Ho Sebeletsa le Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Hatelang Pele ka ho Fetisisa
JOALOKAHA HO BOLETSE ROBERT HATZFELD
Kajeno batho ba bangata-ngata ba bulela thelevishene ka remote control ho shebella litaba tsa mantsiboea ka mebala ea sebele, ba bile ba sa nahane letho ka hore ke ntho e sa tloaelehang. Leha ho le joalo, ho bonahala eka ke maobane mona ha ke ne ke le moshemane ea tonneng mahlo ea lilemo li 12 ke shebeletse baesekopo ea setšoantšo sa monna ea boholo bo fetang ba motho ba tlhaho, ’me o ne a bua!
HO HANG tsena hase litaba tsa bohlokoa, mohlomong u nahana joalo. Empa morao koo ka 1915, ka sebele ho ’na e ne e shebahala e le mohlolo oa mehleng eo, mehleng ea pele ea libaesekopo tse se nang molumo tsa ’mala o motšo le o mosoeu. Monna ea litelu ea nang le seriti o ile a hlaha sekrineng ’me a re: “Photo-Drama of Creation e tla nehelanoa ke I.B.S.A., International Bible Students Association [Mokhatlo oa Liithuti tsa Bibele tsa Machaba].” Ka lihora tse peli tse latelang, pale ea Bibele e ile ea hlaka ka pel’a mahlo a rōna. Molaetsa oa eona oa Mangolo o ne o hlakile ebile o khatholla. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea nkhahla e le ka ’nete e ne e le baesekopo ea litšoantšo tse tsamaeang, e neng e tsoakiloe ka li-slide mona le mane, le puo e neng e entsoe hore e nyalane hantle le se etsahalang baesekopong.
Nakong eo ke ne ke sa hlokomele hore cheseho ea ka ea bongoana bakeng sa phetoho e joalo theknolojing e ne e le selelekela sa mosebetsi oa ka oa bophelo mokhatlong o hlophisitsoeng o hatelang pele ka ho fetisisa lefatšeng.
Mehla ea Pele
Ka 1891 ntate o ile a tloha Dillenburg, Jeremane, a tla tikolohong ea Majeremane e Allegheny, Pennsylvania, U.S.A. Hamorao o ile a kopana le ngoanana oa lelapa la Majeremane sebakeng seo, ’me ba ile ba nyalana. Ke ile ka hlaha ka la 7 July, 1903, ’me ke ile ka hōlisoa ke bua Sejeremane le Senyesemane ka bobeli. Pelenyana feela ho hore Ntoa ea I ea Lefatše e qale ka 1914, seoa sa lefuba se ile sa bolaea batsoali ba ka ka bobeli ’me sa ntšiea ke le khutsana. Ntate-moholo o ile a bolaoa ke stroke hoo e ka bang ka eona nako eo.
Rakhali oa ka, Minna Boemer, ka mosa o ile a nkisa lelapeng la hae. O ile a re: “Ke na le bana ba bahlano. Nka ’na ka ba le e mong hape.” Le hoja ke ne ke hloloheloa batsoali ba ka, Rakhali Minna o ne a ntšoere hantle.
Rakhali oa ka e ne e le setho sa nako e telele sa Phutheho ea Allegheny ea Liithuti tsa Bibele (joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo mehleng eo). Pele ho 1909, Moena C. T. Russell, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, le eena o ne a kopanela phuthehong eo. Rakhali Minna o ile a ea le ’na libokeng. Le hoja morao koo lelapa la rōna le sa ka la etsa boiteko bo kopaneng ba ho ithuta kapa ho bolela, ntho leha e le efe eo re neng re e utloa libokeng, re ne re e arolelana le batho bao re ba tsebang ka mokhoa o sa reroang.
E bile nakong ena ke ileng ka makatsoa ke “Photo-Drama.” Kaha ke ne ke sekametse linthong tsa mechine, mahlale a macha a ho nka litšoantšo le ho nyalanya molumo le setšoantšo a ile a hapa thahasello ea ka, hammoho le mokhoa oa ho potlakisa litšoantšo tse tsamaeang butle. Ho bona lipalesa tse bulehang e ne le ho hlollang!
Ka 1916 re ile ra sareloa ka lebaka la lefu la Moena Russell. Kaha re ne re lula hona Allegheny, re ile ra ea lepatong la hae Holong ea Carnegie. Ena e ne e le holo eo Moena Russell a ileng a tšoarela phehisano le E. L. Eaton ka 1903 ho eona. Ke ne ke ile ka utloa lipale ka moruti enoa oa Methodiste oa Moepiskopale ea ileng a phephetsa C. T. Russell ka phehisano ea matsatsi a tšeletseng, a nahanne ho nyelisa tsebo ea Bibele ea Moena Russell. Ho e-na le hoo, ho ile hoa boleloa hore Russell o ile a ‘tšela lihele ka metsi.’ Sara Kaelin, morekisi oa libuka tsa bolumeli ea tsebahalang Pittsburgh, o ne a tseba ba ha Russell ka seqo. Lepatong o ile a bona Maria Russell a beha lipalesa ka lekeseng le ngotsoeng mantsoe a reng, “Ho Monna oa ka ea Ratehang.” Le hoja a ne a arohane le eena ka lilengoana pejana, Maria o ne a ntse a mo talima e le monna oa hae.
Ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka ba le menyetla e mengata ea ho fumana litsebo tsa theknoloji tse neng li le bohlokoa mosebetsing oa ka oa bophelo oa ka moso. Malome oa ka eo e neng e le mohlokomeli oa ka e ne e le rakonteraka oa mehaho. Nakong ea ha likolo li koetsoe, o ne a ntumella ho sebetsa le litsebi tsa hae tsa motlakase, ha li kenya tsamaiso ea motlakase matlong a maholo ho nkela ea khase sebaka. Ka 1918 liithuti sekolong sa rōna li ile tsa qapa lisebelisoa tsa ho etsa mohala o romelang melaetsa ka seea-le-moea bakeng sa ho itlosa bolutu feela. Re ne re kopana mantsiboea ho ithuta le ho etsa liteko tsa saense ka motlakase le li-magnet ka ntle ho laboratori. Ka 1926 ’na le motsoalle oa ka re ile ra etsa qeto ea ho phehella toro ea boshanyana—ho sebetsa likepeng le ho hahlaula lefatše. Re ile ra ngolisa sekolong se tšehelitsoeng ka chelete ke Koporasi ea Seea-le-moea ea Amerika bakeng sa ho sebetsana le mehala e romelang melaetsa ka seea-le-moea.
Bophelo bo Bocha Bethele
Sekolo sa seea-le-moea seo re neng re se kena se ne se le New York City, kahoo ke ne ke tšela nōka ea Brooklyn ha ke ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, tse neng li tšoareloa ka holong ea khale e hiriloeng ea Tempele ea Masona. Morao koo, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela bakeng sa tikoloho eohle ea New York. Ha baena ba tsoang Bethele (lehae la lelapa la ntlo-khōlō ea Liithuti tsa Bibele) ba hlokomela hore ke ntse ke ithutela ho fumana lakesense bakeng sa khoebo ea seea-le-moea, ba ile ba re: “Ke hobane’ng u ka ea leoatleng? Re na le seteishene sa seea-le-moea hona mona ebile re hloka motsamaisi oa mechine.” Ba ile ba ’memela ho tla ofising bakeng sa tlhahlobo ea puisano. Ke ne ke sa tsebe letho ka Bethele ntle le hore feela e ne e le ntlo-khōlō ea Liithuti tsa Bibele.
Baena ba ile ba ntlhahloba ’me ba buella hore ke qete sekolong, ke fumane lakesense, ’me joale ke tle Bethele. Ha ke qeta ho fumana mangolo, ho e-na le ho palama sekepe se lebang leoatleng, ke ile ka paka liphahlo tsa ka tse seng kae ’me ka palama terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše ke leba Bethele. Le hoja ke ne ke inehetse ho Jehova ’me ke kopanetse mosebetsing oa ho bolela ka lilemo tse ngata, ke ne ke e-s’o kolobetsoe ho fihlela ka December 1926, libeke tse peli ka mor’a hore ke fihle Bethele. Eo e ne e le ntho e tloaelehileng mehleng eo.
E na le litho tse 150, Bethele e ne e na le batho ba bangata ho feta tekano mehleng eo. Re ne re lula re le bane kamoreng ka ’ngoe. Kapele-pele ke ile ka tloaelana le ba bangata ba bona, kaha kaofela ha rōna re ne re jella mohahong o le mong, re sebeletsa teng, ebile re robala teng, ’me ka ho hlakileng, kaofela ha rōna re ne re kopanela phuthehong e le ’ngoe feela ea New York City. Lehae le lecha la Bethele le ile la phethoa 124 Columbia Heights ka 1927, ’me re ile ra khona ho lula re le babeli ka kamoreng e le ’ngoe.
Hape ka 1927 ho ile ha buloa fektheri e ncha 117 Adams Street. Ke ile ka thusa ho tsamaisa thepa ho tloha fekthering ea khale e 55 Concord Street. Ho phaella thepeng ea seea-le-moea, fekthering ho ne ho e-na le li-lift, mechine ea khatiso, thepa ea ho hlatsoa liaparo, mabone le litofo tsa oli—haeba li ne li e-na le mehala, ke ne ke sebetsana le tsona.
Leha ho le joalo, Bethele e ne e se fektheri feela. Bahlanka ba bangata-ngata ba ikokobelitseng, ba sebetsang ka thata ba ne ba kopanela tlhahisong ea buka e ’ngoe le e ’ngoe, pampitšana e ’ngoe le e ’ngoe, le makasine o mong le o mong. Sepheo sa bona e ne e se ho ikhulela tlhokomelo le ho batla botumo lefatšeng. Ho e-na le hoo, ba ne ba batla hore mosebetsi oa Morena o phethoe—’me ho ne ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa!
Ho Tloaelana le Moena Rutherford
Ke ile ka rua molemo haholo ka ho fumana tokelo ea ho sebetsa le Joseph F. Rutherford, mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo. E ne e le monna oa senatla, ea bolele ba limithara tse fetang 1,83, a se motenya, empa a shahlile. Baena ba bangata ba bacha ba Bethele ba ne ba e-na le ho mo tšaba-tšaba ho fihlela ba mo tseba. O ne a ithuta kamehla, a lokisetsa boitsebiso bo ngoloang.
Moena Rutherford o ne a rata mesoaso e qabolang. Ho ne ho e-na le bo-khaitseli ba babeli ba hōlileng lelapeng la Bethele ba neng ba bile teng ho tloha nakong ea Moena Russell. Ba ne ba hlile ba le lifahleho li thata ’me ba lumela hore ha hoa lokela ho tšeha ka lentsoe le phahameng esita le haeba taba e le e qabolang. Ka linako tse ling lijong tsa motšehare Moena Rutherford o ne a bua taba e qabolang motho e mong le e mong, e leng ho neng ho khopisa bo-khaitseli bana ba babeli. Leha ho le joalo, hangata o ne a boetse a etella pele lipuisano tse tebileng tsa Bibele nakong ea lijo.
Moena Rutherford o ne a tseba ho pheha haholo ’me a thabela ho lokisetsa metsoalle lijo. Ka nako e ’ngoe baapehi ba Bethele ba ile ba robokella masapo ha ba seha likhoho. O ile a kena ka kichineng ’me a ba bontša tsela e nepahetseng ea ho seha khoho. O ne a sa rate masapo a robokeletsoeng lijong tsa hae!
Kamehla ke ne ke le pel’a Moena Rutherford maemong a tloaelehileng feela, joaloka seteisheneng sa seea-le-moea sa rōna, WBBR, kapa ka phaposing ea hae ea ho ithuta Sehleke-hlekeng sa Staten. E ne e le motho ea mosa haholo ’me a sebelisa seo a se rutang. O ne a sa lebelle hore ba bang ba etse ntho eo eena a neng a ke ke a e etsa. Ho fapana le batho ba ikarabellang mekhatlong e meng e mengata ea bolumeli, Moena Rutherford e ne e le motho ea ipabolang ka ho fetisisa moeeng le boitšoarong. Ka ho hlakileng o ne a phelela ’Muso oa Jehova.
Linako tsa Mathata a Lichelete
Ka mor’a lilemo tse ’maloa ke fihlile Bethele, lefatše le ile la kena Ho Oeng ho Hoholo ha Moruo. Limmaraka tsa lichelete li ile tsa putlama, hammoho le litheko tsa thepa e rekisoang. Mesebetsi e ne qephile, ’me lichelete li haella. Bethele e ne e sebetsa ka lichelete tse fanoeng e le menehelo, ’me kamehla Jehova o ne a tiisa hore ho na le se lekaneng bakeng sa ho hlokomela mosebetsi. Le ka mohla ha rea ka ra lapa, le hoja mohlomong e ne e ke ke ea e-ba seo motho ka mong a neng a hlile a se batla. Re ne re phela ka ho baballa ka hohle kamoo ho ka khonehang, ’me baena ba kantle ho Bethele ba ne ba re thusa ka lintho tse bonahalang ho fihlela moo ba khonang.
Ka 1932, Moena Robert Martin, molebeli oa fektheri ea rōna ea tšepahalang, o ile a shoa. Nathan Knorr ea lilemo li 27 o ile a khethoa sebakeng sa hae. E ne e le mohlankana ea nang le bokhoni. Ha ke hopole ho ba le motho leha e le ofe ea ileng a thatafalloa ho mo amohela e le molebeli oa fektheri. Baena ba bang ba tšepahalang, har’a bona e ne e le John Kurzen, George Kelly, Doug Galbraith, Ralph Leffler, le Ed Becker—kaofela basebetsi-’moho le ’na ba ratehang—ka boithatelo ba ile ba nehelana ka litsebo le mahlale a bona a mesebetsi ea matsoho tšebeletsong ea ’Muso.—Bapisa le Exoda 35:34, 35.
Ho Sebetsa Seea-le-moeeng
Mokhatlo oa rōna o ne o inehetse ka ho feletseng ho haseng litaba tse molemo ka mokhoa leha e le ofe o teng. Ho ne ho hlokahala hore lefatše lohle le tsebe ka ’Muso, empa re ne re le likete tse ’maloa feela. Theknoloji ea seea-le-moea e ne e sa tsoa qala ho tloha ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. Leha ho le joalo, baena ba nang le temoho ba ne ba e-na le boikutlo ba hore mokhoa ona oa puisano e ne e le seo Jehova a faneng ka sona nakong eo. Kahoo ka 1923 ba ile ba qala ho haha seteishene sa seea-le-moea sa WBBR Sehleke-hlekeng sa Staten, e leng e ’ngoe ea litoropo tse hlano tsa New York City tse khethetsoeng mesebetsi e itseng.
Ka linako tse ling e ne e ba ’na feela motsamaisi oa mechine seteisheneng sa rōna sa seea-le-moea. Ke ne ke lula hona moo Sehleke-hlekeng sa Staten empa ke ne ke nka leeto la lihora tse tharo ka seketsoana le ho palama terene ho leba fekthering e Brooklyn ho ea etsa mosebetsi o amanang le motlakase hammoho le mechine. E le ho etsa hore seteishene sa rōna sa seea-le-moea e be se ikemetseng ka hohle-hohle, re ile ra kenya jenereithara e sebetsang ka disile. Sehleke-hlekeng sa Staten re ne re boetse re e-na le liliba tsa rōna tsa metsi le serapa se neng se fana ka lijo bakeng sa basebetsi ba fokolang ba moo, hammoho le bakeng sa lelapa la Bethele e Brooklyn.
Ho fihlela hamorao ha bathusi ba eketsehileng ba e-tla, boikarabello ba mosebetsi oa seea-le-moea bo ile ba fokotsa ho kopanela ha ka libokeng le tšebeletsong ea tšimo haholo. Ho hang ho ne ho se na nako ea ’moka ea botsoalle kapa maeto a mafelo-beke ntle le phomolo ea rōna ea selemo le selemo. Ka nako e ’ngoe e mong o kile a mpotsa: “Ka kemiso e hlokang nako e ngata hakaalo, na le ka mohla ha ua ka ua nahana ho tloha Bethele?” Ka botšepehi ke ile ka tlameha ho re: “Che.” E ’nile ea e-ba tokelo le thabo ho phela le ho sebetsa hammoho le baena le bo-khaitseli ba inehetseng ba bangata hakana. ’Me kamehla ho ne ho e-na le mosebetsi o lokelang hore o etsoe, merero e itseng e mecha e lokelang ho phethoa.
Re ne re hlahisa le ho hasa litšoantšiso tse susumetsang seea-le-moeeng. Kaha ho ne ho se mekhoa ea ho rekota molumo o tsamaisanang le tšoantšiso, re ile ra tlameha ho qapa ea rōna. Re ile ra etsa mochine o neng o ka nka molumo oa moea o fokang hasesane kapa oa sefefo se befileng. Molumo oa likhaketlana tsa kokonate ha li otlanngoa mapolankeng a koahetsoeng, o ne o hlahisa molumo oa litlhako tsa lipere ha li kholopa litseleng tse majoe. Tšoantšiso ka ’ngoe e ne e le tšebetso e hlollang. ’Me batho ba ne ba mamela. Mehleng eno eo ho neng ho e-na le litšitiso tse ’maloa, batho ba bangata ba ne ba lula fatše ba mamela.
Ka bo-1920 le mathoasong a bo-1930, Mokhatlo o ile oa etsa lisala mahlaleng a puisano ka seea-le-moea, ka hore ka nako e le ’ngoe o hokahanye liteishene tse ngata ka ho fetisisa tsa seea-le-moea bakeng sa lenaneo le le leng. Kahoo litaba tsa ’Muso li ile tsa fihla ho ba limilione lefatšeng ka bophara.
Keramafono
Bohareng ba bo-1930 le mathoasong a bo-1940, re ile ra qapa ra ba ra etsa mechine ea lirekoto tsa keramafono bakeng sa khaso ea seea-le-moea, likeramafono, le thepa e ’ngoe ea molumo. Ka mochine o khethehileng bakeng sa tšebetso eo, re ne re khaola disc ea boka ba linotši e boreleli ba seipone re etsa lirekoto tsa ho qala. Joale e be re hlahloba rekoto ka ’ngoe ho tseo tsa ho qala ka hloko haholo re sebelisa sehōlisa ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo ho tiisa hore ha e na liphoso. Haeba ho ne ho e-na le liphoso leha e le life, ho ne ho tlameha hore ho phetoe lenaneo leo la khatiso ’me ho etsoe mochine o mong hape. E be joale re romela rekoto eo ea ho qala ea boka ba linotši k’hamphaning ea ho rekota, e neng e hlahisa lirekoto tsa likeramafono le lirekoto bakeng sa khaso ea seea-le-moeeng.
Ketsahalo e hlollang eo ke ntseng ke e hopola hantle e ne e le puo ea Moena Rutherford ka 1933 eo sehlooho sa eona se neng se re “Phello ea Selemo se Halalelang sa Khotso le Katleho.” Mopapa o ne a ile a phatlalatsa selemo seo e le “selemo se halalelang,” ’me ra pepesa taba eo ka seea-le-moea le likeramafono hore ha ho ntho e halalelang e neng e tla tla. Joalokaha ho ile ha etsahala, Hitler o ile a nka puso ka selemo seo ka tšehetso ea Kereke e K’hatholike, kahoo litebello leha e le life tsa khotso li ile tsa fela.
United States, mokhatlo oa Mokha oa K’hatholike o ile oa thehoa ho ntšetsa pele seo kereke e neng e se batla. Ba ile ba beha batho ba bona libotong tsa bohlophisi ba likoranta tse khōlō, limakasine, le ho bahatisi ba libuka. Ba ile ba itšunya-tšunya lipolotiking ’me ba sokela ka hore ba ke ke ba ea mosebetsing seteisheneng sa seea-le-moea leha e le sefe se hasang lipuo tsa rōna tsa Bibele. Lipaki tse ngata li ile tsa tlokoa ke lihlopha tsa mahoo-hoo tsa Mokha oa K’hatholike, haholo-holo haufi le New Jersey. Tseo e ne e le linako tse sisimosang!
Mosebetsi o Thabisang Tšimong
Bohareng ba bo-1950, manane a hōlang a bahoeletsi ba ’Muso a ne a finyella batho ba eketsehileng hona menyakong ea mahae a bona. Sena se ile sa ipaka se sebetsa ka katleho haholoanyane ho feta seea-le-moea ho thuseng batho ho utloisisa ’nete ea Bibele. Kahoo ka 1957 ho ile ha etsoa qeto ea ho rekisa WBBR le ho lebisa mehloli ea rōna bakeng sa ho atolosa mosebetsi oa boromuoa linaheng tse ling.
Ka 1955, ke ile ka abeloa ho ea Phuthehong ea Bedford e Brooklyn, moo ke neng ke tsamaisa Thuto ea Molula-Qhooa kamehla. Mokhatlo o ile oa boela oa nthomella ka leboea ho New York, Pennsylvania, Connecticut, le New Jersey ke le sebui se tsamaeang. Ha ke ne ke abeloa ho ea Phuthehong ea Bedford, ke ile ka ipolella, ‘Ke na le lilemo tse fetang 50. Ho tla ba molemo hore hona joale ke kopanele tšebeletsong ea tšimo kahohle kamoo nka khonang. Hamorao nka ’na ka tšoaroa ke seholoholo ’me ka sitoa ho e thabela haholo.’
Ka mor’a lilemo tseo tsohle tsa ho hasa peō ea ’Muso ka tsela ea theknoloji ka seea-le-moea, ke ile ka fumana e le ho thabisang ka sebele ho hloma le ho nosetsa lipeō tsa ’nete ea Bibele ho batho ka ho toba. Ka sebele ke ne ke thabela ho sebetsa le phutheho. Baena le bo-khaitseli ba bangata ba fapaneng ba ile ba nketsa setho sa malapa a bona, ’me ba nketsa hore ke ikutloe ke amohelehile. Ba bang bao e neng e le bana ba banyenyane, hona joale ba hōlile, ’me ba ntse ba mpitsa ntate-moholo. Ka lilemo tse 30 re ile ra ba le linako tse monate hammoho tšebeletsong ea tšimo, ho fihlela ha bothata ba maoto le meomo ea ka bo etsa hore ke sitoe ho tsamaea litepising kapa ho tsamaea ka terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše. Ka 1985, ke ile ka fallela Phuthehong ea Brooklyn Heights, e kopanelang hona Bethele.
Ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ntse o thabela katoloso e khōlō, ’na ka bonna ke ile ka ba le tokelo ea ho bona tlhohonolofatso ea hae masimong a linaha lisele ha ke ne ke ea likopanong tse khōlō tsa Lipaki tsa Jehova linaheng tse hōle. Ha e le hantle ke ile ka khona ho potoloha lefatše! Ho tloha ka bo-1950, ba bang ba rōna ba basebeletsi ba Bethele re ile ra bona London, Paris, Roma, Nuremberg, le Copenhagen. Re ne re tsamaea ka lifofane, liketsoana, le terene. Ka ho hlakileng re ne re bona libaka tse ntle maetong ao, empa lipono tse neng li thabisa ka ho fetisisa e ne e le matšoele a mofuthu a baena ba re amohelang. Mashome a lilemo hamorao a ile a tlisa maeto a eang Bochabela, Europe Bophirima hape le Europe Bochabela haufinyane tjena. Likopano tse hlollang Poland, Jeremane, le Czechoslovakia li ne li le khōlōhali. Lelapa la rōna la puso ea Molimo le hōlile hakaakang ho tloha ha ke qala ho ba karolo ea lona!
Tataiso ea Bomolimo
Se ileng sa bonahala eka ke mehato e fokolang e nkiloeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng, hamorao se ile sa ipaka e le mehato ea khatelo-pele e khōlō. Ha re ne re sebetsana le ho qalisa merero e mecha ea tšebetso, lintho feela tse ka re thusang ho etsa mosebetsi oa ho paka, ke mang ea neng a ka bona e sa le pele khōlō e kaale-kaale? Re hatetse pele tumelong, ka ho arabela ketello-peleng ea Jehova.
Mokhatlo ona o hlophisitsoeng o hatelang pele ha oa ka oa tšaba ho sebelisa theknoloji ea morao-rao tjena e fumanehang kapa ho hlahisa eo e leng ea oona bakeng sa ho thusa ho hlokomela tšimo ea lefatše ka bophara. Har’a mekhoa e ileng ea sebelisoa bakeng sa ho atolosa ho phatlalatsoa ha ’Muso e ’nile ea e-ba ho bolela ka ntlo le ntlo, liteishene tsa seea-le-moea tse hokahantsoeng, ho paka ka likeramafono, le lenaneo la ho khanna lithuto tsa Bibele malapeng a batho. Ho hloma tsamaiso ea rōna ea khatiso mehleng ea pele le ho hlophisoa ha litlhaku ka thuso ea computer le makala a hatisang ka ho sebelisa mokhoa oa offset ka lipuo tse ngata hase lintho tse nyenyane tse finyelletsoeng. Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, le likopano tsa kamehla kaofela li phethile karolo ea bohlokoa ho tliseng tlotla ho Jehova Molimo le ho Mor’a hae. E bile tokelo ho ’na ho bona ka bonna le ho kopanela liketsahalong tsena kaofela.
Ho hlakile ho ’na hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tsamaisoang ke moea lefatšeng o fumana tataiso ho se lokelang ho etsoa le hore na se etsoe joang. Mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa bokahohleng bohle, o bonahalang le o sa bonahaleng, o sebetsa hammoho.
Le ka mohla ha ke e-s’o ka ke ikoahlaea ka ho lahla merero ea ka ha ke sa le mohlankana ea ho tsamaea le maoatle. Ho makatsang ke hore liketsahalo tse susumetsang maikutlo, le tse nang le morero ka ho fetisisa lefatšeng li etsahala hona ka mona ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova! Kahoo leeto la ka tseleng e lebisang ‘pitsong ea holimo’ le tšoailoe ka thabo le litlhohonolofatso tse ngata-ngata eseng ho ikoahlaea.—Ba-Filippi 3:13, 14, NW.
Kamehla ke bolella bacha hore ba hopole 1914—ke hore, Pesaleme ea 19:14, e reng: “U amohele mantsoe a molomo oa ka, u khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka, uena, Jehova, lefika la ka le monamoleli oa ka!” Re batla ho thabisa Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe le ho rapela joalokaha Davida a rapetse: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute, hobane ke uena Molimo oa poloko ea ka; ka mehla ke ntse ke bea tšepo ea ka ho uena.” (Pesaleme ea 25:4, 5) Ho na le se sengata se boleloang ke mantsoe ao. Ho a hopola ho ka re thusa ho lula re le tseleng e nepahetseng, re tsamaea ka tsela e nepahetseng, mohato ka mohato le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatelang pele.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Moena Rutherford o ne a thabela ho lokisetsa metsoalle lijo
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Robert Hatzfeld taolong ea seteishene sa seea-le-moea sa WBBR
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Setšoantšo sa morao tjena sa Moena Hatzfeld