Lelapa la Bokreste le Thusa ba Seng ba Hōlile
“U se ke ua ntahla mehleng ea botsofali ba ka; ha matla a ka a fela, u se ke ua ntlohela.”—PESALEME EA 71:9.
1. Batho ba hōlileng ba tšoaroa joang lichabeng tse ngata?
THE Wall Street Journal e re: “Lipatlisiso li bontša hore hoo e ka bang batho ba hōlileng ba tšeletseng ho ba supileng (86%) ba hlekefetsoang ba tšoeroe hampe ke malapa a bona.” Makasine oa Modern Maturity o itse: “Ho hlekefetsa batho ba hōlileng ke [pefo ea lelapa] ea morao-rao eo pele e neng e le pinyane empa joale e pepesitsoe likoranteng tsa sechaba.” E, batho ba hōlileng lichabeng tse ngata ba fetohile bahlaseluoa ba ho hlekefetsoa le ho lahloa kherehloa ka ho feletseng. Ruri re phela nakong ea ha ba bangata ‘e le baithati, ba hloka teboho, ba se na lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha.’—2 Timothea 3:1-3.
2. Ho latela Mangolo a Seheberu, Jehova o talima ba hōlileng joang?
2 Leha ho le joalo, hase kamoo batho ba hōlileng ba neng ba lokela ho tšoaroa ka teng Iseraeleng ea boholo-holo. Molao o ne o re: “U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u hlomphe ea hōlileng. Tšaba Molimo oa hao. Ke ’na Jehova.” Buka ea maele a bululetsoeng a bohlale ea re eletsa: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” E-ea laela: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao.” Molao oa Moshe o ne o ruta tlhompho le ho nahanela batho ba hōlileng ba batona le ba batšehali. Ka ho hlakileng, Jehova o lakatsa hore batho ba hōlileng ba nkoe e le ba bohlokoa.—Levitike 19:32; Liproverbia 1:8; 23:22.
Ho Hlokomela ba Hōlileng Mehleng ea Bibele
3. Josefa o ile a bontša ntat’ae ea hōlileng kutloelo-bohloko joang?
3 Tlhompho e ne e lokela ho se bontšoe feela ka mantsoe empa le ka liketso tse bontšang ho nahanela. Josefa o ile a bontša kutloelo-bohloko e khōlō ho ntat’ae ea hōlileng. O ne a batla hore Jakobo a nke leeto la ho tloha Kanana ho ea Egepeta, sebaka sa lik’hilomithara tse fetang 300. Kahoo Josefa o ile a romela Jakobo “liesele tse leshome, li belesitse mesebetsi ea Egepeta e fetisang ka botle, le liesele tse tšehali tse leshome li belesitse koro, le bohobe, le mefaho ea ntat’ae ea tsela.” Ha Jakobo a fihla Goshene, Josefa o ile a ea ho eena “a oela molaleng oa hae, a lla halelele molaleng oa hae.” Josefa o ile a bontša ntat’ae kameho e tebileng. Ke mohlala o susumetsang hakaakang o bontšang ho ameha ka ba hōlileng!—Genese 45:23; 46:5, 29.
4. Ke hobane’ng ha Ruthe e le mohlala o motle oo re ka o latelang?
4 Mohlala o mong o motle oo re lokelang ho o latela oa ho bontša mosa ho ba hōlileng ke oa Ruthe. Le hoja e ne e le Molichaba, o ile a khomarela matsale oa hae oa Mojode ea hōlileng, oa mohlolohali, Naomi. O ile a siea batho ba habo ’me a ipeha kotsing ea ho se nyaloe hape. Ha Naomi a mo phehella hore a khutlele ho batho ba habo, Ruthe o ile a araba ka a mang a mantsoe a matle ka ho fetisisa ka Bibeleng: “U se ke ua mphehella hore ke u siee, ke tlohele ho ea le uena; hobane ke tla ea moo u eang, ke lule le moo u lulang; chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka. Ke tla shoa moo u shoang, ke epeloe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore, ha nka khaohana le uena, ha e se ka lefu.” (Ruthe 1:16, 17) Ruthe o boetse a bonahatsa litšoaneleho tse ntle ha a ikemisetsa ho nyaloa ke Boaze ea hōlileng tlas’a tokisetso ea lenyalo ea ho kenela.—Ruthe, likhaolo 2 ho ea ho 4.
5. Jesu o ile a bonahatsa litšoaneleho life ha a sebetsana le batho?
5 Jesu o ile a beha mohlala o tšoanang ha a sebelisana le batho. O ne a bontša mamello, kutloelo-bohloko, mosa, ’me a khatholla. O ile a bontša thahasello ea botho ho monna ea futsanehileng ea ileng a holofala, a sitoa ho tsamaea, ka lilemo tse 38 ’me a mo folisa. O ile a bontša ho nahanela bahlolohali. (Luka 7:11-15; Johanne 5:1-9) Esita le nakong ea mahlomola a lefu la hae le utloisang bohloko thupeng ea tlhokofatso, o ile a tiisa hore ’mè oa hae, eo mohlomong a neng a le lilemong tsa bo-50, o tla hlokomeloa. Ntle le ho lira tsa hae tsa baikaketsi, Jesu o ne a khatholla ho e mong le e mong. Ka hona, o ne a ka re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sebetsang ka thata le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na‚ hobane ke na le botho bo bonolo le pelo e ikokobelitseng‚ ’me le tla fumana khatholoho bakeng sa liphefumolohi tsa lōna.”—Mattheu 9:36; 11:28, 29, NW; Johanne 19:25-27.
Ke Bo-mang ba Tšoanelang ho Nahaneloa?
6. (a) Ke bo-mang ba tšoaneloang ke tlhokomelo e khethehileng? (b) Re ka ipotsa lipotso life?
6 Kaha Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba behile mohlala o motle hakaalo tabeng ea ho bontša tlhokomelo, ke ho loketseng hore Bakreste ba inehetseng ba etsise mohlala oa bona. Har’a rōna re na le ba bang ba ’nileng ba sebetsa ka thata ’me ba imeloa ka lilemo tse ngata—baena le bo-khaitseli ba hōlileng ba seng ba le lilemong tse qetellang tsa bophelo ba bona. Ba bang e ka ba batsoali ba rōna kapa batsoali ba batsoali ba rōna. Na re ba nka e se ba bohlokoa? Na re oa re tsoha le bona? Na ka sebele re ananela phihlelo ea bona e ngata le bohlale? Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba beha tiisetso ea rōna tekong ka lebaka la ho mekhoanyana e itseng le mefokolo e bang teng ho batho ba hōlileng. Empa ak’u ipotse, ‘Na ha ke ne ke le boemong ba bona ke ne ke tla itšoara ka tsela e fapaneng?’
7. Ke eng se bontšang tlhokahalo ea ho nahanela batho ba hōlileng?
7 Ho na le pale e amang maikutlo e tsoang Bochabela bo Hare ea ngoananyana ea ileng a bontša kutloelo-bohloko ho ba hōlileng. Nkhono’ae o ne a ntse a sebetsa ka kicheneng ’me ka phoso a lihela poleiti e shoang fatše. Nkhono’ae o ile a itenehela ka hore ebe ha a tšoare lintho ka hloko; ’me morali oa hae o ile a mo tenehela le ho feta. Eaba morali oa hae o bitsa ngoananyana oa hae e monyenyane ’me o mo roma lebenkeleng le haufi hore a eo rekela nkhono’ae poleiti e entsoeng ka lehong e sa shoeng. Ngoanyana o ile a khutla a rekile lipoleiti tse peli tse entsoeng ka lehong. ’Mè oa hae o ile a botsa: “U reketse’ng lipoleiti tse peli?” Ka ho tsila-tsila setloholo se ile sa arabela: “E ’ngoe ke ea nkhono ’me e ’ngoe ke ea hao ha o s’o tsofetse.” E, lefatšeng lena kaofela re lebelletse ho tsofala. Na re ke ke ra ananela ho tšoaroa ka mamello le ka mosa?—Pesaleme ea 71:9.
8, 9. (a) Re lokela ho tšoara ba hōlileng ba leng har’a rōna joang? (b) Ho hlokahala hore ba sa tsoa fetoha Bakreste ba hopole eng?
8 Le ka mohla u se ke ua lebala hore baena ba bangata le bo-khaitseli ba hōlileng ba siile tlaleho ea tšebeletso e tšepahalang ea Bokreste. Ka sebele re tšoanela ho ba hlompha le ho ba nahanela, re ba thuse ’me re ba khothatse. Ka nepo monna ea bohlale o itse: “Moriri o moputsoa, ha o fumanoa tseleng ea ho loka, ke mokhabo oa hlompho.” ’Me moriri oo o moputsoa, ebang ke oa motho e motšehali kapa e motona, o lokela ho hlomphuoa. Ba bang ba banna le basali bana ba hōlileng ba ntse ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba tšepahalang, ’me banna ba bangata ba tsoela pele ho sebeletsa ka botšepehi e le baholo ka liphuthehong; ba bang ba etsa mosebetsi o behang mohlala oa ho tsamaea.—Liproverbia 16:31.
9 Pauluse o ile a eletsa Timothea: “U se ke ua khalemela ea hōlileng ka thata, empa u mo khothatse joale ka hoja ke ntat’ao, ba bacha joale ka hoja ke banab’eno; basali ba hōlileng joale ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joale ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:1, 2) Haholo-holo batho ba sa tsoa kena ka phuthehong ea Bokreste ba tsoang lefatšeng le sa bontšeng tlhompho ba lokela ho tebisetsa mantsoe a Pauluse pelong, a theiloeng leratong. Bacha, le se ke la etsisa mekhoa e mebe eo e ka ’nang eaba le e bone sekolong. Le se ke la hana keletso e mosa ea Lipaki tse hōlileng. (1 Ba-Korinthe 13:4-8; Ba-Heberu 12:5, 6, 11) Leha ho le joalo, ha batho ba hōlileng ba hloka thusa ka lebaka la ho se phele hantle kapa mathata a lichelete, ke bo-mang ba nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho ba thusa?
Karolo ea Lelapa ho Hlokomeleng ba Hōlileng
10, 11. (a) Ho ea ka Bibele, ke bo-mang ba lokelang ho etella pele tabeng ea ho hlokomela ba hōlileng? (b) Ke hobane’ng ha e se ka linako tsohle ho bang bonolo ho hlokomela ba hōlileng?
10 Phuthehong ea pele ea Bokreste, mathata a ile a hlaha tabeng ea ho hlokomela bahlolohali. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore litlhoko tse joalo li lokela ho finyelloa joang? “Hlonepha basali ba bahlolohali, bao e leng bona ruri. Empa ekare ha mohlolohali e mong a e-na le bana, kapa litloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo. Ekare ha e mong a sa baballe bahabo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo, ’me o fetisoa ke ea sa lumelang.”—1 Timothea 5:3, 4, 8.
11 Ha ho na le tlhokahalo, litho tse haufi tsa lelapa li lokela ho ba tsa pele ho thusa ba hōlileng.a Ka tsela ena, bana ba seng ba le baholo ba ka bontša kananelo bakeng sa lilemo tsa lerato, mosebetsi, le tlhokomelo tseo batsoali ba bona ba faneng ka tsona. Sena se ka ’na sa se be bonolo. Ha batho ba hōla, ka tlhaho lebelo leo ba etsang lintho ka lona lea fokotseha, ’me ba bang baa holofala. Ba bang ba ka bontša boithati ’me ba hloka tlhokomelo e feteletseng, mohlomong ba sa hlokomele. Empa ha re sa le masea, na re ne re sa bontše boithati ’me re batla tlhokomelo e feteletseng? ’Me na batsoali ba rōna ba ne ba sa tle ba matha ho tla re thusa? Hona joale lintho li fetohile botsofaling ba bona. Kahoo, ho hlokahala eng? Kutloelo-bohloko le mamello.—Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:7, 8.
12. Ke litšoaneleho life tse hlokahalang ho hlokomela ba hōlileng—le bohle ba leng ka phuthehong ea Bokreste?
12 Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso e sebetsang ha a ngola: “Ka lebaka leo, joaloka bakhethoa ba Molimo‚ ba halalelang le ba ratoang‚ aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko‚ mosa‚ kelello e ikokobelitseng‚ bonolo‚ le mamello. Le ’ne le jarelane mefokolo ’me le tšoarelane ka bolokolohi haeba e mong a e-na le lebaka la ho tletleba ka e mong. Joalokaha Jehova a le tšoaretse ka bolokolohi, le lōna le etse joalo. Empa, ntle ho lintho tsena tsohle, aparang lerato, hobane ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” Haeba re tlameha ho bontša mofuta ona oa kutloelo-bohloko le lerato ka phuthehong, na ha rea lokela ho o bontša haholo le ho feta ka lapeng?—Ba-Kolosse 3:12-14, NW.
13. Ntle ho batsoali ba hōlileng kapa batsoali ba batsoali ba rōna, ke bo-mang ba ka hlokang thuso?
13 Ka linako tse ling mofuta ona oa thuso o ka hlokoa eseng feela ke batsoali kapa batsoali ba batsoali ba rōna empa le ke beng ka rōna ba hōlieng. Ba bang ba hōlileng ba se nang bana ba sebelelitse ka lilemo tse ngata tšebeletsong ea boromuoa, tšebeletsong ea ho tsamaea, le mosebetsing o mong oa nako e tletseng. Ka sebele ba ile ba eteletsa ’Muso pele bophelong bohle ba bona. (Mattheu 6:33) Na e ke ke ea ba ho loketseng ho ba bontša moea oa ho ba hlokomela? Ka sebele re na le mohlala o motle ka tsela eo Mokhatlo oa Watch Tower o hlokomelang litho tse seng li hōlile tsa Bethele. Ntlo-khōlōng ea Bethele Brooklyn le makaleng a Mokhatlo a ’maloa, baena ba bangata le bo-khaitseli ba hōlileng ba fumana tlhokomelo ea letsatsi le letsatsi ho litho tse koetlisitsoeng tse abetsoeng mosebetsi ona. Li thabela ho hlokomela batho bana ba hōlileng joalokaha eka ke batsoali ba bona kapa batsoali ba batsoali ba bona. Ka nako e tšoanang, ba ithuta ho eketsehileng ho tsoa phihlelong ea ba hōlileng.—Liproverbia 22:17.
Karolo ea Phutheho ho Faneng ka Tlhokomelo
14. Phuthehong ea pele ea Bokreste ho ile ha etsoa tokisetso efe bakeng sa ba hōlileng?
14 Linaha tse ngata kajeno li na le tokisetso ea penshene esita le tlhokomelo ea meriana e fanoang ke ’Muso bakeng sa ba hōlileng. Bakreste ba ka sebelisa litokisetso tsena ka botlalo ha ba tšoaneleha. Leha ho le joalo, lekholong la pele la lilemo, ho ne ho se litokisetso tse joalo. Ka lebaka leo phutheho ea Bokreste e ile ea nka khato ea ho thusa bahlolohali ba se nang mang-oee. Pauluse o ile a re: “Ho ngoloe mohlolohali [bakeng sa ho thusoa ke phutheho] eo lilemo tsa hae li sa haelleng ho phetha mashome a tšeletseng, eo e kileng ea e-ba mosali oa monna a le mong feela; ea tumileng ka mesebetsi e metle, ea hōlisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatsoa bahalaleli maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi eohle e molemo.” Ka hona, Pauluse o ne a bontša hore phutheho e boetse e phetha karolo e itseng bakeng sa ho thusa ba hōlileng. Basali ba amehileng ka lintho tsa moea ba neng ba se na bana ba lumetseng ba ne ba tšoaneloa ke thuso e joalo.—1 Timothea 5:9, 10.
15. Ke hobane’ng ha ho ka hlokahala thuso bakeng sa ho fumana thuso ea ’Muso?
15 Moo ho nang le litokisetso tse entsoeng ke ’Muso bakeng sa ba hōlileng, hangata ho hlokahala hore ho tlatsoe litokomane tse ngata. Maemong a joalo ho loketse hore balebeli phuthehong ba lokisetse hore ho fanoe ka thuso e le hore ba hōlileng ba ka tlatsa liforomo bakeng sa kōpo, ba amohela, kapa esita le ho kōpa kekeletso ea thuso e joalo. Ka linako tse ling ho fetoha ha maemo ho ka fella ka hore penshene e eketsoe. Empa ho boetse ho na le lintho tse ling tse sebetsang tseo balebeli ba ka li lokisetsang e le hore ba hōlileng ba hlokomeloe. Tse ling tsa tsona ke life?
16, 17. Re ka bontša moea oa ho amohela baeti ho ba hōlileng ka phuthehong ka litsela life?
16 Ho bontša moea oa ho amohela baeti ke tloaelo e neng e le teng le linakong tsa Bibele. Le kajeno linaheng tse ngata tsa Bochabela bo Hare, moea oa ho amohela baeti o bontšoa ho basele, bonyane ho isa bohōleng ba ho ba etsetsa tee kapa kofi. Ka hona, ha ho makatse ha Pauluse a ile a ngola: “Sielang bahalaleli ha ba hloka; le be mafolo-folo ho amohela baeti.” (Ba-Roma 12:13) Lentsoe la Segerike bakeng sa ho amohela baeti, phi·lo·xe·niʹa, ha e le hantle le bolela “ho rata (ho thabela, kapa ho bontša mosa ho) basele.” Haeba Mokreste a lokela ho bontša moea oa ho amohela baeti ho basele, na ha aa lokela ho o bontša haholo le ho feta ho bao a amanang le bona tumelong? Hangata ho memela motho lijong ho fana ka phomolo e lakatsehang mokhoeng o tloaelehileng oa ho etsa lintho oa motho ea hōlileng. Haeba u batla ho fumana bohlale le liphihlelo ’mōkeng oa hao oa boithabiso, kopanyelletsa ba hōlileng.—Bapisa le Luka 14:12-14.
17 Ho na le litsela tse ngata tseo ba hōlileng ba ka khothatsoang ka tsona. Haeba re lokisetsa sehlopha se tla tlatsa koloi ha re ea Holong ea ’Muso kapa kopanong, na ho na le ba hōlileng ba ka thabelang ho tsamaea le rōna? U se ke ua emela hore ba be ba kōpe. Ithaopele ho ba palamisa. Thuso e ’ngoe e sebetsang ke ho ba ela mabenkeleng. Kapa haeba e le ntho eo ba ka e khonang, na mohlomong re ka tsamaea le bona ha re il’o reka? Empa tiisa hore ho na le libaka tseo ba tla phomola le ho ikhatholla ho tsona haeba ho ka hlokahala. Ha ho pelaelo hore ho tla hlokahala mamello le mosa, empa teboho ea motho ea hōlileng e tsoang pelong e tla putsa haholo.—2 Ba-Korinthe 1:11.
Letlotlo le Letle ka Phuthehong
18. Ke hobane’ng ha ba hōlileng e le tlhohonolofatso ka phuthehong?
18 Ke tlhohonolofatso e kaakang ho bona moriri o moputsoa le o mosoeu (hammoho le lihlooho tse seng li tsoile mafatla ke ho hōla) ka phuthehong! Ho bolela hore har’a matla le sehlahlo tsa bacha, re na le motsoako oa bohlale le phihlelo—letlotlo la sebele phuthehong leha e le efe. Tsebo ea bona e joaloka metsi a khathollang a khuoeng selibeng. Ho joalokaha Liproverbia 18:4 e e beha tjena: “Lipolelo tsa molomo oa motho li ka koetsa, ’me mohloli oa bohlale ke nōka e phallang.” Ho khothatsa hakaakang ha ba hōlileng ba ikutloa hore baa hlokoa ’me baa ananeloa!—Bapisa le Pesaleme ea 92:14.
19. Ke joang ba bang ba ileng ba itella batsoali ba bona ba hōlileng?
19 Ba bang ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng ba bone ho hlokahala hore ba tlohele litokelo tsa bona e le hore ba khutlele hae ho ea hlokomela batsoali ba hōlileng, ba kulang. Ba entse boitelo ho batho ba ileng ba itella bona pele. Banyalani ba bang, bao pele e neng e le baromuoa ’me hona joale ba ntse ba le tšebeletsong ea nako e tletseng, ba ile ba khutlela hae ho ea hlokomela batsoali ba bona ba hōlileng. Ba se ba entse sena ka lilemo tse fetang 20. Lilemong tse fetileng tse ’nè ’mè oa monna o ile a tlameha ho isoa lehaeng la batho ba maqheku. Monna, eo hona joale a leng lilemong tsa bo-60, o etela ’mè oa hae ea lilemo li 93 letsatsi le leng le le leng. Oa hlalosa: “Nka mo tlohela joang? Ke ’Mè!” Maemong a mang liphutheho le batho ka bomong ba ile ba itlhahisa ’me ba ithaopela ho hlokomela ba hōlileng e le hore bana ba bona ba ka lula likabelong tsa bona. Lerato le joalo le se nang boithati le lokela ho babatsoa haholo. Boemo ka bong bo lokela ho sebetsoa ka hloko hobane ba hōlileng ba lokela ho se tloheloe. Bontša hore u rata batsoali ba hao ba hōlileng.—Exoda 20:12; Ba-Efese 6:2, 3.
20. Jehova o re file mohlala ofe mabapi le ho hlokomela ba hōlileng?
20 Ka sebele, baena ba rōna le bo-khaitseli ba hōlileng ke mokhabo oa botle lelapeng kapa phuthehong. Jehova o itse: “E sa le ’na enoa ho isa boqhekung ba lōna, ’me ke tla ’ne ke le pepe ho isa le botsofaling bo bosoeu; ke entse joalo, ’me ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.” E se eka le rōna re ka bonahatsa mamello e joalo le tlhokomelo ho baena ba rōna le bo-khaitseli ba hōlileng ka lapeng la Bokreste.—Esaia 46:4; Liproverbia 16:31.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa ho fumana litlhahiso tse qaqileng tsa se ka etsoang ke litho tsa lelapa ho thusa ba hōlileng, bona Molula-Qhooa, June 1, 1987, maqephe 13-18.
Na U sa Hopola?
◻ Re na le mehlala efe ea Bibele ea ho hlokomela ba hōlileng?
◻ Re lokela ho tšoara ba hōlileng joang?
◻ Litho tsa lelapa li ka hlokomela baratuoa ba tsona ba hōlileng joang?
◻ Phutheho e ka etsa’ng ho thusa ba hōlileng?
◻ Ke hobane’ng ha ba hōlileng e le tlhohonolofatso ho rōna kaofela?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ruthe o ile a bontša Naomi ea hōlileng mosa le tlhompho
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ba hōlileng ke litho tse nkoang e le tsa bohlokoa phuthehong