Lekhotla le ka Holimo-limo la Nigeria le Tiisa Tokoloho ea Bolumeli
BAAHI ba motse ba utsoa lijo tse kotutsoeng ke molemi. Ba bang ba tlala ntlo ea seahi ’me ba nka thepa ea hae ea ho sebetsa. Ba bang bona ba sitisa mosali e mong ho reka le ho rekisa. Ke hobane’ng ha ba ne ba tšoaroa hampe hakaalo? Ke hobane bahlaseluoa bana, kaofela ha bona e leng Lipaki tsa Jehova, ba ke ke ba kopanela mekhatlong ea sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ha ba kopanele ho eng?’
Mokhatlo oa sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang o entsoe ka batho, hangata e leng banna, ba hlahileng hoo e batlang e le ka nako e le ’ngoe motseng o le mong. Mekhatlo ea lihlopha tsa ba lilemo tse tšoanang e tloaelehile Nigeria bochabela. E ka ’na ea tšehetsa merero ea sechaba, empa e boetse e kopanela borapeling ba litšoantšo ’me e sebelisana le meea ho bontša litho tsa eona hore li se li hōlile. Hobane Bibele e hanela liketso tse joalo bakeng sa Bakreste ba ’nete, Lipaki tsa Jehova ha li kopanele lihlopheng tse joalo.—1 Ba-Korinthe 10:20, 21; 1 Johanne 5:21.
Samuel Okogbue o ne a sebetsa e le seroki Aba, Nigeria. Mathoasong a 1978, litho tsa Mokhatlo oa Sehlopha sa ba Lilemo tse Tšoanang oa Umunkalu sa Alayi tsa mo phehella hore a lefe “lekhetho” ho thusa ho aha setsi sa tšebeletso ea tsa bophelo. Joaloka Mokreste oa ’nete, Samuel o ikitlaeletsa ho thusa batho ba bang, empa ka baka la ho haneloa ke letsoalo la hae o ile a hana ho ameha mokhatlong oo oa ba lilemo tse tšoanang. Ka April 22 selemong seo, litho tse tšeletseng tsa mokhatlo oo li ile tsa thuha lebenkele la hae ’me tsa nka mochine oa hae o rokang oo li ileng tsa re li tla o tšoara ho fihlela a lefa chelete eo. Samuel o ile a ipelaetsa ka hore ha aa tlameha ho lefa letho kaha hase setho sa mokhatlo oa bona. Ha Samuel a sa khone ho fumana mochine oa hae hape, o ile a isa taba eo khotla.
Ho Tloha Lekhotleng le Leng ho Isa ho le Leng
Lekhotleng la ’Maseterata ea Phahameng, mokhatlo oa sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang o ile oa phea khang ka hore hobane Samuel o lilemong tsa bona, hono ho mo etsa e mong oa litho tsa bona, tse nang le boikarabelo ba ho lefa lekhetho le leng le le leng leo li bolelloang hore li le lefe. Ho feta moo, moetlo oa sechaba o bolela hore ha setho se sa lefe lekhetho, thepa ea hae e nkuoe ho fihlela a ba a le lefa.
Lekhotla ha lea ka la lumela. Ka February 28, 1980, le ile la bolela hore Samuel a ke ke a qobelloa ho ba setho sa sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang. ’Maseterata e Moholo o ile a re: “Moetlo o timang moahi boikhethelo bo lokolohileng ba mekhatlo o hanana le [K]arolo 37 ea Molao-motheo oa Rephaboliki e Kopaneng ea Nigeria ’me kahoo o ke ke oa fumana matla a Molao.”
Sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang se ile sa ipelaetsa ka qeto ena Lekhotleng le Phahameng ’me sa hlōla. Mono moahloli o ile a laela Samuel ho lefa lekhetho leo, a bolela hore e mpa feela e le tsela ea ho fana ka monehelo oa ntlafatso ea sechaba sa habo.
Eaba Samuel o etsa boipiletso tabeng ena eo a neng a bona e le kahlolo e leeme. Lekhotla la Boipiletso le ile la fetola kahlolo ea Lekhotla le Phahameng, la ema le Samuel. Ka ho se ikemisetse ho amohela tlhōlo, sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang se ile sa isa taba eo Lekhotleng le ka Holimo-limo la Nigeria.
Khabareng, litho tsa sehlopha li ne li tšoarehile motseng oa habo Samuel. Li bolela hore Lipaki li khahlanong le merero eohle ea sechaba, li ile tsa kholisa hlooho ea motse hore e thibele mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova sebakeng seo. Seboholi sa motse se ile sa phatlalatsa hore mang le mang ea neng a ka sebelisana le Lipaki tsa Jehova o ne a tla lefisoa. Lipaki ho tsoa metseng ea boahelani li ile tsa kena lipakeng ’me tsa hlakisetsa banna ba baholo ba motse taba eo. Li ile tsa hlalosa hore ho hang batho ba Molimo ha ba khahlanong le ntlafatso ea sechaba. Ha e le hantle, Samuel o ne a ile a hlahisa lirasiti khotla tse pakang hore o ne a ntšitse menehelo bakeng sa merero ea sechaba e neng e sa tšehetsoa ke lihlopha tsa ba lilemo tse tšoanang. Baholo ba motse ba ile ba fetola qeto ea bona ea ho qhela Lipaki.
Tokoloho ea Bolumeli ea Hlōla
Ka October 21, 1991, baahloli ba bahlano ba Lekhotla le ka Holimo-limo la Nigeria ka ntsoe-leng ba ile ba ema le Samuel. Ho hatella kahlolong ea pele ea Moahloli Paul Nwokedi, Moahloli Abubakar Wali o ile a re: “Hase lekhetho leo moqosuoa [Samuel] a leng khahlanong le ho le lefa empa o khahlanong le ho ba setho sa mokhatlo ofe kapa ofe, kapa sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang, kaha sena se khahlanong le tumelo ea hae ea bolumeli, eena e le setho sa [li]paki tsa Jehova.”
Moahloli o ile a tsoela pele: “Molao-motheo oa 1963, karolo 24(1) o tiisetsa baahi bohle ba Nigeria tokoloho ea letsoalo, mohopolo, le bolumeli. Moqosuoa o lumeletsoe ho tšoarella thutong ea bolumeli ba hae, monahano le letsoalo tse mo thibelang ho kopanela Sehlopheng sa ba lilemo tse tšoanang. Ho isa bohōleng boo moetlo ofe kapa ofe o bolelang se fapaneng le moetlo oo o khahlanong le Molao-motheo ona ’me ke oa lefeela.”
Ka kakaretso, lekhotla le ile la etsa qeto ea hore ha ho motho ea ka qobelloang ka molao ho kopanela mokhatlong oa sehlopha sa ba lilemo tse tšoanang le hoja ho ba setho e ka ba moetlo oa sechaba. Le ile la boela la etsa qeto ea hore ha ho motho ea ka qobelloang ka molao ho lefa chelete mokhatlong oo motho eseng setho sa oona, le hoja chelete eo e tla sebetsa ntlafatsong ea sechaba. Kahoo ka taba ena e bonahalang e fokola, tokoloho ea bolumeli bakeng sa batho bohle ba Nigeria e ile ea tiisoa.