Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/15 maq. 25-29
  • Ho Boloka Mahlo a Rōna a “Tsepame” Mosebetsing oa ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Mahlo a Rōna a “Tsepame” Mosebetsing oa ’Muso
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Ho Boloka Leihlo le Tsepame Hantle
  • Mosebetsi oa ’Muso o Eketsehileng
  • Kananelo Bakeng sa Lingoliloeng tsa Rōna
  • Ho Hahela Keketseho
  • Leihlo le Tsepamisitsoeng ’Musong oa Molimo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/15 maq. 25-29

Ho Boloka Mahlo a Rōna a “Tsepame” Mosebetsing oa ’Muso

REPHABLIKI ea Jeremane ea Puso ea Sechaba ka Sechaba (German Democratic Republic [G.D.R.]), kapa e neng e tsejoa e le Jeremane Bochabela, e ile ea fihla lilemong tse bohareng ka thata. Ho ba teng ha eona ka lilemo tse 41 ho ile ha fela ka October 3, 1990, ha sebaka sa eona, se batlang se lekana le Liberia kapa setereke sa Tennessee, United States, se ne se kopanngoa le Rephabliki ea Jeremane ea Puso e buellang kabo ea matla a ho busa, e ’nileng ea bitsoa Jeremane Bophirima.

Ho kopanngoa hape ha li-Jeremane tsena tse peli ho ’nile ha tlisa liphetoho tse ngata. Se neng se arohantse linaha tsena tse peli, e ne e se feela moeli oa sebele, empa e ne e le moeli pakeng tsa bophelo ba batho. See sohle se ile sa bolela eng ho batho ba moo, hona bophelo bo fetohile joang bakeng sa Lipaki tsa Jehova?

Wende, e leng phetoho e etsahetseng ka November 1989 e ileng ea etsa hore ho kopanngoa hape ho khonehe, e ile ea tla kapele-pele ka mor’a lilemo tse mashome a mane tsa puso e thata ea bososheale. Nakong eo ea lilemo tse mashome a mane, mesebetsi ea Lipaki tsa Jehova e ne e thibetsoe, ’me ka linako tse ling li ne li hlorisoa hampe-mpe.a Ha G.D.R. e ne e lokoloha, boikutlo ba nyakallo bo ile ba aparela baahi. Empa ha thabo eo e ntse e fela, ba bangata ba ile ba ferekana, ba nyahama esita le ho buleha mahlo. Mosebetsi oa ho kopanya li-Jeremane tse peli hore e be ntho e le ’ngoe sechabeng, lipolotiking le moruong o ipaka e le o makatsang.

Ho latela letoto la “162 Tage Deutsche Geschichte” (Matsatsi a 162 a Histori ea Jeremane) ho Der Spiegel, ka mor’a ho kopanngoa hape ho ile ha e-ba le tšabo e akaretsang ea ho hloka mosebetsi, ho theoha ha matla a chelete le litefello tsa matlo tse phahameng. Batho ba bangata ba moo e neng e le G.D.R. ba ne ba ipotsa: “Na ke tla ba le penshene e lekaneng?” Ho thoe’ng ka matlo? “Ho phatlalla le G.D.R. eohle, mehaho ea khale e-ea senyeha, literata tsohle li fetoha tseo ho ke keng ha luloa ho tsona.” Tšilafalo e fihlile boemong bo tšosang.

Lipaki tsa Jehova tsa moo pele e neng e le G.D.R. li khonne ho tsoella joang li tobane le mofere-fere o joalo sechabeng le moruong?

Ho Boloka Leihlo le Tsepame Hantle

Lipaki tsa Jehova ha li na meeli lipakeng tsa bophelo ba batho. Tumelo ea tsona e thehiloeng Bibeleng ea tšoana, ho sa tsotellehe hore na ke Bochabela kapa Bophirimela. Ha boemo sechabeng sa habo tsona bo fetoha, Lipaki tse ngata li boloka botsitso moeeng ka ho boloka mahlo a tsona a shebile pakaneng e ka sehloohong ea ho sebeletsa Jehova. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

Hobane “pono ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Ba-Korinthe 7:31, NW) Moholo e mong oa Mokreste o hlalosa hore ho bolela tlas’a thibelo pele ho Wende ho ne ho hloka sebete; ho ile ha ruta Lipaki ho itšetleha ka Jehova ’me ha li koetlisetsa ho sebelisa Bibele. Leha ho le joalo, hona joale, “re tlameha ho ba hlokolosi haholoanyane hore re se khelosoe ke lintho tse bonahalang le matšoenyeho a bophelo.”

Hangata tokoloho le khatelo-pele li lekanyetsoa ka lintho tse bonahalang. Batho ba bangata sebakeng sena ba utloa ho hlokahala hore ba lefeletse nako ea mesebetsi le boithabiso tseo pele li neng li sa fumanehe. Sena se hlaka ha motho a khanna koloi mebileng e entsoeng ka majoe a chilikoenyane litoropong le metsaneng ea Thuringia le Saxony ka boroa. Ho hlokahala hore ho lokisoe mebila, matlo a teng a manyenyane, empa ho na le li-aerial tsa thelevishene tse ngata bo tšosang tsa satellite! Ho bonolo hore motho a ee le khongoana holimo ka ho lumela hore tšireletseho le thabo li tsoaloa ke ho ba le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo leihlo le e bonang. Leo ke leraba le kotsi hakaakang!

Thutong ea Thabeng, Jesu o buile ka likotsi tsa ho ameha ho sa lokelang ka lintho tse bonahalang le matšoenyeho a bophelo. O ile a lemosa: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng.” A phaella: “Lebone la ’mele ke leihlo. Joale, haeba, leihlo la hao le tsepame, ’mele oohle oa hao o tla khanya.” (Mattheu 6:19, 22, NW) O ne a bolela’ng? Leihlo le tsepameng ke le talimang ka ho toba le le fetisetsang litšoantšo tse hlakileng kelellong. Leihlo la moea le tsepameng le boloka setšoantšo sa ’Muso oa Molimo se hlakile. Kahoo qeto ea Mokreste ea ho boloka leihlo la hae le tsepame, le talimile ka ho hlaka ’Musong oa Molimo, le ho tlosa matšoenyeho kelellong ho mo thusa ho ipoloka a tsitsitse moeeng.

Sena se ka bontšoa ka phihlelo ea banyalani ba tsoang Zwickau, Saxony, ba ileng ba bontša thahasello Bibeleng nakong ea Wende. Ba ne ba sebelisa nako e ngata haholo khoebong ea bona, empa ba ile ba eteletsa lithahasello tsa moea pele, ba ba teng libokeng tsohle tsa Bokreste. Ba ile ba lumela: “Ha re talima litaba ho ea ka pono ea khoebo ea rōna, re ke ke ra ba le nako eo, empa moeeng rea e hloka.” Ke qeto e bohlale hakaakang!

Hape, nahana ka lelapa le leng Plauen, hona Saxony. Monna e ne e le setei sa lioache, setsebihali sa mesebetsi ea matsoho se itšebetsang. Ka mor’a Wende, tefello ea setša seo a neng a sebeletsa ho sona e ile ea phahama haholo. O ne a lokela ho etsa joang? “Se ne se tla hloka chelete e ngata, ’me ke ne ke ithutile ho etsa hore ’nete e be ntho ea bohlokoahali bophelong ba ka.” Kahoo o ile a fallela setšeng se batlang se le thōkoana empa tefello ea sona e le tlaasana. E, setei seo sa lioache se ile sa ithuta kapele-pele ka ho boloka leihlo la sona le tsepame.

Leha ho le joalo, ba seng bakae ba ile ba ithuta e se e le morao haholo. Moholo e mong oa Mokreste, a beha mabaka ka hore tsamaiso ea moruo e sa tsoa hlahisoa e lumellang batho ho reka le ho rekisa ka bolokolohi e ne e tšepisa haholo, o ile a ikakhela ka setotsoana khoebong. Ka mosa molebeli ea tsamaeang o ile a mo phehella hore a se lumelle boikarabelo ba khoebo ho pupetsa bomoea ba hae. Leha ho le joalo, ka bomalimabe, seo ke sona se ileng sa etsahala. Likhoeli tse itseng hamorao moena eo o ile a tlohela ho ba moholo. Hamorao o ile a ngola: “Ho tsoa phihlelong ea ka, ke khothaletsa moena leha e le ofe ea hahamallang litokelo tsa tšebeletso hore a se ke a ba le khoebo eo e leng ea hae ka boeena.” Sena ha se bolele hore ho itšebetsa ho fosahetse bakeng sa Mokreste. Empa hore na re na le khoebo eo e leng ea rōna kapa che, ho lebisa tlhokomelo e fetisisang matšoenyehong a tsa moruo ho ka re etsa makhoba a leruo re sa ikemisetsa. Jesu o ile a bontša phello: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli: hobane kapa o tla hloea e mong, a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong.” (Mattheu 6:24) Sengoli sa lithothokiso sa Lejeremane Goethe se itse: “Ha ho ba leng bokhobeng ka ho hlokisang tšepo ho feta bao ka bohata ba lumelang hore ba lokolohile.”

Ho tšoasoa sefefong sa sebele ho ka ’na ha re hloka hore re sesefatse mahlo a rōna e le hore re bone hamolemonyana kapa ho beha matsoho a rōna mahlong e le hore re ’ne re bone moo re eang teng. Ha re pota-potiloe ke mefere-fere ea lipolotiki, ea moruo, kapa ea sechaba, ho hlokahala hore re tsepamise mehopolo e le hore re ka boloka pakane ea rōna ea moea e ntse e bonahala. Bakreste ba bang ba etsa eng ho boloka mahlo a bona a tsepame mosebetsing oa ’Muso?

Mosebetsi oa ’Muso o Eketsehileng

Ho pharalla le seo pele e neng e le G.D.R., Lipaki li nehelana ka nako e eketsehileng boboleling ho feta leha e le neng pele. Lilemong tse peli tse fetileng, karolelano ea nako e sebelisitsoeng tšebeletsong ea tšimo e ile ea phahama ka karolo ea 21 lekholong. Phello ke keketseho e hlollang ea karolo ea 34 lekholong ea lithuto tsa lehae tsa Bibele. Ho feta moo, hona joale palo ea bo-pula-maliboho ba ka mehla e phahame ka makhetlo a mane ho feta ea lilemong tse peli tse fetileng! Le hoja ba bang ba tšoenyehile ebile ba belaela, Bakreste ba fetang 23 000 ba moo pele e neng e le G.D.R. ba sebetsana le boemo ka ho boloka mahlo a bona a tsepame. Sena se tlatselitse keketsehong e tsotehang mosebetsing oa ’Muso.—Bapisa le Joshua 6:15.

Mosebetsi o eketsehileng o bolela hore tšimo e hlokomeloa hantle ka boroa, moo boholo ba Lipaki bo lulang teng. Mona mabitso a libaka tse ngata ke a bohlokoa le a tsebahalang historing. Haeba u rata lijana tsa letsopa, u tla hlokomela hore toropo ea Meissen, haufi le Dresden, ke mohloli oa lijana tsa letsopa tse ntle ka ho fetisisa lefatšeng. Hona joale Meissen ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 130. Kapa nahana ka Weimar, “motse-moholo oa Jeremane oa boholo-holo.” Sehopotso sa Goethe le Schiller se bohareng ba toropo ena se netefatsa likamano tse hlomphehang tsa Weimar le bangoli bao ba babeli ’me batho ba bangata ba ithorisa ka sona sebakeng seo. Kajeno Weimar e ka ithorisa ka bahoeletsi ba litaba tse molemo ba ka holimo ho 150.

Leha ho le joalo, ka leboea, lintho li fapane haholo, ka bahoeletsi ba ’maloanyana le litsela tse telele pakeng tsa liphutheho. Haholo-holo mesebetsi e-ea haella. Ba bangata ba nang le mosebetsi ba tlas’a khatello ea ho sebetsa lihora tse ngata e le hore ba boloke mosebetsi oa bona. Moena e mong ea sebeletsang e le ’moleli oa nako e tletseng ka leboea oa hlalosa: “Tlas’a thibelo moena e mong le e mong o ne a hloka tšireletso ea Jehova tšebeletsong ea tšimo, empa ho ne ho se thata ho fumana mosebetsi. Hona joale boemo bo fetohile. Re na le tokoloho ea ho bolela, empa re hloka tataiso ea hae mabapi le mosebetsi. Ho hlokahala hore re tloaelane le phetoho e joalo.”

Na bahoeletsi ba thabile hore ebe ba khona ho bolela ka mehla? Pono ea Wolfgang ke hore: “Ho molemo haholo hore mohoeletsi a le mong a sebetse tšimo e tšoanang nako le nako. Batho ba mo tšepa ka ho eketsehileng ebile ba phutholoha haholoanyane.” Ho phaella moo, beng ba matlo “ha ba sa hlajoa ke lihlong hore ba bue ka bolumeli menyakong ea bona, esita leha batho ba fetang ka tsela ba ka khona ho ba utloa. Bolumeli ha e sa le taba e thibetsoeng.” Ralf le Martina baa lumela. “Re thabela ho sebetsa tšimo ea rōna khafetsa. Re ka khona ho tseba batho ka seqo ’me hape re thabetse mefuta e fapaneng e mengata ea lingoliloeng tse fumanehang.”

Kananelo Bakeng sa Lingoliloeng tsa Rōna

Ralf le Martina ka ho khethehileng ba ananela buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Ho ba bangata ba neng ba lumela hore Molimo ha a eo ho G.D.R. ea mehleng, buka ena e ipaka e le thuso e babatsehang ea ho ithuta Bibele. Ba ne ba bile ba lakatsa ho ba le khatiso e nyenyane e fupereng boitsebiso bo tšoanang. “Re ile ra thaba hakaakang ha ho lokolloa bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella? Kopanong ea Setereke ea ‘Bajari ba Leseli’ ea 1992 e neng e tšoaretsoe Dresden. E ne e le karabo ea lithapelo tsa rōna.”

Batho ba bangata bao eseng Lipaki ba se ba rata likhatiso tsa Watch Tower. Ka July 1992 morupeli oa thuto ea tsa kahisano sechabeng o ile a ngola a hlalosa ka “tlhompho e phahameng ka ho fetisisa le liteboho tse mofuthu ka ho fetisisa” tseo a nang le tsona bakeng sa likhatiso tseo a li sebelisang ho lokisetsa lithupelo. Ka January 1992 mosali e mong oa Rostock o ile a amohela buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ho Lipaki tse peli tse neng li tlile ha hae. O ile a ngolla ofisi ea lekala ea Jeremane a re: “Ke setho sa Kereke ea Lutere. Ke na le tlhompho e tebileng bakeng sa mesebetsi ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova. Li bolela li sa qea-qee hore motho ha a sa tla phela ntle le tataiso ea Molimo.”

Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li file litho tsa tsona tataiso ea moea e kae? Ka December 1991 koranta e tsebahalang haholo Die Zeit e ile ea hlalosa hore le hoja Kereke ea Lutere e kile ea “thabela tlotla ka nako e khutšoanyane e le ’m’a liphetoho tsa khotso, ho bonahala botumo ba eona bo ntse bo fokotseha ka potlako.” Ruri, moemeli oa Kereke ea Lutere o ile a tletleba: “Batho ha ba khone ho khetholla bophelo tsamaisong ea moruo e lumellang batho ho reka le ho rekisa ka bolokolohi le paradeise.” Setho sa kereke Magdeburg se ile sa ngolla ofisi ea lekala Jeremane se kōpa boitsebiso. Hobane’ng? Monna eo o ile a ngola: “Ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho bososela ka ho se lumele hore ke ’nete, hona joale ke kholisehile ka tieo hore lefatše lena le mehleng ea lona ea ho qetela le hore haufinyane re tla tjamelana le matšoenyeho a maholo.”—2 Timothea 3:1-5.

Ho Hahela Keketseho

Pele ho Wende, Liholo tsa ’Muso li ne li sa lumelloe G.D.R. Hona joale li hlokahala ka potlako; ho li haha ke taba e ka sehloohong. Ena ke tšobotsi e ’ngoe ea borapeli ba ’nete e tlisitseng liphetoho tse hlollang. Phihlelo ea moena e mong e bontša feela kamoo phetoho ena e ileng ea potlaka ka teng.

Ka March 1990, lihoranyana feela ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li amoheloe ka molao G.D.R., moena e mong o ile a memeloa ho ea buisana le sehlopha sa Lipaki, a sebelisa microphone ka lekhetlo la pele bophelong ba hae. Lilemo tse peli le halofo hamorao, phutheho eo a kopanelang le eona e ile ea nehela Holo ea ’Muso e ncha-ncha. Qetellong ea 1992, ho ne ho se ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse supileng bakeng sa liphutheho tse 16. Ho ntse ho reroa hore ho hahuoe tse ling tse fetang 30, hammoho le Holo ea Kopano e ntle.

Leihlo le Tsepamisitsoeng ’Musong oa Molimo

Moholo e mong oa Mokreste oa hlalosa: “Kapele feela ka mor’a Wende, batho ba bangata ba ile ba hana Bibele. Ba ile ba beha tšepo ea bona ’musong o mocha, oo qetellong o neng o tšepisa maemo a molemo haholoanyane.” Na tšepo ea bona e ile ea phethahatsoa? “Nakong ea lilemo tse peli ba ile ba fetola maikutlo a bona. Hona joale batho ba lumellana le rōna hore mebuso ea batho e ke ke ea hlola e tlisa khotso le ho loka.”

Matšoele a ile a thabela ho nyamela ha puso e thata ea bososheale G.D.R., ba thoholetsa seo ba neng ba nahana hore ke mehla ea katleho e khōlō ea likhopolo tsa Bophirima. Empa ba ile ba nyahama. Ho sa tsotellehe hore na ke ’muso ofe o litulong, Lipaki tsa Jehova li boloka mahlo a tsona a tsepame ’me ka tieo a shebile ’Musong oa Molimo, o khanyang joaloka naleli maholimong. Tšepo e joalo le ka mohla e ke ke ea lebisa ho nyahameng.—Ba-Roma 5:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Jehova o Ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo,” Likarolo 1-3, litokollong tsa Molula-Qhooa tsa April 15, May 1, le May 15, 1992.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Lipaki Jeremane li sebelisa tokoloho ea tsona bakeng sa ho ameha haholoanyane mosebetsing oa ’Muso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela