Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 8/15 leq. 31
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Etsa Selekane le Abrahama
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Jehova o Ile a mo Bitsa Motsoalle oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Abrahama—O ne a le Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Tiisang Lipelo Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 8/15 leq. 31

Na U sa Hopola?

Na u fumane litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa li na le bohlokoa bo sebetsang ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa hlahlobe mohopolo oa hao ka lipotso tse latelang:

▫ Haeba monahano leha e le ofe o mobe o itlisa kelellong ea rōna o sa mengoa, re lokela ho etsa’ng?

Re lokela ho fetola seo re nahanang ka sona, re ka ’na ra otlolla maoto ka ho tsamaea, ra bala ntho e itseng, kapa ra etsa mosebetsi o itseng oa ntlo. Thapelo e boetse ke thuso e matla boemong bo joalo. (Pesaleme ea 62:8)—4/15, leqephe 17.

▫ Ke hobane’ng ha bacha ba lokela ho ba hlokolosi ka mofuta oa ’mino oo ba o mamelang?

’Mino o na le matla a ho tsosa maikutlo, a ho hapa, le ho susumetsa. Kaha mefuta e mengata ea ’mino o ratoang haholo e na le melaetsa e mengata ea mantsoe a buang ka botona le botšehali haesita le lipolelo tse poteletseng tsa boitšoaro bo bobe, ho bonolo ho hlokomela hore ho lokela ho sebelisoe kelo-hloko e khōlō ha ho khethoa lirekoto, litheipi, le li-disc.—4/15, maqephe 20-1.

▫ Ho boleloa’ng ka polelo “ho beng teng ha Morena oa rōna Jesu Kreste”? (1 Ba-Thessalonika 5:23, NW)

Hona ho bolela ho ba teng ho sa bonahaleng ha Morena Jesu Kreste pusong e le Morena, ho tloha ka 1914, le nako e latelang ho behoa ha hae teroneng leholimong. (Pesaleme ea 110:1, 2)—5/1, leqephe 11.

▫ Ho ile ha sebeletsa morero ofe hore Jehova a hloekise tempele ea hae ea moea? (Malakia 3:1-4)

Jehova o ne a batla hore tempele ea hae e be boemong bo hloekileng e le hore ha barapeli ba bangata haholo ba nang le tšepo ea lefatšeng ba tlisoa ho eona, ba ka fumana sebaka seo borena ba hae ba bokahohleng bo hlomphuoang teng, moo lebitso la hae la bomolimo le halaletsoang, le moo melao ea hae e lokileng e utluoang teng.—5/1, leqephe 16.

▫ Ke life “lintho tsohle” tseo Kreste Jesu a li nehang lekhoba la hae le khethiloeng? (Mattheu 24:45-47, NW)

“Lintho tsohle” tsena li bolela matlotlo ’ohle a moea lefatšeng a fetohileng thepa ea Kreste mabapi le matla a hae a taolo joaloka Morena oa leholimo. Hona ho ne ho tla akareletsa thomo ea ho etsa barutuoa ba Kreste ba batho ba lichaba tsohle. (Mattheu 28:19, 20)—5/1, leqephe 17.

▫ Ho latela khothaletso ea Petrose ho 1 Petrose 5:2, ke joang baholo ba Bakreste ba bontšang “ho rata” bolisa?

Moholo oa Mokreste ea tsotellang linku o tla phetha bolisa ba hae ka ho rata, ka boithatelo ba hae bo botle, tlas’a tataiso ea Molisa ea Molemo, Jesu Kreste. Ho sebeletsa ka ho rata hape ho bolela hore molisa oa Mokreste o ikokobeletsa bobusi ba Jehova ’me o bontša tlhompho bakeng sa tokisetso ea puso ea Molimo.—5/15, leqephe 20.

▫ Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re mang le mang ea mo latelang o ne a tlameha ho ‘itela’? (Mattheu 16:24)

Ho ‘itela’ ho bolela ho intša bolaoling ba hao ’me u ipeha tlas’a bolaoli ba Jehova. (1 Ba-Korinthe 6:19, 20) Ho bolela hore u phelela ho thabisa Molimo, eseng uena. (Ba-Roma 14:8)—6/1, leqephe 9.

▫ Ke eng se hlokahalang hore motho a thabe?

Ho thabela kamano e ntle le Jehova le ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea hae ho tlisa thabo ea ’nete bophelong ba motho.—6/1, leqephe 22.

▫ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Abrahama ho bua le eena ka bolokolohi hakaale mabapi le morero oa Hae oa ho timetsa Sodoma? (Genese 18:22-32)

Lebaka le leng ke hobane Abrahama e ne e le motsoalle oa Molimo. (Jakobo 2:23) Ho phaella moo, Jehova o ne a hlokomela boikutlo bo tšoenyehileng ba Abrahama. Molimo o ne a tseba hore Lota mochana oa Abrahama o ne a lula Sodoma le hore Abrahama o ne a amehile haholo ka polokeho ea Lota. Ka mabaka ana Jehova o ne a ikemiselitse ho araba lipotso tsa Abrahama mabapi le morero oa Hae oa ho timetsa Sodoma.—6/15, leqephe 16.

▫ Na Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta lekholong la bo16 la lilemo e ile ea tšoaea ho khutla ha Bokreste ba ’nete?

Che, ha ea ka ea etsa joalo! Ho e-na le hore e tlise ho khutla ha Bokreste ba sebele, Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea hlahisa likereke tse ngata tsa sechaba kapa tsa sebaka ka seng tse qekisang ho ratoa ke mebuso ea lipolotiki le tseo ka mafolo-folo li tšehelitseng mebuso ea lipolotiki lintoeng tsa eona.—7/1, maqephe 10-11.

▫ “Matlotlo leholimong” ao Jesu a buileng ka ’ona ho Mattheu 6:20 ke eng?

Ana ke matlotlo ao le ka mohla a sa feleng, ho akareletsa lebitso le letle le Jehova le tlaleho e tšepahalang ea tšebeletso ea Bokreste. Tsena ke tse ling tsa lintho tseo le ka mohla Jehova a sa li lebaleng. (Ba-Heberu 6:10)—7/1, leqephe 32.

▫ Ke litšoaneleho life tseo Petrose a li bolelang e le tsa bohlokoa haholo tumelong ea rōna? (2 Petrose 1:5-7, NW)

Petrose o boletse hore bokhabane, tsebo, boitšoaro, tiisetso, boinehelo ba bomolimo, lerato la boena, le lerato ho bohle li lokela ho ekelletsoa tumelong ea rōna.—7/15, leqephe 13.

▫ Ke temoso efe bakeng sa bahlanka ba Molimo e fumanoang tlalehong ea sebe sa Davida le Bathe-Sheba? (2 Samuele 11:2-4)

Le hoja Davida a ne a lokolohile hore a thabele monyaka lenyalong la hae, o ile a lumella takatso e litšila ea likamano tsa botona le botšehali ho hōla. A hlokomela kamoo mosali oa Uria a neng a le motle ka teng, ha a ka a laola monahano—le liketso—ka ho ithabisa le Bathe-Sheba ka litšila. Ho ka etsahala ntho e tšoanang ho leha e le ofe oa bahlanka ba Molimo haeba a sa lahle mofuta ona oa meharo. (Jakobo 1:14, 15)—8/1, leqephe 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela