Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLILOENG
  • MEETINGS
  • w93 1/15 maq. 8-13
  • Bajari ba Leseli—Ka Morero Ofe?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bajari ba Leseli—Ka Morero Ofe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Subheadings
  • Similar Material
  • Ha ‘Mabone a Tingoa’ Bakeng sa Moloko oa Batho
  • Ea Fanoeng e le “Leseli la Lichaba”
  • “Le Leseli la Lefatše”
  • Leseli le ’Nete Tse Tsoang ho Molimo Lia re Tataisa
  • Khanya ea Jehova e Chabile
  • Latela Leseli la Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Leseli le Tlile Lefatšeng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 1/15 maq. 8-13

Bajari ba Leseli—Ka Morero Ofe?

“Ke u beile leseli la lichaba.”—LIKETSO 13:47.

1. Moapostola Pauluse o ile a susumetsoa joang ke taelo e fanoeng ho Liketso 13:47?

MOAPOSTOLA Pauluse o itse: “Morena [Jehova] o re laetse joalo ka lentsoe le reng: Ke u beile leseli la lichaba, hore u be poloko ea tsona ho isa pheletsong tsa lefatše.” (Liketso 13:47) Pauluse ha a ka a bolela sena feela empa o boetse a hlokomela botebo ba sona. Ka mor’a hore Pauluse e be Mokreste, o ile a sebelisa bophelo ba hae ho phethahatsa taelo eo. (Liketso 26:14-20) Na le rōna re filoe taelo eo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha e le bohlokoa mehleng ea rōna?

Ha ‘Mabone a Tingoa’ Bakeng sa Moloko oa Batho

2. (a) Ha lefatše le kena mehleng ea lona ea qetello, ke eng se ileng sa etsahala se ileng sa ama ka ho teba tikoloho ea moea le ea boitšoaro? (b) Letona la Brithane le ile la arabela joang ha le bona se neng se etsahala ka August 1914?

2 Pele batho ba bangata ba phelang kajeno ba hlaha, lefatše lena le ile la kena mehleng ea lona ea qetello. Ho etsahetse lintho tse khōlō ka ho latelana ho potlakileng. Satane Diabolose, ’muelli ea ka sehloohong oa lefifi la moea le la boitšoaro, o ile a liheloa lefatšeng. (Ba-Efese 6:12; Tšenolo 12:7-12) Moloko oa batho o se o ntse o kentsoe ntoeng ea ’ona ea pele ea lefatše. Mathoasong a August 1914, ha ntoa e ne e hlile e kupa, Sir Edward Grey, mongoli oa litaba tsa ka ntle ho naha oa Brithane, o ile a ema fensetereng ea ofisi ea hae London ’me a re: “Mabone a litebello tse khanyang le tšepo ea batho aa tingoa hohle Europe; ho bonahala re ke ke ra hlola re a bona a hotetsoa hape bophelong ba rōna.”

3. Baeta-pele ba lefatše ba bile le katleho efe ha ba leka ho khantša pono ea moloko oa batho?

3 Boitekong ba ho hotetsa mabone ao hape, Selekane sa Lichaba se ile sa kenngoa tšebetsong ka 1920. Empa mabone ao a ile a paitsa feela a tima. Bofelong ba ntoa ea bobeli ea lefatše, baeta-pele ba lefatše ba ’nile ba leka ho a hotetsa hape, lekhetlong lena ka mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Mabone ha a ka a boela a tuka ka ho khanyang. Leha ho le joalo, ka lebaka la liketsahalo tsa haufi tjena, baeta-pele ba lefatše ba ’nile ba bua ka “taolo ea lefatše le lecha.” Empa ho ke ke ha boleloa hore ‘lefatše leha e le lefe le lecha’ leo ba iqapetseng lona le fane ka khotso le tšireletseho. Ho fapana le hoo, lintoa tseo ho loanoang ho hlometsoe ka lithunya, toantšano ea lichaba, tlōlo ea molao, ho hloka mosebetsi, bofutsana, ho silafatsoa ha tikoloho le ho kula kaofela li tsoela pele ho senya bophelo hore batho ba se bo thabele.

4, 5. (a) Lefifi le aparetse lelapa la motho neng hona joang? (b) Ho hlokahala eng bakeng sa ho fana ka topollo?

4 Ka sebele, mabone a ile a tima bakeng sa moloko oa batho nako e telele pele ho 1914. Sena se etsahetse lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng Edene, ha batsoali ba rōna ba pele ba batho ba khetha ho iketsetsa liqeto ka ntle le ho nahana ka thato ea Molimo e boletsoeng. Liphihlelo tse bohloko tse hlahetseng moloko oa batho ho tloha ka nako eo e mpa e le feela lintho tse etsahetseng bophelong tlas’a seo Bibele e se bitsang ‘matla a lefifi.’ (Ba-Kolosse 1:13) E bile tlas’a tšusumetso ea Satane Diabolose motho oa pele, Adama, a ileng a lihela lefatše sebeng; ’me ho tloha ho Adama sebe le lefu li ile tsa aparela moloko ’ohle oa batho. (Genese 3:1-6; Ba-Roma 5:12) Ka hona moloko oa batho o lahlehetsoe ke kamohelo ea Jehova, Mohloli oa leseli le oa bophelo.—Pesaleme ea 36:9.

5 Tsela feela ea hore leseli le boele le khanyetse moloko leha e le ofe oa batho ke ka hore o boele o be le kamohelo ea Jehova Molimo, ’Mōpi oa batho. Ka nako eo, “lesira le siretseng batho bohle,” kotlo e bakiloeng ke sebe, le ne le ka tlosoa. See se ne se tla etsahala joang?—Esaia 25:7.

Ea Fanoeng e le “Leseli la Lichaba”

6. Jehova o re file litebello life tse khōlō ka Jesu Kreste?

6 Le pele Adama le Eva ba lelekoa Paradeiseng, Jehova o ile a bolela esale pele ka “peō” e neng e tla ba molopolli oa batho ba ratang ho loka. (Genese 3:15) Ka mor’a ho hlaha joaloka motho ha Peō eo e neng e tšepisitsoe, Jehova o ile a etsa hore Simeone ea tsofetseng, ha a le tempeleng Jerusalema, a e khetholle e le “leseli le tla bonesetsa lichaba.” (Luka 2:29-32) Ka tumelo sehlabelong sa bophelo bo phethahetseng ba Jesu ba botho, batho ba ka pholosoa kotlong e bakiloeng ke sebe se futsitsoeng. (Johanne 3:36) Tumellanong le thato ea Jehova, ba ne ba ka lebella bophelo bo sa feleng bo phethahetseng e le karolo ea ’Muso oa leholimo kapa e le bafo ba ’ona lefatšeng la paradeise. Ena ke tokisetso e hlollang hakaakang!

7. Ke hobane’ng ha litšepiso tse ho Esaia 42:1-4 le phethahatso ea tsona ea lekholong la pele la lilemo li re tlatsa ka tšepo?

7 Jesu Kreste ka boeena ke tiiso ea ho phethahala ha litebello tsena tse hlollang. Mabapi le pholiso eo Jesu a neng a e etsa ho batho ba neng ba hlorile, moapostola Mattheu o ile a sebelisa ho eena se ngotsoeng ho Esaia 42:1-4. Karolo ea lengolo lena e re: “Bonang mohlanka oa ka eo ke mo tiisang, mokhethoa oa ka, eo moea oa ka o khahlisoang ke eena; ke beile moea oa ka holim’a hae; o tla tlisetsa lichaba ho loka.” Na see ha se sona seo batho ba lichaba tsohle ba se hlokang? Boprofeta bo tsoela pele: “A ke ke a hoa, a ke ke a phahamisa lentsoe, a ke ke a le utloahatsa literateng. Ha a khaole lehlaka le robehileng, ’me a ke ke a tima lebonenyana le sa kubellang.” Tumellanong le sena, Jesu ha a ka a khahlapetsa batho ba neng ba se ntse ba hlorile. O ile a ba utloela bohloko, a ba ruta ka merero ea Jehova, ’me a ba phekola.—Mattheu 12:15-21.

8. Jesu o fanoe ke Jehova ka kutloisiso efe e le “selekane sa lichaba” le “leseli la lichaba”?

8 Mofani oa boprofeta bona o bua le Mohlanka oa hae, Jesu, ’me o re: “’Na, Jehova, ke u bilelitse ho lokeng, ke u tšoere ka letsoho, ke u bolokile, ’me ke u entse selekane sa sechaba sa ka le leseli la lichaba, ho tutubolla mahlo a lifofu, ho ntša ba holehiloeng kholehong, le ba lutseng lefifing teronkong.” (Esaia 42:6, 7) E, Jehova o fane ka Jesu Kreste e le selekane, e le tiiso ea tšepiso. Seo ke khothatso e kaakang! Jesu o ile a bontša kameho ea sebele bakeng sa moloko oa batho ha a ne a le lefatšeng; o bile a nehelana ka bophelo ba hae bakeng sa moloko oa batho. Ke eena eo Jehova a mo nehileng puso holim’a lichaba tsohle. Ha ho makatse ha Jehova a ’mitsa leseli la lichaba. Jesu ka boeena o itse: “Ke ’na leseli la lefatše.”—Johanne 8:12.

9. Ke hobane’ng ha Jesu a sa ka a nehelana ka boeena hore a ntlafatse tsamaiso e neng e se e ntse e le teng ea lintho?

9 Jesu o sebelelitse e le leseli la lefatše ka morero ofe? Ka sebele e ne e se ka morero leha e le ofe oa lefatše kapa oa lintho tse bonahalang. O ile a hana ho leka ho lokisa le ho ntlafatsa tsamaiso ea lipolotiki ea mehleng eo ’me a hana ho amohela borena bo tsoang ho Satane, ’musi oa lefatše, kapa ho batho. (Luka 4:5-8; Johanne 6:15; 14:30) Jesu o ile a bontša kutloelo-bohloko e khōlō ho ba neng ba hlorile ’me a ba tlisetsa topollo ka litsela tseo ba bang ba neng ba ke ke ba etsa joalo ka tsona. Empa o ne a tseba hore ho ne ho se topollo ea ka ho sa feleng e neng e ka fumaneha molokong oa batho o leng tlas’a kotlo ea Molimo ka baka la sebe se futsitsoeng le o susumetsoang ke libōpuoa tse khopo tsa moea tse sa bonahaleng. Jesu ka baka la temohisiso ea bomolimo o ile a qeta bophelo ba hae bohle a etsa thato ea Molimo.—Ba-Heberu 10:7.

10. Jesu o sebelelitse e le leseli la lefatše ka litsela life hona e le ka morero ofe?

10 Joale, Jesu o sebelelitse e le leseli la lefatše ka litsela life le ka morero ofe? O ile a inehela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Luka 4:43; Johanne 18:37) Ka ho pakela ’nete ka merero ea Jehova, Jesu o boetse a tlotlisa lebitso la Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 17:4, 6) Ho phaella moo, joaloka leseli la lefatše, Jesu o ile a pepesa mashano a bolumeli ’me ka ho etsa joalo a fana ka tokoloho ea moea ho ba neng ba le botlamuoeng ba bolumeli. O ile a pepesa Satane hore ke mohlohleletsi ea sa bonahaleng oa ba mo lumellang hore a ba sebelise. Jesu o boetse a bontša mesebetsi eo e leng ea lefifi. (Mattheu 15:3-9; Johanne 3:19-21; 8:44) Ka ho khethehileng, o ile a ipaka e le leseli la lefatše ka ho nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo, ’me ka ho etsa joalo a bula tsela bakeng sa ba bontšang tumelo tokisetsong ena hore ba tšoareloe libe, ba be le kamano e amohelehang le Molimo, le tebello ea bophelo bo sa feleng e le karolo ea lelapa la Jehova la bokahohle. (Mattheu 20:28; Johanne 3:16) Qetellong, ka ho boloka boinehelo ba bomolimo bo phethahetseng bophelong ba hae kaofela, Jesu o ile a phahamisa bobusi ba Jehova ’me a paka hore Diabolose ke raleshano, ’me ka ho etsa joalo a etsa hore ho be teng melemo ea ka ho sa feleng bakeng sa batho ba ratang ho loka. Empa na Jesu e ne e tla ba eena feela mojari oa leseli?

“Le Leseli la Lefatše”

11. Ho ne ho hlokahala hore barutuoa ba Jesu ba etse eng hore e tle e be bajari ba leseli?

11 Ho Mattheu 5:14, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” Ba ne ba lokela ho latela mehlaleng ea hae. Ka tsela ea bona ea bophelo le ka ho bolela ha bona, ba ne ba lokela ho lebisa batho ba bang ho Jehova e le eena Mohloli oa leseli la ’nete. Ka ho etsisa Jesu, ba ne ba lokela ho tsebahatsa lebitso la Jehova le ho phahamisa borena ba Hae. Ba ne ba tlameha ho bolela ka ’Muso oa Molimo e le ’ona feela tšepo ea batho joalokaha Jesu a entse. Ba ne ba boetse ba lokela ho pepesa mashano a bolumeli, mesebetsi ea lefifi, le hore na ke mang enoa ea khopo ea ikarabellang bakeng sa lintho tsena. Balateli ba Kreste ba ne ba lokela ho bolella batho hohle ka tokisetso ea Jehova e lerato ea ho boloka batho ka Jesu Kreste. Ke ka cheseho e kaakang Bakreste bao ba pele ba ileng ba phethahatsa kabelo eo, pele ba qala Jerusalema le Judea eaba ba fetela Samaria, joalokaha Jesu a ne a laetse!—Liketso 1:8.

12. (a) Leseli la moea le ne le tlameha ho fihla boholeng bofe? (b) Moea oa Jehova o ile oa nolofaletsa Pauluse ho lemoha eng ka Esaia 42:6, hona boprofeta boo bo lokela ho ama bophelo ba rōna joang?

12 Leha ho le joalo, ho bolela litaba tse molemo ho ne ho sa lokela ho lekanyetsoa tšimong eo feela. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Mattheu 28:19, NW) Nakong ea tšokoloho ea Saule oa Tarese, ka ho khethehileng Morena o ile a bontša hore Saule (eo hamorao a ileng a fetoha moapostola Pauluse) o ne a sa lokela ho bolela feela ho Bajode empa le ho Balichaba. (Liketso 9:15) Ka thuso ea moea o halalelang, Pauluse o ile a utloisisa se neng se ameha. Kahoo, o ile a hlokomela hore boprofeta bo ho Esaia 42:6, boo ka ho tobileng bo phethahalitsoeng ho Jesu Kreste, bo boetse ke taelo e tlamang ho bohle ba bontšang tumelo ho Kreste. Kahoo, ha Pauluse a qotsa Esaia ho Liketso 13:47 o ile a re: “Morena [Jehova] o re laetse joalo ka lentsoe le reng: Ke u beile leseli la lichaba, hore u be poloko ea tsona ho isa pheletsong tsa lefatše.” Ho thoe’ng ka uena? Na u nkile tlamo ea ho ba mojari oa leseli ka ho teba? Na uena, joaloka Jesu le Pauluse, bophelo ba hao bo likoloha ho etseng thato ea Molimo?

Leseli le ’Nete Tse Tsoang ho Molimo Lia re Tataisa

13. Tumellanong le Pesaleme ea 43:3, thapelo ea rōna e tiileng ke efe, hona see se tla re sireletsa ho eng?

13 Haeba rōna ka borōna re ne re ka leka ho ‘hotetsa mabone’ ho khantša bokamoso ba moloko oa batho, re ne re tla be re fosa ka ho tebileng moelelo oa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe seo lefatše ka kakaretso le se etsang, Bakreste ba ’nete ba talimile ho Jehova e le eena Mohloli oa ’nete oa leseli. Thapelo ea bona e tšoana le e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 43:3 (NW) e reng: “Romela leseli la hao le ’nete ea hao. E se e ka lintho tsena ka botsona li ka ntataisa. E se e ka li ka ntlisa thabeng ea hao e halalelang le tabarnakeleng ea hao e khōlō.”

14, 15. (a) Hona joale Jehova o romela leseli le ’nete ka litsela life? (b) Re ka bontša joang hore ka sebele leseli la Molimo le ’nete ea hae lia re tataisa?

14 Jehova o tsoela pele ho arabela thapelo eo ea bahlanka ba hae ba tšepahalang. O romela leseli ka ho bolela morero oa hae, ka ho nolofaletsa bahlanka ba hae ho utloisisa morero ona, le ka ho phethahatsa seo a se boletseng. Ha re rapela Molimo, hase tloaelo feela e etsoang ho fana ka maikutlo a ponahalo ea bohalaleli. Takatso ea rōna e tiileng ke hore leseli le tsoang ho Jehova le re tataise joalokaha pesaleme e bolela. Re amohela boikarabelo bo tsamaisanang le ho amohela leseli leo Molimo a fanang ka lona. Joaloka moapostola Pauluse, rea lemoha hore ho phethahala ha Lentsoe la Jehova ho tsamaisana le taelo e tebileng e eang ho bohle ba bontšang tumelo ho lona. Re ikutloa joalokaha eka re kolota batho ba bang ho fihlela re ba file litaba tse molemo tseo Molimo a re nehileng tsona bakeng sa morero oo.—Ba-Roma 1:14, 15.

15 Leseli le ’nete tseo Jehova a li rometseng mehleng ea rōna li bontša hore Jesu Kreste o busa ka mafolo-folo a le teroneng ea hae ea leholimo. (Pesaleme ea 2:6-8; Tšenolo 11:15) Jesu o boletse esale pele hore nakong ea ho ba teng ha hae e le morena, litaba tsena tse molemo tsa ’Muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona ka morero oa bopaki. (Mattheu 24:3, 14, NW) Hona joale mosebetsi ona o ntse o etsoa, ’me o etsoa ka matla a maholo ho potoloha lefatše. Haeba re etsa mosebetsi oo ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba rōna, joale, ka sebele leseli le ’nete ea Molimo lia re tataisa joalokaha mopesaleme a boletse.

Khanya ea Jehova e Chabile

16, 17. Jehova o ile a etsa joang hore khanya ea hae e chabele mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang mosali ka 1914, hona o ile a o fa taelo efe?

16 Ka puo e susumetsang pelo, Mangolo a hlalosa mokhoa oo leseli la Molimo le fanoang ho batho bohle ka oona. Esaia 60:1-3, e lebisitsoeng ho “mosali” oa Jehova, kapa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo oa bahlanka ba tšepahalang, e re: “Tsoha, Jerusalema, u bonesoe, hobane leseli la hao le hlahile, khanya ea Jehova e u chabetse! Hobane bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba; empa Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao. Lichaba li tla tla tsamaea leseling la hao, marena a tle khanyeng ea mahlaseli a hao.”

17 Khanya ea Jehova e ile ea khanyetsa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang mosali ka selemo sa 1914 ha, kamor’a ho leta nako e telele, mosali enoa a beleha ’Muso oa Bomessia ’me Jesu Kreste e le Morena. (Tšenolo 12:1-5) Leseli la Jehova le khanyang le chaba ka kamohelo holim’a ’muso oo e le oona o loketseng bakeng sa lefatše lohle.

18. (a) Ke hobane’ng ha lefifi le koahetse lefatše, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 60:2? (b) Batho ba ka lopolloa joang lefifing la lefatše?

18 Ka ho fapaneng, lefifi le koahetse lefatše ’me botšo bo koahetse batho ba lichaba. Hobane’ng? Hobane lichaba li hana ’muso oa Mora ea ratoang oa Molimo ’me li khetha puso ea batho. Li nahana hore ka ho felisa mefuta e meng ea mebuso le ho amohela e meng, li tla rarolla mathata a tsona. Empa sena ha se tlise topollo eo li e lebeletseng. Li hlōleha ho elelloa hore na ke mang ea leng sebakeng sa moea ea ikarabelang bakeng sa ho hlohleletsa lichaba. (2 Ba-Korinthe 4:4) Li hana Mohloli oa leseli la ’nete ka baka leo li lefifing. (Ba-Efese 6:12) Ho sa tsotellehe hore na lichaba li etsa’ng, batho ka bomong ba ka ntšuoa lefifing leo. Ka tsela efe? Ka ho ba le tumelo e feletseng ’Musong oa Molimo le ho ikokobeletsa oona.

19, 20. (a) Khanya ea Jehova e chabetse balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng hobane’ng hona joang? (b) Jehova o entse batlotsuoa ba hae bajari ba leseli ka lebaka lefe? (c) Joalokaha ho boletsoe esale pele, “marena” le “lichaba” ba huletsoe leseling le fanoang ke Molimo joang?

19 Bokreste-’mōtoana ha bo na tumelo ’Musong oa Molimo ’me ha boa ikokobeletsa oona. Empa baena ba Jesu Kreste ba tlotsitsoeng ka moea ba entse joalo. Ka baka leo, leseli la kamohelo ea bomolimo ea Jehova le khantšelitse baemeli bana ba bonahalang ba mosali oa hae oa leholimo, ’me khanya ea hae e bonahala ho bona. (Esaia 60:19-21) Ba thabela leseli la moea leo phetoho leha e le efe litabeng tsa lefatše tsa lipolotiki kapa tsa moruo li ke keng tsa le tlosa. Ba bile le phihlelo ea ho lopolloa ke Jehova Babylona e Moholo. (Tšenolo 18:4) Ba amoheloa ke eena hobane ba amohetse taeo ea hae ’me ba phahamisitse borena ba hae ka botšepehi. Ba na le litebello tse khanyang tsa bokamoso, ’me ba ithabela tšepong eo a e behileng ka pele ho bona.

20 Empa Jehova o sebelisane le bona ka tsela ee ka morero ofe? Joalokaha eena ka boeena a boletse ho Esaia 60:21 (NW) ke hore a tle a “tlotlisoe,” hore lebitso la hae le hlomphuoe le hore ba bang ba huleloe ho eena joaloka Molimo a ’notši oa ’nete—’me e le ho tla ba hlahisetsa molemo oa ka ho sa feleng. Tumellanong le sena, ka 1931 barapeli bana ba Molimo oa ’nete ba ile ba amohela lebitso Lipaki tsa Jehova. Ka baka la ho fana ha bona ka bopaki, na “marena” a ile a tla leseling leo ba le bontšitseng joalokaha Esaia a boletse esale pele? E! Eseng baeta-pele ba lipolotiki ba lefatše, empa ke lenane le setseng la ba leng mocheng oa ho busa e le marena le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo. (Tšenolo 1:5, 6; 21:24) Ho thoe’ng ka “lichaba”? Na le tsona li ile tsa huleloa leseling lee? Ka sebele ho joalo! Ha ho sechaba sa bopolotiki se ileng sa huleloa leseling lena, empa bongata bo boholo ba batho bo tsoang lichabeng tsohle bo eme ka lehlakoreng la ’Muso oa Molimo, ’me ka cheseho bo lebeletse ho lopolleloa lefatšeng le lecha la Molimo. Ka sebele etlaba lefatše le lecha moo ho loka ho tla rena.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 7:9, 10.

21. Re ka bontša joang hore ha rea lahleheloa ke morero oa mosa oa Jehova o sa tšoanelang mabapi le ha a re fa kutloisiso ea thato ea hae?

21 Na u e mong oa bongata boo bo eketsehang ba bajari ba leseli? Jehova o entse hore re utloisise hore na thato ea hae ke eng e le hore, le rōna, joaloka Jesu, re ka ba bajari ba leseli. E se e ka kaofela ha rōna, ka cheseho mosebetsing oo Jehova a o nehileng bahlanka ba hae kajeno, re ka bontša hore ha rea fosa morero oa mosa o sa tšoanelang oo re o filoeng ke Molimo. (2 Ba-Korinthe 6:1, 2) Ha ho mosebetsi o leng bohlokoa ho feta oo mehleng ea rōna. ’Me ha ho tokelo e khōloanyane ho feta eo re nang le eona e leng ho tlotlisa Jehova ka ho bontša ba bang leseli le khanyang le tsoang ho eena.

U ka Re’ng?

◻ Mabaka a sehlooho bakeng sa mathata a tebileng a moloko oa batho ke afe?

◻ Jesu le balateli ba hae ke “leseli la lefatše” ka litsela life?

◻ Leseli la Jehova le ’nete ea hae li re tataisa joang?

◻ Jehova o entse hore khanya ea hae e chabele mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng joang?

◻ Jehova o entse hore batho ba hae e be bajari ba leseli ka morero ofe?

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Ketsahalo Edene e re thusa hore re utloisise mathata a tebileng a moloko oa batho kajeno

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Tom Haley/Sipa

Paringaux/Sipa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (Lesotho)
    • Share
    • Lintlha Tseo U li Khethang
    • Copyright © 2022 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • JW.ORG
    • Log In
    Share