Ho Bolela Naheng ea Lintho tse Fapaneng
LI-KANGAROO, li-koala, li-wombat, le li-platypus, Ayers Rock le Tutulu e Khōlō ea Lehlabathe—ana ke mabitso a tlang kelellong ha motho a nahana ka Australia. Empa se makatsang ke hore boholo ba batho ba Australia mohlomong le ka mohla ha ba e-s’o etele Ayers Rock kapa Tutulu e Khōlō ea Lehlabathe kapa ho bona koala, wombat, kapa platypus ntle serapeng sa liphoofolo. Lebaka ke hore karolo ea 85 lekholong ea baahi ba naha eo ba limillione tse 17,3 ba phela metseng ea litoropo, ba lula metseng e meholo e mehlano e sikileng le lebōpo la leoatle.
Ha motho a tloha moeling oa lebōpo la leoatle ’me a tsamaea likh’ilomithara tse ka bang 200 ho kenella ka hare ho naha, o fihla qalehong ea mahaeng a tummeng haholo a k’honthinente ena. Sebaka sena se fapana ho tloha ho meru e tlokomang ea lipula le temo e atlehileng haholo ho ea ho naha e phatlaletseng e chesang, e omeletseng, moo ho melang lihlahla le joang bo otileng feela. Leha ho le joalo, ho na le bophelo mahaeng mona. Metebo e meholo ea linku le likhomo, kapa liteishene kamoo e bitsoang ka teng, e akaretsa sebaka sa li-square k’hilomithara tse makholo. Ho kenella harenyana ho naha ke mahoatata a chesang haholo moo ka linako tse ling batho ba lahleheloang ke bophelo ha ba sa latele litemoso tse loketseng.
Litaba tse Molemo Lia Atleha
Litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloa tlas’a maemo a joalo lefatšeng lena la Australia. Selemo le selemo ba likete ba arabela tšepisong ea Jehova ea lefatše le lecha le lokileng. Selemong se fetileng sa tšebeletso, lenane la bahoeletsi ba ’Muso le ile la fihlela tlhōrō ea ba fetang 57 000, e leng e batlang e mena habeli ea lilemong tse leshome tse fetileng. Ha boholo ba bahoeletsi, joaloka karolo e khōlō ea baahi, bo subuhlellana metseng e lebōpong la leoatle, litaba tse molemo le tsona lia atleha ka har’a naha.
Ho nyarela hanyenyane hore na ho bolela ho joang naheng ena e khōlō ea lintho tse fapaneng, a re tsamaeeng le e mong oa balebeli ba rōna ba bahlano ba setereke le mosali oa hae ha ba ntse ba etela tse ling tsa liphutheho libakeng tsena tse thōko tsa mahaeng. Maeto a bona a akareletsa Australia Bophirima, halofo ea setereke sa Queensland, Tikoloho e ka Leboea, sebaka se boholo bo fetang limillione tse 4,7 square k’hilomithara. E leng hoo e batlang e lekana le Europe, ho sa kopanyeletsoe le seo pele e neng e le Soviet Union.
Leeto la rōna le qala Perth, motse-moholo oa Australia Bophirima. Motseng ona o tsoetseng pele ka botlalo oa batho ba limillione tse 1,2, hona joale ho na le liphutheho tse 49 tsa Lipaki tsa Jehova. Ho phaella ho tsa Senyesemane, ho na le tsa Segerike, Sepanishe, Sepotoketsi, le Setaliana, hammoho le lihlopha tse nyenyane ka lipuo tse ling. Ho boetse ho na le phutheho e entsoeng ka ho khethehileng ka baena le bo-khaitseli ba Maaborigine ba etsang boiteko bo boholo ba ho bolela har’a batho bana ba tsoaletsoeng k’honthinenteng ena. Hona joale boholo ba batho bana ba ikokobelitseng ba arabela molaetseng oa ’Muso. Empa litaba li joang thōko le metse e meholo?
Ha re tloha Perth re tsamaea lik’hilomithara tse 1 800 ho ea Port Hedland ka leboea, moo kopano ea potoloho e lokelang ho tšoareloa teng. Boholo ba ba 289 ba leng teng ba tsamaile lik’hilomithara tse lipakeng tsa 200 le 700 hore ebe ba teng. Ba tsoa libakeng tse qalikaneng moo phutheho e leng haufi-ufi le bona e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 250 mebileng ea kerabole e nang le majoe a motsu ao hangata a phunyang lithaere tsa koloi. Liphutheho tse tharo sebakeng sena li sa tsoa haha Liholo tsa ’Muso, li sebelisa mokhoa oa kaho o potlakang.
Liholo tse Hahiloeng ka Potlako Libakeng tse ka Thōko
Ke phapang e kaakang pakeng tsa ho haha Holo ea ’Muso libakeng tsee le ho e haha metseng e meholo le litoropong tse khōloanyane! Boholo ba thepa e hahang bo lokela ho tlisoa ka literaka ho tloha Perth, lik’hilomithara tse ka bang 1 600 ho ea ka boroa. Baena le bo-khaitseli ba makholo ba tsamaea sebaka sena le ho feta ka mafelo-beke a khethehileng ho tla haha Holo ea ’Muso mochesong oa likhato tse 40 ho ea ho 45 tsa Celsius. Ho subuhlellana ho joalo metseng e thōko e menyenyane ke bopaki bo totobetseng ka bohona. Ha ho ne ho hahuoa Holo ea ’Muso Tom Price, toropong e nyenyane ea morafo oa tšepe, koranta ea moo e ile ea phatlalatsa leqepheng le ka pele: “Kamohelo e mofuthu ho basebetsi ba baithaopi le bathusi ba amehile ‘kahong e potlakileng’ ea Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ka matsatsi a mararo Tom Price.”
Ho ne ho bonahala eka hoo e ka bang e mong le e mong motseng o ne a lakatsa ho kenya letsoho. Ho e-na le ho lefa R24 000 e tloaelehileng bakeng sa ho tlisa thepa e boima ba litone tse 50, mong’a teraka ea nang le moea oa ho fana o ile a kōpa feela hore baena ba etse monehelo bakeng sa peterole. Likonteraka tsa ho penta tsa sebakeng seo li ile tsa fana ka lilithara tse 100 tsa pente. Bo-ralikonteraka ba sebetsanang ka ho khetheha le ho chekela mehaho, ba ile ba fana ka mochine, ’me k’hamphani ea merafo e ile ea fana ka crane ntle le tefo. Ho fumanela baeti ba 300 marobalo ho ile ha hlahisa bothata, empa tšebelisano-’moho ea batho ba toropong eo e ile ea totobala. Ba bang ba ne ba letsa fono-fono ’me ba fana ka libethe. Monna e mong o ile a letsa fono-fono ho bolela hore o ne a tla ba sieo ka mafelo-beke empa o ne a tla siea a sa notlela lemati le ka morao. O ile a re: “Ntlo ke ea lōna ho fihlela morero oo o fela.”
Ho ile ha etsahala ketsahalo e tšehisang ha baena ba bang ba ne ba filoe aterese ea moo ba neng ba lokela ho ea nka tereilara eo e leng ea potoloho ea sebakeng seo. Ba ne ba maketse ho bona letšoao keiting le neng le re, “Eseng Baeti ba Bolumeli.” Empa tereilara e ne e eme moo. Kahoo ba ile ba tsebisa ’mè oa lelapa hore ba nka tereilara eo e neng e tletse lithōle. Ha ba sa ntse ba e hloekisa, hang-hang ba ile ba hlokomela hore e ne e se tereilara ea potoloho! Ha mong’a tereilara a fihla lapeng, mosali oa hae o ile a ’molella hore Lipaki tsa Jehova li nkile tereilara ea hae. Kapele baena ba ile ba khutla le tereilara e neng e se e se na le letho joale, ba hlalosa phoso e etsahetseng. Moqoqo o monate o ile oa latela, ’me batho bana bao pele e neng e le bahanyetsi ba ne ba e-na le lipotso tse ngata tseo ba li botsang ka rōna le mosebetsi oa rōna. Joale ba ne ba lakatsa ho tla bona Holo ea ’Muso e ncha.
Ho bolela litaba tse molemo sebakeng sena ho hloka mamello. Taba ea pele, ho ameha litsela tse telele haholo. Khaitseli e mong oa pula-maliboho le monna oa hae ka mehla ba tsamaea ka koloi leeto la ho ea le ho khutla le fetang lik’hilomithara tse 350 mebileng ea kerabole, le e lerole, ho tloha Port Hedland ho ea Marble Bar, ho ea etsa maeto a ho boela le ho ea khanna lithuto tsa Bibele. Marble Bar ke se seng sa libaka tse chesang ka ho fetisisa Australia, hangata mocheso oa teng o fihla ka holimo ho likhato tse 50 tsa Celsius ho tloha ka October ho phunyeletsa le March.
Ho Leba “Qetellong ea Tlhōrō ea Australia”
Ho ea pele ka leboea lik’hilomithara tse 2 500, ke Darwin, e leng motse o hlahlamang bakeng sa kopano ea potoloho. Molebeli oa setereke le mosali oa hae ba sebelisa lihora tse telele tsa leeto ho ipoloka ba le nakong ka thuto ea botho. Ba qala ka ho bala le ho nahanisisa ka temana ea letsatsi. Ebe ba mamela ’malo oa Bibele theiping. Ha ba ntse ba chenchana ka ho khanna, ba boetse ba chenchana ka ho bala lihlooho tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Matšoao a tsela a ba lemosa hore ba falimehele “literene tsa ’mileng.” Tseo ke literaka tse matla tse telele tse hulang litereilara tse tharo kapa tse ’nè ’me bolelele ba tsona kaofela ke limithara tse 55. Kahoo ho hlokahala sebaka se seholo ha koloi e ’ngoe e feta literene tsena tsa ’mileng. Li sebelisetsoa ho laela likhomo le thepa e ’ngoe ho ea metseng e ka mathōko.
Boemo ba leholimo boa chesa ka mehla ’me tikoloho ena ea mahaeng e lula e omeletse. Mohlomong ka phoso ho ka ’na ha nahanoa hore naha ena e omeletseng ke setša se seholo sa mabitla hobane liōlō tsa teng li arohane hantle ka ho lekana. Liōlō tsena li fapana ka mebala, ho itšetlehile ka mobu oo bohloa bo o sebelisitseng, ’me bolelele ba tsona e ka ’na ea e-ba mithara e le ’ngoe ho ea ho tse peli le halofo. Joale, ha baeti ba rōna ba tšela Nōka ea Victoria, ba hlokomela matšoao a mangata a entsoeng ke batho ba motse. Le leng le re: “Kotsi: Ho Sesa ha ho Lumelloe. Likoena tse Jang Batho Linōkeng Tsena!” Ka bohlale ba rera ho fumana litsela tse ling tsa ho tola ’me ba lule ba pholile!
Qetellong, ba fihla tlhōrōng e ka leboea ea Australia, moo ka tloaelo ho tsejoang e le “Qetellong ea Tlhōrō.” Darwin, motse-moholo oa Tikoloho e ka Leboea, ho na le liphutheho tse peli tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova. Sebōpeho sa Darwin sa ho ba le mefuta e mengata se ka bonoa habonolo ha ho tluoe kopanong ea potoloho. Kopana le Charles ea lilemo li 30, eo qalehong a neng a tsoa Timor Bochabela e harasantsoeng ke ntoa Indonesia. Batsoali ba hae ba Machaena ba ne ba mo rutile ho kenella borapeling ba baholo-holo. Hape o ne a ile a ameha haholo lipapaling tsa ho loana tse kang judo le karate. Ho khaotsa ho ne ho se bonolo ka lebaka la tlamahano e matla ea ho sebelisana le meea. Leha ho le joalo, a hopola tšepiso ea Jesu ea hore “’nete e tla le lokolla,” o ile a lokoloha mokhoeng ona oa bophelo. (Johanne 8:32) O re: “Kajeno, ke na le letsoalo le letle ka pel’a Jehova, ’me hona joale, ke sebeletsa ke le mohlanka ea sebeletsang. Pakane ea ka ke ho ea Sekolong sa Koetliso sa Bosebeletsi.”
Hape, kopana le Beverly ea tsoang Papua New Guinea. Beverly oa ipolela: “Qalehong ke ne ke se na sebete sa ho pakela makhooa, hobane Senyesemane e ne e le puo ea ka ea bobeli ’me lipolelo tse itseng, hammoho le mokhoa oa Australia oa ho bua Senyesemane, li ne li nthatafaletsa ho utloisisa. Empa ha ke hopola hore Bibele e re bolella hore re tšepe Jehova ’me re latsoe le ho bona hore o molemo, ke ile ka qala tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho ka January 1991. Thuto ea ka ea pele ea Bibele hona joale ke pula-maliboho. Ba babeli ba barali ba hae le bona ba amohetse ’nete, ’me e mong oa bona o bula maliboho, hammoho le monna oa hae.”
Pele re tloha Darwin, a re nke leeto le potlakileng la lik’hilomithara tse 250 ho ea ka bochabela ho Serapa sa Liphoofolo sa Sechaba sa Kakadu, se tsebahalang haholo ka linonyana tsa teng tse ngata. Mona re kopana le Debbie, ’moleli ea mong oa litaba tse molemo sebakeng sena sohle. Re ’motsa hore na o khona joang ho lula a le matla moeeng boinotšing bo joalo. Oa arabela: “Ntho ea pele, ke ka ho rapela. . . . ’Me ke fumana matšeliso mangolong a kang Esaia 41:10, e reng: ‘U se ke ua tšaba, hobane ke na le uena; u se ke ua tšoha, hobane ke Molimo oa hao; ke tla u fa matla, ke u thuse, ke u tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!’”
Jilkmingan, e leng lik’hilomithara tse 450 ho ea ka boroa ho Darwin, re kopana le sehlopha se senyenyane sa Maaborigine. Ka lilemo tse ngata sebaka sena sa Maaborigine se ne se talingoa e le sebaka sa Lipaki tsa Jehova hobane ka mehla ba bangata ba ne ba e-ba teng likopanong tse khōlō le tse nyenyane, le hoja ho ne ho se lea mong oa bona ea kolobelitsoeng. Sebaka sena se ile sa hlokomeleha ka bohloeki ba sona. Ka thabo, hona joale ba bang ba nkile khato e tiileng bakeng sa ’nete ’me ba kolobelitsoe. Ba har’a ba pele ho Maaborigine a lulang mahaeng a ileng a kolobetsoa. Ho hlokahala sebete sa sebele le ho itšetleha ka moea o halalelang oa Jehova bakeng sa hore batho bana ba ikokobelitseng ba lokolohe meetlong ea makholo-kholo a lilemo le litloaelo tsa ho sebelisana le meea tsa batho ba morabe oa bona.
Ho ea Alice Springs le ho Tloha Mahaeng
Joale ke nako ea ho tloha “Tlhōrōng ena” le ho tsamaea lik’hilomithara tse 1 600 ho ea Alice Springs ka boroa, “Bohareng bo Bofubelu” ba k’honthinente ena, haufi le Ayers Rock e tummeng haholo. Mona ka Holong ea ’Muso e kentsoeng sefehla-moea, litulo tse mabotho-botho li lokiselitsoe bakeng sa kopano, ’me ba 130 kapa ho feta ba tlileng ba tsoa liphuthehong tse peli tsa sebakeng sena. Hape re bona lifahleho tse thabileng tsa Mapolynesia, Maeurope, le Maaborigine ba kopane hammoho mokhatlong oa Bokreste.
Qetellong re tloha Alice Springs ’me re qala karolo ea ho qetela ea leeto le molebeli oa rōna oa setereke ea tsamaeang le mosali oa hae. Leeto lena le re nka lik’hilomithara tse ka bang 2 000 ho parola k’honthinente ena ka lehare, ho leba leboea le bochabela. Ha re etsa joalo, re salisa sebaka sena sa mahaeng hantle, hobane qetellong re fihla merung ea lipula e tlokomang ea libaka tse chesang ea Queensland. Mona, lebōpong la Queensland ka leboea—naheng ea Tutulu e Khōlō ea Lehlabathe—ho na le liphutheho tse ngata tse nang le karolelano e holimo ea Lipaki ho baahi.
Leha ho le joalo, ha re e-s’o qete ho tsamaea, pele re ea kopanong e ’ngoe ea potoloho. Re palama sefofane Cairns—toropong ea sebakeng se chesang ea Queensland ea Tutulu ea Lehlabathe e tummeng—re tloha lefatšeng la Australia ka ho nka leeto ka sefofane re feta holim’a Hloahloa ea Cape York e phahameng ka leboea, re parola Torres Strait ka lehare ho ea Sehleke-hlekeng sa Thursday. Mona ho na le phutheho e nyenyane ea bahoeletsi ba 23 feela. Ke thabo e kaakang ho bona ba 63 ba le teng kopanong ea rōna ea ho qetela leetong lee!
Re tšepa hore u thabetse ho qekotsa mosebetsi ona oa boboleli oa ’Muso o etsoang naheng ena ea lintho tse sa tšoaneng. Mohlomong ka letsatsi le leng u ka ’na ua khona ho re etela naheng ena e thahasellisang ea Australia ’me ua kopana ka seqo le baena le bo-khaitseli ba phethang tšebeletso ea bona ka botšepehi kabelong ea bona e ikhethang.
[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Port Hedland
Canberra
Tom Price
Marble Bar
Newman
Darwin
Katherine
Alice Springs
Ayers Rock
Sehleke-hleke sa Thursday
Cairns
Adelaide
Melbourne
Hobart
Sydney
Brisbane
Perth
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Perth, motse-moholo oa Australia Bophirima
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ho paka seterateng ho hlahisa litholoana tse molemo