Ho Finyella “Batho ba Mefuta Eohle” Belgium
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba batlotsuoa-’moho le eena thato ea Molimo ea hore “batho ba mefuta eohle ba bolokehe ’me ba finyelle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” E le hore sena se ka etsahala ba ne ba lokela ho rapela hore ba fuoe “bophelo bo nang le khotso le khutso” e le hore ba ka bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho bohle ba utloang.—1 Timothea 2:1-4, NW.
Kajeno, ho finyella “batho ba mefuta eohle” ka litaba tse molemo ho na le moelelo o khethehileng ho Lipaki tsa Jehova tsa Belgium. Ho tloha bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, naha ena e nyenyane, e lekanang le Letša la Tanganyika kapa halofo ea Letša la Michigan, e bile le liphetoho tse khōlō sebōpehong sa merabe le litloaelo. Ho phaella mefuteng ea eona e meraro ea lichaba e tloaelehileng—Maflemishe (Madutche), Mafora, le Majeremane—hona joale Belgium ho na le lihlopha tse sa tšoaneng tsa maleme le litloaelo. Ho na le Maarabia, Maturkey, Maindia, Machaena, Mafilipino, Maafrika le Maamerika, ha ho boleloa tse seng kae. Ho hakanngoa hore motho a le 1 ho ba bang le ba bang ba 10 Belgium ke molata.
Kahoo, Lipaki tsa Belgium, joaloka Bakreste-’moho le tsona lefatšeng lohle, li tobane le phephetso ea ho finyella “batho ba mefuta eohle” ka litaba tse molemo. Ho joang ho bolela merabeng e mengata hakaalo e sa tšoaneng? Ke joang motho a ka atamelang batho ba nang le semelo se fapaneng le sa hae ho hang litloaelong le bolumeling? Ba arabela joang molaetseng oa Bibele?
Boikitlaetso bo Tlisa Liphello
Ho bua le “batho ba mefuta eohle” ka litaba tse molemo tsa ’Muso ke phihlelo e thabisang le e nyakallisang. Literateng tse phetheselang, limmarakeng, ka har’a lipalangoang tsa sechaba, ka ntlo le ntlo, batho ba tsoang likontinenteng tsohle baa fumaneha. Ka boiteko bo fokolang, mohoeletsi oa ’Muso a ka qala moqoqo habonolo, ’me hangata sena se ba le liphello tse putsang.
Seemelong sa libese, Paki e ile ea qala moqoqo le mosali oa Moafrika habonolo feela ka ho bososela ka mofuthu. Kapele mosali enoa o ile a bontša thabo ea hae ha a utloa litaba tsa ’Muso oa Molimo, ’me o ne a batla ho tseba ho eketsehileng ka Bibele. O ile a amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me a fa Paki ena aterese ea hae. Ha e ’molella hore e tla mo etela haufinyane, mosali enoa o ile a hanyetsa. “Che! Che! Ha re etse taetsano e tobileng e le hore ke tle ke be teng lapeng ha u tla.”
Matsatsi a mararo hamorao, ha Paki e lokela ho etsa leeto la ho boela, e ile ea hlokomela hore e lahlile aterese ea mosali enoa. Empa ha e hopola lebitso la seterata, e ile ea ea ’me ea kena ntlong e ’ngoe le e ’ngoe ho bona hore na e ka fumana lebitso la Moafrika. E ile ea fihla qetellong ea seterata e sa fumana seo e neng e se batla. E ile ea nyahama hakaakang! Nakong eo e neng e itokisetsa ho tsamaea, ka tšohanyetso, joalokaha eka o hlaha moo ho sa tsejoeng, motho ea neng a eme ka pele ho eona e ne e le eena mosali eo e neng e ntse e mo batla, ’me e ne e le eona nako eo ba neng ba lumellane ka eona hantle! Thuto ea lehae ea Bibele ea qalisa.
Ho thoe’ng ka meetlo e sa tšoaneng, litumelo, le lineano? Ka mohlala, ho thoe’ng ka litumelo tsa Mahindu? Ha e le hantle, pula-maliboho e mong o ile a hopola seo a se balileng bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. E re: “Ho e-na le ho leka ho qhaqholla marang-rang a filosofi ea Hindu, fana ka linnete tse khotsofatsang tse fumanoang ka Bibeleng e Halalelang. . . . Linnete tse hlakileng tse fumanoang Lentsoeng la hae, li tla fihla lipelong tsa ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka.”
Sena ke sona seo pula-maliboho e ileng ea se etsa ha e kopana le Kashi, mosali ea tsoang India ea ileng a amohela thuto ea Bibele. Kashi o ile a etsa tsoelo-pele e tsitsitseng, ’me kapele o ne a se a ntse a bua le metsoalle ea hae ka seo a neng a ithuta sona. Ka letsatsi le leng pula-maliboho enoa o ile a kopana le mosali oa moemeli oa naha e ’ngoe, ea ileng a botsa: “Ke uena ea rutang Kashi Bibele?” Pula-maliboho o ile a makala haholo ha mosali enoa a re: “Ke tichere e ntle haholo! O khonne ho nkholisa lintlheng tse ngata. Ak’u inahanele, eena e le Mohindu, a ruta ’na, Mok’hatholike Bibele!”
Ha u kopana le Mafilipino, hang-hang u hlokomela hore bongata ba ’ona a rata Bibele. Ke batho ba nang le lerato le ba amohelang baeti ka mofuthu, ’me ho bonolo haholo ho qalisa moqoqo le bona. Mosali e mong oa Mofilipino o ile a amohela limakasine tse peli hang-hang, empa hobane ke Mok’hatholike, o ile a li lahla. Libeke tse seng kae hamorao a boela a amohela limakasine tse peli, tseo a ileng a li siea ka mokotlaneng oa hae. Bosiu bo bong a ikutloa hore o batla ho bala. Ka mor’a hore a batle ntho e thahasellisang eo a ka e balang, o ile a fumana limakasine tsena. Ka lesisitheho, a qala ho li bala, ’me thahasello ea hae ea hōla. Kapele ka mor’a moo, Paki e ’ngoe e ile ea etela lelapeng la hae, ’me mosali enoa a botsa lipotso tse ngata. E ne e le lekhetlo la pele leo ka lona a ileng a bapisa litumelo tsa hae tsa K’hatholike le seo Bibele e se buang. Nehelano ea Mangolo e utloahalang e ile ea mo kholisa hore o fumane ’nete qetellong.
“Akhela Bohobe ba Hao”
Baahi ba bangata ba melata ba tlile Belgium ka mabaka a khoebo kapa bakeng sa ho sebetsa ho e ’ngoe ea liofisi tsa boemeli tse lumeletsoeng ka molao tse 150 kapa lekaleng la European Community Commission. Bongata ba bona ba lula lilemo tse seng kae feela. Ho ka ’na ha bonahala eka ho ba pakela le ho ithuta Bibele le bona ha ho hlahise litholoana ka lekhetlo la pele. Empa Bibele ea re hopotsa: “Akhela bohobe ba hao holim’a metsi, hobane ka mora’ matsatsi a mangata, u tla boela u bo bone.” (Moeklesia 11:1) Hangata liphello ke tse putsang ka tsela e hlollang.
Ho bile joalo ka mosali e mong oa Leamerika ea neng a fumana limakasine ka mehla ho Paki. Ha nako e ntse e feta Paki ena ea mo bontša molemo oa ho ithuta Bibele ka mehla, ’me ea ithaopela ho ithuta Bibele le eena. Mosali enoa a amohela kōpo ena ’me a etsa tsoelo-pele e potlakileng. Kapele o ile a bona phapang pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata. Kahoo a tlosa litšoantšo tsa borapeli ntlong ea hae. Joale nako ea hore a khutlele United States ea fihla. Na see se ile sa bolela qetello ea tsoelo-pele ea hae ea moea? Ak’u inahanele thabo le ho makala hoo Paki e bileng le hona ha e fumana mohala oa thelefono o tsoang ho Paki ea United States e mo bolellang hore mosali eo o tsoela pele ho ithuta, o nehetse bophelo ba hae ho Jehova Molimo, ’me o se a kolobelitsoe! Ha e le hantle, o ne a se a ntse a sebeletsa joaloka mosebeletsi oa pula-maliboho ea thusang.
Ho bile joalo ka Kashi, mosali oa Moindia, le ka mosali oa Lefilipino ba boletsoeng ka holimo. Ha Kashi a khutlela India, eena le monna oa hae ba ile ba qala thuto ea bona ea Bibele hape. Qetellong bobeli ba bona ba ile ba inehela ho Jehova ’me ba kopanela mosebetsing oa ho bolela. Kaha ba ne ba lula sebakeng seo ho neng ho se na Lipaki, ba ile ba bula lelapa la bona bakeng sa hore ho tšoareloe Thuto ea Buka ea Phutheho ho lona. Kashi o ne a sebeletsa joaloka pula-maliboho e thusang ho latela bophelo ba hae, ’me o ne a khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse tšeletseng, tseo batho ba 31 ba kopanelang ho tsona. Ka ho tšoanang, ha nako e ntse e feta mosali oa Lefilipino o ile a ea United States, a tsoela pele ho fihlela boemong ba ho inehela le ho kolobetsoa, ’me ea e-ba pula-maliboho oa ka mehla. Liphello tse thabisang hakaalo li har’a tse ngata tseo bahoeletsi ba ’Muso ba Belgium ba li thabelang ha ba ntse ba tsoela pele ho pakela batho tšimong.
Phephetso ea Lipuo
E le hore ho ka finyelloa mosebetsi oa ho bolela ho “batho ba mefuta eohle,” ofisi ea lekala e lokela ho ba le libuka tsa Bibele ka lipuo tse fetang lekholo. Hona joale ho na le liphutheho tsa Belgium tse nang le batho ba buang lipuo tse leshome. Liphuthehong tse 341, tse 61 ke tsa lipuo tsa melata, ho bahoeletsi ba ’Muso ba 26 000, ba 5 000 ke melata. Phutheho e ’ngoe e na le banna le basali ba tsoang linaheng tse 25 tse fapaneng. Ak’u inahanele ho se tšoane ha bochaba, litloaelo le merabe tse leng teng libokeng tsa bona! Leha ho le joalo lerato le bonngoe bo leng har’a baena ke bopaki bo matla ba borutuoa ba Bokreste ba ’nete.—Johanne 13:34, 35.
Kaha ho na le baahi ba Belgium ba bangata hakana ba batlang ho utloa litaba tse molemo ka lipuo tsa melata, bahoeletsi ba bang ba amohetse phephetso ea ho ithuta lipuo tse thata, tse kang Seturkey, Searabia le Sechaena. Boiteko ba bona bo putsitsoe haholo.
Ba sebetsang har’a Maarabia ba fumana hore hangata ba ka tsosa thahasello Bibeleng ka ho phahamisa bohlokoa ba eona bo sebetsang. Mohoeletsi e mong oa ’Muso o bile le puisano e thahasellisang le moprofesa oa Learabia, joale, ka lilemo tse tharo ka mor’a moo ha a ka a khona ho fumana moprofesa enoa hape. Ka baka la ho se nyahame habonolo, mohoeletsi enoa o ile a etsa qeto ea ho siea lengolo le nang le lipotso tsa Bibele bakeng sa moprofesa enoa. Sena se ile sa tsosa thahasello ea hae hoo a neng a ikemiselitse ho hlahloba Bibele ka tsela e nang le morero. O ile a makatsoa haholo ke seo a ileng a se fumana hoo eena le mosali oa hae, bao ka bobeli e leng Mamosleme, ba ileng ba behella masiu a itseng ka thōko bakeng sa ho bala Bibele hammoho.
Ba lekang ho thusa baahi ba bangata ba Machaena a lulang metseng e meholo ba na le tšitiso e ’ngoe eo ba lokelang ho e hlōla ho phaella ho ea mokoallo oa puo. Machaena a mangata ha a lumele ho Molimo e le ’Mōpi leha e le hona ho lumela Bibeleng e le Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, a rata litaba ’me a rata ho tseba hore na e bua ka’ng. Hape ke babali ba mafolo-folo. Hase ntho e sa tloaelehang hore ba qete ho bala lingoliloeng leha e le life tsa Bibele tseo ba li sietsoeng, esita le karolo e khōlō ea Bibele, ka matsatsi a seng makae. Haeba lipelo tsa bona li lokile, ba susumetsoa ke matla a Lentsoe la Molimo.
Mosali e mong oa Lechaena o ile a fumana ho le thata hore a amohele khopolo ea hore ’Mōpi o teng. Empa nakong ea thuto ea hae ea bobeli, o ile a lla a re: “Joale ke lumela ho Jehova Molimo, hobane haeba Bibele e ngotsoe ka lilemo tse 1 600 ke banna ba 40 ba sa tšoaneng ’me e lumellana le sehlooho se le seng, e tlameha ebe Jehova Molimo o ne a tataisa ho ngoloa ha eona. Ke taba e utloahalang hakaakang!”
Mosali e mong oa Lechaena o ile a atameloa ke Paki a le ka koloing ea baeti. A botsa Paki ena: “U Mokreste?” Eaba o bolela hore o nyahamisitsoe ke ho bona hore ho na le ho ikhanyetsa ho hongata hakaana har’a batho ba ipolelang hore ke Bakreste. Paki ena ea lumellana le seo a se buang empa ea hlalosa hore Bibele ha e ikhanyetse. Ka nako eo mosali enoa o ne a tlameha ho theoha koloing. O ile a fa Paki ena aterese ea hae, eare ha e mo etela, mosali enoa a khotsa: “Hoja feela ke ne ke tsebile, nkabe ke ile ka palama koloi ea baeti selemo pele!” Ha a botsoa hore na o bolela’ng, mosali enoa o ile a hlalosa: “Lena ke lekhetlo la pele leo ka lona ke ileng ka ea univesithi ka koloi ea baeti. Na ua utloisisa? Ke sentse selemo!” O ne a thabile haholo hore ebe o ile a khona ho ithuta Bibele esita le ka likhoeli tse seng kae feela pele a khutlela Chaena.
Liphihlelo tse kang tsena li rutile Lipaki tsa Belgium thuto e itseng. Bibele e re: “Jala peō ea hao e sa le hosasa, matsoho a hao u se ke ua a neela sebaka mantsiboea; hobane ha u tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba li tla mela hantle tse peli.” (Moeklesia 11:6) Boiteko bo etsoang bakeng sa ho hlōla mekoallo ea puo, meetlo le lineano bo tšoaneloa ke liphello. Ka holim’a tsohle likarabelo tse futhumatsang pelo, li paka hore ruri Molimo “ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35.