Ka Mor’a Buchenwald ke Ile ka Fumana ’Nete
KE HŌLETSE Grenoble, Fora, lilemong tsa bo-1930. Tichere ea ka e neng e nthuta puo ea Sejeremane, eo e neng e le Mofora, e ne e le Lenazi le nang le cheseho e fetelletseng. Ka mehla sekolong e ne e phehella hore ka tsatsi le leng Jeremane e ne “e tla ba le thuso.” Leha ho le joalo, bongata ba matichere a rōna, bao e bileng masole Ntoeng ea I ea Lefatše, bo ne bo tšoenyehile ke ho hōla ha Bonazi Jeremane. Le ’na ke ile ka khathatseha ha ho ntse ho hlaka haholoanyane hore ntoa e haufi.
Ka 1940, qalong ea Ntoa ea II ea Lefatše, malome oa ka eo ke mo ratang haholo o ile a shoela ntoeng e mahlo-mafubelu nokeng ea Somme. Ntho ena e ile ea nkhitla haholo empa ke ne ke le monyenyane haholo hore nka ngolisa Sesoleng sa Fora. Leha ho le joalo, lilemo tse tharo hamorao, nakong ea ha sesole sa Fora se le tlas’a taolo ea Majeremane, ke ile ka fuoa monyetla oa hore ke sebelise tsebo eo ke nang le eona ea ho etsa lipolane bakeng sa Mokhatlo oa Sekhukhu oa Fora. Ke ile ka ipabola ntlheng ea ho kopitsa mosaeno oa batho le ho iketsetsa setempe sa Majeremane sa rabara. Ke ile ka khotsofatsoa ke ho loantša mabotho a sera ao re neng re le tlas’a ’ona hoo maikutlo a Bokomonisi a metsoalle ea ka e neng e se a bohlokoa bo bokaalo ho ’na ka nako eo.
Ka Tšoaroa
Ka November 11, 1943, Sehlopha sa Sekhukhu sa sebaka seo ke neng ke lula ho sona se ile sa etsa mohoo oa hore ho be teng pontšo ea sehopotso sa tumellano ea peho ea libetsa fatše Ntoeng ea I ea Lefatše. Empa bahlokomeli ba tsamaeang ka likoloi ba Mafora ba ne ba koetse tsela e eang borokhong bo lebang sefikeng sa ntoa, ’me ba ile ba re khothalletsa hore re khutlele hae. Ho e-na le ho etsa joalo, mokoloko oa rōna o ile oa rera ho ea sefikeng se seng sa ntoa se ka hare ho toropo. Empa re ile ra lebala ntho e le ’ngoe. Sefika seo se ne se le haufi le liofisi tsa Gestapo.
Ka potlako sehlopha sa rōna se ile sa lika-liketsoa ke masole a hlometseng, a ileng a re re etse mokoloko leboteng. Ha masole a re tlosa moo, a ile a fumana lithunya tse ngata fatše. Kaha ho ne ho se motho ea neng a batla ho ipolela hore ke tsa hae, masole a ile a lokolla basali feela le bacha ba lilemo tse 16 le ba ka tlase ho moo. Ka hona, ha ke le lilemo li 18, ke ile ka kenngoa teronkong, hammoho le batšoaruoa ba bang ba 450. Matsatsi a ’maloa hamorao, re ile ra fallisetsoa kampong e haufi le Compiègne, ka leboea ho Fora.
Tseleng e Eang Jeremane
Ka January 17, 1944, ke ile ka teana ka lekhetlo la pele—empa ka bomalimabe e se ka lekhetlo la ho qetela—le masole a Majeremane ao likatiba tsa ’ona li neng li khabisitsoe ka folaga ka lehlakoreng le letšehali le litlhaku tsa SS (Schutzstaffel) ka letsohong le letona. Ba ne ba bokelletse batšoaruoa ba makholo, ’me re ile ra tlameha ho tsamaea ho ea seteisheneng sa Compiègne. Re ile ra rahoa hore re kene ka makaracheng. Lekaracheng leo ke neng ke kene ka ho lona feela, ho ne ho e-na le batšoaruoa ba 125. Ka matsatsi a mararo le masiu a mabeli, re ne re sa je kapa ho noa letho. Ka mor’a lihora tse ’maloa, ba fokolang ’meleng ba ne ba se ba oele ’me ba hatoa ka maoto. Matsatsi a mabeli hamorao re ile ra fihla Buchenwald, e haufi le Weimar, hare-hare ho Jeremane.
Ka mor’a ho hloekisoa le ho beoloa hlooho, ke ile ka fuoa nomoro ea 41 101 ’me ka nkoa ke le “Sekhukhuni sa Lekomonisi.” Nakong ea ha re behelletsoe ka thōko ho batho ba bang hore re se ke ra ba tšoaetsa mafu a rōna, ke ile ka teana le moruti oa tumelo ea Dominic ea bitsoang Michel Riquet, ea ileng a tuma ka mor’a ntoa ka linehelano tsa hae Kerekeng ea Notre Dame, Paris. Ke e-na le lithaka tse ling tsa ka, ke ile ka ’motsa hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumella lintho tse tšabehang hakaalo. O ile a arabela: “U tlameha ho utloisoa bohloko haholo e le hore u ka tšoaneleha ho ea leholimong.”
Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi
Batšoaruoa ba neng ba lula matlong ’ohle a 61 a masole ba ne ba tlameha ho tsoha ka 4:30 hoseng. Re ne re tsoela ka ntle re apere marikhoe feela ’me hangata re ne re lokela ho thuha leqhoa hore re itlhatsoe. E mong le e mong o ne a tlameha ho etsa joalo, ebang o phetse hantle kapa oa kula. Joale ho latela kabo ea bohobe—ho tloha ho ligramo tse 200 ho ea ho tse 300 tsa bohobe bo se nang tatso ka letsatsi, bo tšasitsoeng botoro e nyenyane le ntho e batlileng e tšoana le jeme. Ka 5:30 hoseng, e mong le e mong o ne a emela ho utloa ha ho bitsoa lebitso la hae. E ne e le phihlelo e tšabehang hakaakang ho pepa batšoaruoa ba ileng ba shoa bosiu! Monkho o mobe oa mosi ha litōpo li e-cha o ile oa re hopotsa metsoalle ea rōna. Re ne re tletse boikutlo ba ho teneha, ba ho tepella, le ba lehloeo, hobane re ne re tseba hore le rōna re ka ’na ra fella ka tsela eo.
Mosebetsi oa ka BAU II Kommando e ne e le ho epa mekoti ka ntle ho mabaka. Hang feela ha re qeta ho epa mokoti oo o bolelele ba limithara tse peli, re ne re tlameha ho o kata hape ka hloko. Mosebetsi o ne o qala hoseng ka 6:00, ho e-ba le khefu ea halofo ea hora motšehare, ’me ka mor’a moo re ne re sebetsa ho fihlela shoalane ka 7:00. Hangata ho bitsa mabitso bosiu ho ne ho bonahala ho sa fele. Haeba masole a Majeremane a bolailoe haholo ntoeng le Marussia, ho ne ho bitsoa mabitso ho fihlela har’a mp’a bosiu.
Sehlopha se Fapaneng
Batšoaruoa ba neng ba ka leka ho baleha kampong ba ne ba ka tšoaroa habobebe hobane kaofela ha rōna re ne re kutiloe lihloho ka mokhoa o sa leka-lekaneng. Moriri oa rōna o ne o beoloa kapa o kutoa tsela har’a hlooho kapa mahlakoreng. Leha ho le joalo, batšoaruoa ba bang ba ne ba kutiloe hantle. E ne e le bo-mang? Mookameli oa moo re neng re lula teng o ile a re araba ka mokhoa o khotsofatsang. O ile a re: “Ke Bibelforscher (Liithuti tsa Bibele).” Ke ile ka ipotsa, “Empa Liithuti tsa Bibele li etsa’ng kampong ea mahloriso?” Ke ile ka bolelloa hore: “Li mona hobane li rapela Jehova.” Jehova! E ne e le lekhetlo la pele ke utloa lebitso la Molimo.
Qetellong ke ile ka ithuta ho eketsehileng ka Liithuti tsa Bibele. Ba bangata ba bona e ne e le Majeremane. Ba bang ba bona ba ne ba bile likampong tsa mahloriso ho tloha bohareng ba lilemo tsa bo-1930 ka baka la ho hana ho utloa Hitler. Ba ka be ba lokollotsoe, empa ba ile ba hana ho inehela. Ma-SS a ne a ba sebelisa hore ba a kute, ’me ba ne ba fuoe mesebetsi e khethehileng e hlokang batho ba tšepahalang, e joaloka ho sebetsa libakeng tsa tsamaiso. Re ne re makatsoa ke ho khutsa ha bona, ho hloka ha bona lehloeo ka ho felletseng kapa moea oa lipelaelo le ho iphetetsa. Ke ne ke sitoa ho ho utloisisa. Ka bomalimabe, ke ne ke sa tsebe Sejeremane hantle hore nka buisana le bona ka nako eo.
Terene ea Lefu
Ha Linaha tsa Botsoalle li ntse li atamela, batšoaruoa ba ile ba romeloa likampong tse ka hare-hare ho naha, empa likampo tsena li ne li tletse tsoete! Hoseng ha April 6, 1945, Ma-SS a ile a re nka re le 5 000, ’me a re qobella ho kena tseleng e eang Weimar re tsamaea ka maoto sebaka sa lik’hilomithara tse robong. Ba neng ba hlōleha ho tsamaea ka lebelo le hlokahalang ba ne ba thunngoa ka sehlōhō molaleng. Ha qetellong re fihla seteisheneng sa Weimar, re ile ra kena makaracheng a sa khurumetsoang a terene e nkang thepa, eaba terene ea tsamaea. Ka matsatsi a 20 e ile ea tsamaea butle ho tloha seteisheneng se seng ho ea ho se seng ho pholletsa le Jeremane le ho ea fihla Czechoslovakia.
Hoseng ho hong, karolo ea terene ea rōna e ile ea isoa seporong se ka thōko. Masole a ile a hlahlela merathatha, a bula menyako ea lekarache leo, ’me a bolaea ka sehlōhō batšoaruoa bohle ba Marussia ba neng ba le ka hare. Lebaka e ne e le lefe? Batšoaruoa ba 12 ba ile ba bolaea balebeli ba bona ’me ba thoba bosiu. Esita le kajeno ka kelellong ke ntse ke e-ba le setšoantšo sa mali a tšolohang a tsoa ka lekaracheng a theohela seporong.
Qetellong, terene e ile ea fihla Dachau, moo matsatsi a mabeli hamorao re ileng ra lokolloa ke Lebotho la Amerika. Leetong lohle la matsatsi a 20, lijo tseo re neng re li fuoa e ne e le litapole tse tala le metsi feela. Ha re qala re ne re le 5 000, empa ho ile ha pholoha ba 800 feela. Ba bangata ba ile ba shoa matsatsi a ’maloa hamorao. Ha e le ’na, ke ne ke qetile boholo ba leeto ke lutse holim’a setōpō.
Bohato bo Bocha
Ka mor’a ho lokolloa ke ile ka ikutloa ho se seo nka se etsang ha e se feela ho tšehetsa ka mafolo-folo Mokha oa Fora oa Bokomonisi, kaha ke ne ke ile ka tloaelana haufi-ufi le litho tsa ’ona tse ngata—ho kopanyelletsa le ba boholong—ha re le Buchenwald. Ke ile ka ba motlatsi oa mongoli oa sehlopha se Grenoble ’me ke ile ka khothalletsoa hore ke ee koetlisong ea baeta-pele Paris.
Leha ho le joalo, ka nako e khutšoaane feela ke ile ka soaba. Ka November 11, 1945, re ile ra memeloa ho nka karolo pontšong e Paris. Camarade ea neng a laola sehlopha sa rōna o ile a amohela chelete e itseng bakeng sa ho re fumanela marobalo, empa ho ne ho bonahala a sa ikemisetsa ho e sebelisa molemong oa rōna. Re ile ra tlameha ho mo hopotsa ka melao-motheo ea botšepehi le botsoalle e neng e tlameha ho re kopanya. Ke boetse ka hlokomela hore banna ba hlahelletseng bao ke neng ke ba tseba ho hang ba ne ba se na tharollo mathateng a lefatše. Ho feta moo, ba bangata ba bona ba ne ba sa lumele hore Molimo o teng, ’me ’na ke ne ke lumela ho Molimo.
Hamorao ke ile ka fallela Lyons, moo ke ileng ka tsoela pele ke etsa lipolane. Ka 1954, ke ile ka eteloa ke Lipaki tse peli tsa Jehova tsa basali, ’me ke ile ka etsa peeletso ea makasine oa Awake! Matsatsi a mabeli hamorao, monna e mong o ile a nketela a e-na le e mong oa basali ba ileng nketela pele. ’Na le mosali oa ka re ile ra hlokomela hang-hang hore ka bobeli re ne re thahasella lintho tsa moea.
Puisanong e ileng ea latela, ke ile ka hopola Bibelforscher ba Buchenwald ba neng ba tšepahala tumelong ea bona. Ke eona nakong eo ke ileng ka hlokomela hore Bibelforscher le Lipaki tsa Jehova ke batho ba le bang. Ka thuso ea thuto ea Bibele, ’na le mosali oa ka re ile ra emela Jehova ’me ra kolobetsoa ka April 1955.
Ke sa hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe hantle joalokaha eka e etsahetse maobane. Ha ke ikoahlaele liketso tsa ka tsa nakong e fetileng. Li ’matlafalitse ’me li nthusitse ho bona hore ha ho letho le lekaalo leo mebuso ea lefatše lena e ka fanang ka lona. Le hoja liphihlelo tsa botho li ka thusa ba bang ho isa bohōleng bo itseng, nka thaba haeba phihlelo ea ka e ka thusa bacha kajeno hore ba bone boikaketsi ba lefatše lena e le hore ba bone metheo e molemo, e lokileng Bokresteng ba ’nete, joalokaha e rutiloe ke Jesu.
Kajeno, ho utloa bohloko le ho hloka toka ke karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Joaloka Bibelforscher ba neng ba le likampong tsa mahloriso, le ’na ke shebile pele lefatšeng le molemonyana le tlang, moo lerato la boena le toka li tla rena ho e-na le pefo le ho chesehela mashano. Ho sa le joalo, ke leka ho sebeletsa Molimo le Kreste ka hohle kamoo nka khonang ke le moholo phuthehong ea Bokreste, hammoho le mosali oa ka, bana, le litloholo. (Pesaleme ea 112:7, 8)—Joalokaha ho boletse René Séglat.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Ka holimo: Ho bitsoa mabitso kampong
Ka ho le letšehali: Heke e kenang Buchenwald. Mongolo oo o re: “E mong le e mong o fuoa se mo tšoanelang”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ka holimo: Sebaka seo ho chesetsoang litōpō ho sona Buchenwald
Ka ho le letšehali: Batšoaruoa ba leshome le metso e tšeletseng kamoreng ka ’ngoe