“Le ’ne le Tsamaee Joaloka Bana ba Leseli”
“Le apare botho bo bocha‚ bo bōpiloeng ka ho ea ka thato ea Molimo‚ ho lokeng le botšepehing ba ’nete.”—BA-EFESE 4:24, NW.
1. Barapeli ba Jehova ba fumane tlhohonolofatso ho eng? Hobane’ng?
JEHOVA MOLIMO ke “Ntat’a maseli a leholimo,” ’me “ha ho lefifi ho hang kamanong le eena.” (Jakobo 1:17, NW; 1 Johanne 1:5) Mora oa hae, Jesu Kreste, ha a bua ka eena ka boeena o itse: “Ke ’na leseli la lefatše; ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.” (Johanne 8:12) Ka lebaka lena barapeli ba ’nete ba Jehova, balateli ba Mora oa hae, ba fumane tlhohonolofatso ea ho khantšetsoa leseli—kelellong, boitšoarong, le moeeng—’me ba ‘khanya joaloka maseli lefatšeng.’—Ba-Filippi 2:15.
2. Ke phapang efe e ileng ea boleloa esale pele pakeng tsa batho ba Molimo le lefatše?
2 Khale, moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a bolele esale pele ka phapang ena: “Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba; empa Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao.” Ha e le hantle, batho bohle ba ikarotseng ho Molimo ho buuoa ka bona e le ba leng tlas’a matla le tšusumetso ea “marena a lefifi la lefatše lena.”—Esaia 60:2; Ba-Efese 6:12.
3. Ke ka mabaka afe re thahasellang haholo keletso ea Pauluse e nakong?
3 Moapostola Pauluse o ne a amehile haholo hore Bakreste-’moho le eena ba lokolohe lefifing le joalo. O ile a ba phehella hore ba se hlole ba “tsamaea joalokaha lichaba li tsamaea” empa hore ba “tsamaee ke hona joale ka bana ba leseli.” (Ba-Efese 4:17, NW; 5:8) O boetse a hlalosa kamoo ba ka atlehang ka teng ho etsa sena. Kajeno, lefifi le botšo tse aparetseng lichaba li eketsehile. Lefatše le tetebetse haholoanyane qhafutsong ea ho hlepha boitšoarong le moeeng. Barapeli ba Jehova ba na le ntoa e ntseng e eketsa ho ba matla eo ba e hlanakang. Ka hona, re thahasella haholo seo Pauluse a tla se bua.
Ithute ka Kreste
4. Pauluse o ne a nahanne ka eng ha a re: “Ha lea ka la ithuta hore Kreste o joalo”?
4 Ka mor’a hore moapostola Pauluse a hlalose lintho tsa lefatše tse hahamalloang tse se nang thuso le tse litšila, o lebisa tlhokomelo ea hae ho Bakreste-’moho le eena ba leng Efese. (Ka kōpo bala Ba-Efese 4:20, 21.) Pauluse o ne a qetile lilemo tse tharo a bolela le ho ruta motseng ona, ’me e tlameha hore ebe o ne a tloaelane haholo le batho ba bangata ka phuthehong. (Liketso 20:31-35) Ka hona, eitse ha a re, “Ha lea ka la ithuta hore Kreste o joalo,” o ne a bolela tsebo eo a nang le eona ea botho hore Bakreste ba Efese ba ne ba sa rutoa ’nete e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, e hlapolohileng, e iphapanyetsang mefuta ea boitšoaro bo bobe ka ho tebileng boo a bo hlalositseng litemaneng 17 ho ea ho 19. O ne a tseba hore ba ne ba rutiloe tsela ea bophelo ea Bokreste ka ho loketseng le ka ho nepahetseng joalokaha Jesu Kreste a behile mohlala. Ka lebaka la sena, ba ne ba sa hlole ba tsamaea lefifing joaloka lichaba, empa e ne e le bana ba leseli.
5. Phapang ke efe pakeng tsa ho ba ’neteng ka mokhoa o sa tebang le hore ’nete e be ho rōna?
5 Joale, ke habohlokoa hakaakang ho “ithuta Kreste” ka tsela e loketseng! Na ho na le litsela tse fosahetseng tsa ho ithuta Kreste? E. Pejana, ho Ba-Efese 4:14, Pauluse o ile a hlokomelisa baena: “Re se hlole re e-ba bana, ba joale ka mahoholi, ba fetohelang moeeng o mong le o mong oa thuto e ncha, ka thetso ea batho, le ka mano a bona a ho khelosa ka bohata.” Ka ho totobetseng ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba ithutile Kreste empa ba ntse ba tsamaea litseleng tsa lefatše ’me ba bile ba leka esita le ho susumeletsa ba bang hore ba etse joalo. Na see se re bontša kotsi ea ho ba feela ’neteng, joalokaha ba bang ba bua joalo, ho fapana le hore ’nete e be ho rōna? Mehleng ea Pauluse ba neng ba na le kutloisiso e sa tebang ba ne ba khelosoa habonolo le ka potlako ke ba bang, ’me hoa tšoana le kajeno. E le ho thibela sena, Pauluse o tsoela pele ho bolela hore ho hlokahala hore Baefese ba ‘mamele Kreste ’me ba rutoe ka Jesu.’—Ba-Efese 4:21, NW.
6. Ke joang kajeno re ka ithutang, ra utloa, ’me ra rutoa ke Kreste?
6 Lipoleloana “ho ithuta,” “ho mamela,” le “ho rutoa” tse sebelisitsoeng ke Pauluse kaofela li bolela mokhoa oa thuto le thupelo, joaloka sekolong. Ka ho hlakileng, re ke ke ra mamela, ra ithuta, kapa ra rutoa ka ho toba ke Jesu ka boeena kajeno. Empa o khanna letšolo la lefatše ka bophara la thuto ea Bibele ka ‘mohlanka oa hae ea khabane, ea bohlale.’ (Mattheu 24:45-47; 28:19, 20) Re ka “ithuta Kreste” ka ho loketseng le ka ho nepahetseng haeba ka mehla re ja lijo tsa moea tse nakong tse lokiselitsoeng ke sehlopha sa mohlanka, re ithuta tsona ka mafolo-folo ebang ke ka borōna kapa phuthehong, re thuisa ka tsona, ’me re sebelisa seo re ithutang sona. A re tiiseng hore re sebelisa ka botlalo litokisetso tsohle e le hore kannete re ka bolela hore re “mo mametse, ’me [re] rutiloe ka eena.”
7. Mantsoe a Pauluse “’nete e ho Jesu,” a fana ka moelelo ofe?
7 Hoa thahasellisa hore ka mor’a ho hatella mokhoa oa ho ithuta ho Ba-Efese 4:21, Pauluse o eketsa ka ho re: “Joalokaha ’nete e le ho Jesu.” Bahlalosi ba bang ba Bibele ba hlokomelisa ka ’nete ea hore ke ka seoelo Pauluse a ileng a sebelisa lebitso la botho la Jesu e le lona feela mengolong ea hae. Ruri, ke hona mona feela moo a le sebelisitseng lengolong le eang ho Baefese. Na ho na le se boleloang ke see? Mohlomong Pauluse o ne a hlokomelisa ka mohlala o behiloeng ke Jesu e le motho. Hopola hore Jesu o kile a re ka eena: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo.” (Johanne 14:6; Ba-Kolosse 2:3) Jesu o ile a re: “Ke ’na . . . ’nete” hobane o ne a sa bue ’nete le ho e ruta feela empa o ne a e phelela ’me e le mothofatso oa eona. E, Bokreste ba ’nete hase feela khopolo empa ke tsela ea bophelo. “Ho ithuta Kreste” ho kopanyeletsa ho ithuta ho mo etsisa tabeng ea ho phelela ’nete. Na tsela eo u phelang ka eona e tšoana le ea Jesu? Na letsatsi le letsatsi o latela mehatong ea hae haufi-ufi? Ke feela ka ho etsa joalo re ka tsoelang pele re tsamaea joaloka bana ba leseli.
“Le Hlobole Botho ba Khale”
8. Pauluse o ile a sebelisa papiso efe ho Ba-Efese 4:22, 24, hona ke hobane’ng ha e loketse?
8 E le ho bontša kamoo re ka ‘ithutang Kreste’ ka katleho ’me ra tsamaea joaloka bana ba leseli, Pauluse o tsoela pele, ho Ba-Efese 4:22-24, ho bontša hore ho na le mehato e khethehileng e meraro eo re tlamehang ho e latela. Oa pele oa eona ke ona: “Le lokela ho hlobola botho ba khale bo lumellanang le mokhoa oa lōna oa pele oa boitšoaro le bo bolisoang ke litakatso tsa bona tse thetsang.” (Ba-Efese 4:22, NW) Lipoleloana le “hlobole” (“apola,” Kingdom Interlinear) le “le apare” temana 24) li etsa hore re iketsetse setšoantšo kelellong sa ho apara le ho hlobola seaparo. Ena ke puo ea tšoantšetso eo Pauluse a e sebelisang hangata, ’me e-ea sebetsa. (Ba-Roma 13:12, 14; Ba-Efese 6:11-17; Ba-Kolosse 3:8-12; 1 Ba-Thessalonika 5:8) Haeba seaparo sa rōna se silafala kapa se ba le letheba, joaloka nakong ea lijo, re se hlobola hang-hang ha ho khoneha. Na ha rea tlameha ho ameha ka ho tšoanang ka ho silafala leha e ka ba hofe boemong ba rōna ba moea?
9. Motho o hlobola botho ba khale ka tsela efe?
9 Joale, ke joang motho a ka hlobolang botho ba khale? Leetsi “hlobola” puong ea pele ha le fane ka maikutlo a sa fellang kapa a phetoang. Le bontša ketso e nkoang hanngoe feela kapa hang e be ke phetho. Sena se bontša hore “botho ba khale” (“monna oa khale,” Kingdom Interlinear), hammoho le ‘mokhoa oa rōna oa pele oa boitšoaro,’ li tlameha ho hloboloa ka ketso e tiileng le ea makhaola-khang, e feletseng le e phethahetseng. Hase ntho eo ka katleho re ka e liehisang kapa esita le ho e behella ka thoko. Hobane’ng?
10. Ke hobane’ng ha motho a tlameha ho se cheche le hore a be le boikemisetso ha a hlobola botho ba khale?
10 Poleloana “bo bolisoang” e bontša hore “monna oa khale” o tseleng e tsoelang pele e sa khaotse ea ho hlepha boitšoarong, ho tloha boemong bo bobe ho ea ho bo bobe ka ho fetisisa. Ha e le hantle, ka baka la ho hana ho khantšetsoa leseli la moea, batho bohle ba theohela tlaase ka lebelo le tšosang. Pauluse o bolela hore sena se bakoa ke “litakatso tse thetsang.” Litakatso tsa nama lia thetsa hobane li ka bonahala li se na kotsi, empa qetellong lia senya. (Ba-Heberu 3:13) Haeba li sa laoloe, phello e tla ba ho silafala le lefu. (Ba-Roma 6:21; 8:13) Ke ka lebaka lena botho ba khale bo tlamehang ho hloboloa, bo ntšoe ka ho feletseng, ka tsela eo ho hloboloang seaparo sa khale, se tabohileng.
‘Moea o Mocha oa Kelello’
11. Nchafatso ea moea e tlameha ho qala hokae?
11 Motho ea tsoang ka letamong le seretse ho hlokahala hore a se ke a hlobola liaparo tsa hae tse litšila feela empa a boele a itlhatsoe ka ho feletseng pele a ka apara liaparo tse ling tse hloekileng. Ke sona seo Pauluse a ileng a bolela hore ke mohato oa bobeli bakeng sa ho khantšetsoa leseli la moea: “Le lokela ho nchafatsoa matleng a susumetsang likelello tsa lōna.” (Ba-Efese 4:23, NW) Joalokaha a boletse pejana, litemaneng 17 le 18 lichaba li tsamaea “ka ho hloka thuso ha likelello tsa bona” ’me “likelello tsa bona li lefifing.” Ka ho utloahalang, kelello, e leng setsi sa temoho le kutloisiso, ke moo khato ea ho nchafatsa e tlamehang ho qala teng. See se ka etsoa joang? Pauluse o hlalositse hore ke ka ho nchafatsa matla a susumetsang likelello tsa rōna. Matla ao ke eng?
12. Matla a susumetsang kelello ke eng?
12 Na matla a susumetsang likelello tsa rōna, ao Pauluse a buileng ka oona, ke moea o halalelang? Che. Polelo “matla a susumetsang likelello tsa lōna” ha e baloa kamoo e leng ka teng ke “moea oa likelello tsa lōna.” Ha ho kae kapa kae Bibeleng moo ho buuoang ka moea o halalelang oa Molimo hore ke oa motho kapa ke karolo ea motho. Ha e le hantle lentsoe “moea” le bolela “phefumoloho,” empa le boetse le sebelisoa ka Bibeleng “ho emela matla a etsang hore motho a bonahatse boikutlo bo itseng, mokhoa, kapa maikutlo kapa hore a etse ntho e itseng kapa a nke khato e itseng.” (Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqephe 1026) Kahoo, “moea oa kelello” ke matla a susumetsang kapa a hlasimollang likelello tsa rōna, e leng tloaelo kapa tšekamelo ea rōna ea kelello.
13. Ke hobane’ng ha re tlameha ho nchafatsa tšekamelo ea rōna ea kelello?
13 Tloaelo ea tlhaho kapa tšekamelo ea kelello e sa phethahalang e ’nģeng ea nama, le lintho tse bonahalang. (Moeklesia 7:20; 1 Ba-Korinthe 2:14; Ba-Kolosse 1:21; 2:18) Esita le haeba motho a hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona tse mpe, haeba tšekamelo ea hae ea kelello ea boetsalibe e sa fetoha ka mor’a nako e tla mo susumeletsa hore a khutlele ho seo a se tlohetseng. Na see hase se etsahalletseng ba bangata ba ileng ba leka, ka mohlala, ho khaotsa ho tsuba, ho noa ho tlōlisa, le litloaelo tse ling tse mpe? Haeba ba sa ka ba etsa boiteko ba ho nchafatsa matla a susumetsang kelello ea bona, ba ile ba iphumana ba khutletse ho tsona. Phetoho leha e le efe ea sebele e tlameha ho kopanyeletsa ho lokisa kelello ka ho feletseng.—Ba-Roma 12:2.
14. Matla a susumetsang kelello a ka nchafatsoa joang?
14 Joale, ke joang motho a ka nchafatsang matla ao e le hore a ka etsa hore kelello ea hae e sekamele tseleng e nepahetseng? Leetsi “nchafatsa” tabeng e ngotsoeng ea Segerike le ka nakong ea joale, le bontša ketso e tsoelang pele. Kahoo ke ka ho tsoela pele re ithuta Lentsoe la Molimo la ’nete le ka ho thuisa ka seo le se bolelang re ka nchafatsang matla a susumetsang. Bo-rasaense ba re bolella hore ka har’a boko ba rōna, boitsebiso bo leng sebōpehong sa molaetsa oa motlakase kapa oa lik’hemik’hale bo tsamaea ho tloha seleng e ’ngoe ea mothapo ho ea ho e ’ngoe, bo feta mateanong a methapo. Buka The Brain e bolela hore: “Ho etsoa boikhopotso bo itseng mateanong a methapo ha boitsebiso bo nang le molaetsa bo feta ho ’ona, bo siea khatiso ea bona e sa tšoaneng le ea boitsebiso bo bong.” Ha boitsebiso bo tšoanang bo nang le molaetsa bo feta hape, lisele tsa methapo lia bo hopola, ’me li arabela ka potlako e khōloanyane. Ha nako e ntse e feta, sena se etsa hore motho a nahane ka mokhoa o mocha. Ha re phehella ho fumana boitsebiso bo hahang ba moea, ho hahoa mokhoa o mocha oa ho nahana, ’me matla a susumetsang kelello ea rōna aa nchafatsoa.—Ba-Filippi 4:8.
“Le Apare Botho bo Bocha”
15. Botho bo bocha ke ka kutloisiso efe bo leng bocha?
15 Qetellong, Pauluse o re: “[Le] lokela ho apara botho bo bocha bo bōpiloeng ka ho ea ka thato ea Molimo, ho lokeng le botšepehing ba ’nete.” (Ba-Efese 4:24, NW) E, Mokreste o apara botho bo bocha. “Bocha” mona bo bolela boleng eseng nako. Ke ho bolela hore, ha bo bocha ka kutloisiso ea hore ke ba morao-rao. Ke botho bo bocha ka ho feletseng, “bo bōpiloeng ka ho ea ka thato ea Molimo.” Ho Ba-Kolosse 3:10 (NW), Pauluse o ile a sebelisa mantsoe a tšoanang ’me a bolela hore bo “bocha ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng.” Botho bona bo bocha bo ba teng joang?
16. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore botho bo bocha bo “bōpiloe ho latela thato ea Molimo”?
16 Jehova Molimo o bōpile batho ba pele ba babeli, Adama le Eva, ka setšoantšo sa Hae le ho tšoana le eena. Ba ne ba filoe litšoaneleho tsa boitšoaro le tsa moea tse neng li ba khetholla hole le liphoofolo. (Genese 1:26, 27) Le hoja bofetoheli ba bona bo ile ba lihela moloko ’ohle oa batho sebeng le ho se phethahaleng, rōna joaloka litloholo tsa Adama, re ntse re na le matla a ho bonahatsa litšoaneleho tsa boitšoaro le tsa moea. Thato ea Molimo ke hore ba bontšang tumelo sehlabelong sa thekollo ba lokela ho hlobola botho ba khale ’me ba thabele “tokoloho ea khanya ea bana ba Molimo.”—Ba-Roma 6:6; 8:19-21; Ba-Galata 5:1, 24.
17. Ke hobane’ng ha ho loka le botšepehi e le litšobotsi tse ikhethang tsa botho bo bocha?
17 Ho loka le botšepehi ba ’nete ke litšoaneleho tse peli tse qolotsoeng ke Pauluse e le tse bontšang botho bo bocha. Sena se hatisa hape hore botho bo bocha bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng. Pesaleme ea 145:17 e re bolella hore: “Jehova o lokile litseleng tsa hae tsohle, o mohau liketsong tsa hae tsohle.” ’Me Tšenolo 16:5 e re ka Jehova: “U lokile, Morena, ea leng teng, ea neng a le teng.” Ka sebele, ho loka le botšepehi ke litšoaneleho tse hlokahalang haeba re tla phelela hore ebe re entsoe ka setšoantšo sa Molimo, re bonahatsa khanya ea hae. E se eka re ka tšoana le Zakaria, ntate oa Johanne Mokolobetsi, ea ileng a susumetsoa ke moea o halalelang hore a rorise Molimo bakeng sa ho fa batho ba Hae “tokelo ea ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang ka botšepehi le ho loka ntle ho tšabo.”—Luka 1:74, 75, NW.
“Le ’ne le Tsamaee Joaloka Bana ba Leseli”
18. Pauluse o re thusitse joang ho hlokomela litsela tsa lefatše kamoo li hlileng li leng ka teng?
18 Ka mor’a ho hlahloba mantsoe a Pauluse ho Ba-Efese 4:17-24 ka ho pharaletseng, re na le se sengata seo re ka nahanang ka sona. Litemaneng 17 ho ea ho 19, Pauluse o re thusa ho hlokomela seo litsela tsa lefatše li hlileng li leng sona. Kaha batho ba ntseng ba le lefatšeng ba hana tsebo ea Molimo ’me ba ithatafatsa lipelo, ba ikarotse mohloling oa ’nete oa bophelo. Kaha ha ba na morero oa sebele kapa tataiso, boiteko ba bona bo fella ka booatla le ho hloka thuso. Ba ntse ba tetebela tlaase ’me ba lahleheloa ke litekanyetso tsa boitšoaro le tsa moea. Ke boemo bo otlang pelo hakaakang! ’Me ke lebaka le matla hakaakang bakeng sa hore re ikemisetse ho tsoela pele re tsamaea joaloka bana ba leseli!
19. Re fumana keletso efe ea ho qetela ho Pauluse ea hore re ’ne re tsamaee joaloka bana ba leseli?
19 Joale, litemaneng 20 le 21, Pauluse o hatisa bohlokoa ba ho ithuta ’nete ka tieo e le hore re se ke ra tloaelana feela le ’nete empa re e phelele joaloka Jesu. Qetellong, litemaneng 22 ho ea ho 24, o re khothaletsa ho hlobola botho ba khale le ho apara bo bocha—ka boikemisetso, re sa cheche. Ho sa le joalo, re tlameha ho lula re laola tšekamelo ea rōna ea kelello tseleng e hahang, ea moea. Ka holim’a tsohle, re tlameha ho itšetleha ka Jehova bakeng sa ho fumana thuso ha re ntse re tsoela pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli. “Hobane Molimo o kileng oa re: Leseli le hlahe lefifing, ke oona o bonesitseng lipelong tsa rōna, ho hlahisa leseli la tsebo ea khanya ea Molimo e bonahalang ho Jesu Kreste.”—2 Ba-Korinthe 4:6.
Na U sa Hopola?
◻ Re ka “ithuta Kreste” joang kajeno?
◻ Ke hobane’ng ha re tlameha ho ikemisetsa ho hlobola botho ba khale?
◻ Matla a susumetsang kelello ke eng, hona a nchafatsoa joang?
◻ Ke litšoaneleho life tse bontšang botho bo bocha?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o itse: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo”
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
‘Hlobolang botho ba khale le mekhoa ea bona’—makoebeta, bohale, bobe, puo ea mahlapa, le leshano.—Ba-Kolosse 3:8, 9
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Aparang botho bo bocha . . . bo bōpiloeng ho latela thato ea Molimo ho lokeng le botšepehing ba ’nete.”—Ba-Efese 4:24, NW