Na Ehlile Molimo oa U Tseba?
“Uena Jehova, . . . u tloaelane le litsela tsa ka tsohle.”—PESALEME EA 139:1, 3, NW.
1. Boikutlo ba hore ‘ba bang ha ba utloisise’ matšoenyeho, mathata, le likhatello tseo re tobaneng le tsona bo atile hakae?
NA HO na le motho ea hlileng a utloisisang matšoenyeho, likhatello, le mathata ao u tobaneng le ’ona? Lefatšeng ka bophara ho na le batho ba limillione, ba banyenyane le ba hōlileng, ba se nang lelapa kapa beng ka bona ba tsotellang hore na ba hlaheloa ke eng. Esita le ka malapeng, basali ba bangata—e, le bona banna—ba ikutloa hore balekane ba bona ba lenyalo ha ba hlile ha ba utloisise e le kannete likhatello tse ba sithabetsang. Ka linako tse ling, ka lebaka la ho ferekana, ba belaela ka hore: “Empa ha u utloisise!” ’Me bacha ba bangata ba entse qeto ea hore le bona ha ho ea ba utloisisang. Leha ho le joalo, har’a batho ba ’nileng ba laba-labela ho utloisisoa haholoanyane ke ba bang ho na le bao hamorao bophelo ba bona bo nang le morero haholoanyane. Seo se etsahala joang?
2. Ke eng se ka nolofaletsang barapeli ba Jehova hore ba phele bophelo bo khotsofatsang ka ho enneng?
2 Hobane, ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba utloisisa maikutlo a bona ka ho feletseng kapa che, ba kholisehile hore Molimo o utloisisa boima boo ba leng ho bona, le hore, joalokaha e le bahlanka ba hae ha ba tobane le mathata a bona ba le bang. (Pesaleme ea 46:1) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo hammoho le thuso ea baholo ba Bakreste ba bontšang temoho li ba nolofaletsa ho talima ka nģane ho mathata a bona a botho. Mangolo a ba thusa hore ba utloisise hore tšebeletso ea bona e tšepahalang ke ea bohlokoa mahlong a Molimo, le hore ho na le bokamoso bo sireletsehileng bakeng sa ba behileng tšepo ea bona ho eena le litokisetsong tseo a li entseng ka Jesu Kreste.—Liproverbia 27:11; 2 Ba-Korinthe 4:17, 18.
3, 4. (a) Ho ananela ’nete ea hore “Jehova ke Molimo” le hore “ke eena ea re entseng” ho ka re thusa joang ho fumana thabo tšebeletsong ea hae? (b) Ke hobane’ng ha re e-na le kholiseho e feletseng tlhokomelong ea Jehova e lerato?
3 E ka ’na eaba u tloaelane le Pesaleme ea 100:2, e reng: “Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pel’a sefahleho sa hae ka lipina.” Ke batho ba bakae bao ka sebele ba nehang Jehova borapeli ka tsela eo? Ho fanoe ka mabaka a utloahalang a ho etsa seo temaneng ea 3, e re hopotsang hore: “Le tsebe hobane Jehova ke Molimo! Ke eena ea re entseng, ’me re ba hae, re sechaba sa hae, re mohlape o alosoang ke eena.” Tabeng e ngotsoeng ea Seheberu, ho buuoa ka eena e le ʼElo·himʹ, ka hona ho bontšoa boholo ba matla a hae, seriti, le bokhabane. Ke eena Molimo a ’notši oa ’nete. (Deuteronoma 4:39; 7:9; Johanne 17:3) Bahlanka ba hae ba tseba Bomolimo ba hae, eseng feela hobane e le taba eo ba e rutiloeng empa hobane e le ntho eo ba bileng le phihlelo ea eona le eo ba e pakelang ka ho bontša kutlo, tšepo, le boinehelo.—1 Likronike 28:9; Ba-Roma 1:20.
4 Ka lebaka la hore Jehova e le Molimo ea phelang, ea khonang ho bona esita le lipelo tsa rōna, ha ho letho le patehileng mahlong a hae. O hlokomela ka botlalo se etsahalang bophelong ba rōna. O utloisisa se bakang mathata ao re tobanang le ’ona haesita le pherekano ea kelello le ea maikutlo e ka bakoang ke ’ona. Joalokaha e le ’Mōpi, o re tseba hamolemo ho feta kamoo re itsebang ka teng. O boetse o tseba kamoo a ka re thusang ka teng ho sebetsana le maemo ao re leng ho ’ona le kamoo a ka fanang ka pheko ea nako e telele. O tla re thusa ka lerato—joaloka molisa ea behileng konyana sefubeng sa hae—ha re mo tšepa ka lipelo tsohle tsa rōna. (Liproverbia 3:5, 6; Esaia 40:10, 11) Ho ithuta Pesaleme ea 139 ho tla re thusa haholo ho matlafatsa kholiseho eo.
Ea Bonang Litsela Tsohle tsa Rōna
5. Ho re Jehova o re ‘lekola ka hohle’ ho bolela’ng, hona ke hobane’ng ha seo se lakatseha?
5 Ka kananelo e tebileng, mopesaleme Davida o ile a ngola: “Uena Jehova, u ntekotse ka hohle, ’me ua ntseba.” (Pesaleme ea 139:1, NW) Davida o ne a kholisehile hore tsebo eo Jehova a nang le eona ka eena e ne e hlile e tebile. Molimo o ne a sa shebe Davida joalokaha batho ba ne ba ka etsa, ka ho sheba feela seemo sa ’mele, matla a ho bua, kapa tsebo ea ho letsa harepa. (1 Samuele 16:7, 18) Jehova o ne a ‘lekotse ka hohle-hohle’ botho bo ka hare-hare ba Davida ’me a ho entse ka kameho e lerato bakeng sa katleho ea hae ea moea. Haeba u e mong oa bahlanka ba inehetseng ba Jehova, o u tseba hantle joalokaha a ne a tseba Davida. Na see ha se tsose ka ho uena maikutlo a teboho le tšabo?
6. Pesaleme ea 139:2, 3 e bontša joang hore Jehova o tseba sohle seo re se etsang, esita le mehopolo eohle ea rōna?
6 Liketso tsohle tsa Davida li ne li le pepeneneng ho Jehova, ’me Davida o ne a hlokometse seo. Mopesaleme o ile a ngola: “Uena ka bouena u tsebile ho lula ha ka le ho ema ha ka. U hlokometse mohopolo oa ka u le hōle. Leeto la ka le ho robala ha ka ke otlolohile u ho lekantse, ’me u tloaelane le litsela tsohle tsa ka.” (Pesaleme ea 139:2, 3, NW) ’Nete ea hore Jehova o maholimong, hōle le lefatše, ha ea ka ea sitisa hore a tsebe seo Davida a neng a se etsa kapa seo a neng a se nahana. O ne a “lekantse,” kapa a hlahlobile mesebetsi ea Davida ka hloko, motšehare le bosiu, e le hore a ka tseba boleng ba eona.
7. (a) E le ha u itšetlehile ka liketsahalo tse hlahileng bophelong ba Davida, hlalosa tse ling tsa lintho tseo Molimo a li hlokomelang tse re etsahallang bophelong. (b) Ho tseba sena ho lokela ho re ama joang?
7 Ha lerato bakeng sa Molimo le ho ba le kholiseho ea hore O na le matla a ho lopolla li susumeletsa Davida e monyenyane ho ithaopela ho loantša senatla sa Mofilista Goliathe, Jehova o ile a tseba seo. (1 Samuele 17:32-37, 45-47) Hamorao, ha bora ba batho bo bakela Davida bohloko bo boholo ba pelo, ha khatello e ne e le matla hoo a ileng a lla bosiu, o ile a tšelisoa ke ho tseba hore Jehova o utloa thapeli ea hae. (Pesaleme ea 6:6, 9; 55:2-5, 22) Ka ho tšoanang, nakong ea ha pelo e tletseng teboho e etsa hore Davida a thuise ka Jehova bosiu ha a hlobaela, Jehova o ne a hlokomela seo hantle. (Pesaleme ea 63:6; bapisa le Ba-Filippi 4:8, 9.) Matsiboeeng a mang, Davida o ile a shebella ha mosali oa moahisane a hlapa, Jehova o ile a tseba seo, ’me a bona se ileng sa etsahala ha Davida, le hoja e le ka nako e khutšoaane, a lumella takatso ea boetsalibe hore e fifatse mehopolo ea Molimo kelellong ea hae. (2 Samuele 11:2-4) Hamorao, ha moprofeta Nathane a romeloa ho ea bolella Davida botebo ba sebe sa hae, Jehova ha a ka a utloa feela mantsoe a ileng a tsoa molomong oa Davida empa o boetse a lemoha pelo e bontšang pako eo a neng a tsoa ho eona. (2 Samuele 12:1-14; Pesaleme 51:1, 17) Na sena ha sea lokela ho etsa hore re nahane ka ho teba hore na re ea kae, re etsa eng, le hore na ke eng se ka lipelong tsa rōna?
8. (a) ‘Mantsoe a maleme a rōna’ a ka susumetsa kamano ea rōna le Molimo joang? (b) Bofokoli tšebelisong ea leleme bo ka hlōloa joang? (Mattheu 15:18; Luka 6:45)
8 Kaha Molimo o tseba sohle seo re se etsang, ha hoa lokela ho re makatsa hore o hlokomela kamoo re sebelisang setho sa ’mele oa rōna esita le se senyenyane joaloka leleme. Morena Davida o ile a elelloa sena, ’me a ngola: “Hobane ha ho lentsoe lelemeng la ka, ’me bona, Uena Jehova, u se u tseba sohle.” (Pesaleme ea 139:4, NW) Davida o ne a tseba hantle hore batho ba tla amoheloa e le baeti tenteng ea Jehova e tla ba batho ba sa etseletseng ba bang ’me ba sa batle ho sebelisa leleme la bona ho tlatsa-tlatsa litšebo tse tla tlisetsa motsoalle ea haufi-ufi nyeliso. Ba amoheloang ke Jehova e tla ba batho ba buang ’nete esita le ka lipelong tsa bona. (Pesaleme ea 15:1-3; Liproverbia 6:16-19) Ha ho le a mong oa rōna ea khonang ho laola leleme ka ho feletseng, empa Davida ha a ka etsa qeto ea hore ha ho letho leo a ka le etsang ho ntlafatsa boemo ba hae. O ile a qeta nako e ngata a qapa ’me a bina lipesaleme tsa thoriso tse lebisoang ho Jehova. O ne a boetse a lumela ka bolokolohi hore o hloka thuso ’me a e rapella ho Molimo. (Pesaleme ea 19:12-14) Na le tšebelisong ea rōna ea leleme ho ntse ho hlokahala hore re rapele?
9. (a) Tlhaloso e ho Pesaleme ea 139:5 e bontša joang kamoo Molimo a tsebang ka botlalo ka teng boemo ba rōna? (b) Sena se etsa hore re kholisehe ka eng?
9 Jehova ha a bone karolo e itseng feela ea rōna kapa boemo bo sa fellang ba rōna. O bona likarolo tsohle tsa rōna. E le ha Davida a sebelisa motse o pota-potiloeng ke lira e le mohlala, o ile a ngola: “Ka morao le ka pele, u mpota-potile ka lira.” Tabeng ea Davida, Molimo e ne e se sera se pota-potileng; ho e-na le hoo, e ne e le mohlokomeli ea seli. “U beha letsoho la hao holim’a ka,” Davida o ile a eketsa, ka hona a bontša hore Molimo o laola le ho sireletsa ba mo ratang e leng ho ba ruisang molemo oa nako e telele. Davida o ile a lumela hore: “Tsebo e joalo e hlolla haholo ho ’na. E phahame hoo ke sitoang ho e fihlela.” (Pesaleme ea 139:5, 6, NW) Tsebo eo Molimo a nang le eona ka bahlanka ba hae e feletse, ’me e batsi hoo re ke keng ra e utloisisa ka botlalo. Empa re tseba ho lekaneng ka Jehova hoo re ka kholisehang hore ka sebele Jehova oa re utloisisa le hore thuso eo a fanang ka eona ke e molemo ka ho fetisisa.—Esaia 48:17, 18.
Ho sa Tsotellehe Hore na re Hokae, Molimo a ka re Thusa
10. Ke ’nete efe e khothatsang e fetisoang ke tlhaloso e hlakileng e ho Pesaleme ea 139:7-12?
10 E le ha mopesaleme a talima tlhokomelo ea Jehova e lerato ho tsoa ponong e ’ngoe ea litaba, o tsoela pele: “Nka ea hokae ka tloha moeeng oa hao, ’me ka ea kae ho balehela sefahleho sa hao?” O ne a sa lakatse ho balehela Jehova; ho e-na le hoo, o ne a tseba hore ho sa tsotellehe hore na a ka ba hokae, Jehova o ne a tla tseba ’me, ka moea oa hae o halalelang, o ne a tla mo thusa. O ile a tsoela pele: “Haeba nka nyolohela leholimong, u tla ba hona teng; ’me leha nka beha moalo oa ka Sheol, bona! u tla ba hona teng. Leha nka ipha mapheo a mafube, e le hore ke lule hōle-hōle leoatleng, le hona moo, hape, letsoho la hao le tla ntataisa ’me letsoho la hao le letona le tla ntšoara. ’Me leha nka re: ‘Ruri lefifi le tla nkapesa ka potlako!’ joale bosiu e ka ba leseli ho ’na. Esita le lefifi le ke ke la ipaka le le letšo haholo bakeng sa hao, empa bosiu bo ka khanya joaloka motšehare; lefifi le ka tšoana le leseli.” (Pesaleme ea 139:7-12, NW) Ha ho moo re ka eang, ha ho boemo boo re ka tobanang le bona bo ka etsang hore re tlohe ponong ea Jehova kapa re be hōle hore moea oa hae o ka re thusa.
11, 12. (a) Esita le hoja ka nakoana Jonase a ile a lebala ka matla a Jehova a ho bona le ho thusa batho, a ile a bonahatsoa joang tabeng ea Jonase? (b) Phihlelo ea Jonase e lokela ho re ruisa molemo joang?
11 Ka lekhetlo le leng moprofeta Jonase o ile a lebala sena. Jehova o ne a mo abetse hore a bolele ho batho ba Nineve. Ka mabaka a itseng o ile a ikutloa hore o tla hlōleha ho phetha kabelo eo. Mohlomong e le ka lebaka la botumo boo Baasyria ba nang le bona ba ho ba hlaha, khopolo ea ho sebeletsa Nineve e ile ea tšosa Jonase. Kahoo o ile a leka ho ipata. Ha a le koung ea likepe Joppa, o ile a palama sekepe sa baeti se eang Tarshishe (eo ka tloaelo e amahanngoang le Spain, lik’hilomithara tse fetang 3 500 ka bophirimela ho Nineve). Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’mona ha a palama sekepe ’me a robala tlaase moo ho behoang lithōtō. Molimo o ne a boetse a tseba hore na Jonase o hokae ha hamorao a lahleloa ka leoatleng, ’me Jehova o ile a utloa Jonase ha a tšepisa a le ka har’a mpa ea tlhapi e khōlō hore o tla phetha likano tsa hae. Ha a se a ntšitsoe boemong boo ’me a le moo ho omileng, Jonase o ile a boela a fuoa monyetla oa ho phetha kabelo ea hae.—Jonase 1:3, 17; 2:1–3:4.
12 Ho ka be ho bile molemo hakaakang hore ho tloha sethathong feela Jonase a itšetlehe ka moea oa Jehova hore o mo thuse hore a phethe kabelo ea hae! Leha ho le joalo, hamorao Jonase o ile a tlaleha phihlelo ea hae ka boikokobetso, ’me tlaleho ena e thusitse ba bangata ho tloha ka nako eo ho beha tšepo ho Jehova e leng seo ho bonahetseng ho le thata hore Jonase a se etse.—Ba-Roma 15:4.
13. (a) Elia o ne a ile a phetha likabelo life ka botšepehi pele a baleha Mofumahali Jezebele? (b) Jehova o ile a thusa Elia joang esita leha a ne a batla ho ipata ka ntle ho meeli ea naha ea Iseraele?
13 Phihlelo ea Elia e ne e batla e fapane le ena. O ne a boletse taelo ea Jehova ka botšepehi hore Iseraele e tla otloa ka komello e le ho e hloekisa libe. (1 Marena 16:30-33; 17:1) Ka sebete o ne a tšehelitse borapeli ba ’nete tlhōlisanong e pakeng tsa Jehova le Baale Thabeng ea Karmele. ’Me o ile a phaella ka ho bolaea baprofeta ba 450 ba Baale khohlong ea Kishone. Empa ha ka bohale Mofumahali Jezebele a ikana hore o tla bolaea Elia, Elia o ile a baleha naheng eo. (1 Marena 18:18-40; 19:1-4) Na Jehova o ne a le moo ho mo thusa nakong eo e boima? E, ka sebele. Haeba Elia a ne a ka hloella ka holim’a thaba e telele, joalokaha eka ke leholimong; haeba a ne a ka ipata lehaheng le tebetseng tlaase, joalokaha eka ke Sheol; haeba a ne a balehetse sehleke-hlekeng se seng se hōle ka lebelo le kang la mafube ha a koahela lefatše—letsoho la Jehova le ne le tla ba moo ho mo matlafatsa le ho mo tataisa. (Bapisa le Ba-Roma 8:38, 39.) ’Me Jehova o ile a matlafatsa Elia eseng feela ka lijo bakeng sa leeto la hae empa le ka liponahatso tse hlollang tsa matla a Hae a sebetsang. Kahoo ha Elia a se a matlafalitsoe, o ile a phetha kabelo e latelang ea boprofeta.—1 Marena 19:5-18.
14. (a) Ke hobane’ng ha e ka ba phoso ho etsa qeto ea hore Molimo o hohle ka linako tsohle? (b) Ke tlas’a maemo afe Jehova ka lerato a ileng a tšehetsa bahlanka ba hae mehleng ena? (c) Ho ka etsahala joang hore leha re le Sheol, Molimo a be hona teng?
14 Mantsoe a boprofeta a ho Pesaleme ea 139:7-12 ha a bolele hore Molimo o hohle, hore o teng ka seqo libakeng tsohle ka linako tsohle. Ka ho hlakileng Mangolo a bontša se fapaneng le seo. (Deuteronoma 26:15; Ba-Heberu 9:24) Leha ho le joalo, ha ho mohla bahlanka ba hae ba bang hōle le eena. Sena se etsahala le ho bao likabelo tsa puso ea Molimo li ba isitseng libakeng tse hōle. Ho etsahetse joalo ho Lipaki tse tšepahalang likampong tsa mahloriso tsa Bonazi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’me se etsahetse ho baromuoa ba ileng ba kenngoa seleng ea motho a le mong Chaena lilemong tse qetellang tsa bo-1950 le lilemong tse qalang tsa bo-1960. Se etsahetse ho baena ba rōna ba ratehang le bo-khaitseli naheng ea Afrika Bohareng bao ho ileng ha hlokahala hore khafetsa ba balehe metseng ea bona, esita le ka har’a naha. Haeba ho hlokahala, Jehova a ka fihla hona Sheol, lebitleng le tloaelehileng, ’me a khutlisetsa bophelong batho ba tšepahalang ka tsoho.—Jobo 14:13-15; Luka 20:37, 38.
Ea re Utloisisang e le Kannete
15. (a) Jehova o khona ho bona khōlo ea rōna ho tloha tšimolohong efe e nyenyane? (b) Ho bua ha mopesaleme ka liphio ho bontša boholo ba tsebo ea Molimo ka rōna joang?
15 Tlas’a pululelo, mopesaleme o lebisa tlhokomelo tabeng ea hore Molimo o re tsebile le pele re tsoaloa, o re: “Hobane ke uena ka bouena ea entseng liphio tsa ka; ua mpoloka ke patehile ka mpeng ea ’mè. Ke tla u boka hobane ka tsela e susumetsang tšabo ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha sephefumolohi sa ka se hlokomelisisa.” (Pesaleme ea 139:13, 14, NW) Ho kopanngoa ha li-gene tse tsoang ho ’mè le ntate oa rōna nakong ea kemolo ho hlahisa tšobotsi e susumetsang matla a rōna a ’mele le a kelello haholo. Molimo o utloisisa matla ao. Pesalemeng ena ho buuoa ka ho khetheha ka liphio, tseo hangata ka Mangolong li sebelisoang ho emela litšobotsi tse ka hare-hare tsa botho ba rōna.a (Pesaleme ea 7:9, NW; Jeremia 17:10, NW) Jehova o tsebile boitsebiso bona ka rōna le pele re tsoaloa. E boetse ke eena eo ka kameho e lerato a ileng a etsa ’mele oa motho e le hore sele e emolisitsoeng e ka pōpelong ea ’mè e ka fana ka ntlo e sireletsang ho ‘pata’ lehe le emotsoeng le ho le sireletsa ha le ntse le hōla.
16. (a) Pesaleme ea 139:15, 16 e totobatsa matla a kenellang a pono ea Molimo joang? (b) Ke hobane’ng ha sena se lokela ho re khothatsa?
16 Joale, e le ha mopesaleme a hatisa matla a kenellang a pono ea Molimo, oa phaella: “Masapo a ka ha a ka a pateha ho uena ha ke ne ke etsoa sephiring, ha ke ne ke lohuoa likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše [ka ho hlakileng ho buuoa ka mokhoa oa thothokiso ka pōpelo ea ’mè oa hae empa ho suptjoa ho bōptjoeng ha Adama ho tsoa leroleng]. Mahlo a hao a bone esita le khōlo ea ka ke sa le pōpelong, ’me likarolo tsohle tsa ka li ngotsoe bukeng ea hao, hore na [likarolo tsa ’mele] li entsoe neng le hoja ho ne ho se le e ’ngoe [karolo e itseng ea ’mele] ea tsona.” (Pesaleme ea 139:15, 16, NW) Ha ho pelaelo ka hona—ebang batho ba bang ba re utloisisa kapa che, Jehova oa re utloisisa. See se lokela ho re ama joang?
17. Ha re talima hore mesebetsi ea Molimo ea hlolla, sena se re susumeletsa ho etsa joang?
17 Mongoli oa Pesaleme ea 139 o ile a lumela hore mesebetsi ea Molimo eo a neng a ngola ka eona ea hlolla. Na le uena u ikutloa ka tsela eo? Ntho e hlollang e etsa hore motho a nahane ka ho teba kapa a bontše tlhokomelo e seli. Mohlomong u etsa sena ha u nahana ka mesebetsi ea Jehova ea pōpo e bonahalang. (Bapisa le Pesaleme ea 8:3, 4, 9.) Na u nahana ka tsela e tšoanang ka seo a se entseng ka ho theha ’Muso oa Bomessia, ka seo a se etsang hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle, le ka tsela eo Lentsoe la hae le fetolang botho ba batho?—Bapisa le 1 Petrose 1:10-12.
18. Haeba re fumana hore mosebetsi oa Molimo o susumetsa tšabo, sena se tla re ama joang?
18 Na le uena ka ho tšoanang ho nahanisisa ka mosebetsi oa Molimo ho u susumeletsa tšabo, ho etsa hore u be le tšabo e loketseng, e nang le tšusumetso e matla, e nang le phello e tebileng bothong ba hao le tsela eo u sebelisang bophelo ba hao ka eona? (Bapisa le Pesaleme ea 66:5.) Haeba ho joalo, pelo ea hao e tla u susumeletsa hore u boke Jehova, u mo rorise, u sebelise menyetla ea ho bolella ba bang ka morero oa hae le lintho tse hlollang tseo a li boloketseng ba mo ratang.—Pesaleme ea 145:1-3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo 2, leqephe 150.
U Hlalosa Joang?
◻ Ho tseba ha rōna hore “Jehova ke Molimo” ho re thusa joang ho mo sebeletsa ka thabo?
◻ Bophelo ba rōna bo lokela ho susumetsoa joang ke hore Molimo o tseba sohle seo re se etsang?
◻ Ke hobane’ng ha ho khothatsa hore ha ho mohla Molimo a sa re boneng?
◻ Ke hobane’ng ha Molimo a khona ho re utloisisa ka litsela tseo batho ba sitoang ho re utloisisa ka tsona?
◻ Ke hobane’ng ha thuto e kang ena e etsa hore re batle ho boka Jehova?