Kamoo Bakreste ba ka Thusang ba Hōlileng
LENGOLONG la hae la bobeli le eang ho Bakorinthe moapostola Pauluse o itse: “Ka baka leo, ha re tepelle; empa leha motho oa rōna oa kantle a ntse a senyeha, motho oa kahare, eena, o ntse a nchafala ka letatsi le letsatsi. . . . Ha re fela re sa talime tse bonahalang, re mpa re talima tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela; empa tse sa bonahaleng ha li ka ke tsa e-ba le bofelo.”—2 Ba-Korinthe 4:16-18.
Linakong tsa boholo-holo, banna le basali ba tumelo ba ile ba tsepamisa mahlo a bona linthong tse sa bonoeng, tse neng li akareletsa lintho tsohle tseo Molimo oa bona, Jehova a neng a tšepisitse hore o tla li etsa ka nako e loketseng. Bukeng ea Ba-Heberu, Pauluse o bua hamolemo ka ba joalo, ba bolokileng tumelo ea bona ho fihlela lefung la bona—’me ba bang ba bona ba ile ba phela ho fihlela ba tsofala haholo. O bua ka bona e le mehlala ea rōna, ha a re: “Bao bohle ba shoele ka tumelo, ba e-so ho neoe tseo ba li baletsoeng, ba mpa ba li bonetse hole.”—Ba-Heberu 11:13.
Kajeno re haufi haholo le phethahatso ea litšepiso tsena. Empa re na le ba hōlileng ba kulang ka har’a rōna ba sa tiisehang hore bona ka bobona ba tla phela ho bona bofelo ba tsamaiso ena e khopo. Mohlomong ba bang ba bona le bona ba tla shoa ka tumelo ba sa ka ba bona ha litšepiso tsena tsohle li phethahatsoa nakong ea bophelo ba bona ba hona joale. Ho ba joalo mantsoe a Pauluse a ho 2 Ba-Korinthe 4:16-18 e ka ba khothatso e khōlō.
Jehova o hopola bohle ba tšepahalang ba hae, ho akareletsa le ba kulang le ba hōlileng. (Ba-Heberu 6:10) Ho buuoa ka ba hōlileng ba tšepahalang ka tsela e hlomphehang libakeng tse ngata ka Bibeleng, ’me Molaong oa Moshe, ho buuoe ka tsela e khethehileng ka tlhompho e lokelang ho bontšoa ba hōlileng. (Levitike 19:32; Pesaleme ea 92:12-15; Liproverbia 16:31) Har’a Bakreste ba pele, ba hōlileng ba ne ba tšoaroa ka tlhompho. (1 Timothea 5:1-3; 1 Petrose 5:5) Buka e ’ngoe ea Bibele e na le tlhaloso e ntle ea tlhokomelo e lerato le boitelo bo amang pelo bo bontšitsoeng ke mosali e mocha ho ’mè matsale oa hae ea hōlileng. Buka ena ka ho loketseng e reheletsoe mosali eo e mocha, Ruthe.
Mothusi ea Inehetseng
Bophelo bo ne bo le bosula bakeng sa Naomi ea hōlileng. Tlala e ne e ile ea mo qobella, hammoho le lelapa la hae le lenyenyane, hore ba siee metsoalle le lefa Juda ’me ba e’o phela ka bochabela ho Nōka ea Jordane naheng ea Moabe. Mona ke moo monna oa Naomi a ileng a shoela teng, a mo siea a le mong le bashemane ba bona ba babeli. Ha nako e ntse e feta, ba ile ba hōla ’me ba nyala, empa eaba le bona baa shoa. Naomi o ne a setse a se na majalefa a ka mo hlokomelang.
O ne a hōlile haholo hoo a neng a ke ke a qalisa lelapa le lecha, ’me bophelo bo ne bo se na ho hongata hoo bo ka mo fang hona. Ka ho hloka boithati, o ne a batla ho romela Ruthe le Orpa, e leng bahlolohali ba bara ba hae ba babeli ho bo-’m’a bona e le hore ba ka iphumanela banna. O ne a tla khutlela naheng ea habo a le mong. Le kajeno ba hōlileng ba ikutloa ba nyahame, haholo-holo haeba ba lahlehetsoe ke baratuoa ba bona ka lefu. Joaloka Naomi, e ka ’na eaba ba hloka e mong ea ka ba hlokomelang, empa ha ba rate ho ba meroalo.
Leha ho le joalo, Ruthe ha a ka a siea ’mè matsale oa hae. O ne a rata mosali enoa ea hōlileng, ’me o ne a rata Jehova, Molimo ea neng a rapeloa ke Naomi. (Ruthe 1:16) Kahoo ba ile ba nka leeto la ho khutlela Juda ba le babeli. Naheng eo, ho ne ho na le tokisetso e lerato tlas’a Molao oa Jehova ea hore mafutsana a ne a ka khoahlapisa, kapa a bokella, eng le eng e neng e siiiloe masimong ka mor’a hore se kotutsoeng se phuthoe. Ruthe, ea neng a le mocha, ka boithatelo o ile a ithaopela ho etsa mosebetsi ona, a re: “Ntumelle hle ke ee masimong.” O ile a sebetsa a sa khathale molemong oa bona ba le babeli.—Ruthe 2:2, 17, 18.
Botšepehi ba Ruthe le lerato bakeng sa Jehova e bile khothatso e matla ho Naomi, ea ileng a qala ho nahana ka tsela e nepahetseng le e molemo. Tsebo ea hae ea Molao le meetlo ea naha eo e bile molemo ka nako eo. O ile a fana ka keletso e bohlale ho mothusi oa hae ea inehetseng e le hore mosali enoa e mocha, ka tokisetso ea hore mohlolohali a nyaloe ke ngoan’abo monna oa hae, lefa la lelapa le ka khutla ’me a be le mora e le hore leloko le ka tsoela pele. (Ruthe, khaolo 3) Ruthe ke mohlala o motle bakeng sa ba etsang mahlabelo molemong oa ba kulang kapa ba hōlileng. (Ruthe 2:10-12) Ka har’a phutheho kajeno, ho ka etsoa ho hongata ka tsela e tšoanang bakeng sa ho thusa ba kulang le ba hōlileng. Joang?
Tlhophiso ke ea Bohlokoa
Phuthehong ea pele ea Bokreste, ho ne ho bolokoa lethathamo la bahlolohali ba hlokang tšehetso ea lintho tse bonahalang. (1 Timothea 5:9, 10) Ka ho tšoanang kajeno, maemong a mang baholo ba ka ’na ba etsa lethathamo la ba kulang le ba hōlileng ba hlokang tlhokomelo e khethehileng. Liphuthehong tse ling moholo o ile a kōptjoa hore a hlokomele sena e le boikarabelo ba hae bo khethehileng. Kaha bongata ba ba hōlileng, joaloka Naomi, ha ba na tšekamelo ea ho kōpa thuso, moena ea joalo o tlameha hore a be le tsebo ea ho hlahloba boemo ’me—ka tsela e hlokolosi le e bohlale—a tiisehe hore lintho tse hlokahalang lia etsoa. Ka mohlala, a ka hlokomela hore na Holo ea ’Muso e na le litokisetso tse lekaneng bakeng sa ba kulang le ba hōlileng. Haeba e le ntho e ka etsoang, a ka nahanela lintho tse kang tsela e thulametseng e hloellang mothating o ka holimo bakeng sa litulo tsa likooa, litokisetso tsa matloana a loketseng, li-earphone bakeng sa ba nang le bothata ba ho se utloe litsebeng, le sebaka sa litulo tse khethehileng. Hape moena enoa a ka tiisa hore bohle ba sitoang ho tla Holong ea ’Muso ba alingoa theipi ea liboka kapa ba li fumana ka hore li hokahanngoe thelefonong.
Ho ka ’na ha ba le tlhokahalo ea ho hlophisa lipalangoang tse eang libokeng le likopanong. Khaitseli e mong ea hōlileng o bile le bothata hobane ea neng a mo isa libokeng ka mehla o ne a le sieo. O ile a tlameha ho letsetsa batho ba bangata pele a fumana ea ka mo isang libokeng ’me sena se ile sa fella ka hore a ikutloe hore ke moroalo. Ho etsa tokisetso ea moholo ea ka hlokomelang litaba tse joalo ho ka be ho ile ha fokotsa masoabi a hae.
Moholo enoa a ka kōpa malapa a fapaneng hore a chenchane ka ho etela ba hōlileng. Ka tsela ena bana ba ka ithuta hore ho hlokomela ba hōlileng ke karolo ea bophelo ba Bokreste. Ho molemo hore bana ba ithute ho jara boikarabelo bona. (1 Timothea 5:4) Molebeli e mong oa potoloho oa bolela: “Phihlelong ea ka, ke bana ba seng bakae kapa bacha ba etelang ba hōlileng kapa ba kulang ka boithaopo.” Mohlomong ke feela hore ha ba nahane ka hona, kapa mohlomong ba ikutloa ba sa kholiseha tabeng ea hore ba lokela ho etsa kapa ho bua eng; batsoali ba ka ba ruta sena.
Leha ho le joalo, hopola hore bongata ba ba hōlileng ba ka ananela ho tseba esale pele hore na motsoalle o tla tla ka nako efe. Sena se ba fa thabo e eketsehileng ea ho lebella moeti. Haeba baeti ba tlisa lintho tse kang kofi kapa kuku, ’me ba hloekisa kapele ka mor’a moo, ba tlosa moroalo o eketsehileng ho motho ea hōlileng. Banyalani ba bang ba hōlileng, ba ntseng ba le matla, ba na le letsatsi leo ba le khethileng beke ka ’ngoe leo ka lona ba lokisang lijo tse seng kae tsa pikiniki ebe ba etela ba ’maloa ba hōlileng ka phuthehong. Liketelo tsa bona li ananeloa haholo.
Molemong oa ba hōlileng, liphutheho tse ngata li tšoara Thuto ea Buka ea Phutheho motšehare. Sebakeng se seng malapa le bahoeletsi ba masoha ba ile ba botsoa hore na baa rata ’me ba ka khona ho tšehetsa sehlopha se joalo, ’me phello e bile sehlopha sa thuto ea buka seo ho sona ba hōlileng le ba bacha ba hlokomelanang.
Ha hoa lokela hore ho tlohelloe baholo hore e be bona feela ba etsang boiteko karolong ena. Kaofela ha rōna re tlameha ho hlokomela litlhoko tsa ba kulang le ba hōlileng. Re ka ba lumelisa Holong ea ’Muso le ho ipha nako ea ho buisana le bona. Memo ea ho ba teng ’mokeng oa botsoalle e ka ananeloa. Kapa re ka ba memela hore ba tsamaee le rōna ha re ea pikiniking kapa phomolong. Paki e ’ngoe e ne e atisa ho tsamaea le bahoeletsi ba hōlileng ka koloing ea eona ha e tsoela ka ntle ho toropo maetong a eona a khoebo. Ke habohlokoa ho thusa ba hōlileng hore ba tsoele pele ho ikutloa hore baa kopanyeletsoa. U se ke ua ba lumella hore ba ikhule, joalokaha Naomi a ne a na le tšekamelo ea ho etsa joalo, e leng ho ka potlakisang ho hōla ha bona kapa ho fokola.
Bacha bao e leng likooa kapa ba kulang le bona ba hloka tlhokomelo. Paki e neng e na le bashemane ba bararo ba holofetseng, bao ba babeli ho bona ba ileng ba e-shoa, e re: “Ho ka ba thata bakeng sa phutheho hore e tsoele pele ho hlokomela motho ea nang le lefu le tsoelang pele ka nako e telele. Ke hobane’ng ha ho sa abeloe bahoeletsi ba tšepahalang ba bacha hore ba tšoare temana ea letsatsi le ho bala khaolo ea Bibele letsatsi ka leng le motsoalle oa bona ea robetseng ka linako tsohle? Bacha, ho kopanyeletsa le bo-pula-maliboho, ba ka chenchana.”
Ha ho Bonahala eka Lefu le ke ke la Qojoa
Bahlanka ba Jehova ba ’nile ba talimana le lefu ka sebete, ho sa tsotellehe hore na le bakoa ke ho kula kapa mahloriso. Ha ba leng mahlomoleng ba qala ho ikutloa hore lefu le atametse, ka tlhaho ba ba le boikutlo bo fapaneng. Ka mor’a lefu la bona, beng ka bona le bona ba ka feta nakong ea phetoho, mesarelo le ho amohela se etsahetseng. Kahoo hangata ho molemo hore mokuli a bue phatlalatsa ka lefu, joalokaha Jakobo, Davida le Pauluse ba ile ba etsa.—Genese, khaolo 48 le 49; 1 Marena 2:1-10; 2 Timothea 4:6-8.
Paki eo e leng ngaka ea ngola: “Re tlameha ho senola ntho e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le taba ena. Mosebetsing oa ka le ka mohla ha ke e-s’o fumane ho pata ’nete ea hore mokuli o kulela lefu ho mo tsoetse molemo leha e le ofe.” Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re utloisise seo mokuli ka boeena a batlang ho se tseba le hore na u batla ho se tseba neng. Bakuli ba bang ka ho hlakileng ba bontša hore baa hlokomela ka ho atamela ha lefu la bona, ’me ba batla ho buisana le ba bang ka mehopolo ea bona le maikutlo mabapi le sena. Ba bang ba bonahala ba phehella ho ba le tšepo, ’me metsoalle ea bona e etsa hantle ha e ba tšehetsa tabeng ena.—Bapisa le Ba-Roma 12:12-15.
Motho ea makhatheng a lefu a ka ’na a khathala kapa a ferekana hoo ho leng thata hore a ka rapela. Mohlomong mokuli ea joalo a ka ’na a tšelisoa ke ho ithuta ho Ba-Roma 8:26, 27 hore Molimo o utloisisa “mefehelo e ke keng ea boleloa.” Jehova o tseba hore ka tlas’a khatello motho a ka ’na a thatafalloa ho fumana mantsoe ao a ka a buang thapelong.
Ha ho khoneha, ke habohlokoa ho rapela le mokuli. Moena e mong oa pheta: “Ha ’mè oa ka a ne a le makhatheng a lefu ’me a se a se na matla a ho bua, o ne a bontša ka ho phutha matsoho hore o batla hore re rapele le eena. Ka mor’a thapelo ea rōna, re ne re binela ’mè e ’ngoe ea lipina tsa ’Muso, hobane ’mè o ne a thahasella ’mino haholo. Qalong re ne re etsa molumo o lumellanang le morethetho oa pina, ebe re bina pina ka mantsoe ka bonolo. Ho hlakile hore o ne a ho thabela. Ha ho pelaelo, lipina tsena tseo re li hokahanyang le bophelo ba rōna joaloka Lipaki tsa Jehova li jere maikutlo ao ka ntle ho tsona ho neng ho tla ba thata ho a ntša.”
Ho bua le motho ea makhatheng a lefu ho hloka lerato, bohlale le maikutlo. Moeti a ka lokisetsa litaba tse hahang le tse matlafatsang tumelo tseo a ka li buang, ’me o lokela ho ba hlokolosi hore a qobe puo e fosahetseng ka batho ba bang le mathata a bona. Hape, nako ea ketelo e lokela ho lumellanngoa le se utloahalang le se loketseng. Haeba ho bonahala hore mokuli o akhehile, ho molemo ho hopola hore a ka ’na a khona ho utloa se buuoang. Kahoo hlokomela seo u se buang.
Boikarabelo boo re bo Kopanetseng
Ho hlokomela ba kulang le ba hōlileng ke boikarabelo bo boima. Ho ba leng haufinyane haholo le mokuli, bo hloka boiteko bo bongata, ’meleng le maikutlong. Ba hloka ho utloisisoa le ho fumana thuso ho litho tse ling tsa phutheho ’me hoa ba lokela. Ba hlokomelang litho tsa lelapa tse kulang kapa balumeli-’moho le bona ba etsa se nepahetseng, le haeba ho hlokahala hore ka nako e itseng ba se ke ba ea libokeng tse ling kapa ba fokotsa nako eo ba e nkang tšebeletsong ea tšimo. (Bapisa le 1 Timothea 5:8.) Ba tla matlafatsoa ke boikutlo ba phutheho bo bontšang kutloisiso. Ka linako tse ling moena kapa khaitseli a ka ’na a khona ho hlokomela mokuli ka nakoana e le hore motho ea mo hlokomelang ka mehla a ka ea sebokeng kapa a thabela nako e seng kae mosebetsing oa boboleli.
Ho hlakile hore haeba uena ka bouena u kula, le uena u ka etsa ho hong. Ho hloka tšepo le ho ba le boikutlo ba ho se sireletsehe mabapi le ho holofala ha hao ho ka u halefisa, empa ho halefa ho arola motho ho batho ba bang ’me ho leleka ba bang ho eena. Ho e-na le hoo u ka bontša kananelo le ho ba le tšebelisano-’moho. (1 Ba-Thessalonika 5:18) Rapella ba bang ba leng bohlokong. (Ba-Kolosse 4:12) Nahanisisa ka linnete tse babatsehang tsa Bibele, ’me u buisane le baeti ka tsona. (Pesaleme ea 71:17, 18) Ka thahasello khema le tsoelo-pele e matlafatsang tumelo ea batho ba Molimo. (Pesaleme ea 48:12-14) Leboha Jehova bakeng sa tsoelo-pele ena e thabisang. Ho nahanisisa ka litaba tse joalo ho ka etsa hore matsatsi a rōna a ho qetela a be matle ka tsela e khethehileng, joaloka letsatsi le likelang le tlisang leseli le khanyetsang hōle le le futhumetseng ho feta la letsatsi nakong ea motšehare o moholo.
Kaofela ha rōna re lokela ho loanela ho boloka tšepo e lebelang likelello tsa rōna joaloka heleme, haholo-holo linakong tsa teko. (1 Ba-Thessalonika 5:8) Ho molemo ho nahanisisa ka tšepo ea tsoho le motheo oa eona o matla. Re ka lebella ka tebello e nang le taba-tabelo le ka kholiseho letsatsi leo ka lona ho kula kapa mefokolo e tlisoang ke ho hōla e sa tl’o hlola e e-ba teng. Ka nako eo, e mong le e mong o tla phela hantle. Esita le bafu ba tla tsoha. (Johanne 5:28, 29) Re bona “lintho tse sa bonoeng” ka mahlo a rōna a tumelo le ka lipelo tsa rōna. Le ka mohla u se ke ua felloa ke pono ea tsona.—Esaia 25:8; 33:24; Tšenolo 21:3, 4.