Moarekabishopo o Sitoa ho Sebetsana le Boemo!
SELEMONG se fetileng, seboka se seholo sa bak’halinale se ile sa hlophisoa ho buisana ka litaba tse itseng tse tšoentseng Kereke e K’hatholike. Ho latela koranta ea Il Sabato, e ’ngoe ea litaba tseo ke “tšokelo ea lihlotšoana.” Leha ho le joalo, koranta e itse: “E ke ke ea e-ba bothata hore bak’halinale ba lumellane tabeng ena. Bohle ba lumellana hore ho na le tlhoko ea thuto e tebileng haholoanyane ea boemo ba litsamaiso tse ncha tsa bolumeli le tlhoko ea ho thibela keketseho ea tsona ka hohle kamoo ho ka khonehang.”
Leha ho le joalo, ho totobetse hore “tšokelo ea lihlotšoana” hase bothata ba Italy feela. Il Sabato ea tlaleha: “Haufinyane ha a ne a etetse Vatican, Moarekabishopo Kirill oa Smolensk [e ’ngoe ea litoropo tsa khale haholo Russia] . . . o ile a kōpa mopapa thuso ea kereke ea ho sebetsana le keketseho e khōlo ea Lipaki tsa Jehova le lihlopha tse ling tse tšoanang Soviet Union.”
Lekholong la pele la lilemo, baeta-pele ba bolumeli bo hlophisitsoeng ba ne ba e-na le litletlebo tse tšoanang ha balumeli ba Bokreste ba ne ba bo hasanya ka ho sokelang. Ka lekhetlo le leng, Bajode ba halefileng ba ile ba tletleba ho babusi ba motse: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano”! (Liketso 17:6) Morao koo, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba leka ka thata ho thibela ho hasana ha Bokreste, empa ba ile ba hlōleha. Le kajeno, boiteko bo bong le bo bong ba ho thibela ho hasoa ha lithuto tsa ’nete tsa Bokreste bo tla hlōleha. Molimo ka boeena oa tšepisa: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša; le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho u tsohela matla ho u tsekisa, u tla le tsoa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tsoang ho ’na.”—Esaia 54:17.