Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 6/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe ea Nang le Manaka—Ntho e sa Tloaelehang ea Baetsi ba Litšoantšo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • U se ke oa Tšaba Libata Tse Tšosang
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Ho Timetsa Babylona e Moholo
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 6/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Na Bibele e tšehetsa taba ea hore liphoofolo tse bitsoang li-“unicorn” li teng, joalokaha li boleloa liphetolelong tse ling?

King James, Douay, le liphetolelo tse ling, li bua ka liphoofolo tse bitsoang li-unicorn. Empa ha ho joalo liphetolelong tse ling tse fetoletsoeng ka ho nepahetseng ho tsoa Seheberung.—Pesaleme ea 22:21; 29:6; 92:10 (21:22; 28:6; 91:11, Douay).

Ka makholo a lilemo, ho ’nile ha hlaha litšōmo tse ngata tse buang ka phoofolo e nang le ’mele le hlooho ea pere empa e e-na le maoto a khama le mohatla oa tau. Mohlomong tšobotsi e hlahelletseng haholo ea sebōpuoa sena sa tšōmong ke lenaka la sona le le leng le tsoelipaneng le phatleng.a

“Ka nako e ’ngoe batho ba kile ba lumela hore lenaka la unicorn le ne le e-na le moriana o phekolang motho ha a noele chefu, ’me nakong ea Mehla e Bohareng, liphofshoana tseo ho neng ho lumeloa hore li entsoe ka manaka a joalo li ne li rekisoa ka theko e phahameng haholo. Litsebi tse ngata li lumela hore setšoantšo sa unicorn se nkiloe litlalehong tsa bo-bare tsa ha ho buuoa ka litšukulu.” (The World Book Encyclopedia) Lifika tse ling tsa Assyria le tsa Babylona li ne li bontša liphoofolo tse nang le lenaka le le leng. Hona joale liphoofolo tsena li tsejoa e le tholo, ibex, likhomo, le lipoho ha li bonoa ho hlaha lehlakoreng, e leng se neng se sa bontše manaka a mabeli.

Sena se thahasellisa liithuti tsa Bibele kaha Mangolo a bua ka makhetlo a robong ka phoofolo eo ka Seheberu e bitsoang reʼemʹ. (Numere 23:22; 24:8; Deuteronoma 33:17; Jobo 39:9, 10; Pesaleme ea 22:21; 29:6; 92:10; Esaia 34:7) Ke khale bafetoleli ba sa kholisehe hore na ke phoofolo efe. Septuagint ea Segerike e fetolela reʼemʹ ka moelelo oa ‘lenaka le le leng,’ kapa unicorn. Hangata Vulgate ea Selatine e le fetolela e le “tšukulu.” Liphetolelo tse ling li sebelisa ‘pholo e hlaha,’ ‘libatana,’ kapa ‘nare.’ Robert Young habonolo feela o fetolela lentsoe leo la Seheberu le ntse le le joalo ka Senyesemane e le “Reem,” ha e le hantle a siea ’mali lefifing.

Leha ho le joalo, litsebi tsa kajeno, li tlositse pherekano e ngata ka reʼemʹ. Bangoli ba libuka tse hlalosang mantsoe Ludwig Koehler le Walter Baumgartner ba bontša hore e bolela “lipholo tse hlaha,” tseo lebitso la tsona la saense e leng Bos primigenius. Ena ke “karolo ea lelapa la liphoofolo tse nang le litlhako, tse linaka li khōlō.” The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa:

“Litemana tse ling tsa thothokiso Testamenteng ea Khale li bua ka phoofolo e matla e linaka li khōlō e bitsoang reʼemʹ. Lentsoe lena le fetoletsoe e le ‘unicorn’ kapa ‘tšukulu’ liphetolelong tse ngata, empa liphetolelo tse ngata tsa kajeno li khetha ‘pholo e hlaha’ (aurochs), e leng moelelo o nepahetseng oa reʼemʹ ea Seheberu.”

Kaha Senyesemaneng se buuoang hona joale, “pholo” e bolela khomo e tona e faotsoeng, New World Translation of the Holy Scriptures ka ho sa fetoheng le ka ho nepahetseng e fetolela reʼemʹ e le “poho e hlaha.” Aurochs (pholo e hlaha, kapa poho) e bonahala e ile ea fela lekholong la bo17 la lilemo, empa bo-rasaense ba hakantse hore e ne e fapane haholo le unicorn ea tšōmong. Aurochs ea boholo-holo e ne e le bophahamo ba limithara tse ka bang 1,8, le bolelele ba limithara tse ka bang 3. E ne e ka ’na ea etsa boima ba lik’hilogramo tse 900, ’me lenaka ka leng le ne le ka ’na la ba bolelele ba lisenthimithara tse fetang 75.

Ka sebele sena se lumellana le se boleloang ke Bibele ka reʼemʹ, kapa poho e hlaha. E ne e tsebahala ka matla a eona le ka manganga (Jobo 39:10, 11) esita le ka lebelo la eona. (Numere 23:22; 24:8) Ka ho totobetseng e ne e e-na le linaka tse peli, e seng lenaka le le leng joaloka unicorn ea tšōmong. Moshe o ile a bua ka linaka tsa eona ha a ne a etsa papiso ka matla ao meloko e ’meli e neng e tla tsoa ho bara ba babeli ba Josefa e neng e tla ba le ’ona.—Deuteronoma 33:17.

Kahoo Bibele ha e tšehetse khopolo ea unicorn joalokaha e tumme tšōmong. Leha ho le joalo, e fana ka setšoantšo le hoja se lekanyelitsoe, sa aurochs e khōlō le e tšosang, kapa poho e hlaha e kileng ea ba teng linakong tsa Bibele ho fihlela eseng khale haholo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Moprofesa Paul Haupt o hlalosa hore: ‘Pokellong ea manaka e ileng ea etsoa mehleng e bohareng, manaka a tšukulu kapa manaka a narwhal (e boetseng e bitsoang tlhapi ea “unicorn” kapa unicorn whale) a ne a nkoa hore ke manaka a unicorn.’

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Treasury of Fantastic and Mythological Creatures: 1,087 Renderings from Historic Sources, ea Richard Huber/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela