolo ka bokamoso a sebelisa bukana e lekanang le makasine e nang le litšoantšo ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Maemo ana a nang le khotso a teng sebakeng sena a ile a re bontša hore mefere-fere e leng teng lichabeng kapa keketseho ea bosholu bo teng metseng e nang le baahi ba bangata e ne e ke ke ea e-ba lihlooho tse loketseng mona. Paki e ’ngoe sehlopheng e ne e hlalositse hore kaha Maindia a Goajiro a batla a le lihlong ka tlhaho, ke habohlokoa ho bontša botsoalle le thahasello ea ’nete ea botho ho tloha sethathong. O ile a re: “Hangata re botsa ka bophelo ba lelapa, ka kotulo, hore na ho bile le lipula haufinyane, joalo-joalo. Sena se re bulela tsela ea hore re ba bolelle ka ’Muso oa Molimo le ho ba bontša hore haufinyane Jehova o tla tlosa bohloko bohle le Satane Diabolose, e leng eena eo ba mo tšabang haholo.”

Ha Evelinda a ntse a bua, ba mo mametseng ba ne ba ntse ba lumellana le eena, ’me neng-neng mosali e mong le bana ba ’maloa ba ile ba kena sehlopheng sa rōna. Pejana re ne re utloetse hore molao oa Magoajiro o lumella monna ho nyala sethepu. Na ebe le sebakeng see ho joalo? Sena se ile sa etsa hore re nahane ka Yenny, oa Goajiro ea khahlehang ea lilemo li 21 ea lulang Maracaibo. Monna e mong ea ruileng o ile a ithaopela ho mo ntšetsa bohali bo tōma. Empa batsoali ba hae, bao e seng Lipaki tsa Jehova, ba ne ba sa lumellane tabeng ena. Le hoja ’mè oa hae a ne a lumellana le sena, ntate oa Yenny o ile a hana. Mokhoenyana enoa o ne a se a ntse a nyetse ngoan’abo Yenny!

Ha Evelinda a phetha nehelano ea hae, monna eo o ile a nka bukana e lekanang le makasine. Mosali ea emeng ka mor’a hae le eena o ile a kōpa e ’ngoe, ’me re ile ra thabela ho phethahatsa kōpo ea hae. Ho tla fihlela nakong eo metsoalle ea rōna e meng e ne e se e re siile. Kahoo re ile ra memela lelapa leo puong ea motšehare oa mantsiboea eaba rea tsamaea, re sa batle ho lahleha motseng ona oo re sa o tloaelang.

Paki e ’ngoe sehlopheng e ile ea pheta se e etsahalletseng. Monna e mong ea neng a paqame moalong o ne a mametse ka hloko ha mosali oa hae a tsamaea a il’o tla le lino-mapholi—lik’hona tse peli tsa chicha, e entsoeng ka poone e hlahlathiloeng. Moena oa rōna o ile a se amohela ka mosa ’me a se noa. Hamorao, Magaly oa Legoajiro ea neng a tsamaea le eena o ile a mo hlalosetsa kamoo seno seo se entsoeng ka teng. Hangata, poone e ne e hlahlathoa ka meno! O ile a tšeha ha a ’mona a pulufala sefahlehong.

Motho e mong oa Leindia, a khahliloe ke hore ebe moena o entse boiteko ba ho fihla lapeng la hae a tlisitse molaetsa oa Bibele, o ile a theoha moalong oa hae. O ile a apara hempe ’me a ba isa sebakeng se patehileng seo ba neng ba se fetile.

Ha re feta sebakeng se seng seo ho batalalitsoeng lifate moo metsoalle e meng ea rōna e neng e ntse e bua le batho ba baholo ka lapeng, re ile ra bona sehlopha sa bana ba banyenyane, ba posho ba limpa li likhikila ba eme ba khutsitse tlas’a sefate. Re ile ra utloela hore boemo bona bo bakiloe ke khaello ea phepo e nepahetseng le manyoha. Batho ba bangata ho bana ha ba na metsi a lipompo le motlakase. Ha e le hantle, sena se bolela hore ha ba na lihatsetsi, lifehla-moea, kapa mabone a motlakase.

Phello e sa Lebelloang

Hoseng ho ile ha feta kapele. Ha re khutlela beseng re il’o ja lijo tsa rōna tsa motšehare, re ile ra ipotsa hore na ke ba bakae ho ba menngoeng ba tla tla puong ea Bibele motšehare oa mantsiboea.

Ka 2:45 motšehare oa mantsiboea, re ile ra ipotsa hore na ebe batho bao re nang le bona ka beseng ke bona feela ba tla mamela moena oa rōna ea buang Segoajiro, ea neng a lokiselitse puo ea metsotso e 45 ka puo ea sebaka seo. Empa ha hoa ka ha e-ba joalo! Lelapa la pele le lenyenyane le ile la kena ka har’a jarete ea sekolo le tšohile. E tlameha ebe le ne le hlolletsoe kaha e mong le e mong o ile a le etsa hore le ikutloe le amohelehile. Ka mor’a metsotso e seng mekae, ba bang ba bangata ba ile ba fihla, ntle ho pelaelo ba bang ba ne ba tsamaile tsela e telele. Lelapa le lulang sebakeng se batalalitsoeng lifate se nang le mohlape o moholo oa lipoli le lona le ne le le teng! Mosali ea neng a paqame moalong o ne a shebahala hantle hakaakang ha a apere manta ea hae e ntle le e ntšo! Le Omar e monyenyane, eo re buileng le eena tseleng, o ne a le teng, ’me ho bonahala hore o ne a itletse a le mong. Ha ba bang ba ntse ba fihla, ba ile ba lula mothating o le mong oa samente o molelele o jareteng ea sekolo ’me o ile oa tlala joalokaha eka ba lutse holim’a benche. Ka nako eo mokhanni oa rōna oa bese ea nang le botsoalle o ile a ntša litulo ka beseng hore batho ba lule ho tsona nakong ea puo.

Maindia a Goajiro a etsang kakaretso ea ba 55 a ne a lutse ’me a mametse ha Eduardo a fana ka puo ea Bibele. Leha ho le joalo, ba ne ba sa lula ba khutsitse. Ha ba lumellana le ntlha eo sebui se e hatisang, ba ne ba lumella tlaase. Ha a bua ka ho fela ha bokhopo ho tlang, mosali e mong ea hōlileng ea boletsoeng qalong o ile a mo kena hanong. O ile a re ka lentsoe le phahameng hoo e mong le e mong a neng a ka utloa: “E, ho na le bokhopo bo bongata. Ha e le hantle, ho na le batho ba khopo ba lutseng mona hona joale. Kahoo e mpe ebe ba mametse!” Ka masene Moena Eduardo o ile a amohela tlhaloso eo ’me a ntšetsa puo ea hae pele.

Ka mor’a hore puo e fele, e mong sehlopheng sa rōna o ile a nka setšoantšo. Magoajiro a ile a rata seo ’me a botsa hore na a ka phahamisa libukana tsa ’ona tse lekanang le makasine tsa Thabela Bophelo bakeng sa setšoantšo se latelang. Ba bang ho ’ona ba ile ba tsamaea ka bonngoe, empa hoo e ka bang halofo ea bona e ile ea sala ’me ea re shebella ha re kena ka beseng. Ba ile ba re qobella hore re ba tšepise hore re tla khutla, eaba baa ema ’me ba re tsokela matsoho ho fihlela bese e se e liketse.

Ha re se re tsamaea, ka sebele re ile ra hlokomela hore e bile tokelo ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho batho bana. Maemong a mangata ba ne ba qala ho li utloa ka lekhetlo la pele. Lipaki tse Maracaibo li ne li se li ntse li bua ka ketelo e latelang. Na ketelo ee e ne e tla hlahisa liphello?

Phello e Atlehileng

Baena ba ile ba khutla ka mor’a libeke tse peli. Ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tse ngata tsa Bibele, ha etsoa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang, ’me ha qalisoa lithuto tsa lehae tsa Bibele. Ho feta moo, Maindia a 79 a ile a ba teng sebokeng sa bobeli sa phatlalatsa se neng se tšoaretsoe sebakeng se sa sireletsoang. Ketsahalong eo baena ba ile ba hlalosa hore ba tla khutla ka mor’a libeke tse tharo e seng tse peli ka baka la kopano ea potoloho. Maindia ao a ne a maketse. E mong oa ’ona o ile a re: “Re ka ’na ra shoa pele ho nako eo!” A ile a botsa hore na kopano ea potoloho ke eng. A ile a utloa e le ho thabisang hoo a ileng a etsa qeto ea ho ba teng le ’ona! Ho ile ha etsoa litokisetso, ’me ba 34 ho ’ona ba ile ba khona ho ba teng kopanong Maracaibo, moo baena ba buang Segoajiro ba ileng ba ba thusa ho utloisisa lenaneo la Sespanishe.

Thato ea Jehova ke hore “batho bohle . . . ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ke thabo e kaakang ho bona karabelo e molemo joalo har’a Maindia aa a batlang ’nete a phelang Hloahloeng ea La Guajira!

[Lebokose le leqepheng la 26]

Bophelo bo Entšitsoeng ke ’Nete ea Bibele

Iris le Margarita, bacha ba babeli ba Magoajiro, ba ne ba thabetse ho bona bukana e lekanang le makasine ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Empa ba ne ba na le bothata. Ba ne ba sa tsebe ho bala. Paki e neng e ba etetse e ile ea ithaopela ho ba thusa ka bukana ea Ithute ho Bala le ho Ngola. Kapele-pele, banana bana ba ne ba hlolletsoe ha ba khona ho ngola le ho bitsa lebitso la Jehova ka nepo.

Ha ba ntse ba hatela pele, ba ile ba makalla tšepo e tsotehang e tšepisitsoeng ka Bibeleng. Ka ho khetheha ba ile ba angoa ke tšepo ea hore batho bohle ba tla fumana tokoloho. Ba ile ba hlalosa: “Rōna bacha re sulafalloa ke bophelo mona. Hangata re khetheloa balekane re sa le banyenyane haholo, ’me ka linako tsohle re kotsing ea ho betoa.”

Ntho e ikhethang ho Iris le Margarita e bile ho ba teng kopanong ea potoloho Maracaibo. Lifahleho tsa bona li ne li bonahatsa thabo e ka lipelong tsa bona, haholo-holo ha ho binoa lipina. Ka linako tsohle ha Paki eo e fihla bakeng sa thuto ea Bibele e ne e ba fumana ba lutse monyako ba e emetse ka cheseho, ’me ha ho mohla ba kileng ba ba sieo puong ea phatlalatsa e tšoareloang motseng oa bona. Bananyana bana ba ikutloa hore kannete bophelo ba bona bo entšitsoe ke tsebo ea Jehova Molimo le morero oa hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela