Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
O Ile a Utloa Letsoalo la Hae le Koetlisitsoeng ka Bibele
MORENA Davida oa Iseraele o ile a rapella thuso ea Jehova ha a re: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke tsamaee ka botšepehi ba ka. Oho ntopolle ’me u mpontše mohau.” (Pesaleme ea 26:11, NW) Molimo o ile a mo bontša mohau bakeng sa ho boloka botšepehi ba hae. Hape Jehova o ile a hlohonolofatsa Jesu ka lebaka la ho etsa thato ea Ntate oa hae oa leholimo, ’me O ile a hlohonolofatsa mocha e mong Colombia ea ileng a utloa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele a ba a ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo. Mohlankana enoa oa pheta:
“Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ke ne ke le morutoana sekolong sa K’hatholike. Leha ho le joalo, letsoalo la ka le ne le ntšoenya ha ke ea ’Miseng, kahoo ke ile ka ea ho hlooho ea sekolo (e neng e le moprista), moeletsi oa barutoana, e bile e le mohlokomeli oa sehlopha sa ka ’me ka kōpa hore ke se be teng ’Miseng. Le hoja ke ile ka lumelloa ho se ee, ba ’maloa ba ile ba leka ho nqobella ho ba teng. Khatello e ile ea eketseha hang ka mor’a kolobetso ea ka joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ntate o ile a ntšosa ka hore o tla nteleka lapeng haeba nka lelekoa sekolong. O ne a rerile hore ke ee univesithi hape ke be le tsebo ea mosebetsi o itseng.
“Hlooho ea sekolo e ile ea lemosa khafetsa ka mang kapa mang ea hlōlehang ho boloka litlamo tsa K’hatholike. Ha nako ea ’Misa oa pele oa selemo e fihla, ke ile ka ipata ho fihlela o fela. Eaba ke fa tichere (eo e leng moprista) kopi ea bukana e lekanang le makasine ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova ’me ka mo bolella hore joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke ne nke ke ka ba teng ’Miseng. O ile a re: ‘Ho molemo hore u qale ho batla sekolo se seng.’ Ke ne ke tseba hore ho lelekoa sekolong ho tla bolela ho lelekoa lapeng ke ntate. Leha ho le joalo, ke ile ka rapela Jehova ’me ka ’na ka fana ka bopaki bo feletseng ho barutoana-’moho le ’na.
“Nako ea hore likolo li koaloe ea fihla. Joale, ha re khutlela sekolong ha likolo li buloa, e ne e boetse e le nako ea ’Misa. Hlooho ea sekolo le baprista ba bang ba ne ba le ka pele ho ntlo ea thapelo, ba lebeletse ho utloa maipolelo. Ke ile ka batla ke apareloa ke tšabo. Ka kena ’me ka lula fatše, empa letsoalo la ka le ile la ntšoenya. Ha pina e qala, ka nahana, ‘Ke etsa’ng moo? Jehova ke Molimo oa ka. Nke ke ka ba lekoala ’me ka se tšepahale ho eena. Nke ke ka mo soabisa. A ke ke a ntahla.’ Ke ile ka rapella sebete. Eaba ke tsoela ka ntle ho ntlo ea thapelo ’me ka ema moleng oa ba il’o ipolela. Ha ke fihla ho hlooho ea sekolo, ke ile ka mo bolella: ‘Tichere, ha ke tl’o ipolela.’ A re: ‘Ke ile ka nahana joalo.’ Ka mo bolella hore ke ikemiselitse ho jara liphello tsa seo empa letsoalo la ka ha le ntumelle ho kopanela ’Miseng. Ke ne nke ke ka ba khahlanong le lintho tseo ke ithutileng tsona Bibeleng.
“O ile a ncheba, a bososela, ’me a re: ‘Kea u khalla. Kaofela ha lōna Lipaki le lokela ho khalloa. Ho lōna, Molimo o tla pele, ’me le ikemiselitse ho utloa melao ea hae ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng. Tsoela pele. U etsa hantle haholo. Hoja ebe Mak’hatholike ’ohle a ne a tšoana le uena, a bonahatsa cheseho e joalo, lerato le joalo ho Molimo. Ho tloha joale ho ea pele, u lokolotsoe hore u se kopanele litšebeletsong tsa rōna tsa bolumeli.’ Ke ile ka thaba hakaakang! Jehova o ne a hlohonolofalitse boikemisetso ba ka ba ho utloa letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele.
“Letsatsing le latelang hlooho ea sekolo e ile ea re ho barutoana: ‘Malumeli a mang a ka pele ho rōna. Ke hobane’ng ha re sa tšoane le ’ona, re chesehe, re be le lerato le tebileng ho Molimo le takatso ea ho eteletsa tšebeletso ea hae ka pele ho lintho tsohle? Sena ke se lokelang ho ba ka lipelong tsa rōna.’
“Qetellong hlooho ea sekolo e ile ea isoa Roma, ’me hlooho ea sekolo e ncha e ile ea hlokomoloha ho se kopanele ha ka. Ntate o ile a tsoa ntlong, a ntšiea ke lokolohile ho finyella sepheo sa ka sa tšebeletso ea nako e tletseng ha ke qeta sekolong.”
Jehova o ile a hlohonolofatsa mohlankana enoa ea ileng a utloa letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Ka ho tšoanang O tla hlohonolofatsa bohle ba batlang ho etsa thato ea hae.—Liproverbia 3:5, 6.