“Ho Tšoasa” Metsing a Fiji
FIJI—lebitso lena le hopotsa motho ka paradeise ea Maoatle a Boroa. Metsi a botala bo boputsoa, mepopotlo ea mahoholi a leoatle, lifate tse ekethehang tsa lipalema, lithaba tse aparetsoeng ke limela tse tala, litlhapi tsa linaha tse chesang, litholoana le lipalesa tse sa tloaelehang tse hapang tlhokomelo. Tsena tsohle u ka li fumana ka bongata sehlopheng sena sa lihleke-hleke tse 300 se lik’hilomithara tse ka bang 1 800 ka leboea ho New Zealand, Pacific Boroa. Kahoo, u ka ’na ua lumela hore Fiji e ka ba paradeise ea linaha tse chesang e lakatsoang ke e mong le e mong.
Leha ho le joalo, Fiji e na le ho hong ho hapang maikutlo ho feta botle ba eona ba tlhaho. E, feela joalokaha ho e-na le motsoako o batsi oa litlhapi tsa mepopotlo ea mahoholi a leoatle, motsoako o batsi o fumaneha hape naheng ka boeona. Mohlomong Pacific Boroa ha ho na phapang ea motsoako oa merabe e lekanang le ea Fiji. Lihlopha tse peli tse khōlō ka ho fetisisa har’a baahi ba eona ba ka bang 750 000 ke Mafiji a matsoalloa, a semelo sa Melanesia, le Maindia a tsoaletsoeng Fiji, bao e leng bana ba basebetsi ba ileng ba tlisoa ba tsoa India mehleng ea likolone tsa Brithani. Empa hape ho na le Mabanaba, Machaena, batho ba Europe, Magilbert, Marotuma, Matuvalu, le ba bang.
Mokhatlong ona oa mekhoa e fapa-fapaneng, Lipaki tsa Jehova li tšoarehile mosebetsing oa “ho tšoasa.” (Mareka 1:17) Ke phephetso ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo bathong ba fapa-fapaneng joalo. Taba ea pele, ho tlameha hore ho hlōloe mekoallo e teng ea puo le ea mekhoa. Le hoja Senyesemane e le eona puo e tloaelehileng, hangata Sefiji, Sehindi, Serotuma, kapa lipuo tse ling li tlameha ho sebelisoa.
Ho tlameha hore ho sebelisoe mekhoa e sa tšoaneng ea ho atamela batho hore ho buisanoe le batho ba malumeli a sa tšoaneng. Matsoalloa a mangata a Fiji le batho ba lihleke-hlekeng ke ba lihlopha tse fapa-fapaneng tsa Bokreste. Baahi ba Maindia ke Mahindu, Mamosleme, le Masikh, Mahindu e le ’ona a mangata. Likereke li ngata metseng le metsaneng, empa lihleke-hlekeng tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tsa Fiji, litempele tse ngata tsa Mahindu le mehaho ea likereke tsa Mamosleme li etsa motsoako.
Lipaki tse ngata tsa moo li hōtse li bua lipuo tse tharo tse ka sehloohong—Senyesemane, Sefiji, le Sehindi. Ho ba le tsebo ena ho molemo haholo mosebetsing oa “ho tšoasa.” Ka linako tse ling batho ba makatsoa ke ho utloa Mofiji a bua Sehindi a sa khitlele le Mohindu a bua Sefiji a sa khitlele. Ho e-na le ho se tšoane ka mekhoa, bolumeli, le puo tseo ho lokelang hore ho sebetsanoe le tsona ka katleho, ho hlokahala katamelo e tenyetsehang ho ba ‘ea kopanelang [litaba tse molemo] le ba bang.’—1 Ba-Korinthe 9:23, NW.
“Ho tšoasa” Motsaneng oa Fiji
Matsoalloa a Fiji ke batho ba botsoalle le ba nang le moea oa ho amohela baeti ka mofuthu. Ha ho bonolo ho nahana hore nakong e fetang lilemo tse lekholo tse fetileng, ho loantšana ha merabe ho ne ho atile. Ha e le hantle, nakong ea ha batho ba Europe ba qala ho fihla, Fiji e ne e tsejoa e le Lihleke-hleke tsa Malimo. Qetellong, ka ho behoa setulong ha morena e moholo le ho sokoloha ha hae, toantšano le bolimo li ile tsa fela. Ho se tšoane ha merabe ho saletse feela malemeng a mangata a fumanoang literekeng tse fapa-fapaneng, le hoja leleme la Bauana le utloisisoa ka bophara.
Ntle ho Suva, motse-moholo, ho na le metse e mengata ho pholletsa Fiji. Mafiji a mangata a phela metsaneng tlas’a taolo ea turaga ni koro, kapa ramotse. Ha le kena motseng “ho tšoasa,” ke tloaelo ho atamela monna enoa ho batla tumello ea ho etela li-bure tse fapa-fapaneng, kapa malapa a sebaka seo. Ke seoelo, hangata e le ka lebaka la khanyetso eo baruti ba bang ba metse ba e etsetsang Lipaki tsa Jehova, kōpo e eeng e hanoe. Ho etela lapeng la Mofiji ke ntho e joang?
Ha re kena ka har’a bure, re lula fatše re ipharile. Kenyeletso ea mantsoe a khethiloeng ka hloko, e kang e sebelisoang ho hapa thahasello linaheng tsa Bophirimela, ha e hlokahale mona. E mong le e mong ea tlang ho tla bua ka Molimo oa amoheloa. Ha a kōptjoa, mong’a ntlo o ema ka potlako ’me, ka ho re “tulou” (ntšoareleng), o isa letsoho rakeng hore a nke Bibele ea Sefiji ’me ka cheseho o bala litemana tse fapa-fapaneng tseo mosebeletsi ea etileng a li bolelang. Leha ho le joalo, boemo ba moea oa ho amohela baeti ka mofuthu le ba tlhompho ba Mafiji ke phephetso ka tsela e ’ngoe. Ho hlokahala temoho e matla le mokhoa o motle oa puisano ho hulela beng ba matlo moqoqong, ho ba khothaletsa hore ba utloisise seo ho buuoang ka sona, kapa ho ba thusa ho bona bohlokoa ba ho bapisa litumelo tsa bona le lithuto tsa Bibele.
Beng ba matlo ba Mafiji ka kakaretso ba thahasella haholo ha ho buisanoa ka lihlooho tse amang melao-motheo ea tumelo ho feta ho bua ka maemo kapa litaba tsa boahisani. Ha e le hantle, ba bangata ba Lipaki tsa Jehova tse fetang 1 400 tse mafolo-folo Fiji ba ile ba thahasella ’nete ea Bibele ka lebaka la hore ho tšohliloe lipotso tse kang, Lihele ke sebaka sa mofuta ofe? Ke bo-mang ba eang leholimong? le Na lefatše le tla timetsoa? Leha ho le joalo, ho latella thahasello e bontšitsoeng, ho hloka ho lumellana le maemo le ho phehella. Hangata ha ho khutleloa ka nako eo ho lumellanoeng ka eona, motho o fumana hore mong’a ntlo o ile teitei (masimong) kapa sebakeng se seng. Che, hase hore ha ba ananele ketelo empa e le hore feela kutloisiso ea bona ea nako e fapane. Ho hlakile hore hona ho tloaelehile ho Lipaki tsa moo. Li phehella ka ho eta ka nako e ’ngoe. Ha ho na mabitso a literata kapa linomoro tsa matlo tse ka ngoloang, kahoo hoa hlokahala hore motho a be le mohopolo o motle ha a khutlela.
“Ho tšoasa” ka Mokhoa oa Polynesia
Joale, ha re e’o ‘tšoasang’ le mosebeletsi ea tsamaeang, kapa molebeli oa potoloho, ha a etela phutheho e nyenyane ea Rotuma. Sehlopha sena sa lihleke-hleke tsa maralla a ntšang seretse se chesang se lik’hilomithara tse 500 ka leboea ho Fiji. Hore re fihle ho sona, re fofa ka sefofane sa litulo tse 19. Sehleke-hleke se seholo se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 50 feela, ka kakaretso ea baahi ba ka bang 3 000. ’Mila oa lehlabathe o sikileng le lebōpo, o kopanya metsana e ka bang 20. Rotuma e busoa ke Fiji empa mekhoa ea teng le puo li fapane. Batho ba teng ba na le semelo sa Polynesia, ba fapane le Mafiji a Melanesia ka ponahalo. Bolumeling, boholo ke ba Roma e K’hatholike kapa Mamethodiste.
Ha sefofane se theoha ’me se itokisetsa ho lula, re bona limela tse tala tse tlōkomang tsa sehleke-hleke sena. Makhapetla a lipetle-petle a kang masiba a lifate tsa palema a ka bonoa hohle. Letšoele le leholo le teng ho amohela sefofane sa hang ka beke. Har’a lona ke sehlopha sa Lipaki. Re lumelisoa ka mofuthu, ’me ho tima lenyora re fuoa likokonate tse ngata tse khōlō tse ’mala o motala tse butsoeng “mahlo.”
Ka mor’a leeto le lekhutšoanyane, re fihla moo re tla lula teng. Ho lokisitsoe lijo tse phehiloeng ka onto ea fatše. Ka pel’a rōna ho behoa nama e besitsoeng ea kolobe, nama ea khoho, tlhapi e halikiloeng, crayfish, le semela sa moo se jeoang ka tlaase, taro. Ke khora e kaakang, ’me ke boemo bo molemo hakaakang ba paradeise tlas’a lifate tsa kokonate!
Ka letsatsi le latelang re etela batho metsaneng, ka Serotuma e bitsoa ho’aga. Ha re atamela ntlo ea pele, lelinyane la kolobe le balehileng ho e ’ngoe ea lihoko le feta le matha le tlōlaka, le tlatsite lerata. Mong’a ntlo o re bone ha re e-tla ’me o bula monyako a bososela, a re lumelisa ka “Noya!” ka Serotuma, ’me joale o re kōpa hore re lule. Ho behoa poleiti ea libanana tse butsoitseng ka pel’a rōna, ’me hape re kōptjoa hore re noe lero la kokonate e sa tsoa khuoa. Moea oa ho amohela baeti ka mofuthu o tla pele Rotuma.
Mona ha ho na ba sa nepisiseng hantle hore na Molimo o teng kapa ba tumelo ea hore lintho li bile teng ka ho iphetola. E mong le e mong o lumela Bibele. Litaba tse kang morero oa Molimo ka lefatše li hapa tlhokomelo ea bona habonolo. Mong’a ntlo oa makala ho ithuta hore lefatše le ke ke la timetsoa empa le tla ahoa ke batho ba lokileng ba tla phela ho lona ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:29) Ha a salle morao ha ho baloa litemana tsa Bibele tse tiisang ntlha ena, ’me ka cheseho o amohela lingoliloeng tseo re li tsamaisang tsa Bibele. Ha re itokisetsa ho tloha, o re leboha hore re ile ra tla ’me o re fa mokotlana oa plastiki o tletseng libanana tse butsoitseng tseo re ka li jang tseleng. Motho a ka nona habonolo ha a bolela mona!
Ho Tloaelana le Maemo a Batho ba Maindia
Le hoja linaha tse ling tse ngata tsa lihleke-hleke tsa Pacific Boroa le tsona li e-na le merabe e tsoaka-tsoakaneng, Fiji e itlhomme pele ntlheng ena. Hammoho le mekhoa ea Melanesia, Micronesia, le Polynesia ho na le o mong o nkiloeng Asia. Pakeng tsa 1879 le 1916, basebetsi ba nako e lekanyelitsoeng ba tsoang India ba ile ba tlisoa ho tla sebetsa masimong a ’moba. Tokisetso ena, e bitsoang girmit (tumellano), e ile ea fella ka hore Maindia a likete a tle Fiji. Bana ba basebetsi bana ke karolo e khōlō ea baahi ba naha. Ba tšoareletse mekhoeng, puong le bolumeling tsa bona.
Khocheletsaneng ea sehleke-hleke se seholo sa Fiji ke motse oa Lautoka. Oona ke khubu ea indasteri ea ’moba ea Fiji hape ke lehae la karolo e khōlō ea baahi ba naha ba Maindia. Litho tsa liphutheho tse tharo tsa Lipaki tsa Jehova mona ho hlokahala e be ba tloaelaneng haholo le maemo mosebetsing oa tsona oa “ho tšoasa.” Motho ha a eta ka ntlo le ntlo, o lokela a be a lokiselitse ho fetola lihlooho tsa puisano ho latela morabe le bolumeli tsa mong’a ntlo. Ha re kopaneleng le sehlopha sa Lipaki tsa moo ha li e-ea malapeng a qalikaneng masimong a ’moba moeling oa Lautoka.
Ha re atamela ntlo ea pele, re hlokomela lipalo tse telele tsa bamboo tse nang le likotoana tsa lesela le lefubelu tse tlameletsoeng holimo sekhutlong se ka pele sa jarete. Sena se khetholla lelapa hore ke la Mahindu. Malapa a mangata a Mahindu a khabisitsoe ka litšoantšo tsa melimo ea bona. Ba bangata ba na le molimo o ratoang haholo, o kang Krishna, ’me hangata ho na le tempele e nyenyane.a
Mahindu a mangata a lumela hore malumeli kaofela a molemo le hore ke litsela tse fapaneng feela tsa ho rapela. Ka hona, mong’a ntlo a ka ’na a mamela ka tlhompho, a amohela lingoliloeng tse ling, a fana ka lino-mapholi, ’me a ikutloa hore o entse mosebetsi oa hae. Ho botsa lipotso tse loketseng e le ho hulela beng ba matlo puisanong e nang le morero haholoanyane, hangata hoa thusa ho tseba lipale tse ling tseo e leng karolo ea bolumeli ba bona. Ka mohlala, re tseba hore tse ling tsa lipale tsa bona li bontša melimo ea bona e kopanela liketsong tse neng li ka belaetsa batho ba bangata, re ka botsa: “Na u ka ananela boitšoaro bo joalo ba mosali (monna) oa hao?” Ka kakaretso karabo ke: “Che, le hanyenyane!” Joale, motho eo a ka botsoa potso: “Na Molimo a ka itšoara joalo?” Lipuisano tse joalo hangata li bula menyetla ea ho bontša molemo oa Bibele.
Tumelo ea ho tsoaloa hangata, tšobotsi e ’ngoe ea Bohindu, ke tabahali eo ho ka buisanoang ka eona. Mosali e mong ea rutehileng oa Mohindu ea neng a sa tsoa shoeloa ke ntate oa hae o ile a botsoa: “Na u ka lakatsa ho bona ntate oa hao hape a le feela joalokaha a ne a le joalo pele?” O ile a araba: “E, hoo e ka ba ho hlollang.” Ka karabelo ea hae le moqoqo o ileng oa latela, ho ne ho hlakile hore o ne a sa khotsofalla tumelo ea hore ntate oa hae joale o phela a le sebōpehong se seng le hore o ne a ke ke a hlola a mo tseba hape. Empa thuto e hlollang ea Bibele ea tsoho e ile ea ama pelo ea hae.
Mahindu a mang a na le lipotso ’me a ntse a batla likarabo tse khotsofatsang. Ha Paki e ne e etetse lapeng la Mohindu, monna eo o ile a botsa: “Lebitso la molimo oa hao ke mang?” Paki e ile ea mo balla Pesaleme ea 83:18 ’me ea hlalosa hore lebitso la Molimo ke Jehova le hore Ba-Roma 10:13 e re, hore re tle re fumane poloko, re tlameha ho ipiletsa lebitsong leo. Monna eo o ile a khahloa ’me a rata ho tseba haholoanyane. Ha e le hantle, o ne a chesehela ho tseba. O ile a hlalosa hore ntate oa hae, ea neng a inehetse haholo molimong oa bona oa setšoantšo oa lelapa, o ile a kula ka mor’a hore a rapele ka pel’a oona ’me a shoa nakoana ka mor’a moo. Ntho e tšoanang e ne e etsahetse ka moholoane oa hae. Eaba oa eketsa: “Setšoantšo seno se re tlisetsa lefu, eseng bophelo. Kahoo e tlameha ebe ho na le ho hong ho phoso ka ho se rapela. Mohlomong Molimo ona, Jehova, a ka re thusa ho fumana tsela e isang bophelong.” Kahoo ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena, mosali oa hae, le bana ba hae ba babeli. Ba ile ba tsoela pele kapele ’me ba phakisa ba kolobetsoa. Ba tlohetse melimo ea litšoantšo ea bona ’me joale ba tsamaea tseleng ea Jehova, Molimo oa bophelo.
Joale re fihla lehaeng la lelapa la Mamosleme. Moea o tšoanang oa ho amohela baeti ka mofuthu oa bonahala, ’me hang feela ha re lula fatše lino-mapholi li ka matsohong a rōna. Ha re bone litšoantšo tsa bolumeli maboteng ntle ho temana e khutšoanyane e kentsoeng foreimeng e ngotsoe ka mongolo oa Searabia. Re bolela hore ho na le ntho e tšoanang e kopanyang Bibele le Koran, e leng mopatriareka Abrahama, le hore Molimo o ile a tšepisa Abrahama hore ka peō ea hae lichaba kaofela li ne li tla hlohonolofala. Tšepiso ena e tla phethahala ka Jesu Kreste, Mora oa Hae. Mamosleme a mang a tla hanyetsa khopolo ea hore Molimo o na le mora. Ka hona, re hlalosa hore feela joalokaha motho oa pele, Adama, a bitsoa mora oa Molimo ka lebaka la hore o ile a bōptjoa ke Molimo, ka tsela e tšoanang, Jesu ke Mor’a Molimo. Molimo ha a hloke mosali oa sebele hore a be le bara ba joalo. Kahobane Mamosleme ha a lumele thuto ea Boraro-bo-bong, re sebelisa taba ena eo re lumellanang ho eona ho bontša hore Jehova Molimo o phahame ka ho fetisisa.
Joale ke nako ea lijo tsa motšehare, ’me litho tsa sehlopha sa rōna li khutlela tseleng, li tsoa masimong a ’moba, ho emela bese e khutlelang motseng. Le hoja re khathe-khathetse, bohle ba thabisitsoe ke mosebetsi oa hoseng oa “ho tšoasa.” Boiteko bo entsoeng ba ho lumellana le maemo a fapaneng le litumelo tseo ho kopanoeng le tsona e bile bo tšoanelehang hantle.
Metsi a Fiji le mepopotlo ea mahoholi a leoatle li na le litlhapi tsa mefuta-futa. Ho atleha, gonedau (motšoasi) oa Mofiji o lokela ho ba hloahloa mosebetsing oa hae. Ho tšoanang ke ’nete ka mosebetsi oa “ho tšoasa” oo Jesu Kreste a o abetseng barutuoa ba hae. “Batšoasi ba batho” ba Bakreste ba tlameha ho ba hloahloa, ba etsa hore nehelano ea bona le tsela eo ba behang mabaka ka eona li lokele litumelo tse fapa-fapaneng tsa baahi. (Mattheu 4:19) Sena se hlokahala e le kannete Fiji. ’Me liphello li totobala likopanong tsa selemo le selemo tsa Lipaki tsa Jehova, moo Mafiji, Maindia, Marotuma, le batho ba limelo tse tsoakaneng ba rapelang Jehova Molimo ba kopane. E, tlhohonolofatso ea hae e mosebetsing oa “ho tšoasa” metsing a Fiji.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 115-17.
[’Mapa o leqepheng la 23]
(For fully formatted text see publication)
Viti Levu
Vanua Levu
Suva
Lautoka
Nandi
0 100 km
0 100 mi
18°
180°
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
“Bure,” kapa lehae la moo
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Tempele ea Mahindu Fiji
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
“Ho tšoasa” batho ho atlehileng Fiji
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
Fiji Visitors Bureau