“Kingdom Proclaimers” li Phunyeletsa Metsi a Mangata a Guyana
GUYANA.a Lentsoe lena la Maindia a Amerika le bolela “naha ea metsi a mangata.” Le hlalosa ka ho loketseng hakaakang karolo ea naha ena eo e leng eona feela eo ho buuoang Senyesemane ho eona Amerika Boroa. Naha ena e na le linōka tse ngata le melatsoana ea tsona tse entseng morabaraba holim’a eona, tse tsoelipanang ho tloha Lihlabeng tsa Guiana ho pholletsa merung ea libakeng tse chesang ho ea kena Leoatleng la Atlantic. Metsi ana ao ho sesisoang ho oona a etsa mohloli oa bophelo bakeng sa metse e mengata le mapolasi a qhalakaneng pel’a mabōpo a oona.
Lipaki tsa Jehova Guyana lia hlokomela hore ha Jesu a ne a bolela esale pele hore “evangeli ena ea ’muso [e ne] e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle,” hoo ho ne ho tla akareletsa ho bolela litaba tse molemo ho batho ba phelang masimong ana a iphaphathileng le nōka. (Mattheu 24:14) Ka hona, ka lilemo lihlopha tsa Lipaki, bongata ba tsona e le bo-pula-maliboho, li sebelisitse liketsoana, tse khōlō le tse nyenyane ho phunyeletsa metsi a Guyana ho tlisa litaba tse molemo ho batho.
Ho thusa mosebetsing ona, ho fihlela joale, Mokhatlo oa Watch Tower Guyana o ’nile oa sebelisa liketsoana tse hlano tsa mapolanka tse bitsoang Kingdom Proclaimer I ho isa ho Kingdom Proclaimer V. Li bolelele ba limithara tse supileng, ha lia khurumetsoa ka holimo, li na le bokatlaase bo motšetše, liketsoana tsena tsa mapolanka li bitsoa balahoo, li hahiloe le ho hlokomeloa ke lelapa la Lipaki. Lipaki tsa sebaka seo li ile tsa li rea Proclaimers (Baboleli) ka ho ameha ka lerato, tse peli tsa pele-pele li ile tsa phomotsoa mosebetsing ka mor’a ho sebelisoa ka mashome a lilemo. Leha ho le joalo, liketsoana tsa linomoro III, IV, le V, li ntse li sebelisoa bakeng sa tšebeletso, linōkeng tsa Pomeroon, Mahaica le Demerara.
Demerara
Brithani le likarolong tsa Europe, lentsoe “demerara” le ka ’na la hopotsa motho ’mala o mosootho, le o hlakileng joaloka ’moba o tsebisahalang haholo lijalong tse lengoang phuleng ena e seretse le eo ho ntseng ho setlellana khōhōleli ea nōka ho eona. Lebōpong le ka bophirimela la nōka, ’mila o tsoang lebōpong la leoatle o fella moo ’moba o lemiloeng ho fella teng. Ho tloha moo, Lipaki li itšetleha ka liketsoana tsa Kingdom Proclaimer ho tlisa molaetsa o monate oa ’Muso oa Jehova ho batho ba phelang haufi le nōka—Mahindu, Mamosleme le bao e leng Bakreste ka lebitso.
Phutuho tsa boboleli Demerara e ka ’na ea e-ba maeto a letsatsi le le leng kapa a ka nka libeke tse ’maloa, ho ntse ho tlohuoa seemelong se seng sa liketsoana ho isa ho se seng, ho tloha ka meso ho fihlela ka shoalane. Maetong a nkoang bosiu, hase feela hore bo-pula-maliboho ba phehela le ho jella ka seketsoaneng empa ba boetse ba robala ka har’a sona. Ha ho phirima, Proclaimer e fasoa sefateng sa mangrove kapa e emisoa ka ankora seemelong haeba se le teng. Lipalo tse peli tsa bolelele ba limithara tse 2,5 li hlongoa hloohong le karolong e ka morao ea seketsoana. Lipalo tsena tse otlolohileng li tlamiloe ka mohala o tšekalalitsoeng ka holimo, ’me li koahetsoe ka seile e khōlō e le ho etsa marulelo kapa bokaholimo. Mapolanka a sebelisoa joaloka libethe, ’me kobo le lakane li sebeletsa e le materase. Ho sa tsotellehe sena, boroko bo itlela habonolo ka mor’a letsatsi le lelelele.
Bo-pula-maliboho baa botsoa: “Na le itlhatsoa ka metsi a seretse?”
Karabo ke “eseng ha re ka khona ho a qoba! Neng le neng ha re feta molatsoaneng oa metsi a hloekileng, re tlatsa linkho tsa rōna ka metsi bakeng sa ho pheha, ho noa le ho itlhatsoa.”
Mamello ea bona e putsoa ka liphihlelo tse ngata tse monate. Ka lekhetlo le leng, monna e mong o ile a tla seemelong sa liketsoana, a ema a takalalitse, a itšoere thekeng, ’me o ile a re shebella ka thahasello e khōlō. “Kingdom Proclaimer V”! o ne a bala lebitso le ngotsoeng karolong e ka pele ea seketsoana a phahamisitse lentsoe. “E tlameha ebe le Lipaki tsa Jehova. Ke lōna feela batho ba sebelisang lentsoe ‘kingdom’ [’muso] ka tsela ena. Le na le Holo ea lōna ea ’Muso hape le boetse le na le Kingdom Proclaimer [’Moleli oa ’Muso].”
Ho Tloha Gileade ho ea Pomeroon
Mosebetsi Nōkeng ea Pomeroon o batla o e-na le tšobotsi e fapaneng, ho ea kamoo Frederick McAlman a hopolang. Ka mor’a selemo a filoe mangolo ke Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade ka 1970, o ile a tla Charity, motse oa mahaeng o ikhohlileng ka nōka o lik’hilomithara tse 34 ho kenella ka har’a naha lebōpong le ka bochabela ho Pomeroon, moo ho neng ho e-na le sehlopha sa bahoeletsi ba ’Muso ba bahlano.
Moena McAlman oa re phetela: “Ka lilemo tse telele tse hlano, re ile ra ‘thabela’ ho soka seketsoana sa Proclaimer II ho nyolosa le ho theosa nōka ea Pomeroon pele re fumana enjine e nang le matla a lekanang le a lipere tse tšeletseng e kileng ea sebelisoa. Ha re ntse re sesisa holim’a maqhubu, re ne re ee re bolele ho theosa le lebōpo le ka bochabela ho fihlela re fihla Hackney, [lik’hilomithara tse 11] ho tloha mateanong. Moo, ke moo re neng re tla robala hamonate lehaeng la Khaitseli DeCambra, ’melehisi ea neng a sebeletsa sebaka seo mehleng eo. Esale ka matjeke hoseng ho latelang, re ne re tla tsoela pele ho theosa re lebile mateanong a linōka pele re tšelela lebōpong le ka bophirimela. Joale ebe re khutla re ntse re sebetsa leetong la rōna la [lik’hilomithara tse 34] ho boela Charity.”
Enjine e nang le matla a lekanang le a lipere tse tšeletseng e ile ea ba sebeletsa hantle ka lilemo tse leshome. Joale, ka 1986, e ile ea nkeloa sebaka ke e ncha, ea moetso o matla a lekanang le a lipere tse 15. Ka mor’a ho sebeletsa Pomeroon ka botšepehi ka lilemo tse fetang 21, Moena McAlman a ka talima ka khotsofalo seo a se phethileng ha a bona Holo ea ’Muso e sa tsoa ahoa Charity, eo hona joale e sebelisoang ke phutheho ea bahoeletsi ba 43, ba theohang holimo le ba nyolohang tlaase ho nōka. Ka karolelano ba bang teng libokeng ba feta 60, ’me Sehopotsong sa 1992 sa lefu la Jesu Kreste, ba bile le letšoele la ba 190!
Ho Batla “Motho oa Watchtower”
’Mantaha ke letsatsi la ho ea ’marakeng Charity. Kahoo ke nako e loketseng bakeng sa ho bolela litaba tse molemo, ’me Lipaki li teng moo ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka letsatsi le leng qalong ea bo-1970, Monica Fitzallen ea neng a tsoa Warimuri tikolohong ea Moruka o ile a tla ’marakeng ’me a amohela limakasine tse peli ho Moena McAlman. Empa ha a fihla hae, a beha limakasine tseo ka tlaase-tlaase ka lekaseng la hae la liphahlo.
“Li ile tsa lula moo ka lilemo tse peli ke sa li bale,” Monica oa hopola. “Joale ka kula ’me ka robatsoa betheng ka nako e itseng. Eare ha ke ntse ke hlaphoheloa, ka qalella ho nyakurela sekhechana se seng le se seng se nang le ho ka baloang ka tlung e le ho ipoloka ke e-na le seo ke se etsang. Qetellong, ke ile ka hopola limakasine tse peli tse ka lekaseng la liphahlo eaba ke qala ho li hlahlobisisa.” Seo a se balang se ile sa utloahala e le ’nete ho eena hang-hang.
Ha Monica a se a hlaphohetsoe, o ile a kōpa monna oa hae, Eugene, hore a batle mosebetsi Pomeroon e le hore mohlomong a ka fumana moo monna ea ileng a mo fa limakasine tseo a leng hona teng. Eugene o ile a lumela empa o ne a ka fumana mosebetsi polasing e tikolohong ea Pomeroon bakeng sa beke e le ’ngoe, ho tloha ka ’Mantaha ho fihlela ka Moqebelo thapama.
Ho fihlela ka Moqebelo oo, Monica o ne a ntse a e-s’o fumane monna ea neng a mo file limakasine. Eare ha e batla e e-ba motšehare o moholo, a botsa monna oa hae hore na maqhubu a tla ba lumella ho sesisa ho leba Charity ho ea batla “motho oa Watchtower.” Eare moo a qetang ho bua feela, ba utloa liqi tselaneng eo ho tsamauoang ho eona ’me ba bona sefahleho se bososelang sa khaitseli ea neng a tlil’o ba fa likopi tsa limakasine tsa morao-rao. Monica o ile a botsa, “Na u e mong oa batho ba Watchtower?” O ile a phaella ka lipotso tse ngata hoo khaitseli a ileng a lokela ho ea batla thuso seketsoaneng. O ile a tla a e-na le mang? E ne e se e mong haese Moena McAlman!
Ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele ka ngollano. Nakoana hamorao, Monica o ile a romela lengolo la hae la ho itokolla Kerekeng ea Chache. Ha a le arabela moruti o ile a mo ngolla molaetsanyana o mokhutšoaane: “U se ke oa mamela ma-JW [Lipaki tsa Jehova]. Lia fokola kutloisisong ea tsona ea Bibele. Ke tla tla re tl’o buisana ka taba ena.” Ho fihlela lena le holimo, moruti ha a e-s’o tle. Ho sa le joalo, Monica o ile a kolobetsoa ka 1975. Selemo hamorao, monna oa hae, eo hona joale ka lebaka la kameho e lerato baena ba mo bitsang Malome Eugene, le eena o ile a kolobetsoa ka mor’a hore a hlahlobisise Mangolo ka hloko. (Liketso 17:10, 11) Le hoja ho tloha moo ba phelang teng ho ea phuthehong e haufinyane ea Charity e le leeto la lihora tse 12 ka seketsoana, e ntse e le bahoeletsi ba mafolo-folo ba ’Muso ho fihlela kajeno.
Maeto a Boromuoa ho Kenella ka Har’a Naha
Lilemong tsa morao tjena Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa tšehetsa ka lichelete maeto a nkoang ka mehla a boromuoa ho kenella ka hare-hare ho naha. Ka thuso ea liketsoana tsa enjine, baithaopi ba nang le boithatelo bo botle ba latsoitse thabo ea ho isa litaba tse molemo ho batho, ba phelang tikolohong ena ea Maindia a Amerika le libakeng tse ka thōko moo batho ba phelang ka ho rema meru le ka temo mahaeng ana a haufi le metsi ao ho sesisoang ho oona. Bo-pula-maliboho bao e leng bona ka kutloisiso ea sebele ea lentsoe leo, ba na le tokelo ea ho tlisa “lebitso la Jehova” le bolokang bophelo libakeng tsena tse ka thōko ka lekhetlo la pele. (Ba-Roma 10:13-15, NW) Baena ba lokela ho mamella mathata a mangata, ka linako tse ling ba sesisa metsing ana ao ho sesisoang ho oona ka matsatsi a tletseng a mararo hore ba fihle ho tse ling tsa libaka tsena. Empa meputso e lokela boiteko bona.
Leetong la pele la boromuoa ka July 1991, ho ile ha kopanoa le mohlankana e mong oa Mopentekonta, ea phelang haufi le moo ho lulang batho ba remang lifate ba Kwebanna Nōkeng ea Waini. Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le eena, leetong la ho boela ka October. Ka lekhetlo la pele, o ile a bona Bibeleng ea hae hore lebitso la Molimo ke Jehova, hore Jesu hase Ea Matla ’Ohle, le hore thuto ea Boraro-bo-bong hase ea Mangolo. (Pesaleme ea 83:18; 1 Ba-Korinthe 11:3) O ne a tletsoe ke cheseho hoo, ka mor’a hore baena ba tsamaee, a ileng a bokella ba bang ba Bapentekonta-’moho le eena ’me a qalella ho ba bontša Libibeleng tsa bona ’nete ka Jehova Molimo le ka Jesu Kreste. Ha ba bangata ba hana ho amohela ’nete, a etsa qeto ea hore eo e ne e le nako ea ho ikhula le ho tsoa “Babylona e moholo.” (Tšenolo 18:2, 4) Ha baena ba mo etela hape ka February 1992, o ile a ba phetela se etsahetseng ’me a phaella ka hore: “Ke batla ho ba e mong oa lōna. Ke batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke batla ho ruta batho ’nete!”
Liphihlelo tse kang eo li thusa baena ho tsoela pele mosebetsing ona o phephetsang. Ba nkang maeto a boromuoa ba tlameha ho tela lehae le mabotho-botho, ho pepesetsehela mafu a kang malaria, le ho mamella likotsi tse tsometsang tsa bophelo ba likhoeng. Empa ba salang hae baa itela le bona. Malapa a hloloheloa baratuoa ba ’ona, ka linako tse ling hoo ho etsahala libeke lekhetlo ka leng. Liphutheho li lokela ho tsoela pele ho se baholo kapa banna ba bang ba bacha ba tsona, ha maemong a mang, ho sala moena a le mong feela bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa phutheho. Ho ntse ho le joalo, ke thabo e kaakang le khothatso tse bang teng ha phutheho e utloa liphihlelo tsa bona tse susumetsang ha ba khutla! Ho intša sehlabelo ho bonahala e le ho fokolang haholo ha ho bapisoa le thabo.
Baboleli ba ’Muso ba phunyeletsang metsi a mangata a Guyana ka litaba tse molemo ruri ba thabela phihlelo e ikhethang. Hammoho le basebetsi-’moho le bona ba lefatšeng lohle, ka sebete le ka boithatelo ba hlahisa “sehlabelo sa thoriso ho Molimo, ke hore, tholoana ea melomo e etsang polelo ea phatlalatsa ea lebitso la hae.”—Ba-Heberu 13:15, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pele e ne e le British Guiana, lebitso leo le ile la fetoleloa ho la Guyana ka mor’a hore naha eo e fumane boipuso ho Brithani ka 1966.
[Limmapa tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
HONDURAS
NICARAGUA
COSTA RICA
PANAMA
VENEZUELA
COLOMBIA
GUYANA
SURINAME
FRENCH GUIANA
BRAZIL
BOLIVIA
ATLANTIC OCEAN
[Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]
Ka ho le letšehali: Ho paka letsatsing la ho ea ’marakeng
Ka holimo: Ho buisana ka litaba tse molemo Nōkeng ea Demerara
Holimo ka ho le letona: Sehlopha sa baromuoa se sesisa ho boela kampong