Mohlala oa Buka e Ngotsoeng ka Letsoho ea Bibele ea Seheberu
PELE ho sibolloa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ka 1947, libuka tse tsebiloeng pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele ea Seheberu—ka ntle ho likaroloana tse ’maloa tse sa fellang—e ne e le tsa lekholo la borobong le la bo11 la lilemo C.E. Ke lilemo tse sekete feela tse fetileng. Na hona ho bolela hore pele ho 1947 taba e ngotsoeng ea Seheberu ea Bibele e ne e sa tiea? ’Me ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa boholo-holo tsa Seheberu tse ’maloa hakaalo?
Ha re nahana ka potso ea ho qetela pele, tlas’a tsamaiso ea pele ea orthodox ea Bajode, buka e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele ea Seheberu e neng e nkoa e tsofetse haholo bakeng sa ho sebelisoa e ne e behoa ka ho genizah, ntlo ea polokelo ka synagogeng. Hamoraonyana, libuka tse tsofetseng tse ngotsoeng ka letsoho tse bokelletsoeng li ne li nkoa ’me li tseteloa. Bajode ba ne ba etsa sena ho thibela Mangolo a bona ho silafatsoeng kapa ho sebelisoeng hampe. Hobane’ng? Hobane a ne a e-na le Tetragrammaton, litlhaku tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo le halalelang, tseo ka tloaelo li emeloang ke “Jehovah” ka Senyesemane.
“Moqhaka”
Ka kakaretso, taba e ngotsoeng ea Seheberu ea boholo-holo e ile ea fetisoa ka botšepehi ho tloha linakong tsa pele-pele. Ka mohlala, ho ne ho na le buka ea bohlokoa e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu, e bitsoang Keter, “Moqhaka,” eo qalong e neng e e-na le Mangolo ’ohle a Seheberu, kapa “Testamente ea Khale.” E ne e sirelelitsoe synagogeng ea khale haholo ea baahi ba Bajode ba boholo-holo, ba fokolang ba lulang Aleppo, Syria, motse o nang le Mamosleme a mangata. Pelenyana, buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ne e siiloe ho Bajode ba Karaite Jerusalema, empa e ile ea nkoa ke Mabotho a Bakreste ka 1099. Hamoraonyana, buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ile ea fumanoa ’me ea isoa Cairo ea Khale, Egepeta. E ile ea fihla Aleppo hoo e ka bang ka lekholo la bo15 la lilemo ’me hamorao ea tsejoa e le Aleppo Codex. Buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ne e le ea hoo e ka bang ka 930 C.E., e ne e nkoa e le moqhaka oa liithuti tsa Masora, joalokaha lebitso la eona le bolela. Ke mohlala o motle oa ho bontša phalimeho e ileng ea etsoa ho fetisoeng ha taba e ngotsoeng ea Bibele ’me ka sebele e ne e le mohlala oa buka e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu.
Linakong tsa kajeno, bahlokomeli ba buka ena e ngotsoeng ka letsoho e hlahelletseng ba ne ba sa lumelle ntho ena ea bona e halalelang ho shejoa ke liithuti kaha ka tumela-khoela ba tšaba hore e tla senyeha. Ho feta moo, kaha leqephe le le leng feela le ile la nkoa setšoantšo, khatiso e tšoanang e ne e ke ke ea hatisoa bakeng sa thuto.
Ha Brithani e e-tsoa Palestina ka 1948, mofere-fere o ile oa ba teng Aleppo khahlanong le Bajode. Synagoge ea bona e ile ea chesoa; codex ena ea bohlokoa e ile ea nyamela ’me ho ile ha boleloa hore e felisitsoe. Joale, e ne e le ho makatsang hakaakang ha lilemong tse ka bang leshome hamorao, ho ne ho tsejoa hore hoo e ka bang karolo ea boraro ea eona e ile ea pholoha ’me e ntšitsoe Syria ka bolotsana e isoa Jerusalema! Ka 1976 khatiso e tšoanang ea likopi tse 500 tsa ’mala e ile ea lokolloa qetellong.
Mosebetsi oa Setsebi
Ke hobane’ng ha buka ena e ngotsoeng ka letsoho e le ea bohlokoa hakaale? Hobane taba e ngotsoeng pele ea eona ea liluma-nosi e ile ea lokisoa le ho kenngoa matšoao a puo ke Aaron ben Asher hoo e ka bang ka 930 C.E., e mong oa litsebi tse tsejoang haholo ea koetliselitsoeng ho kopitsa le ho fetisa Bibele ea Seheberu. Ka hona e ne e le mohlala oa codex, e neng e beha tekanyetso bakeng sa likopi tse tla latela tse neng li tla etsoa ke bangoli bao e neng e se litsebi haholo.
Qalong e ne e na le meqolo e 380 (maqephe a 760) ’me ka ho tloaelehileng e ne e ngotsoe likarolong tse tharo tsa maqephe a entsoeng ka letlalo. Joale e na le meqolo e 294 ’me e haelloa ke karolo e khōlō ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele le karolo ea ho qetela, e akarelletsang Lillo tsa Jeremia, Sefela sa Lifela, Daniele, Esthere, Esdrase, le Nehemia. E bontšitsoe joaloka “Al” ho New World Translation of the Holy Scriptures—Reference Bible (Joshua 21:37, mongolo o botlaaseng ba leqephe). Moses Maimonides (ea bontšitsoeng mona), setsebi sa Mojode se tsejoang sa mehla e bohareng ea lekholo la bo12 la lilemo C.E., o ile a bitsa Aleppo Codex e molemohali ho tseo a kileng a li bona.a
Taba e ngotsoeng ea Seheberu e kopilitsoeng ka letsoho ho tloha lekholong la bo13 ho ea ho la bo15 la lilemo e ne e le e kopantsoeng e nkiloeng lipokellong tse peli tse khōlō tsa taba e ngotsoeng ea Masora, ea Ben Asher le Ben Nephtali. Lekholong la bo16 la lilemo, Jacob ben Hayyim o ile a hlahisa taba e ngotsoeng bakeng sa Bibele e hatisitsoeng ea Seheberu e nkiloeng neanong ena e kopantsoeng, ’me e ile ea e-ba motheo bakeng sa hoo e ka bang Libibele tsohle tsa Seheberu tse hatisitsoeng ka lilemo tse 400 tse latelang.
Ka khatiso ea boraro ka 1937 ea Biblia Hebraica (taba e ngotsoeng ea Seheberu e hatisitsoeng), neano ea Ben Asher e ile ea shejoa joalokaha e ne e bolokiloe bukeng e ngotsoeng ka letsoho e bolokiloeng Russia, e tsejoang e le Leningrad B 19A. Leningrad B 19A ke ea 1008 C.E. Univesithi ea Seheberu e Jerusalema e rera ho hatisa taba e ngotsoeng ea Seheberu sa Aleppo e felletse ha nako e ntse e feta, hammoho le lingoliloeng tse tsoang libukeng tse ngotsoeng ka letsoho le liphetolelo tsa bohlokoa, ho akarelletsa le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng.
Taba e ngotsoeng ea Bibele eo re e sebelisang kajeno ea tšepahala. E bululetsoe ke Molimo ’me e ile ea fetisoa ho theosa le makholo a lilemo ke bangoli ba kopitsang ba neng ba sebetsa ka kelo-hloko e khōlō haholo. Phalimeho e khōlō ea bakopitsi bana e bonoa tabeng ea hore ha ho bapisoa moqolo oa Esaia o fumanoeng ka thōko ho Leoatle le Shoeleng ka 1947 le taba e ngotsoeng ea Masora ho bonahala liphapang tse ’maloa ka ho makatsang, esita le hoja meqolo ea Leoatle le Shoeleng e e-na le lilemo tse ka holimo ho sekete ho feta Bibele ea Masora ea khale-khale e ntseng e le teng. Ho feta moo, ha e le mona Aleppo Codex e fumaneha ho litsebi, e tla fana ka mabaka a eketsehileng bakeng sa ho tšepa bonnete ba taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu. Kannete, “lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”—Esaia 40:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka lilemo litsebi tse itseng li ne li belaela hore Aleppo Codex e ne e le buka e ngotsoeng ka letsoho e kentsoeng matšoao a puo ke Ben Asher. Leha ho le joalo, kaha codex ena e se e fumaneha bakeng sa thuto, bopaki bo ntse bo fumaneha ba hore ha e le hantle ke buka e ngotsoeng ka letsoho ea Ben Asher e boletsoeng ke Maimonides.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]
Bibelmuseum, Münster
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
Jewish Division / The New York Public Library / Astor, Lenox, and Tilden Foundations