Na Bophelo bo Botle ke Teko ho Uena?
Mokhatlo oa Watch Tower ha o fane ka litlhahiso ho batho ka bomong kapa hona ho ba etsetsa liqeto mekhoeng ea bongaka kapa ea ho hlahloba mafu. Leha ho le joalo, haeba ho latela melao-motheo ea Bibele, mekhoa e itseng e na le litšobotsi tse belaetsang, ho ka ’na ha lebisoa tlhokomelo ho eona. Joale motho ka mong a ka seka-seka se amehang ’me a etsa qeto mabapi le seo a lokelang ho se etsa.
Baena ba Ratehang: Ke kōpa maikutlo a lōna. [Mophekoli e mong] o bonahala a atleha, empa mokhoa oo a o sebelisang oa mpelaetsa. . . . O fumana bothata ba mokuli ka ho hlahloba. Joale e le hore a ka fumana hore na o lokela ho fana ka moriana oa mofuta ofe kapa hore na a sebelise o mokae, o beha botlolo ea moriana pel’a letlalo haufi le tšoelesa kapa setho sa ’mele se itseng. O leka ho hulela tlaase sephaka se phahamisitsoeng sa mokuli. Mofuta oa moriana kapa tekanyo ea oona e reroa ka matla ao ho hlokahalang hore a a sebelise ha a hulela sephaka seo tlaase. Ho nahanoa hore lielektrone, joaloka ho phalla ha motlakase, li tsamaea ho tloha morianeng li phunyeletsa le sekoahelong sa tšepe sa botlolo li fetele sethong sa ’mele, li se matlafatse. Na see se tšoana le ho noha ka thupa?
LENGOLO lena le tsoang Oregon, U.S.A., le amana le mokhoa oo ba bang ba o sebelisang ho rera hore na ho hlokahala eng phepong, tabeng ea ho seka-seka maikutlo a loantšanang, ea ho lekanyetsa mehopolo, le ea ho rarolla lipotso mabapi le bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ho sa tsotellehe hore na mokhoa o itseng o tloaelehile hakae, na ho belaela ha mongoli oa lengolo lee ho loketse?
Bophelo bo Botle—Ka Phello Efe?
Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batho ba ’nile ba leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba kula le kamoo ba ka folang. Baiseraele ba ne ba le boemong bo molemo hobane ba ne ba tseba hore ke baetsalibe, ’me ba ne ba na le melao e tsoang ho Molimo e neng e ba thusa ho qoba ho tšoaroa ke mafu a mangata kapa ho a jala. (Levitike 5:2; 11:39, 40; 13:1-4; 15:4-12; Deuteronoma 23:12-14) Ho ntse ho le joalo, batho ba Molimo le bona ba ne ba batla thuso ho lingaka tse tšoanelehang tsa mehleng ea bona.—Esaia 1:6; 38:21; Mareka 2:17; 5:25, 26; Luka 10:34; Ba-Kolosse 4:14.
Ba fapane hakaakang le batho ba Babylona le Egepeta tsa boholo-holo! “Lingaka” tsa bona li ne li na le meriana e entsoeng ka metsoako ea tlhaho, empa hona joale “liphekolo” tsa bona li ne li ka hlalosoa e le tse ikhakantseng ka sebōpeho sa tsebo ea bongaka. Taba e ngotsoeng ka mongolo oa litšoantšo ea Egepeta e bua ka ngaka e phekolang bofofu ka karolo e litšila ea leihlo la kolobe, antimony, letsoku, le mahe a linotši. Hlakantsutsu ena e ne e tšeloa ka tsebeng ea mokuli! Polelo ea boholo-holo e fanang ka bopaki ba melemo e fumanoeng e bolela hore phekolo ena e ne e “hlile e le ntle haholo.” Ho se tloaelehe kapa ho ba sephiri ha eona e ka ’na eaba ho ile ha etsa hore e ipiletse haholoanyane.
Bababylona le Baegepeta hangata ba ne ba ipiletsa matleng a phahametseng tlhaho.a Ngaka eo e leng moprista e ka ’na ea kōpa mokuli hore a hemele ka linkong tsa nku, e lumela hore matla a itseng, a ne a ka phalla ho tloha ho mokuli a kena ho sebōpuoa se seng ’me a ba le phello e itseng. Nku e ne e bolaoa, ’me ho lumeloa hore sebete sa eona se ka senola lefu la mokuli kapa bokamoso ba hae.—Esaia 47:1, 9-13; Ezekiele 21:21.
Ho hlakile hore ngaka e tšabang Molimo Iseraeleng ea boholo-holo e ne e ke ke ea sebelisana le meea. Ka bohlale Molimo o ile a laela: “Ho se ke ha fumanoa ha eno . . . mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi . . . hobane bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12; Levitike 19:26; 20:27) Se tšoanang sea sebetsa ho bahlanka ba Molimo ba Bakreste kajeno. Temoho ea hlokahala.
Lilemong tsa morao tjena batho ba bangata ba lebisitse tlhokomelo ea bona mekhoeng ea tlhahlobo ea mafu le phekolong tse “sa sebelisoeng mekhoeng e amohelehang ea bongaka.” Ha e le hantle ena ke karolo eo ho eona motho a lokelang ho iketsetsa qeto. (Mattheu 7:1; bapisa le Ba-Roma 14:3, 4.) Ho hlakile hore e ne e tla ba ho soabisang haeba Mokreste leha e le ofe a ka tšoareha ka ho feletseng litabeng tsa bophelo bo botle tse belaetsang hoo li pupetsang tšebeletso, eo e leng eona feela tsela e tšepahalang ea ho boloka bophelo. (1 Timothea 4:16) Bibele ha e re lefatšeng le lecha ho kula ho tla felisoa ’me bophelo bo botle ka ho feletseng bo tla finyelloa ka mehato e itseng ea bongaka, litlama, mofuta oa lijo o khethehileng, kapa liphekolo tse sebetsanang le ho phekola ’mele oohle le kelello. Ha e le hantle, pholiso e feletseng e tla tla feela ka tšoarelo ea sebe motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu.—Esaia 33:24; Tšenolo 22:1, 2.
Ho Ameha Matla Afe?
Mokreste a ka ’na a batla ho hlahloba eng ha a etsa qeto ea hae ka boeena ka mokhoa oa ho hlahloba mesifa o boletsoeng lengolong le qalong?
Mekhoa e itseng ea ho hlahloba matla kapa karabelo ea mesifa ke karolo ea bongaka bo tloaelehileng, ’me ke ba seng bakae feela ba ka belaellang ho lokela ha eona. Ka mohlala, poliomyelitis e ka fokolisa mesifa, ’me phekolo ea eona e ka akarelletsa se bitsoang kinesiology—“thuto ea mesifa le ho sisinyeha ha mesifa.” Kinesiology e joalo e boetse e sebelisoa phekolong e busetsang bahlaseluoa ba stroke boemong ba bona ba pele. Batho ba bangata ba ne ba ka utloisisa phekolo e joalo.
Empa ho thoe’ng ka ho hlahloba mesifa ho hlalositsoeng lengolong le qalong ea sehlooho see? Mofuta ona oa “kinesiology” o ’nile oa sebelisoa ka morero oa ho leka ho fumana hore na lijo tse itseng, litlama, kapa livithamine li ka thusa kapa tsa ntša motho kotsi. Mokhoa oo ho atisang ho etsoa ka oona ke hore motho a otlolle sephaka sa hae, ’me mophekoli a se hatelle e le hore se ee fatše e le hore a ka hlahloba matla a mesifa. Ka mor’a moo mokuli o kenya sematlafatsi se itseng kapa ntho e ’ngoe ka lehanong la hae, kapa o se beha mpeng ea hae, kapa ka letsohong la hae. Joale mesifa ea letsoho e hlahlojoa hape. Ho boleloa hore haeba a hloka sematlafatsi seo, sephaka sa hae se tla ipaka ho ba matla haholoanyane; haeba se sa mo lokela, mesifa e tla fokola haholoanyane.b
Ba bang ba lekileng sena ba lumela hore sea sebetsa le hore phello e theiloe matleng a ka har’a ’mele. Ba ikemela ka hore ho na le lintho tse ngata tseo saense ea kajeno e ke keng ea li hlalosa empa lia etsahala kapa li ka bonoa. Ka hona, ba bolela hore e ka ’na eaba ho na le mecha eo matla a tsamaeang ka eona kapa kamano pakeng tsa matla le lintho, esita le haeba lingaka ha li e-s’o li fumane kapa ho li amohela.
Ka lehlakoreng le leng, buka Applied Kinesiology e re: “Ka linako tse ling [libuka] li ruta hore lintho tse hlahisitsoeng ka k’hemistri, tse kang limatlafatsi, li lekanyetsoa ka ho fuparoa ka letsohong ebe ho hlahlojoa mosifa. Ha ho na bopaki bo bontšang hore mofuta ona oa ho hlahloba oa tšepahala. . . . Boikutlo ba ho kholiseha bo ka ba matla hoo tšekamelo e leeme ea mohlahlobi ka sematlafatsi se itseng e ka kena-kenanang le ho fumana boitsebiso bo nepahetseng tšebetsong ea ho hlahloba.” “Motho ea hlahlobang ea nang le phihlelo tabeng ea ho hlahloba mesifa ka matsoho ho ka ’na ha ba bonolo hore a etse hore ho bonahale eka mesifa ea mokuli ea fokola kapa e matla ho latela kahlolo ea hae ka hore habonolo feela a fetole . . . tlhahlobo hanyenyane haholo.”
Hlokomela!
Leha ho le joalo, tlhahlobo e ’ngoe ea mesifa e fetela ka ’nģane ho sena. Nahana ka se bitsoang “ho hlahlojoa bakeng sa motho e mong.” Sena se ka ’na sa sebelisoa tabeng ea motho ea hōlileng kapa ngoana ea fokolang haholo hoo a ke keng a hlahlojoa. Ha ea hlahlojoang sebakeng sa e mong a ntse a thetsitse ngoana, mophekoli o hlahloba sephaka sa ea hlahlojoang sebakeng sa e mong. Sena se bile sa sebelisoa le ho liphoofolo tsa lapeng; sephaka sa ea hlahlojoang sebakeng sa e mong se hlahlojoa ha a ntse a behile letsoho holim’a collie, German shepherd, kapa phoofolo e ’ngoe ea lapeng e kulang.
Hase boikarabelo ba rōna ho ahlola liketso tse joalo, empa u ka ’na ua botsa, ‘Na matla a ’meleng a ikarabella bakeng sa liphello tsee?’ Bo-rasaense ba pakile boteng ba li-cosmic ray, li-microwave, le mefuta e sa tšoaneng ea mahlaseli a electromagnet. Empa, na libōpuoa tsohle, esita le masea le liphoofolo tsa ka tlung, ka hare ho tsona ho na le matla a ka phallelang kantle ’me a hlahisa phello e ka hlahlojoang ho motho e mong osele? Bababylona ba ne ba nahana hore matla a ka phallela kantle nkung ’me a e ama. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke lumela hore ntho e ’ngoe e tšoanang e ka etsahala ka batho kapa ka liphoofolo kajeno? Kapa na ho ka etsahala hore liphello li be le tlhaloso e ’ngoe?’
Bafolisi ba bang ba bolela hore ba lekanyetsa “matla” a motho ka lisebelisoa tse kang litšepe tse harahaneng kapa li-pendulum. Ho nkoa hore lintho tsena lia sisinyeha ha “tekanyo ea matla” a mofolisi e susumetsana le ea matla a mokuli. Mophekoli e mong le mongoli karolong ena, eo e neng e kile ea e-ba rasaense ho tsa liphuputso, ka linako tse ling o hlahloba mafu ka ho sebelisa pendulum. O boetse o tiisa hore a ka bona “tekanyo ea matla a motho” kapa tikoloho ea khanya e ’mala eo ho lekanngoang hore e potolohile batho ka bomong. O bolela hore o sebelisa “matla a ho bona ka hare ho lintho” hore a shebe ka hare ho ’mele ho bona lihlahala, lisele tsa mali, kapa likokoana-hloko, le ho bona liketsahalo tsa nako e fetileng.c
Joalokaha ho bontšitsoe pejana, ho lekanyetsa matla ka matla a sephaka ho ’nile ha sebelisoa bakeng sa ho hlahloba maikutlo. Buka e abjoang haholo e itse: “Haeba u lakatsa ho [akarelletsa] tlhahlobo e seng kae ea maikutlo ka nako e tšoanang, botsa ka lentsoe le utloahalang ‘Na u na le bothata?’ ’me u hlahlobe hape. Ka linako tse ling sena se tla etsa hore sephaka se fokole haeba sematlafatsi se hlahlojoang se se na molemo ho mokuli.” Ba bang ba sebelisa tlhahlobo e joalo “bakeng sa ho hlokomela lilemo tseo ho tsona boemo ba pherekano e khethehileng ’meleng, maikutlong kapa moeeng” bo ileng ba ba teng. E boetse e sebelisoa bakeng sa ho etsa liqeto tsa ‘e, kapa che’ litabeng tsa letsatsi ka leng.
Ho ka etsahala hore ba bangata ba sebelisang tlhahlobo e joalo ea mesifa (kinesiology) ba ka bolela hore mokhoa oa bona o fapane le se sa tsoa hlalosoa, hore ha o amane le ho sebelisana le meea, kapa hore ha ba etse tlhahlobo ea maikutlo. Leha ho le joalo, na seo ba se etsang se ntse se thehiloe tumelong ea matla a ka hare ho motho ka mong a ka hlahlojoang kapa a bonoa feela ke batho ba itseng ba bolelang hore ba na le matla a khethehileng?
Bakreste ha ba nke litaba tse joalo habobebe. Molimo o ile a eletsa Baiseraele: “Mekete ea likhoeli tse thoasang, le ea Lisabatha, le ea lipitso tsa ho phutheha; liphutheho tsa lōna tse mahlonoko tse hlokang borapeli lia nkhathatsa.” (Esaia 1:13) Ha sechaba seo e e-ba sa bakoenehi, ba ne ba ‘noha, ba bile ba sheba lipontšo.’ (2 Marena 17:17, NW; 2 Likronike 33:1-6) Ho hlakile hore ba ne ba batla boitsebiso ka mekhoa e khethehileng, ebe joale ba bua “mehlolo.”—Zakaria 10:2, NW.
Tlhahlobo e ’ngoe ea mesifa e ka ’na ea e-ba e se nang molato, e etsoang ka tsela e se nang kotsi ho mokuli kapa mophekoli. Leha ho le joalo, ho hlakile hore tse ling li ka ba le mekhoa ea mohlolo kapa e phahametseng tlhaho, e kang ho bona bokahare, tikoloho ea khanya ea mohlolo, le tšebeliso ea pendulum. Bakreste ha baa tšoanela ho sebelisa matla a mohlolo. Ba lokela hore ba se ke ba leka le ho sebelisa lintho tse joalo, hobane ha ba bohele-hele mabapi le lintho tse tebileng tsa Satane. (Tšenolo 2:24) Ho e-na le hoo, ho na le lebaka le letle la ho ba seli mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho ka ’nang ha bonahala hore e amana le ho sebelisana le meea, eo Lentsoe la Molimo le e nyatsang.—Ba-Galata 5:19-21.
Seo mophekoli a se etsang ke boikarabelo ba hae, ’me hase morero oa rōna ho hlahloba le ho ahlola seo motho ka mong a se bolelang kapa tsela eo a etsang lintho ka eona. Esita leha u ikutloa hore mekhoa e meng ho ena e hlile e amana le matla a mohlolo, ho hlakile hore ba bangata ba ileng ba e leka ba ile ba etsa seo ka ho hloka tsebo, ba sa hlokomela hore ho ka etsahala hore ebe ba sebelisana le meea. Ho ka etsahala hore ebe e bile pontšo e loketseng ea takatso ea bona e bontšang ho lahleheloa ke tšepo mabapi le bophelo bo botle. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ’nileng ba ameha mekhoeng e joalo hamorao ba ile ba etsa qeto ea hore molemo leha e le ofe o ka ’nang oa e-ba teng ’meleng o ne o sa lokele ho ipeha ha motho kotsing moeeng.
Hape, motho ka mong o tlameha ho etsa qeto ea seo a tla se etsa litabeng tse joalo tsa botho. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho hopola keletso ea Molimo: “Ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Seo sea sebetsa le tabeng ea lipolelo tse mabapi le melemo ea mekhoa e itseng ea bophelo bo botle.
Satane o labalabela ho khelosa bahlanka ba Molimo borapeling ba ’nete. Diabolose o ne a ka thaba haeba a ne a ka etsa seo ka ho etsa hore Bakreste ba hoheloe ke lithahasello tse ling. O ne a ka thaba haholoanyane haeba ba ne ba ka hoheloa ke lintho tseo e leng mekhoa ea mehlolo, kapa tse bonahalang eka ke eona tse ka ’nang tsa ba hulela ho sebelisaneng le meea.—1 Petrose 5:8.
Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, maikutlo a Jehova Molimo ka mekhoa ea ho sebelisana le matla a phahametseng tlhaho ha aa fetoha. Joalokaha ho bontšitsoe pejana, Molimo o ile a laela Baiseraele hore “mophofi ea phofang, kapa selaoli se laolang, kapa senohe, kapa moloi, le moupelli” o ne a sa lokela ho fumanoa har’a bona. “Bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova . . . U be oa Jehova, Molimo oa hao, ka botho ba hao bohle.”—Deuteronoma 18:10-13.
Ke tsela e bohlale hakaakang hore Bakreste kajeno ba tsoele pele ho ‘apara lihlomo tsohle tsa Molimo hobane ntoa ea rōna e loana le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo’!—Ba-Efese 6:11, 12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba bangata ba sa ntse ba ea ho li-shaman, bo-ngakana-ntšonyana, kapa bafolisi ba tšoanang le bao. Shaman ke “moprista ea sebelisang boloi ka morero oa ho phekola bakuli, ho noha se ipatileng, le ho laola liketsahalo.” Ngakana-ntšonyana, kapa shaman, e ka ’na ea kopanya litlama le mekhoa ea ho sebelisana le meea (ho ipiletsa matleng a sephiri). Mokreste ea hlokolosi, ea tšepahalang o ne a tla qoba ho kopanela ho sebelisana le meea ho joalo, esita le haeba ho bonahala ho tlisa pheko.—2 Ba-Korinthe 2:11; Tšenolo 2:24; 21:8; 22:15.
b Ena ke tlhaloso e akaretsang, empa tsela ea ho hlahloba e ka ’na ea fapana. Ka mohlala, ea phekoloang a ka ’na a kōptjoa hore a peteletse monoana o motona le oa bosupa, ’me mofolisi a leke ho e arohanya.
c Oa ngola: “Liketsahalo tsee tseo ho bonahalang eka ke mehlolo li etsahala joang? . . . Mokhoa oo ke o sebelisang o bitsoa ho beha matsoho, pholiso ea tumelo kapa pholiso ea moea. Ho hang hase mokhoa oa mohlolo, empa ke o totobetseng haholo . . . Motho e mong le e mong o na le tekanyo ea matla kapa tikoloho ea khanya e mo potolohang le ho kenella ka har’a ’mele oa nama. Tekanyo ena ea matla e amahanngoa haufi-ufi le bophelo bo botle. . . . Matla a Phahameng a ho Bona ke mofuta oa ‘ho bona’ oo ho oona u bonang setšoantšo ka kelellong ea hao ka ntle le hore u sebelise mahlo a hao a tloaelehileng. Hase monahano. Ka linako tse ling ho thoe ke matla a ho hlokomela lintho tse sa bonoeng ka mahlo.”