Tlaleho e Thahasellisang ea Histori ea Josephus
LIITHUTI tsa histori ka nako e telele li ’nile tsa nahana ka lingoliloeng tse thahasellisang tsa Josephus. A hlahile lilemo tse ’nè feela ka mor’a lefu la Kreste, e ne e le paki e boneng ka mahlo phethahatso e bohloko ea boprofeta ba Jesu mabapi le sechaba sa Bajuda sa lekholong la pele la lilemo. Josephus e ne e le molaoli oa sesole, e le ’muelli oa naha ea habo linaheng tse ling, e le Mofarisi, ebile e le setsebi.
Lingoliloeng tsa Josephus li tletse ka makolopetso a boitsebiso bo hohelang. Li khantša leseli bonneteng ba Bibele ha ka nako e tšoanang li fana ka tataiso ea ho ithuta ka libaka le jeokrafi ea Palestina. Ha se ho makatsang ha ba bangata ba talima ho ekelletsa libuka tsa hae laebraring ea bona e le habohlokoahali!
Bophelo ba Hae ba ho Qala
Joseph ben Matthias, kapa Josephus, o hlahile ka 37 C.E., selemo sa ho qala sa puso ea ’musisi oa Roma Caligula. Ntat’a Josephus e ne e le oa lelapa la boprista. O bolela hore ’ma’e e ne e le setloholo sa Jonathan moprista e moholo oa Hasmonaean.
Ha a ntse a le lilemong tsa hae tsa bocha, Josephus e ne e le seithuti se hloahloa sa Molao oa Moshe. O ile a ithuta ka hloko lihlopha tse tharo tsa bolumeli ba Bojuda—Bafarisi, Basadusi, le Baessene. A rata Baessene, o ile a etsa qeto ea ho lula le moitlami ea bitsoang Bannus ea lulang mahoatateng ka lilemo tse tharo, eo mohlomong e neng e le Moessene. Ha Josephus a le lilemo li 19 o ile a nyahlatsa sehlopha sena, a khutlela Jerusalema ’me a kopanela le Bafarisi.
Ho ea Roma le ho Khutla
Josephus o ile a nka leeto la ho ea Roma ka 64 C.E. ho ea buella baprista ba Bajuda bao moemeli oa ’musisi oa Judea Felix a neng a ba rometse ho ’Musisi Nero bakeng sa qoso. Ha Josephus a le tseleng o ile a robeheloa ke sekepe, ’me o ile a phonyoha lefu ka soba la nale. Har’a baeti ba 600 sekepeng ho ile ha pholosoa ba 80 feela.
Nakong ea ketelo ea Josephus Roma, motšoantšisi e mong oa Mojuda o ile a mo tsebisa mosali oa Nero, mofumahali Poppaea. Mosali eo o ile a phetha karolo e khōlō ho atlehisa thōmo ea hae. Botle ba motse oo bo ile ba khahla Josephus ka tsela e sa lebaleheng.
Ha Josephus a khutlela Judea, bofetoheli khahlanong le Roma bo ne bo tsitsitse ka tieo likelellong tsa Bajuda. O ile a leka ho hatisa ho batho ba habo kamoo e leng lefeela kateng ho loana le Roma. A sitoa ho ba thibela ’me mohlomong a tšohile hore o tla talingoa e le lehlaba-phio, o ile a amohela ho khetheloa ho ba molaoli oa mabotho a Bajuda Galilea. Josephus o ile a hlophisa le ho koetlisa banna ba hae a ba a ba fumanela phepelo e hlokahalang ea lijo ho lokisetsa ntoa khahlanong le mabotho a Roma—empa morero oo ea e-ba oa lefeela. Galilea e ile ea oela lebothong la Vespasian. Ka mor’a ho thibelloa matsatsi a 47, qhobosheane ea Josephus e Jotapata e ile ea haptjoa.
Ha a inehela, Josephus ka masene o ile a bolela esale pele hore haufinyane Vespasian e ne e tla ba ’musisi. Josephus o ile a tšoaroa empa ha a ka a hlokofatsoa ka lebaka la ponelo-pele eo ’me o ile a lokolloa ha e phethahala. Eo e ne e le nako ea phetoho bophelong ba hae. Nakong eohle ea ntoa, o ile a sebeletsa Baroma e le toloko le mokena-lipakeng. E le ha a bontša ho tšehetsa Vespasian le bara ba hae Titus le Domitian, Josephus o ile a ekelletsa fane ea bona ea Flavius ho ea hae.
Lingoliloeng tsa Flavius Josephus
Buka ea khale ka ho fetisisa libukeng tsa Josephus e na le sehlooho se reng The Jewish War. Ho lumeloa hore o ile a lokisetsa tlaleho ena e nang le meqolo e supileng ho neha Bajuda setšoantšo se hlakileng sa matla a phahameng a Roma le ho etsa hore bafetoheli ba nakong e tlang ba khathale matla. Libuka tsena li hlahlobisisa histori ea Bajuda ho tloha ha Jerusalema e haptjoa ke Antiochus Epiphanes (lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.) ho isa morusung o tlisitseng pherekano oa 67 C.E. Joaloka paki e boneng ka mahlo, joale Josephus o tšohla ntoa e ileng ea fihla tlhōrōng ea eona ka 73 C.E.
E ’ngoe ea libuka tsa Josephus e ne e le The Jewish Antiquities, meqolo e 20 ea histori ea Bajuda. Ho qala ka Genese le pōpo, e tsoela pele ho fihlela ha ho qhoma ntoa le Roma. Josephus o latela haufi-ufi mokhoa oa Bibele oa ho hlalosa litaba, a phaella ka litlhaloso tsa neano le lintho tse ling tseo a li hlokometseng libakeng tse thōko.
Josephus o ile a ngola tlhaloso ea botho e nang le sehlooho se bonolo feela Life. Tlhalosong eo o batla ho lokafatsa boemo ba hae nakong ea ntoa ’me o leka ho kokobetsa liqoso tse tlisoang khahlanong le eena ke Justus oa Tiberias. Buka ea bone—meqolo e ’meli ea ho itokafatsa ka molao e nang le sehlooho se reng Against Apion—e sireletsa Bajuda khahlanong le ho emeloa hampe.
Temoho ka Lentsoeng la Molimo
Ha ho na pelaelo hore boholo ba histori ea Josephus bo nepahetse. Bukeng ea hae e nang le sehlooho Against Apion, o bontša hore Bajuda le ka mohla ha baa ka ba kopanyeletsa libuka tsa li-Apocryphal e le karolo ea Mangolo a bululetsoeng. O fana ka bopaki ba ho nepahala le tumellano e ka har’a mangolo a bomolimo. Josephus o re: “Rōna ha re na libuka tse ngata-ngata har’a rōna, tse sa lumellaneng le tse hanyetsanang, . . . empa re na le libuka tse mashome a mabeli a metso e ’meli feela [tse tšoanang le tsa mehleng ea rōna tse arotsoeng ka Mangolo a libuka tse 39], tse fupereng litlaleho tsa linako tsohle tse fetileng; tseo ka tšoanelo ho lumeloang hore ke tsa bomolimo.”
Ho The Jewish Antiquities, Josephus o eketsa boitsebiso bo thahasellisang tlalehong ea Bibele. O bolela hore “Isaaka o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano” ha Abrahama a ne a mo tlama maoto le matsoho bakeng sa ho etsa sehlabelo. Ho ea ka Josephus, ka mor’a ho thusa kahong ea aletare, Isaaka o ile a re “‘o ne a sa tšoanela hore ebe o tsoetsoe e sa le sethathong, haeba a ne a ka hana boikemisetso ba Molimo le ba ntat’ae’ . . . Kahoo o ile a ea aletareng hang-hang ho ea etsoa sehlabelo.”
Tlalehong ea Mangolo ea ho tloha ha Baiseraele Egepeta ea boholo-holo, Josephus o eketsa boitsebiso bona: “Palo ea ba ileng ba ba phehella e ne e le makoloi a makholo a tšeletseng, le banna ba kaletseng lipere ba likete tse mashome a mahlano, le banna ba tsamaeang ka maoto ba likete tse makholo a mabeli, kaofela e le ba hlometseng.” Josephus o boetse o re “ha Samuele a le lilemo li leshome le metso e ’meli, o ile a qala ho profeta: ’me eitse ka nako e ’ngoe ha a robetse, Molimo o ile a ’mitsa ka lebitso la hae.”—Bapisa le 1 Samuele 3:2-21.
Libuka tse ling tsa Josephus li fana ka temoho makhethong, melaong, le liketsahalong. O bolela Salome ka lebitso e le mosali ea ileng a tantša moketjaneng oa Heroda le ea ileng a kōpa hlooho ea Johanne Mokolobetsi. (Mareka 6:17-26) Boholo ba seo re se tsebang ka bo-Heroda se tlalehiloe ke Josephus. Ebile o bolela hore “e le ha a pata botsofali ba hae, [Heroda] o ile a fetola ’mala oa moriri oa hae hore o be motšo.”
Bofetoheli bo Boholo Khahlanong le Roma
Lilemo tse 33 feela ka mor’a hore Jesu a fane ka boprofeta ba hae mabapi le Jerusalema le tempele ea eona, phethahatso ea bona e ile ea qala ho bonahala. Mekhoa ea Sejuda ea batho ba fetelletsang lintho Jerusalema e ne e sekametse ho lahleng joko ea Baroma. Ka 66 C.E., litaba tsa sena li ile tsa susumelletsa hore ho hlophisoe le ho ntša mabotho a Roma tlas’a ’musisi oa Syria Cestius Gallus. Morero oa bona e ne e le ho felisa borabele le ho hlokofatsa bafosi. Ka mor’a ho senya metse e mathōkong a Jerusalema, banna ba Cestius ba ile ba hloma liahelo ho potoloha motse o nang le marako. Ba sebelisa mokhoa o bitsoang testudo, ka katleho Baroma ba ile ba kopanya lithebe tsa bona joaloka mokokotlo oa sekolopata bakeng sa ho itšireletsa ho sera. Ha a tiisa katleho ea mokhoa ona, Josephus o re: “Marumo a neng a betsoa a ne a oela fatše, ’me a thella ntle le ho ba ntša kotsi ea letho; ka hona masole a ile a liha lerako, ntle le hore ’ona ka booona a tsoe kotsi, ’me a beha lintho boemong bo loketseng bakeng sa ho chesa keiti ea tempele.”
Josephus o re: “Joale ho ile ha etsahala hore Cestius . . . a bitse masole a hae hore a tsoe sebakeng seo . . . O ile a ikhula motseng oo, ntle ho lebaka leha e le lefe.” Ka ho hlakileng le hoja a ne a sa rera ho tlotlisa Mor’a Molimo, Josephus o ile a tlaleha eona ketsahalo eo Bakreste Jerusalema ba neng ba e letetse. E ne e le phethahatso ea boprofeta ba Jesu Kreste! Lilemo pejana, Mor’a Molimo o ne a lemositse: “Ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng. Hobane matsatsi ao ke a tefetso, hore tsohle tse ngoliloeng li phethahale.” (Luka 21:20-22) Joalokaha Jesu a ne a laetse, balateli ba hae ba tšepahalang kapele-pele ba ile ba tsoa motseng, ba lula hōle, ’me ba ile ba sireletsoa tlokotsing eo hamorao e ileng ea oela motse oo.
Ha mabotho a Roma a ne a boea sekoele ka 70 C.E., Josephus o ile a tlaleha liphello ka mokhoa o hlakileng. Mora oa letsibolo oa Vespasian, Molaoli Titus, o ile a tla ho tla hapa Jerusalema, hammoho le tempele ea eona e ntlehali. Ka hare ho motse, lihlopha tse loantšanang li ile tsa leka ho ikhapela taolo. Li ile tsa retelehela mekhoeng e feteletseng, ’me ho ile ha tšolloa mali a mangata. Josephus o re ba bang “ba ne ba tsielitsoe ke liketsahalo tse bohloko ka har’a motse, hoo ba neng ba lakatsa hore Baroma ba hlasele,” ba tšepile hore “ba tla lokoloha bomalimabeng ba bona.” O bitsa marabele a neng a le teng motseng oo “masholu” a neng a keneletse ho senyeng thepa ea barui le ho bolaea batho ba bohlokoa—ba neng ba belaelloa hore ba ikemiselitse ho lumellana le Baroma.
Nakong ea ntoa ea lehae, maemo a ho phela Jerusalema a ne a mpefetse ka ho tebileng, ’me bafu ba ne ba setse feela ba sa patoa. Batlōli ba molao ka bobona “ba ne ba loantšana, ha ba ntse ba matha holim’a litopo tse shoeleng li phaelletsoe holim’a tse ling.” Ba ne ba utsoetsa sechaba, ba bolaea batho bakeng sa ho fumana lijo le leruo. Lillo tsa ba hlokofatsoang li ne li sa phetse.
Titus o ile a khothaletsa Bajuda ho nehela motse ’me kahoo ba ipholose. O ile a “romela Josephus ho ea bua le bona ka puo ea bona; hobane o ne a nahana hore mohlomong ba ka inehela ho se phehelloang ke motho oa habo bona.” Empa ba ile ba nyelisa Josephus. Joale Titus o ile a haha lerako la lithupa tse nchocho tse hlonngoeng ho potoloha le motse oohle. (Luka 19:43) Ba se na tšepo le e nyenyane ea ho phonyoha ’me ba thibetsoe hore ba ka tsamaea, tlala ea sekoboto “e ile ea metsa batho matlong le malapeng ’ohle.” Ntoa e tsoelang pele e ile ea eketsa lenane la ba shoeleng. A sa tsebe hore o phethahatsa boprofeta ba Bibele, Titus o ile a hapa Jerusalema. Ka mor’a moo, ha a sheba marako a eona a maholo le litora tsa eona tse sirelelitsoeng ka thata, o ile a re: “Ha ho e mong ha e se Molimo ea ntšitseng Bajuda liqhobosheaneng tsena.” Bajuda ba fetang milione ba ile ba timela.—Luka 21:5, 6, 23, 24.
Ka Mor’a Ntoa
Ka mor’a ntoa eo Josephus o ile a ea Roma. A thabela tšehetso ea ba lelapa la Flavius, o ile a phela e le moahi oa Roma ntlong e khōlō eo pele e neng e le lehae la Vespasian ’me a amohela penchene ea borena hammoho le limpho tse tsoang ho Titus. Joale Josephus o ile a phehella mosebetsi oa ho ngola libuka.
Ho latela bopaki bo teng hoa thahasellisa ho hlokomela hore Josephus o ile a qapa lentsoe “Puso ea Molimo.” Mabapi le sechaba sa Bajode, o ngotse: “Puso ea rōna . . . e ka ’na ea bitsoa Puso ea Molimo, ka ho lebisa boholo le matla ho Molimo.”
Ha ho mohla Josephus a kileng a ipolela hore ke Mokreste. Ha a ka a ngola tlas’a tšusumetso ea Molimo. Leha ho le joalo, ho na le bohlokoa bo boholo bo behang leseling tlalehong e thahasellisang ea histori ea Josephus.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Josephus marakong a Jerusalema