Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 8/15 leq. 31
  • Mohato oa ho Khutla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohato oa ho Khutla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 8/15 leq. 31

Mohato oa ho Khutla

‘ONE a bua le bona ka litšoantšo.’ Ke kamoo Bibele e hlahisang litšoantšo tsa Jesu tse tharo tse sa lebaleheng tsa mohau—sa nku e le ’ngoe e lahlehileng, sa chelete ea drakema e lahlehileng, le sa mora ea lehlasoa.—Luka 15:3-32.

Lihlooho tse peli tse hlahang ho Molula-Qhooa oa April 15, 1991, li ile tsa hlahloba litšoantšo tseo ’me tsa thusa babali ba bangata ho bona hore na mohau o ka fetisetsoa ho ba bang joang kajeno. Tlhokomelo e khōlō e ne e lebisitsoe ho balisa ba moea ha ba nka mohato oa ho atamela batho ba khaotsoeng empa e le ba ka arabelang hamolemo ha ba eteloa ho bontšoa mohau. Phello ea lihlooho tsee le mokhoa ona o mocha e bile efe?

Hang-hang ka mor’a hore makasine oo o hatisoe, monna e mong toropong ea Washington, U.S.A., o ile a ngola: “Bopaki ba mosa o moholo o lerato oa Jehova bo fihlile ka posong ea ka kajeno. Ke lutse mona ke sekisitse likhapha ke thabile ka pelong ka baka la litokisetso le phetoho e fanoeng ke Ea Holimo-limo. Ke Molimo o nang le toka ea ’nete feela o ka fanang ka thuso ho ba kang linku ba lahlehileng. . . . E, ke khaotsoe empa ke sebeletsa ho khutlisetsoa ka phuthehong.” O ile a khutlisetsoa ka phuthehong ka October.

Empa ho thoe’ng ka maeto a ileng a etsoa ke baholo ba babeli ba phutheho? Mosali e mong oa Mokreste o ile a ngola: “Mantsoe a sitoa ho hlalosa kamoo ke ikutloang ka teng. E se e le ho ka etsang lilemo tse 13 monna oa ka a khaotsoe. Baholo ba ile ba mo etela, joalokaha ho khothallelitsoe sehloohong seo. Bosiu bo fetileng ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse ngata, o ile a ea sebokeng se seng. Hona joale o leka ho fetola bophelo ba hae ’me a khutle.”

Ha balebeli ba tsamaeang ba ntse ba etela liphutheho, ba bona litholoana. Haufinyane molebeli e mong oa potoloho o ile a ngola:

“Ha Molula-Qhooa oa April 15, 1991, o ne o hatisoa, ba bangata ba ile ba ipotsa hore na baholo ba tla nka maeto ao ba tla tšoaroa joang. Karabo e hlakile.

“Potolohong ea rōna, liphutheho tsa ho qetela tse ’nè tseo ke li etetseng li bone ho khutlela ha batho ba robong Liholong tsa ’Muso. Le hoja ho khutliselitsoe a le mong feela ka phuthehong, bana ba bang ba robeli ba etsa tsoelo-pele e ntle. Baholo le liphutheho ba nyakalletse ho bona litholoana tsa mosebetsi oa bona le bohlale ba ho sebelisa litaelo tsa puso ea Molimo.

“Re thabela tokisetso ena e ntle, e bontšang mohau. Joalokaha khaitseli eo ea khutliselitsoeng ka phuthehong a ile a tlaleha, ‘’Na ke ne ke se na sebete sa ho khutla, kaha ke ne ke ikutloa ke nyatseha mahlong a Jehova. Empa ha baholo ba nketela, e ne e le eona khothatso eo ke neng ke e hloka bakeng sa ho khutla.’ Cheseho ea hae e khothalitse phutheho haholo.”

Le hoja ba bangata ba eteloang ba sa arabele hamolemo, ka sebele ho finyelloa se molemo ka boiteko bona bo bontšang mohau. Ka hona, ho qala ka September baholo ba phutheho ka ’ngoe ba tla hlahloba mabitso a ba khaotsoeng ba tšimong ea phutheho ’me ba tla etsa tokisetso ea ho etela bohle bao ba nahanang hore ba tla arabela hamolemo mohaung oo o fetisetsoang ho bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela