Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 11/15 leq. 11
  • Bakreste ba Chesehang ba Brithani

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste ba Chesehang ba Brithani
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Bolela ka Ntlo le Ntlo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Bakreste ba ʼNete ke Baboleli ba ʼMuso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 11/15 leq. 11

Bakreste ba Chesehang ba Brithani

Ho ea ka The Economist, karolo e ka tlaase ho 10 lekholong ea baahi ba Brithani ba limilione tse 56 hona joale ke Bakreste ba chesehang. Ka Sontaha se tloaelehileng, batho ba ka tlaase ho limilione tse ’nè ba kopanela tšebeletsong ea kereke. Ho bana, ke feela ba limilione tse 1,1 bao e leng Machache. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho belaella boteng ba Molimo ho atileng, Kereke ea Chache e tsoela pele ho phetha karolo ea eona ea ho ba bolumeli ba Naha. Makasine oa litaba o boletsoeng ka holimo oa bolela: “Brithani ha ea ka ea e-ba le sechaba sa Bakreste ka lilemo tse ngata empa e hana ho lumela hore e belaella boteng ba Molimo, haholo-holo ka lebaka la takatso e matla ea ho boela e e-ba boemong boo e neng e le ho bona pele.” Ha ho makatse hore ebe likoranta le bo-ralipolotiki ba kajeno ba batla ho felisa tlamahano e pakeng tsa Kereke le Naha.

Walter Bagehot, e leng mohlophisi oa lekholong la bo19 la lilemo oa The Economist, o ile a makala: “Lefatše leo ha e le hantle le sekametseng linthong tsa nama, le ipolelang hore ke la Bokreste, ke lefatše le lebe ka ho fetisisa.” Empa lekholong la pele la lilemo C.E., Jesu Kreste o itse barutuoa ba hae ‘hase karolo ea lefatše, hantle feela joalokaha le eena e ne e se karolo ea lefatše.’ (Johanne 17:16) Leha ho le joalo, o ile a ba romela lefatšeng hore ba bolele ka ’Muso oa Molimo. Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tsebahala ka ho bolela ka cheseho “pontšeng le ka matlung.”—Liketso 20:20.

Ha le bapisoa le la Machache, lenane la Lipaki tsa Brithani tse 126 173 le lenyenyane. Leha ho le joalo, li sebelisa lihora tse ka bang 20 ka khoeli bakeng sa ho kopanela libokeng tsa Bokreste. Ho feta moo, ka 1992 Paki e ’ngoe le e ’ngoe ka karolelano e ile ea sebelisa lihora tse ling tse 16 ka khoeli bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, puso eo haufinyane e tla hloma lefatše le lecha la ho loka. (Mattheu 24:14; 2 Petrose 3:13) Lekhetlong le tlang ha Lipaki tsa Jehova li etela ha hao, na u tla mamela molaetsa oa tsona o khethehileng ’me u hlokomele se susumetsang cheseho ea tsona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela