Na Kereke ea Pele e ne e Ruta Hore Molimo ke Boraro-bo-bong?
Karolo 4—Thuto ea Boraro-bo-bong e Ile ea Hōla Neng Hona Joang?
Lihlooho tse tharo tse qalang letotong lena la lihlooho li bontšitse hore thuto ea Boraro-bo-bong e ne e sa rutoe ke Jesu le barutuoa ba hae leha e le Bo-ntate ba pele ba Kereke. (Molula-Qhooa oa November 1, 1991; February 1, 1992; le April 1, 1992) Sehlooho sena sa ho qetela se tla tšohla tsela eo thuto ea Boraro-bo-bong e ileng ea hōla ka eona le hore na Lekhotla la Nicaea la 325 C.E. le ile la ba le karolo efe tabeng ena.
SELEMONG sa 325 C.E., moemphera oa Roma Constantine o ile a lokisetsa lekhotla la babishopo motseng oa Nicaea o Asia Minor. Sepheo sa hae e ne e le ho rarolla likhohlano tse tsoelang pele tsa bolumeli tabeng ea kamano ea Mora oa Molimo le Molimo o Matla ’Ohle. Mabapi le liphello tsa lekhotla leo, Encyclopædia Britannica e re:
“Constantine e ne e le eena ea okametseng, ka mafolo-folo a tsamaisa lipuisano, ’me ka boeena a hlahisa . . . moralo oa bohlokoahali o bontšang kamano ea Kreste le Molimo molao-motheong o ntšitsoeng ke lekhotla, ‘oa boleng [ho·mo·ouʹsi·os] bo le bong le Ntate.’ . . . Ka baka la khatello ea ’musi eo, babishopo, ntle ho ba babeli feela, ba saenela molao-motheo oo, ba bangata ba bona e le khahlanong le tšekamelo ea bona.”1
Na ’musi enoa oa mohetene o ile a kenella ka baka la tumelo ea hae Bibeleng? Che. A Short History of Christian Doctrine ea bolela: “Ho hang Constantine o ne a sa utloisise letho la lipotso tse neng li botsoa thutong ea bolumeli ea Segerike.”2 Seo a neng a se utloisisa ke hore likhohlano tsa bolumeli li ne li sokela ho kopana ha ’muso oa hae, ’me o ne a batla hore li rarolloe.
Na le ile la Theha Thuto ea Boraro-bo-bong?
Na Lekhotla lee la Nicaea le ile la theha, kapa la tiisa Boraro-bo-bong joaloka thuto ea Bokreste-’mōtoana? Batho ba bangata ba nahana hore ho bile joalo. Empa linnete li hanana le seo.
Molao-motheo o ileng oa phatlalatsoa ke lekhotla leo o ile oa tiisa lintho tse itseng ka Mora oa Molimo tse neng li lumella baruti ba sa tšoaneng hore ba mo talime e le ea lekanang le Molimo Ntate ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, ho utloisisa hore na ke’ng seo Molao-motheo oa Nicaea o sa kang oa se bolela ho beha leseling. Joalokaha o ile oa hatisoa pele, molao-motheo ’ohle o ile oa bolela:
“Re lumela ho Molimo o le mong, Ntate ea matla ’ohle, moetsi oa lintho tsohle tse bonahalang le tse sa bonahaleng;
“Le ho Morena Jesu Kreste ea mong, Mor’a Molimo, ea tsoetsoeng ke Ntate, ea tsoetsoeng a ’notši, ke hore, ho tsoa ho boleng ba Ntate, Molimo o tsoa ho Molimo, leseli le tsoa leseling, Molimo oa ’nete o tsoa ho Molimo oa ’nete, ea tsoetsoeng ea sa etsoang, ka boleng bo le bong le Ntate, eo lintho tsohle li entsoeng ka Eena, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng, Eo ka baka la rōna batho le ka baka la poloko ea rōna a ileng a theohela fatše a ba le ’mele oa nama, ea e-ba motho, a utloa bohloko a ba a nyoloha hape ka letsatsi la boraro, a nyolohela maholimong, ’me o tla khutla ho tla ahlola ba phelang le ba shoeleng;
“Le ho Moea o Halalelang.”3
Na molao-motheo ona o re Ntate, Mora, le moea o halalelang ke batho ba bararo ho Molimo o le mong? Na o bolela hore ba bararo baa baa lekana ka ho hloka qalo le qetello, matla, boemo, le bohlale? Che, ha o bolele joalo. Ho hang ha ho na moralo oa batho ba bararo ho a le mong mona. Molao-motheo oa Nicaea oa pele ha oa ka oa theha kapa hona ho tiisa Boraro-bo-bong.
Molao-motheo oo o lekanya Mora le Ntate tabeng ea ho ba “boleng bo le bong.” Empa ha o bolele letho le kang leo ka moea o halalelang. Sohle seo o se bolelang ke hore “re lumela . . . ho Moea o Halalelang.” Eo hase thuto ea Boraro-bo-bong ea Bokreste-’mōtoana.
Esita le polelo ea sehlooho “ba boleng bo le bong” (ho·mo·ouʹsi·os) e ne e sa bolele hore lekhotla lena le ne le lumela hore Ntate le Mora baa lekana. New Catholic Encyclopedia ea bolela:
“Taba ea hore Lekhotla lena le ne le rerile ho tiisa taba ea ho lekana ha boleng ba Ntate le ba Mora ea belaetsa.”4
Hoja lekhotla lena le ne le bolela hore Mora le Ntate ba ne ba le bang ka kutloisiso ea hore baa lekana, e ne e tla ’ne e se ke ea e-ba Boraro-bo-bong. E ne e tla ba Molimo oa batho ba babeli ho o le mong, eseng ba bararo ho o le mong joalokaha thuto ea Boraro-bo-bong e hloka hore ho be joalo.
“Pono ea Batho ba Seng Bakae”
Lekhotleng la Nicaea, na babishopo ka kakaretso ba ne ba lumela hore Mora o lekana le Molimo? Che, ho ne ho na le lipono tse loantšanang. Ka mohlala, e ’ngoe e ne e le ea Arius, ea ileng a ruta hore Mora o na le qalo e tsebahalang e bileng teng ka mor’a nako e telele kahoo ha a lekane le Molimo empa ke mohlanka ka litsela tsohle. Ka lehlakoreng le leng, Athanasius o ne a lumela hore Mora o lekana le Molimo ka tsela e itseng. ’Me ho ne ho na le likhopolo tse ling.
Mabapi le qeto ea lekhotla lena ea ho nahana hore Mora ke oa boleng bo tšoanang (boleng bo le bong) le ba Molimo, Martin Marty o re: “Ha e le hantle Nicaea e ne e emela pono ea batho ba seng bakae; tharollo ea eona e ne e belaetsa ’me batho ba bangata ba neng ba se na pono ea Arius ba ne ba sa amohelehe.”5 Ka ho tšoanang, buka A Select Library of Nicene and Post-Nicene Fathers of the Christian Church e hlokomela hore “boemo ba thuto eo ho hlakileng hore e qapiloe e leng khahlanong le thuto ea Arius e ile ea lumeloa ke batho ba seng bakae feela, le hoja batho bana ba seng bakae ba ile ba atleha ho finyella sepheo sa bona.”6 ’Me A Short History of Christian Doctrine e re:
“Se neng se bonahala se hanyetsoa ka ho khethehileng ke babishopo ba bangata le litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Bochabela ke mohopolo o ileng oa kenngoa molao-motheong ona ke Constantine ka boeena, homoousios [“ba boleng bo le bong”], oo qhoebeshanong e ileng ea latela e pakeng tsa tumelo ea orthodox le lithuto tsa bokhelohi o ileng oa fetoha sesosa sa likhohlano.”7
Ka mor’a lekhotla lena, khang e ile ea tsoela pele ka lilemo tse mashome-shome. Batho ba neng ba lumellana le khopolo ea ho lekanya Mora le Molimo o Matla ’Ohle ba ile ba hlouoa ka nako e itseng. Ka mohlala, Martin Marty o re ka Athanasius: “Ho ratoa ha hae ke batho ba bangata ho ile ha phahama le ho fokotseha ’me o ile a isoa kholehong ka makhetlo a mangata [lilemong tsa ka mor’a lekhotla] hoo a ileng a fetoha moleleri ka ho felletseng.”8 Athanasius o ile a qeta lilemo tse ngata kholehong hobane baeta-pele ba lipolotiki le ba kereke ba ne ba hanyetsa mehopolo ea hae ea ho lekanya Mora le Molimo.
Kahoo ho bolela hore Lekhotla la Nicaea la 325 C.E. le ile la thea kapa la tiisa thuto ea Boraro-bo-bong hase ’nete. Seo hamorao se ileng sa fetoha thuto ea Boraro-bo-bong se ne se le sieo ka nako eo. Khopolo ea hore Ntate, Mora, le moea o halalelang ka bomong ke Molimo oa ’nete le hore baa lekana ka ho hloka qalo le qetello, matla, boemo, le bohlale, empa e le Molimo o le mong—batho ba bararo ho Molimo o le mong—ha ea ka ea thehoa ke lekhotla leo kapa ke Bo-ntate ba pele ba Kereke. Joalokaha The Church of the First Three Centuries e re:
“Thuto ea kajeno e tloaelehileng ea Boraro-bo-bong . . . ha e tšehetsoe ke lingoliloeng tsa Justin [Martyr]: ’me pono ena e atolosetsoa le ho Bo-ntate bohle ba Bakreste ba makholo a mararo a lilemo ka mor’a tsoalo ea Kreste. Ke ’nete, ba bua ka Ntate, Mora, le Moea oa boprofeta kapa o halalelang, empa e se hore baa lekana, e se motho a le mong, e se Batho ba Bararo ho a le Mong, e se ka tsela leha e le efe e boleloang ke batho ba tšehetsang thuto ea Boraro-bo-bong. Seo e leng ’nete ke se fapaneng le seo. Thuto ea Boraro-bo-bong, joalokaha e hlalosoa ke Bo-ntate bana, e ne e fapane le thuto ea kajeno. Taba ena e tla lula e le ’nete e tiileng joaloka ’nete e leng teng historing ea maikutlo a motho.”
“Re mema motho ofe kapa ofe hore a hlahise mongoli leha a le mong ea tsebahalang, oa makholong a mararo a lilemo a qalang, ea neng a lumela thuto ena ea [Boraro-bo-bong] kamoo e lumeloang ka teng hona joale.”9
Le hoja Nicaea e ne e sa emele nako ea phetoho e bonahalang. E ile ea bula tsela e isang ho amoheloeng ka molao ha thuto ea hore Mora o lekana le Ntate, ’me sena se ile sa bula tsela bakeng sa khopolo ea Boraro-bo-bong e ileng ea tla hamorao. Buka Second Century Orthodoxy, ea J. A. Buckley, e re:
“Bonyane ho fihlela qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, Kereke e leng lefatšeng lohle e ile ea lula e kopane ka kutloisiso e le ’ngoe ea motheo; bohle ba ne ba amohela bophahamo bo fetisisang ba Ntate. Bohle ba ne ba nka Molimo Ntate o Matla ’Ohle e le oona feela o phahameng ka ho fetisisa, o sa fetoheng, o ke keng oa hlalosoa le o se nang qalo. . . .
“Ha bangoli le baeta-pele bao ba lekholo la bobeli la lilemo ba se ba le sieo, Kereke e ile ea iphumana . . . e ntse e thellela phosong butle-butle empa e sa cheche ntlheng eo . . . Lekhotleng la Nicaea ho ile ha finyelloa tlhōrong ea ho senyeha ho tlang butle-butle ha tumelo ena ea pele. Lekhotleng leo, sehlopha se senyenyane sa batho ba mabifi se ile sa tsebisa bongata bo khutsitseng thuto ea sona ea bokhelohi e neng e tšehetsoa ke balaoli ba neng ba sokela, ba qobella le ho tšosa batho ba neng ba leka ho boloka bohloeki ba tumelo ea bona bo sa silafatsoa.”10
Lekhotla la Constantinople
Ka 381 C.E., Lekhotla lena la Constantinople le ile la tiisa Molao-motheo oa Nicaea. ’Me la eketsa ho hong hape. Le ile la bitsa moea o halalelang “Morena” le “monehi-bophelo.” Molao-motheo o atolositsoeng oa 381 C.E. (oo ka sebele e leng o sebelisoang likerekeng kajeno le o bitsoang “Motheo oa Nicaea”) o bontša hore Bokreste-’mōtoana bo ne bo le lintšing tsa ho qapa thuto ea Boraro-bo-bong e felletseng. Leha ho le joalo, esita le lekhotla lena ha lea ka la phetha thuto eo. New Catholic Encyclopedia ea hlokomela:
“Hoa thahasellisa hore ebe lilemo tse 60 ka mor’a Nicaea I Lekhotla la Constantinople I [381 C.E.] le ile la qoba homoousios tlhalosong ea lona ea bomolimo ba Moea o Halalelang.”11
“Liithuti li ’nile tsa makatsoa ke ho bonahalang e le polelo e bonolo ka lehlakoreng la molao-motheo ona; ka mohlala, ho hlōleha ha oona ho sebelisa lentsoe homoousios bakeng sa Moea o Halalelang joaloka boleng bo le bong le Ntate le Mora.”12
Encyclopedia eona eo ea lumela: “Homoousios ha e hlahe ka Mangolong.”13 Che, Bibele ha e sebelise lentsoe leo bakeng sa moea o halalelang kapa bakeng sa Mora joaloka ba nang le boleng bo le bong le Molimo. E bile polelo eo e seng ea Bibele e ileng ea lebisa thutong eo e seng ea Bibele ha e le hantle e khahlanong le Bibele, ea Boraro-bo-bong.
Esita le ka mor’a Constantinople, ho ile ha feta lilemo tse makholo a itseng pele thuto ea Boraro-bo-bong e amoheloa ho pholletsa le Bokreste-’mōtoana. New Catholic Encyclopedia e re: “Ka Bophirimela . . . ho bonahala ho bile le khutso e akaretsang mabapi le Constantinople I le molao-motheo oa eona.”14 Mohloli ona o bontša hore molao-motheo ona oa lekhotla lena o ne o sa amoheloe libakeng tsohle tse ka Bophirimela ho fihlela lekholong la bosupa kapa la borobeli la lilemo.
Hape liithuti li ile tsa hlokomela hore Molao-motheo oa Athanasius, oo hangata o neng o qotsoa joaloka tlhaloso ea motheo le e tšehetsang Boraro-bo-bong, o ne o sa ngoloa ke Athanasius empa ke moqapi ea sa tsejoeng hamorao. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa:
“Molao-motheo ona o ne o sa tsejoe Kerekeng ea Bochabela ho fihlela lekholong la bo12 la lilemo. Ho tloha lekholong la bo17 la lilemo, liithuti ka kakaretso li ’nile tsa lumellana hore Molao-motheo oa Athanasius o ne o sa ngoloa ke Athanasius (ea shoeleng ka 373) empa mohlomong o ile oa qaptjoa ka boroa ho Fora lekholong la bo5 la lilemo. . . . Tšusumetso ea molao-motheo ona ho bonahala hore e bile teng haholo-holo ka boroa ho Fora le Spain lekholong la bo6 le la bo7 la lilemo. E ne e sebelisoa tšebeletsong ea mokete oa kereke Jeremane lekholong la bo9 la lilemo ’me neng-neng hamorao ea e-ba Roma.”15
Kamoo e Ileng ea Hōla
Thuto ea Boraro-bo-bong e qalile ho hōla butle-butle ho pholletsa le makholo a lilemo. Likhopolo tsa thuto ea Boraro-bo-bong tsa bo-rafilosofi ba Magerike ba kang Plato, ea phetseng lilemo tse makholo-kholo pele ho Kreste, li ile tsa nyonyobela butle-butle lithutong tsa kereke. Joalokaha The Church of the First Three Centuries e re:
“Re lumela hore thuto ea Boraro-bo-bong e theiloe butle-butle ’me e theiloe hamorao; hore e qalile mohloling oo ho hang e seng oa Mangolo a Bajode le a Bakreste; hore e ile ea hōla, ’me ea kenngoa Bokresteng, ka matsoho a Bo-ntate ba Kereke ba neng ba ruta thuto ea Plato; hore mehleng ea Justin le nako e telele ka mor’a moo, sebōpeho se khethollehileng le bohlanka ba Mora li ne li rutoa libakeng tsohle; le hore ke feela tlaleho ea pele e lerootho ea Boraro-bo-bong e neng e bonahala ka nako eo.”16
Pele ho Plato, sehlopha sa melimo e meraro, kapa melimo e meraro ho o le mong, li ne li tloaelehile Babylona le Egepeta. ’Me boiteko ba banna ba kereke ba ho hohela batho ba sa lumelang lefatšeng la Roma bo ile ba etsa hore likhopolo tse ling ho tsena li kenngoe Bokresteng. Qetellong sena se ile sa etsa hore tumelo ea hore Mora le moea o halalelang ba lekana le Ntate e amohelehe.a
Esita le lentsoe “Boraro-bo-bong” le ile la amoheleha butle-butle. E bile halofong ea ho qetela ea lekholo la bobeli la lilemo moo Theophilus, mobishopo oa Antioke e Syria, a ileng a ngola ka Segerike ’me a kenya lentsoe tri·asʹ, le bolelang “sehlopha sa melimo e meraro,” kapa “boraro-bo-bong.” Joale mongoli oa Selatine Tertullian oa Carthage, Afrika Leboea, o ile a kenya lentsoe trinitas le bolelang “boraro-bo-bong”b ka har’a lingoliloeng tsa hae. Empa lentsoe tri·asʹ ha le eo ka Mangolong a Bakreste a Segerike a bululetsoeng, le lentsoe trinitas ha le eo phetolelong ea Selatine ea Bibele e bitsoang Vulgate. Lipolelo tsena ka bobeli hase tsa Bibele. Empa lentsoe “Boraro-bo-bong,” le theiloeng likhopolong tsa bohetene, le ile la nyonyobela ka har’a lingoliloeng tsa likereke ’me ka mor’a lekholo la bone la lilemo le ile la fetoha karolo ea thuto ea tsona.
Kahoo, hase hore liithuti tsena li ile tsa hlahloba Bibele ka ho felletseng ho bona hore na e ruta thuto e joalo. Ho e-na le hoo, lipolotiki tsa lefatše le tsa kereke li ile tsa lekanyetsa thuto ena. Bukeng The Christian Tradition, mongoli Jaroslav Pelikan o lebisa tlhokomelo ea rōna “lintlheng tseo e seng tsa thuto ea bolumeli tsekisanong ena, tseo bongata ba tsona nako le nako li bonahalang li loketse ho lekanyetsa phello, feela hore li senngoe ke litšusumetso tse ling tse lekanang le tsona ka bohlokoa. Hangata thuto ena e ’nile ea bonahala e le mohlaseluoa—kapa sehlahisoa—sa lipolotiki tsa kereke le likhohlano tsa botho.”17 Moprofesa oa Yale E. Washburn Hopkins o ile a beha taba ena ka tsela ena: “Tlhaloso ea ho qetela ea orthodox ea boraro-bo-bong ka kakaretso e bile taba ea lipolotiki tsa kereke.”18
Thuto ea Boraro-bo-bong ke e sa utloahaleng hakaakang ha e bapisoa le thuto e bonolo ea Bibele ea hore Molimo ke boleng bo phahameng ka ho fetisisa ’me ha ho na motho ea lekanang le oona! Joalokaha Molimo o bolela, “le ka ntšoantša le mang? Le ka ntekanya le mang, la mpapisa le mang, hore ke tšoane le eena?”—Esaia 46:5.
Seo ho se Emelang
Ho hōla ho etsahalang butle-butle ha khopolo ea Boraro-bo-bong ho emela eng? E ne e le karolo ea ho koeneha Bokresteng ba ’nete hoo Jesu a ileng a ho bolela esale pele. (Mattheu 13:24-43) Moapostola Pauluse le eena o boletse esale pele ka ho tla ha bokoenehi:
“Ho tla hle ho tle nako eo ka eona, ha ba sa khotsofatsoe ke thuto e utloahalang, batho ba tla laba-labela thuto ea morao-rao ’me ba ipokellele baruti bohle ba lumellanang le litakatso tsa bona; joale, ho e-na le ho mamela ’nete, ba tla retelehela litšomong.”—2 Timothea 4:3, 4, Jerusalem Bible ea K’hatholike.
E ’ngoe ea litšomo tseo ke thuto ea Boraro-bo-bong. Litšomo tse ling tseo e seng tsa Bokreste tseo le tsona li ileng tsa hōla butle-butle ke: thuto e tsamaeang le eona ea ho se shoe ha sephefumolohi sa motho, pelekatori, Limbo, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele.
Kahoo, thuto ea Boraro-bo-bong ke eng? Ha e le hantle ke thuto ea bohetene e ikhakantseng joaloka ea Bokreste. E hōlisitsoe ke Satane ka morero oa ho thetsa batho, ho etsa hore Molimo e be motho ea ferekanyang le ea phahametseng kutloisiso ea motho ho bona. Sena se fella ka hore e be ba ikemiselitseng ho amohela likhopolo tse ling tsa bohata tsa bolumeli le litloaelo tse fosahetseng.
“Ka Liketso tsa Bona”
Ho Mattheu 7:15-19, (BPN) Jesu o ile a bolela hore u ka khetholla bolumeli ba bohata ho ba ’nete ka tsela ena:
“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba ikhakantse eka ke linku, empa kahare e le liphiri tse harōlakang. Le tla ba tseba ka liketso tsa bona. Na batho ba ke ba khe morara meutloeng, kapa lifeiee hlabahlabaneng? Ka mokhoa o joalo, sefate ka seng se monate se beha litholoana tse monate, empa sefate se sebe se beha litholoana tse mpe . . . Sefate ka seng se sa beheng litholoana tse monate se ee se rengoe, se lahleloe mollong.”
Nahana ka mohlala o le mong. Jesu o itse ho Johanne 13:35: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” Hape ho 1 Johanne 4:20 le 21, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le re:
“E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng? ’Me re filoe ke oona taelo ena, e reng: Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.”
Sebelisa molao-motheo oa hore Bakreste ba ’nete ba lokela ho ratana ho se ileng sa etsahala lintoeng tse peli tsa lefatše tsa lekholo lena la lilemo, haesita le likhohlanong tse ling. Batho ba leng bolumeling bo le bong ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba kopana mabaleng a ntoa ’me ba bolaeana ka baka la ho ba ba morabe o sa tšoaneng. Lehlakore ka leng le ne le ipolela hore ke la Bokreste, ’me lehlakore ka leng le ne le tšehetsoa ke baruti ba lona, ba neng ba bolela hore Molimo o ka lehlakoreng la bona. Lipolao tseo tsa “Mokreste” ea bolaoang ke “Mokreste” ke litholoana tse bolileng. Ke ho tlōla molao oa lerato la Bokreste, ho hana melao ea Molimo.—Bona hape 1 Johanne 3:10-12.
Letsatsi la ho Ikarabella
Kahoo, ho furalla Bokreste ha hoa ka ha fella ka litumelo tse khahlanong le Molimo feela, tse joaloka thuto ea Boraro-bo-bong, empa hape ho ile ha fella ka liketso tse khahlanong le Molimo. Leha ho le joalo, letsatsi la ho ikarabella lea tla, hobane Jesu o itse: “Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong.” Ke kahoo Lentsoe la Molimo le re phehellang:
“Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.”—Tšenolo 18:4, 5.
Molimo o tla potlakela ho ‘kenya lipelong’ tsa balaoli ba lipolotiki moea oa ho fetohela bolumeli ba bohata. Ba tla ‘se felisa, . . . ba je linama tsa sona, ’me ba se chese mollong.’ (Tšenolo 17:16, 17) Bolumeli ba bohata bo tla felisoa ka ho felletseng le lifilosofi tsa bona tsa bohetene mabapi le Molimo. Ha e le hantle, Molimo o tla bolella litho tsa bolumeli ba bohata seo Jesu a ileng a se bua mehleng ea hae: “Ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.”—Mattheu 23:38.
Bolumeli ba ’nete bo tla pholoha kahlolo ea Molimo, e le hore, qetellong, tlotla eohle le thoriso li tle li lebisoe ho Eo Jesu a itseng ke “Molimo o ’notši oa ’nete.” Ke Eena eo mopesaleme a neng a bua ka eena ha a re: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”—Johanne 17:3; Pesaleme 83:18.
Litšupiso:
1. Encyclopædia Britannica, 1971, Moqolo 6, leqephe 386.
2. A Short History of Christian Doctrine, ea Bernhard Lohse, 1963, leqephe 51.
3. Ibid., maqephe 52-3.
4. New Catholic Encyclopedia, 1967, Moqolo VII, leqephe 115.
5. A Short History of Christianity, ea Martin E. Marty, 1959, leqephe 91.
6. A Select Library of Nicene and Post-Nicene Fathers of the Christian Church, ea Philip Schaff le Henry Wace, 1892, Moqolo IV, leqephe xvii.
7. A Short History of Christian Doctrine, leqephe 53.
8. A Short History of Christianity, leqephe 91.
9. The Church of the First Three Centuries, ea Alvan Lamson, 1869, maqephe 75-6, 341.
10. Second Century Orthodoxy, ea J. A. Buckley, 1978, maqephe 114-15.
11. New Catholic Encyclopedia, 1967, Moqolo VII, leqephe 115.
12. Ibid., Moqolo IV, leqephe 436.
13. Ibid., leqephe 251.
14. Ibid., leqephe 436.
15. The New Encyclopædia Britannica, 1985, Khatiso ea bo15, Micropædia, Moqolo 1, leqephe 665.
16. The Church of the First Three Centuries, leqephe 52.
17. The Christian Tradition, ea Jaroslav Pelikan, 1971, leqephe 173.
18. Origin and Evolution of Religion, ea E. Washburn Hopkins, 1923, leqephe 339.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona bukana e lekanang le makasine Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
b Joalokaha ho bontšitsoe lihloohong tse tlileng pele ho sena tsa letoto lena, le hoja Theophilus le Tertullian ba ile ba sebelisa mantsoe ana, ba ne ba sa nahana ka Boraro-bo-bong bo lumeloang ke Bokreste-’mōtoana kajeno.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Molimo o tla susumetsa balaoli ba lipolotiki hore ba fetohele bolumeli ba bohata
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Bolumeli ba ’nete bo tla pholoha kahlolo ea Molimo