Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/15 maq. 8-11
  • Le Hoja e le Baphaphathehi, Ba Thabela Hore Ebe ba Sebeletsa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le Hoja e le Baphaphathehi, Ba Thabela Hore Ebe ba Sebeletsa Molimo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Ho Fihla Mboki
  • Ho Kopana le Baena
  • Phutheho e Nyenyane e Thabileng
  • Ba Letetse Lehae la Kamehla
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/15 maq. 8-11

Le Hoja e le Baphaphathehi, Ba Thabela Hore Ebe ba Sebeletsa Molimo

LINTOA, litlala tsa sekoboto, litlokotsi, le merusu. Ho batho ba bang tsena ke lintho feela tseo ba li balang kapa ba li bonang litabeng. Ho ba bang ba bangata ke karolo ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng. Kaha Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo oa Bakreste oa lefatše ka bophara, li elelloa hantle hore neng le neng ha ntoa e qhoma kapa ha tlokotsi e hlasela, karolo e ’ngoe ea boena ba tsona ba machaba e ka ’na ea e-ba mahlomoleng. ’Me ha batho ba tlameha ho balehisa bophelo ba bona, baena ba rōna ba ka ’na ba tlameha ho baleha le bona.

Linaheng tse ngata tsa Afrika Lipaki li ’nile tsa lokela ho mamella liphihlelo tse joalo ka lilemo tse ngata. Tse ngata li ’nile tsa lokela ho phutha eng kapa eng eo li ka e nkang le ho batla tšireletso sebakeng se seng. Le hoja tse seng kae li ’nile tsa e-ba le mokhoa o mong oa lipalangoang, mohlomong baesekele, tse ngata li ’nile tsa tlameha ho tsamaea li sa emise—ka matsatsi-tsatsi, haesita le libeke-beke—hore li fihle moo li neng li habile teng.

Sebaka se seng se joalo seo li neng li batla ho ea ho sona e ne e le torotsoana e bitsoang Mboki, Central African Republic. Ka lilemo-lemo, banna le basali, ba banyenyane le ba baholo, ba ’nile ba tla ba le likete. Har’a bona e ne e le palo e itseng ea baena le bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste, ba e-na le batho ba sa tsoa khahleha. Joalokaha ho ka lebelloa, Bakreste-’moho le bona ba ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Bangui, motse-moholo oa Central African Republic, ba ne ba thahaselletse haholo ho kopana le baphaphathehi bana hore ba ba thuse. Ka makhetlo a mahlano, ho ile ha rongoa moemeli ea nkileng chelete, lijo, liaparo, le meriana, tse neng li fanoe ka seatla se bulehileng ke Lipaki tsa Bangui, e bohōle ba lik’hilomithara tse 1 130. Le hoja ba neng ba fana ka thuso ena e entsoeng ka seatla se bulehileng ba ne ba e-na le chelete e nyenyane, ba ile ba thabela ho etsa seo ba ka se khonang.

Ho Fihla Mboki

Baena ofising ea lekala ba ne ba batla ho bona hore na ke eng hape e ka etsoang le hore na baphaphathehi ba ka thusoa joang moeeng. Kahoo ’na le mosali oa ka re ile ra kena tseleng ka Land Cruiser e hulang ka mabili a mane, re tsamaea le Symphorien, eo e leng pula-maliboho ea khethehileng, le mosali oa hae. Symphorien o ne a tseba tsela hantle, hape o bua Sezande, e leng puo ea baphaphathehi ba Mboki. Re ile ra tosa matsatsi a mane ho ea fihla moo.

Lik’hilomithara tsa ho qetela tse 400 re ile ra haola naha e nammeng e nang le lifate tse khōlō tsa baobab. Re ile ra feta metsana mona le mane. Tseleng ena e nammeng, mosali oa ka o ile a bala marokho a 50 hantle—a mangata a ’ona a le boemong bo bobe haholo, a mang a ke ke a sebelisetsoa ho tšela. Re ile ra lokisa marokho a mang ka lithupa le maballo a bolileng, ra etsa hore koloi ena e hule ka mabili a mane, ra rapela, eaba re tsoela pele ka hloko. Haeba ho ne ho e-na le motsana haufinyane, bana ba ne ba e-tla ba matha ba tlil’o thusa—feela ba lefisa hanyenyane. Re ne re makatsoa ke hore kamehla ba ne ba fumana likotoana tsa lithupa le mapolanka borokhong bo patuoeng ke joang le tlas’a lihlahla tse haufi le moo. Ho ile ha re etsa hore re ipotse hore na ebe ha lia tlosoa eaba li bolokoa moo bakeng sa batho ba etang ba li hlokang ba tla fana ka litsiane.

Ka makhetlo a mararo re ile ra hana thuso ea bana bao, hobane ho ne ho bonahala ho le kotsi haholo ho tšela marokho ao. Eaba re fapoha tsela, re theohela ka molatsoaneng, holim’a mafika, re nyolosa thaba hape, ’me re khutlela ’mileng hape. Re ile ra thaba hakaakang hore e ne e se nako ea lipula, kaha ntle ho moo ho ne ho ke ke ha e-ba le mokhoa oa hore re nke leeto leo, haese haeba re ne re le nka ka sefofane sa seroala-nkhoana!

Ebe Mboki ho ne ho le joang? Sena se ile sa tla likelellong tsa rōna hangata ha re ntse re khanna sarolleng ena ea “piste,” lentsoe la Sefora le sebelisoang Central African Republic bakeng sa ’mila kapa tsela e nang le lehlabathe, mafika le likotoana tsa lintho tse fapa-fapaneng—le e nang le likoti tse likete.

Ka letsatsi la bone, hantle feela ka mor’a motšehare o moholo, Symphorien o ile a supa matlo a mang a joang a pota-potiloeng ke lifate tsa papaya le masimo a cassava. A hoeletsa: “Voilà! Mboki e qala hona mona.” Re ile ra makatsoa ke seo re neng re se bona. Ra botsa: “Ke Mboki? Kampo e hokae?” hobane seo re neng re se bona e ne e se kampo, e ne e le matlo feela a qalikaneng. E ne e le matlo a joang a manyenyane empa a le makhethe. Hape ho ne ho e-na le lifate le lihlahla hohle. Batho ba lema lijalo pel’a matlo a bona. Mboki e ne e se kampo ea mofuta oo re neng re lebeletse ho o bona; e ne e le motse o moholo, bolelele ba oona e ka ba lik’hilomithara tse 35.

Ho Kopana le Baena

Baena ba Mboki ba ne ba tseba hore rea tla, le hoja ba ne ba nahanne hore leeto la rōna le tla nka matsatsi a mahlano. Ha ba utloa koloi ea rōna, ba ile ba tla ba matha. Banna, basali, le bana ba betseha ka matlung a bona le ka likomponeng hape ba tla ba e-tsoa masimong a bona ho tla re lumelisa. E mong le e mong o ne a bososela, a tšeha, a re tšoara ka matsoho, ka makhetlo a mangata haeba ho khoneha. Bo-’mè ba re lumelisa ka matsoho a otlolotsoeng ba ntse ba tšoere masea a bona. Bohle ba ne ba batla ho re lumelisa, ’me ba re amohela ka kamohelo e mofuthu ka ho fetisisa.

Ka nako eo ho ne ho se ho hongata hoo ’na le mosali oa ka re neng re ka ho etsa ka lebaka la ho se utloane ka puo. Re ile ra leka ka Sefora se senyenyane, Sesango se senyenyane, Senyesemane se senyenyane, le Searabia. Baena ba rōna ba bangata ba bua Sezande ba bile baa se bala le ho se ngola. Symphorien o ile a tlameha ho toloka, a hlalosa lenaneo la ketelo ea rōna.

Re ile ra tsoela pele lik’hilomithara tse seng kae ’me ra fihla Holong ea ’Muso. Ke eona “kereke” ea pele e ileng ea hahuoa ke baphaphathehi ba bolumeli leha e le bofe Mboki. Baena le bo-khaitseli ba eketsehileng le bana ba bona le batho ba thahasellang ba ile ba tla ho tla re tšoara ka matsoho. Esita le bana ba bangata ba baahisani ba ile ba tla le baena ho tla re tšoara ka matsoho.

Baena ba rōna ba ne ba re lokiselitse matlo a mabeli a manyenyane, rōna baeti ba bona. A ne a hloekile haholo. Re ne re behetsoe linkho tsa metsi a hloekileng. Re ne re itletse le lijo le metsi a nooang hobane re ne re lebeletse hore ha ho na lijo le metsi le hore re se ke ra imetsa baena ba rōna. Ha re ntse re laolla koloi, ho ile ha tla ngoanana e monyenyane ’me a re botsa hore na re rata ha khoho e ka phehoa joang mantsiboeeng ao, e besoe kapa e phehoe ka har’a moro? Re ne re sa lebella seo ’me ra botsa hore na ba ne ba lokiselitse ho e ja le eng. A araba ka ho re: le cassava. Eaba re khetha hore khoho e phehoe ka moro o tšetsoeng linōko. Re ile ra ja hore re khotsofale mantsiboeeng ao. Empa ba ’na ba tsoela pele ho re fepa tsatsi le leng le le leng—motšehare le mantsiboea. Re ne re sitoa ho lumela—hore re feptjoa le ho hlokomeloa ke baphaphathehi, le hoja bona ka bobona ba kolla ntsi hanong.

Phutheho e Nyenyane e Thabileng

Re ne re le mona, sebakeng se hōle empa re le har’a baena ba rōna ba 21. Ke ba babeli feela ba bona ba tlileng mona ba se ba kolobelitsoe. Ba bang e ne e le batho ba thahasellang ha ba e-tla mona. Ba ile ba tsoela pele ho ithuta ’me ba ile ba kolobetsoa lilemong tse peli tse fetileng. Ba bane hape ba ile ba kolobetsoa nōkeng e haufi nakong ea ketelo ea rōna.

Mohlala o mong o hlaheletseng ke Faustino. Pele a e-tla Mboki, o ile a ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele ho motsoalle e mong. Faustino o ile a ananela seo a neng a ithuta sona. Kapele eena le motsoalle oa hae ba qala ho bolella ba bang, empa ba thulana le khanyetso eaba ba kenngoa chankaneng ka lebaka la ho “susumetsa baahi” ka bolumeli ba bona. Ha ba le chankaneng, motsoalle oa Faustino o ile a tlohela ka lebaka la tšabo ’me a lokolloa. Likhoeli tse peli hamorao nyeoe ea Faustino e ile ea lula. Leha ho le joalo, ho ne ho hlakile hore liqoso tseo a neng a qosoa ka tsona li ne li se na motheo, kahoo o ile a lokolloa. Ha ntoa e fihla sebakeng sa habo, Faustino o ile a balehela Central African Republic, moo a ileng a kopana le baena eaba o tsosolosa thuto ea hae ea Bibele. O ile a kolobetsoa ka July 1991, ’me ka 1992 o ile a qala tšebeletso ea nako e tletseng e le pula-maliboho oa kamehla.

Phutheho e nyenyane ea Mboki e thabileng le e botsoalle joale e na le pula-maliboho a le mong ea khethehileng le bahoeletsi ba 21. Baena ba babeli ba buang Senyesemane ba sebeletsa e le baholo ’me ba khona ho tsoela pele ka puisano e ntle le ofisi ea lekala e Bangui. Re ne re lebeletse hore baena ba rōna ba baphaphathehi ba boemong bo tšosang, ba ho lahleheloa ke tšepo, empa ho ne ho se joalo. Le hoja ba futsanehile linthong tse bonahalang, ho ne ho se ea belaelang, ea tšoenyehileng, kapa ea korotlang. Ho tloha nakong eo ba fihlileng ka eona baena ba hahile mekhoro ea bona le matlo ’me ba qalile ho lema lijo le ho rua likhoho. Ba na le ho honyenyane ho feta hoo ba neng ba e-na le hona pele, empa baa phela ’me ba na le Bakreste-’moho le bona.

Kaha ho na le baphaphathehi ba pakeng tsa 17 000 le 20 000 Mboki, ho ntse ho e-tla ba eketsehileng khoeli ka ’ngoe, baena ba rōna ba na le tšimo e khōlō bakeng sa tšebeletso ea bona. Re ile ra ea boboleling le bona, e leng ho neng ho thahasellisa haholo, ka sebele. Ba sebelisa Bibele ea Sezande hangata, ’me phetolelo ena e na le lebitso la Molimo ka Mangolong a Seheberu le libakeng tse ngata ka Mangolong a Segerike a Bokreste. Ho batho bana, Molimo hase feela “Mboli” (“Molimo” ka Sezande) empa “Yekova,” e leng kamoo ba bitsang lebitso la Molimo la botho kateng. “Mboli Yekova” ke polelo e tloaelehileng. Liphetolelo tsa Maprostanta ka lipuo tse ling tse ngata tsa Maafrika ha li latele phetolelo ena e nepahetseng; ho e-na le hoo, bakeng sa “Jehova” li ngola “Nzapa,” “Nzambe,” kapa mabitso a mang a Seafrika bakeng sa Molimo.

Tumellanong le boprofeta ba Jesu, litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa hohle lefatšeng, esita le Mboki. (Mattheu 24:14, NW) Hona joale phutheho e hlomelletsoe hantle ka Libibele, libuka, limakasine, libukana, le lipampitšana ka lipuo tsohle tseo ba li hlokang. Mohlomong ka moso ho tla fumaneha libuka tse eketsehileng ka puo ea Sezande.

Ba Letetse Lehae la Kamehla

Mantsiboeeng a pele, re ile ra bontša lenaneo la Mokhatlo la liselaete le bitsoang “Batho ba Thabileng ba Bileng Teng Likopanong Europe Bochabela ba Rorisa Jehova.” Bosiung bo latelang lenaneo e ne e le le reng “Ho Tlisa Batho ba Bangata ho Lokeng Mehleng ea Bofelo.” Liselaete tsena li ne li bontšoa kantle, haufi le Holo ea ’Muso, leholimo le hlakile hantle, khoeli e le tšooana. Boemo bo ne bo le botle hakaakang! Ho ile ha tla batho ba makholo ho tla shebella pontšo ena ea liselaete, ’me baena ba rōna ba ne ba thabile ba bile ba le motlotlo ho bontša baahi ho hong ho khethehileng.

Ka Mantaha, re ile ra lokisetsa ho ikhata mehlala. E ne e tla ba leeto le leng la matsatsi a mane litseleng tsona tsane re bile re tšela marokho ’ona ane a 50. Khaitseli e mong o ile a tsitlallela ho lokisa lijo bakeng sa leeto leo—likhoho tse ling tse peli, tse seng li besitsoe ’me li nōkiloe ka konofole. Lephoka la tsona le ne le le monate lihoreng tsa hoseng ka har’a Land Cruiser. Ha letsatsi le le lihloohong tsa mengala re ile ra lula hlatheng e ’ngoe ho thabela khoho e besitsoeng ha re ntse re nahana ka baena ba rōna ba Mboki. Le hoja ba tlameha ho ba baphaphathehi, ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi, ba letetse lehae la kamehla la khotso lefatšeng la Molimo le lecha le tšepisitsoeng. (2 Petrose 3:13)—Se nehetsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela