Ha Baa ka ba Nahana ho Sekisetsa!
LETSOHO la Jehova le ne le na le balateli ba pele ba Jesu Kreste. (Liketso 11:21) Ka thuso ea Molimo, ba sa sekisetse ba ile ba phehella tsela e lokileng. Ke taba e tsebahalang historing hore ba bile ba hlouoa esita le ho hlorisoa ka sehlōhō.
Botšepehi ba balateli ba Kreste ba pele boa tsebahala. Esita leha ba tobane le lefu, ba ile ba hana ho sekisetsa tumelo ea bona. Empa ke hobane’ng ha ba ile ba tšoaroa ka sehlōhō hakaale?
Ba Hloiloe ka Ntle ho Lebaka
Joaloka Jesu, Bakreste ba ’nete ha baa ka ba kopanela litakatsong le litumelong tsa lefatše lena. (1 Johanne 4:4-6) Ho feta moo, joalokaha rahistori Edmond de Pressensé a ile a ho hlalosa, ho hōla ha Bokreste “e bile ho potlakileng haholo, ’me katleho ea hona e bile e hlollang haholo, hoo khohlano e tšabehang [pakeng tsa puso ea tlatlapo ea Roma] e neng e se e ka qojoang.”
Jesu o kile a sebelisa pesaleme ea boprofeta mabapi le eena a re: “Ba ntlhoile feela.” (Johanne 15:25; Pesaleme ea 69:4) Pele a bolella barutuoa ba hae sena, o ne a ile a hlokomelisa: “Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) Ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho hata moo a hatileng teng. Taba ea pele, baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ne ba tla tšoara barutuoa ba Jesu ba Bajode joaloka bakoenehi ba tsoang Bojodeng. Leha ho le joalo, ha balateli ba Jesu ba ne ba laeloa hore ba se hlole ba bua ka eena, ba ile ba hana ho sebetsa tumellanong le taelo eo e leng se neng se tla etsa hore ba sekisetse tumelo ea bona.—Liketso 4:17-20; 5:27-32.
Bopaking bo fanoeng ho Sanhedrin ea Sejode nako e seng kae ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., morutuoa Setefane o ile a qosoa ka ho “bolela litaba tse nyefolang Moshe le Molimo.” Le hoja liqoso tsena e ne e se ’nete, o ile a tlepetsoa ka majoe. Phello e bile hore, “ha tsoha mahloriso a maholo khahlanong le phutheho e neng e le Jerusalema,” ’me “bohle ka ntle ho baapostola ba qhalanyetsoa libakeng tsa Judea le Samaria.” (Liketso 6:11, 13; 8:1, NW) Ba bangata ba ile ba kenngoa teronkong.
Christianity and the Roman Empire e bolela hore, Bajode ba ile ba qophella balateli ba Jesu ka “lehloeo leo ho leng thata ho le mamella.” ’Muso oa Roma o ne o atisa ho nka khato ho sireletsa Bakreste! Ka mohlala, masole a Roma a ile a pholosa moapostola Pauluse morerong oa Bajode oa ho mo bolaea. (Liketso 21:26-36) Leha ho le joalo, kamano pakeng tsa Bakreste le Baroma e bile e sa tsitsang.
Roma e Eketsa Mahloriso
Lilemo tse ka bang robong ka mor’a lefu la Setefane, ’musi oa Roma Heroda Agrippa I o ile a etsa hore moapostola Jakobo a bolaoe e le hore a ka ratoa ke Bajode. (Liketso 12:1-3) Ka nako eo, tumelo ho Kreste e ne e atolohetse Roma. (Liketso 2:10) Ka 64 C.E., boholo ba motse oo bo ne bo chesitsoe ka mollo. Mahloriso a sehlōhō a Bakreste a ile a latela ka mor’a hore Nero a ba behe molato oa tšenyo ena ka boiteko ba ho khutsisa bo-ba-re ba bolelang hore o ikarabella bakeng sa ho chesa motse. Na o ile a chesa motse oo ka morero oa ho o haha bocha ka tsela e bohehang haholoanyane e le hore a ka o reha Neropolis e leng ho o rehella ka eena? Kapa na mosali oa hae Poppaea, e leng mosokolohi e mocha oa Mojode ea neng a tsebahala ka ho hloea Bakreste, o ile a mo susumeletsa ho etsa qeto ea ho ba qosa? Babatlisisi ha baa tiiseha, empa phello e bile e tšosang.
Rahistori oa Moroma Tacitus o re: “Ho phoqa ho ne ho phaelloa lefung; ba apere matlalo a liphoofolo, [Bakreste] ba ne ba robokeloa likoto ke lintja; ba ne ba fanyehoa lifapanong; ho ile ha etsoa hore ba se che, e le hore ha ho sa khanye, ba ka sebelisoa e le mabone,” litoche tsa batho bakeng sa ho khantša lijarete tsa ’muso. Tacitus, eo e neng e le sera sa Bakreste, oa phaella: “Le hoja ba ne ba le molato, ’me ba tšoaneloa ke kahlolo e khethehileng, ba ne ba baka mohau, joaloka ba felisoang, eseng molemong oa boiketlo ba sechaba, empa ka baka la bokhopo ba motho a le mong,” Nero.
Phapang e Hlakileng
Le hoja ho qosa Bakreste ka ho felisa Roma ho ne ho le tumellanong le morero oa Nero, haa ka a ba thibela ka molao kapa hona ho hanela Bokreste joaloka bolumeli ba Naha. Kahoo ke hobane’ng ha Baroma ba ile ba lumella mahloriso? Rahistori Will Durant o re hobane “lihlopha tse nyenyane tsa Bakreste li ne li tšoenya lefatše la bohetene la ba hlanyetsang menate ka litumelo tsa bona tsa meetlo le litekanyetso tsa bona.” Phapang pakeng tsa Bokreste le tšollo ea mali ea litlholisano tsa Baroma tsa ho loana ho fihlela ba bolaeana e ne e ke ke ea ba khōlō ho feta moo. Ho lahleheloa ha Baroma ke monyetla oa hore ba felise Bakreste e le hore matsoalo a bona a ka khutsa e ne e ka ba ho lahleheloa ke monyetla o molemo haholo.
Joaloka ’muso oa lefatše, ho bonahetse Roma e ke ke ea haptjoa. Baroma ba ne ba lumela hore lebaka le leng la ho ba le sesole se matla ka tsela e khethehileng ke borapeli ba bona ba melimo eohle. Kahoo ba ile ba fumana ho le thata ho utloisisa ho khetheha ha tumelo ea Bakreste ea hore ho na le Molimo a le mong feela le ho hana ha bona melimo e meng, ho akareletsa le moemphera. Ho ne ho sa makatse hore ebe Roma e ne e talima Bakreste e le tšusumetso e nyelisang metheo ea ’muso ka boeona.
Phello ea ho Fana ka Bopaki
Ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., moapostola Johanne o ile a isoa kholehong sehleke-hlekeng sa Patmose “ka baka la lentsoe la Molimo, le ka baka la ho paka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Ho lumeloa hore moemphera oa Roma Domitian ke eena ea neng a ikarabella bakeng sa sena. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe khatello e ileng ea tlisetsoa balateli ba Jesu, ha lekholo leo la lilemo le fela ’me ho qaleha le leng, Bakreste ba ne ba le teng ho pholletsa le ’Muso oa Roma. See se ne se ka etsahala joang? A History of the Early Church e bolela hore Bokreste bo ne bo “kopanngoa ke tšebeletso ea bona.” Joaloka Johanne, Bakreste ba pele ba neng ba hlorisoa ba ne ba ke ke ba sekisetsa tumelo ea bona empa ka cheseho ba phehella ho bua ka Molimo le ho fana ka bopaki ka Jesu.—Liketso 20:20, 21; 2 Timothea 4:2.
Mahloriso a Bakreste a ile a etsoa ka tsela e ’ngoe e ncha ka 112 C.E., lilemo tse peli ka mor’a hore Moemphera Trajan a khethe Pliny hore e be ’musi oa Bithynia (eo hona joale e leng ka leboea-bophirimela ho Turkey). Tsamaiso ea puso e etellang ena pele e bile bohlasoa, e leng ho ileng ha fella ka pherekano. Litempele li ne li se li batla li se na batho, ’me thekiso ea furu ea liphoofolo tsa mahlabelo e ile ea theoha haholo. Barekisi ba ile ba beha ho se rarahane ha borapeli ba Bakreste molato, hobane bo ne bo sa kopanyeletse mahlabelo a liphoofolo le litšoantšo.
Pliny o ile a sebetsa ka thata e le hore a ka tsosolosa borapeli ba bohetene, ha Bakreste ba ne ba lokela ho shoa ka baka la ho hana ho nehelana ka veine le libano ka pel’a liemahale tsa moemphera. Qetellong, balaoli ba Roma ba ile ba lumela joalokaha Moprofesa Henry Chadwick a bolela hore Bakreste “ke batho ba itšoereng hantle, empa ba hlaha ka tsela e ke keng ea hlalosoa mabapi le meetlo ea khale ea bolumeli.” Le hoja ho ba Mokreste e ne e le tlōlo ea molao eo kahlolo ea eona e leng lefu, balateli ba Jesu ba ’nete ha baa ka ba nahana ho sekisetsa.
Moprofesa W. M. Ramsay o bolela hore hape lehloeo le ile la bakoa ke “ho utloa bohloko ho ileng ha bakoa ke ho sokoloha ha litho tsa malapa a bahetene.” Dr. J. W. C. Wand o re: “Bophelo ba sechaba bo ile ba thatafala haholo ha moahisani oa motho a sa sebetse tumellanong le moetlo o tloaelehileng haholo oa sechaba ka lebaka la hore o bolela ho lebisa tlhokomelo melimong ea bohetene.” Ha ho makatse hore ebe ba bangata ba ne ba talima Bakreste ba pele e le ba hloileng moloko oa batho kapa ba ba talima e le ba sa lumeleng ho Molimo.
Khōlo e Tlisa Mahloriso a Eketsehileng
Polycarp, eo ho boleloang hore o rutiloe ke moapostola Johanne, e ile ea e-ba moholo ea hlomphehang motseng oa Smyrna (oo hona joale e leng Izmir). O ile a chesetsoa thupeng ka lebaka la tumelo ea hae ka 155 C.E. ’Musisi oa profinse ea Roma Statius Quadratus o ile a bokella matšoele. Lebala la lipapali le ne le tletse bahetene ba hlaha ba neng ba nyelisa Polycarp ea lilemo li 86 bakeng sa ho se khothaletse borapeli ba melimo ea bona, le Bajode ba nang le cheseho e feteletseng ba ile ba ikemisetsa ho roalla patsi, le hoja ba ne ba lokela ho etsa sena ka Sabbatha.
Ho ile ha latela moroallo oa mahloriso holim’a Bakreste ho pholletsa le lefatše la Roma. Tlas’a Moemphera Marcus Aurelius, ba eketsehileng ba ile ba bolaoa. Haeba e ne e le baahi ba Roma, ba ne ba bolaoa ka lerumo; haeba e se bona, ba ne ba bolaoa ke liphoofolo tse hlaha ka lebaleng la lipapali. Tlōlo ea molao eo ba neng ba e entse ke efe? Ho ba Bakreste ba hanang ho sekisetsa tumelo ea bona kapa ho e latola.
Motse oa kajeno oa Fora oa Lyons o ile oa hōla ho tloha ho beng kolone ea Roma ea Lugdunum, setsi se ka sehloohong sa tsamaiso ’me e le oona feela qhobosheane pakeng tsa Roma le Nōka ea Rhine. Ka 177 C.E., e ne e na le sehlopha se matla sa Bakreste seo baahi ba bahetene ba neng ba nka bohato bo mabifi khahlanong le sona. Sena se qalile ha Bakreste ba ne ba thibeloa ho kena libakeng tsa sechaba. Sehlopha sena sa mahoo-hoo se ile sa tsosa morusu, le mahloriso a ileng a latela a ile a ba maholo hoo Bakreste ba neng ba se na sebete sa ho tsoela kantle ho mahae a bona. ’Musisi oa Roma o ile a laela hore Bakreste ba fumanoe le ho bolaoa.
Moputso
Ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu le ho fela ha tšusumetso ea bona ea ho beha meeli, bokoenehi bo ile ba qala ho hōla har’a ba ipitsang Bakreste. (2 Ba-Thessalonika 2:7) Ho ea qetellong ea lekholo la bone la lilemo C.E., Bokreste ba bokoenehi bo ile ba fetoha bolumeli ba Naha. Ka nako eo, bo ne bo silafalitsoe ’me bo ikemiselitse ho sekisetsa le ho ikamahanya le lefatše—e leng seo Jesu le barutuoa ba hae ba pele ba sa kang ba se etsa le ka mohla. (Johanne 17:16) Leha ho le joalo, pejana karolo ea mangolo a halalelang a Bibele e ne e se e phethiloe, ka tlaleho ea ’ona ea tumelo ea Bokreste.
Na ho utloa bohloko le ho shoa ha Bakreste ba pele ba likete e bile ha lefeela? Le hanyenyane! Ka lebaka la ho se nahane ho sekisetsa tumelo ea bona, ‘ba ipakile ba tšepahala esita le ho isa lefung ’me ba filoe moqhaka oa bophelo.’ (Tšenolo 2:10) Bahlanka ba Jehova ba ntse ba utloa lebatama la mahloriso, empa tumelo le botšepehi ba balumeli-’moho le bona ba pele bo sala e le mohloli oa khothatso e khōlō ho bona. Kahoo, Bakreste ba kajeno le bona ha ba nahane ho sekisetsa.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Nero
Setšoantšo sa ’muso oa Roma
Aletare e nehetsoeng borapeling ba Cesare
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Nero: Courtesy of The British Museum
Museo della Civiltà Romana, Roma
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Marcus Aurelius
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Bettmann Archive