Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 2/1 maq. 20-24
  • Litokisetso tsa Liphallelo li Bonahatsa Lerato la Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litokisetso tsa Liphallelo li Bonahatsa Lerato la Bokreste
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Sweden
  • Finland
  • Denmark
  • Netherlands
  • Switzerland
  • Austria
  • Italy
  • Lijo Bakeng sa ba Tlileng Kopanong ba Likete
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 2/1 maq. 20-24

Litokisetso tsa Liphallelo li Bonahatsa Lerato la Bokreste

MOAPOSTOLA Petrose o ile a phehella Bakreste-’moho le eena: “Ratang mokhatlo ’ohle oa baena.” (1 Petrose 2:17, NW) Lerato le joalo le ne le lokela ho feta meeli ea morabe, maemo a bophelo, le bochaba, le ne le tla atametsa batho ’moho ka boena ba sebele. Ha ho ne ho ba le tlhoko ea lintho tse bonahalang har’a Bakreste ba pele, lerato le ne le susumeletsa ba bangata ho fana ka menehelo ho baapostola hore ba abele ba hlokang. Tlaleho e re ‘lintho tsa bona kaofela e ne e le tsa bohle.’—Liketso 2:41-45; 4:32.

Lerato le joalo le ile la totobala ha, mafelong a 1991, Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se mema makala a ’maloa a Mokhatlo oa Watch Tower linaheng tsa Europe Bophirima ho fana ka lijo le liaparo bakeng sa baena ba bona ba hlokang Europe Bochabela, ho akareletsa likarolo tse itseng tsa moo pele e neng e le Soviet Union. Mona re fana ka letoto la litlaleho ho tsoa makaleng a mang a amehang.

Sweden

Ka December 5, 1991, lengolo le hlalosang tlhoko eo le ile la romeloa liphuthehong tsohle tse 348 tse Sweden. Karabelo e ile ea ba e potlakileng. Nakong ea matsatsi a seng makae, semitrailer ea pele e ne e le tseleng ho ea St. Petersburg, Russia, e laetse litone tse 15 tsa phoofo ea koro, mafura a apehang, nama ea khomo e ka makotikoting, lebese la phoofo, le lintho tse kang tseo. Lipaki tsa Jehova tsa sebakeng seo li ile tsa laolla teraka ’me kapele tsa aba lishobana tseo tse 750 ho ba hlokang. Hamorao, li-semitrailer tse ling hape tse peli li ile tsa isa lijo Russia. Ka kakaretso, ho ile ha romeloa litone tse fetang tse 51,5 ho tloha Sweden.

Boithaopo ba ho etsa monehelo oa liaparo le lieta bo ile ba feta litebello tsohle. Liqubu tsa lishobana tsa liaparo li ile tsa bokellana ka potlako Liholong tsa ’Muso. Bakreste ba bangata ba ile ba etsa monehelo ka liaparo tsa bona. Ba bang ba ile ba reka liaparo tse ncha. Moena e mong o ile a reka lisutu tse hlano. Ha mong’a lebenkele ea neng a maketse a utloa lebaka la seo, o ile a etsa monehelo ka lisutu tse ling tse hlano. Moena e mong o ile a reka lebokose la likausi, lihane-kausi, le lik’hafo. Ha a hlalosa lebaka la seo, mong’a lebenkele o ile a mo fa lisutu tse ncha tse 30 ka theko ea tse peli. Mong’a lebenkele la liaparo tsa lipapali o ile a etsa monehelo oa lipara tse lekholo tsa lieta tse ncha le li-boot.

Thepa ena kaofela e ile ea tlisoa lekaleng bakeng sa ho hlophuoa, ho pakoa hape, le ho laeloa. Liaparo—tse lekanang le tse ka nkoang ke li-semitrailer tse 40—li ile tsa tlala libaka tse khōlō lekaleng! Baena le likhaitseli ba ile ba sebetsa libeke ba li hlopha ka lihlopha tsa banna, basali, le bana ’me ba li paka ka hare ho mabokose. Ho ile ha sebelisoa li-semitrailer tse leshome le metso e mehlano tse fapaneng ho isa liaparo tseo ka polokeho Russia, Ukraine, le Estonia.

Moena ea neng a khanna e ’ngoe ea literaka tsa Mokhatlo ka makhetlo a robeli ho ea moo pele e neng e le Soviet Union o ile a re: “Kamohelo eo baena ba rōna ba ileng ba re fa eona libakeng tseo e ne e le moputso o moholo. Ba ile ba re haka le ho re aka, ’me ho sa tsotellehe thepa ea bona e fokolang, ba ile ba re fa thuto e molemo ea ho fana ha Bokreste.”

Finland

Ho sa tsotellehe ho theoha ha boemo ba moruo Finland, ho se hiroe ho atileng, le mathata a moruo, boithaopo ba baena ba Finland ba ka bang 18 000 ba ho thusa baena ba bona ba moo pele e neng e le Soviet Union bo bile boholo. Ba ile ba romela litone tse fetang tse 58 tsa lijo ka mabokoseng a 4 850 St. Petersburg, Estonia, Latvia, Lithuania, le Kaliningrad. Ba ile ba boela ba tlatsa libaka tse bulehileng literakeng ka liaparo tse ka etsang li-cubic mithara tse 12. Ho ile ha boela ha etsoa monehelo oa likoloi le livene tse 25 tse seng ncha bakeng sa ho sebelisoa mosebetsing oa ’Muso.

A mang a mabokose a lijo a ile a fihla phuthehong ea bahoeletsi ba 14 Slanti tikolohong ea St. Petersburg. Ba ile ba hlalosa kananelo ea bona e khōlō lengolong. “Re na le bo-khaitseli ba leshome ba holileng phuthehong ea rōna. Bongata ba rōna re kula haholo ’me re sitoa ho ema meleng nako e telele bakeng sa ho fumana lijo. Leha ho le joalo, Ntate oa rōna oa leholimo ha a re fe lebaka la hore re khathale matla linakong tsena tse boima empa o tlatsa lipelo tsa rōna ka thabo. Re qhoba lithuto tse 43 tsa Bibele tsa mahae.” Ha khaitseli e mong St. Petersburg a fumana seshobana sa hae sa liphallelo, o ile a ameha hoo a ileng a qeta lihora tse peli a lla pele a se bula.

Denmark

Naheng ena e nyenyane e molomong oa Leoatle la Baltic, Lipaki tsa Jehova tse ka bang 16 000 li ile tsa kopana ’me tsa romela Ukraine literaka tse 19 tse laetseng litone tse 64 tsa lijo ka mabokoseng a 4 200; mabokose a 4 600 a liaparo tsa boleng bo holimo; le lipara tse 2 269 tsa lieta tse ncha. Moena e mong Jeremane o ile a lumella lekala ho sebelisa literaka tse hlano, tseo a ileng a li etsa monehelo bakeng sa baena ba Ukraine. E mong oa bakhanni ha a khutlela hae o ile a re: “Re hlokometse hore re khutlile le ho hongata ho feta hoo re ho isitseng. Lerato le moea oa boitelo tse bontšoang ke baena ba rōna ba Ukraine li matlafalitse tumelo ea rōna haholo.”

Bakhanni ba ne ba lokela ho hlokomela masholu litseleng tsa moo pele e neng e le Soviet Union. Matsatsi a seng makae pele e ’ngoe ea literaka tsa Denmark e feta moo, ho ne ho sa tsoa ba le bosholu tseleng eo. Sehlopha sa literaka tse hlano tse laetseng lijo ho tsoa mokhatlong o mong oa liphallelo se ne se ile sa emisoa ke masholu a sebelisang lihelikoptara le lithunya tsa merathatha. A ile a nka literaka tseo tse hlano kaofela, a siea bakhanni bao ka thōko ho tsela. Ho sa tsotellehe kotsi e joalo, lintho tsohle tse tsoang lekaleng la Denmark li ile tsa fihla ho baena ka polokeho. E le ho leboha, ba ile ba neheletsa mokhanni e mong molaetsa o latelang bakeng sa ho o isa hae, o ngotsoeng ka bothata bo boholo ba Senyesemane: “Baena le likhaitseli ba ratehang ba Denmark: Re fumane thuso ea lōna. Jehova o tla le putsa.”

Netherlands

Lekala la Netherlands le ile la romela litone tse 52 tsa lijo ka lishobaneng tse 2 600. Li ile tsa isoa Ukraine ka lihlopha tse peli tse fapaneng. Lekhetlo ka leng, literaka tse tšeletseng li ne li siuoa, kaha li ne li entsoe monehelo ke baena ba Jeremane bakeng sa mosebetsi oa ’Muso Bochabela. Baena ba Ukraine ba ile ba fetisetsa boholo ba lijo Moscow, Siberia, le libakeng tse ling moo tlhokahalo e neng e le khōlō. Ho feta moo, ho ile ha etsoa monehelo oa liaparo le lieta tse ka etsang li-cubic mithara tse 736 ke baena ba Madutch. Li ile tsa isoa Lviv e Ukraine ka literaka tse 11 tse neng li tsamaea ka sehlopha li lebetsoe ke koloi ea botho.

Ka mor’a ho khanna sebaka se selelele ho feta Jeremane le Poland, sehlopha seo se ile sa feta ka bobebe malibohong a Ukraine, ’me sa fihla mathōkong a Lviv ka hora ea boraro hoseng. Bakhanni baa tlaleha: “Ka nako e fokolang, sehlopha sa baena ba 140 se ne se le teng bakeng sa ho laolla literaka. Pele baena bana ba ikokobelitseng ba qala mosebetsi, ba ile ba bontša ho itšetleha ha bona ka Jehova, ba etsa thapelo e kopanetsoeng. Ha mosebetsi o se o felile, ba ile ba kopana hape bakeng sa thapelo ea teboho ho Jehova. Ka mor’a ho thabela moea oa ho amohela baeti oa baena ba moo, ba ileng ba fana ka seatla se bulehileng bonyane boo ba neng ba e-na le bona, re ile ra felehetsoa ho ea fihla tseleng e khōlō, moo ba ileng ba etsa thapelo ka thōko ho tsela pele ba re siea.

“Tseleng e telele e eang hae, ho ne ho e-na le se sengata seo re neng re ka thuisa ka sona—moea oa ho amohela baeti oa baena ba Jeremane le Poland, le oa baena ba rōna ba Lviv; tumelo ea bona e matla le moea oa bona oa ho rapela; moea oa bona oa ho amohela baeti ka ho fana ka marobalo le lijo le hoja bona ka bobona ba hloka; ho bonahatsa bonngoe le ho atamelana; le ho tlala teboho ha bona. Re ile ra boela ra nahana ka baena le likhaitseli tsa rōna hae koana, ba neng ba fane ka seatla se bulehileng hakana.”

Switzerland

Lekala la Switzerland le qala tlaleho ea lona ka ho qotsa Jakobo 2:15, 16: “Ha ngoan’abo lōna, kapa khaitseli ea lōna, ba hlobotse, ’me ba hloka lijo tsa letsatsi le leng le le leng, ’me e mong ho lōna a re ho bona: E-eang ka khotso, le futhumale, le khore! athe ha lea ba nea tse batloang ke ’mele ea bona, ho thusa’ng?” ’Me tlaleho e tsoela pele: “Re ile ra hopola Lengolo lena ha Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova se re mema hore re abele baena ba rōna ba hlokang thuso ea lintho tse bonahalang.

“Hang-hang e mong le e mong o ile a tšoareha! Ka matsatsi a mabeli feela, litone tse 12 tsa lijo ka lishobaneng tse 600 li ile tsa romeloa Ukraine ka literaka tse tharo tse tsoang Jeremane, tse neng li entsoe monehelo bakeng sa mosebetsi moo. Lipeho tsa hore bohle ba ne ba fihlile ba bolokehile li ile tsa tlisa thabo e khōlō ho baena ba rōna mona. Khabareng, liphutheho li ile tsa bokella liaparo, ’me kapele-pele lekala la rōna le ne le tletse mabokose, lipotlolomente, le mekotlana! Tse neng li tšetse liaparo tsa bana li ne li akareletsa le lintho tsa ho bapala ho tsoa ho bana ba Switzerland li ea ho metsoalle e sa tsejoeng e Leboea le hōle. Ho ne ho kentsoe le lichokolete tse ngata har’a liaparo.”

Lintho tsee tsohle li ne li tla tsamaisoa joang? Tlaleho e re: “Lekala la Fora le ile la re thusa ka ho re fa li-semitrailer tse peli le bakhanni ba bane. Ho phaella moo, ho ile ha hlokahala teraka e le ’ngoe ho tsoa lekaleng la rōna le tse ’nè tsa baena bakeng sa ho hulela litone tsena tse 72 Ukraine.” Sehlopha seo sa literaka tse latellanang, se neng se etsa bolelele ba limithara tse 150, se ile sa fihla sebakeng seo se neng se ea ho sona Lviv se bolokehile, moo baena ba ka bang lekholo ba neng ba emetse ho laolla literaka tseo. Bakhanni ba tlaleha hore phapang ea puo e ne e se bothata hobane lifahleho tsa bona li ne li bonahatsa kananelo e tebileng.

Austria

Baena ba Austria ba ile ba romela litone tse 48,5 tsa lijo, mabokose a 5 114 a liaparo, le lipara tsa lieta tse 6 700 Lviv le Uzhgorod tse Ukraine. Ba ile ba boela ba romela litone tse 7 tsa lijo, mabokose a liaparo a 1 418, le lipara tsa lieta tse 465 Belgrade, Mostar, Osijek, Sarajevo, le Zagreb tse moo pele e neng e le Yugoslavia. Tlaleho ea lekala e re: “Re ne re na le li-semitrailer tse 12 tse laetsoeng, li tsamaea [lik’hilomithara tse 34 000]. Boholo ba thepa bo ile ba tsamaisoa ke moena le mor’a hae ba nang le khoebo ea literaka.”

Mabapi le liaparo tse entsoeng monehelo, tlaleho e tsoela pele: “Re ne re sebelisa Holo ea Kopano e le sebaka sa ho li bokella. Liaparo tse tlalang literaka li ile tsa tsoela pele li ntse li kena, ho fihlela ho se ho se na sebaka. Joaloka mehleng ea Moshe, batho ba ile ba lokela ho thibeloa ho tlisa tse ling hape. (Exoda 36:6) Esita le batho bao eseng Lipaki tsa Jehova ba ile ba etsa monehelo oa chelete, joalokaha ba boletse, ‘hobane ka tsela eo re tseba hore batho ba e hlokang ba tla e fumana.’ Re ile ra boela ra fumana mabokose ao re neng re a hloka haholo a sa tšelang mahala ho tsoa lifemeng tsa lefatše.” Baena le likhaitseli ba neng ba hlopha le ho paka lintho tsohle ba ne ba le pakeng tsa lilemo tse 9 ho ea ho tse 80. Ba ile ba boela ba leka ho beha sutu e ’ngoe le e ’ngoe ’moho le thae le hempe tse loketseng.

Tlaleho e re: “Ba boholong Austria le malibohong ba fane ka thuso e khōlō ho etsa hore lipalangoang tse fapaneng tsa ho nka thepa ea liphallelo li fumanehe le ho fana ka lipampiri tse hlokahalang hore ho tsamaisoe lintho tsohle habobebenyana.”

Italy

Ho tsoa Roma ho ile ha romeloa lijo tse ngata tse etsang litone tse 188 ka lihlopha tse peli tse khōlō tsa literaka ho feta Austria, Czechoslovakia, le Poland ho ea moo pele e neng e le Soviet Union. Sehlopha se seng le se seng se ne se e-na le bakhanni ba tšeletseng, ea lokisang makoloi, ea lokisang metlakase ea makoloi, toloko, molaoli oa thepa, moapehi, ngaka, le moeta-pele oa sehlopha a tsamaea ka jeep, le moena ea tsamaeang ka koloi eo ho robaloang ka hare ho eona.

Lijo tseo li ile tsa fumanoa lifemeng tse supileng tse abang lijo le thepa. Lekala lea tlaleha: “Ha lifeme tsa rōna tse abang lijo le thepa li utloa lebaka la boiteko boo, tse ling tsa tsona li ile tsa lakatsa ho kenya letsoho. [Lik’hilogramo] tse makholo a ’maloa tsa pasta le reisi, haesita le mabokose a ho paka, li ile tsa etsoa monehelo ke lifeme tsa lefatše tse abang lijo le thepa. Tse ling tsona li ile tsa etsa monehelo oa lithaere tsa ho khanna lehloeng bakeng sa literaka kapa tsa khetha ho etsa monehelo oa chelete.

“Baena ba Italy ba ile ba ananela monyetla ona oa ho thusa. Bana ba ne ba batla ho etsa menehelo le bona. Moshemane e mong ea lilemo li hlano o ile a romela monehelo o monyenyane oo a neng a tšepa hore o tla reka ‘lekotikoti le leholo la tlhapi ea tuna bakeng sa baena ba Russia.’ Ngoananyana e mong o ile a amohela chelete ho tsoa ho ntate-moholo oa hae le nkhono oa hae hore a rekele batsoali ba hae mpho kahobane a ne a fumane matšoao a matle sekolong. O ngotse: ‘Empa, ha ke hlokomela hore baena ba ka ba bangata ha ba na lijo tse monate tseo ke nang le tsona, ke ile ka nahana hore mpho e molemohali eo nka e rekelang batsoali ba ka ke ho thusa baena bao.’ O ile a kenya boholo ba chelete eo ka lebokoseng la monehelo. O itse: ‘Ke lakatsa eka nka tsoela pele ke fumana matšoao a matle, e le hore nka khona ho romela chelete e eketsehileng.’” Tlaleho ea lekala e phetha ka ho re mangolo a kananelo e mofuthu ho tsoa ho baena ba Ukraine, mantsoe a mangata a kananelo a baena ba Italy, le liphihlelo tse thabisang tsa ho hlophisa le ho tsamaisa thepa li ne li ama pelo, li khothatsa, li bile li kopanya.

Lijo Bakeng sa ba Tlileng Kopanong ba Likete

Kopano ea pele ea machaba ea Lipaki tsa Jehova moo pele e neng e le Soviet Union e ile ea tšoareloa Lebaleng la Lipapali la Kirov le St. Petersburg e Russia, ka June 26-28, 1992. Kopanong ena eo e neng e le ketsahalo ea bohlokoa historing ea naha eo, e neng e na le sehlooho “Bajari ba Leseli,” ho ile ha ba teng ba fetang 46 200 ho tsoa linaheng tse 28. E ile ea fana ka monyetla o mong oa ho bonahatsa lerato la Bokreste “bakeng sa mokhatlo ’ohle oa baena.”—1 Petrose 2:17, NW.

Litone tsa lijo ho tsoa Denmark, Finland, Sweden, le linaha tse ling tsa Europe Bophirima li ile tsa fanoa mahala ho ba likete ba neng ba tlile kopanong moo pele e neng e le U.S.S.R., hore li jeoe nakong ea kopano. Ha ba tsamaea kopanong ka mor’a karolo ea ho qetela ea lenaneo, ba ile ba boela ba fumana mefao bakeng sa tsela.

Litlaleho tse boletsoeng mona li bontša hore ho fana hona ho ne ho ntse ho sa ee ’nģa e le ’ngoe—’nģa bochabela—feela. Ho ’nile ha ba le ho fanana. Lijo le liaparo ho ea ’nģa bochabela, e, empa ho ea ’nģa bophirima liponahatso tse mofuthu tse ke keng tsa baloa tsa lerato le liphihlelo tse matlafatsang tumelo tse bonahatsang mamello le tumelo ea barapeli ba likete ba Jehova nakong ea lilemo tse mashome ba le tlas’a khatello le mathata. Kahoo, mahlakore ka bobeli a bile le phihlelo ea bonnete ba mantsoe a Jesu: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Liketso 20:35.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 21]

1. Ho tsoa Finland: St. Petersburg, Russia; Tallinn le Tartu, Estonia; Riga, Latvia; Vilnius le Kaunas, Lithuania; Kaliningrad, Russia; Petrozavodsk, Karelia

2. Ho tsoa Netherlands: Lviv, Ukraine

3. Ho tsoa Sweden: St. Petersburg, Russia; Lviv, Ukraine; Nevinnomyssk, Russia

4. Ho tsoa Denmark: St. Petersburg, Russia; Lviv, Ukraine

5. Ho tsoa Austria: Lviv, Ukraine; Belgrade, Mostar, Osijek, Sarajevo, Zagreb (moo pele e neng e le Yugoslavia)

6. Ho tsoa Switzerland: Lviv, Ukraine

7. Ho tsoa Italy: Lviv, Ukraine

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Mabokose a liaparo lekaleng la Sweden

Ho laela lithuso tsa liphallelo

Lijo ka seshobaneng se le seng

“Bacon” le “ham” ho tsoa Denmark

Sehlopha sa literaka tse 11 le koloi e le ’ngoe

Lishobana le lipotlolomente lekaleng la Austria

Ho laolla teraka Lviv, Ukraine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela