Bophelo ke ba Bohlokoa Hakae ho Uena?
MOSHEMANE ea ka tlaase ho lilemo tse 20 o ile a itihela a le mokatong oa borobeli mohahong o mong oa matlo a bolulo. O ne a ile a bala buka e neng e hlalosa lefu la ho itihela e le “le se nang bohloko kapa matšoenyeho kapa tšabo; ho e-na le hoo, e le le thabisang.” Mongoli oa buka ena, e hatisitsoeng Japane, o ile a bolela hore o mpa feela a etsa tlhahiso ea “ho ipolaea e le e ’ngoe ea lintho tse ka khethoang bophelong.”
Batho ba ipolaeang hase bona feela ba bontšang ho se hlomphe bophelo kajeno. Baqhobi ba bohlasoa le bona ba bontša hore ho hang ha ba hlomphe bophelo. Ba bang ba bile ba khanna ba tahiloe, tseleng ba bangata ba khanna ka lebelo le isang lefung.
Ba bang ba bontša hore na ba nyelisa bophelo ba bona hakaakang ka ho etelletsa menyaka pele. Ba tsubang ba hana ho tlohela lisakerete, le hoja ho tsuba ho ka baka lefu ’me ho ’nile ha bitsoa ho ipolaea butle-butle. Ho e-na le ho lula ba hloekile lefatšeng lena le hlanyetsang ho kopanela likobo, ba bangata ba phehella tsela ea boitšoaro bo hlephileng eo hangata e isang lefung.
Ba sa hlokomele le ho hlokomela, ba bang ba iphokoletsa lilemo tsa bophelo ka ho ja ho tlōla, ho noa ho tlōla, ho se koetlise ’mele ka ho lekaneng, le ka ho batla menyaka. Mongoli oa Mojapane Shinya Nishimaru o ile a lemosa: “Mekhoa e sa thijoeng ea ho ja e ferekanya mokhoa oo ’mele o sebetsang ka oona, ’me ho phehella boiketlo le menyaka feela ho qeta matla a batho.” Ba bang ba na le maikutlo a batho ba boholo-holo ba neng ba re: “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa.”—Esaia 22:13; 1 Ba-Korinthe 15:32.
E, ho se hlomphe bophelo ho atile kajeno. Kahoo, potso e ka ’na ea phahama, Bophelo ke ba bohlokoa hakae ho uena? Na bophelo bo lokela ho bolokoa joang kapa joang? Hona na ho na le ntho leha e le efe ea bohlokoa ho feta bophelo ba rōna ba hona joale?