Baballa Bophelo ba Sebele
NA BOPHELO bona ke bona phetho? Ka ho re khothalletsa hore re ‘tšoare ka tieo bophelo ba sebele,’ Bibele e bontša hore ho na le ho eketsehileng. (1 Timothea 6:17-19, NW) Haeba bophelo ba rōna ba hona joale e se bophelo ba sebele, ba sebele ke bofe?
Moelelo oa temana e tlang pejana o bontša hore ke “bophelo bo sa feleng” boo motho ea tšabang Molimo a lokelang ho bo tšoara ka tieo. (1 Timothea 6:12) Bakeng sa bongata bo boholo, sena se bolela bophelo bo sa feleng lefatšeng. Adama, motho oa pele, o ne a lebelletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Genese 1:26, 27) O ne a tla shoa feela haeba a ne a ka ja “sefate sa ho tseba botle le bobe.” (Genese 2:17) Empa kaha Adama le mosali oa hae Eva, ka lebaka la ho se utloe ba ile ba ja sefate seo, Molimo o ile a ba ahlolela lefu. ‘Ka letsatsi leo ba se jeleng,’ ba ile ba shoa mahlong a Molimo ’me ba qala ho oela tšenyehong ea lefu la nama. Bophelo ba bona e ne e se ese ba mofuta oo ba neng ba ile ba o thabela pele.
Tsela e Isang ‘Bophelong ba Sebele’
E le hore “bophelo ba sebele” bo ka fumaneha, Jehova Molimo o ile a etsa tokisetso ea ho pholosa moloko oa batho. Ho re thusa ho utloisisa tokisetso ena, a re nahaneng ka fektheri e nyenyane. Mechine eohle e ka ho eona e na le phoso ’me e bakela ba e sebelisang likhathatso hobane lilemong tse fetileng motho ea neng a sebetsa moo pele o ile a hlokomoloha buka ea litaelo eaba o senya mechine eo eohle. Ba e sebelisang kajeno ba ka qheqhebisa feela ka seo ba nang le sona. Mong’a fektheri o batla ho nchafatsa mechine ena hore a thuse basebetsi ba hae, ’me o ntse a boloka chelete e hlokahalang bakeng sa morero oo.
Adama, ‘ea ileng a sebelisa mochine’ pele, ha aa ka a baballa bophelo boo a neng a bo filoe. Kahoo, o ile a fetisetsa baneng ba hae bophelo bo sa phethahalang, bo tšoanang le mochine o sa sebetseng hantle. (Ba-Roma 5:12) Ho tšoana le ba ileng ba sebelisa mechine hamorao fekthering eane, ba neng ba ke ke ba lokisa boemo, bana ba Adama ba sitiloe ho iphumanela bophelo ba sebele. (Pesaleme ea 49:7) Hore a lokise boemo bona bo neng bo bonahala bo se na tšepo, Jehova o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng hore a rekollele moloko oa batho bophelo bo sa feleng. (Luka 1:35; 1 Petrose 1:18, 19) Ka ho shoa lefu la sehlabelo molemong oa moloko oa batho, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a fana ka thepa e hlokahalang—bophelo bo lekanang le boo Adama a ileng a bo lahla. (Mattheu 20:28; 1 Petrose 2:22) Ka sehlabelo sena sa bohlokoa, Jehova joale o na le motheo oa ho lokisetsa bophelo ba sebele.
Bakeng sa batho ba utloang, sehlabelo sa Jesu sa thekollo se tla bolela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29) Tšepo ena e fetisetsoa ho bohle ba pholohang “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle,” e bitsoang Harmagedone. (Tšenolo 16:14-16) E tla felisa bokhopo bohle lefatšeng. (Pesaleme ea 37:9-11) Ba shoang pele ho nako eo ba le khopolong ea Molimo ba tla tsosetsoa Paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng ’me ba tla lebella ho thabela bophelo ba sebele bo tla fumanoa ke bohle ba utloang Molimo.—Johanne 5:28, 29.
Tlamo ea ho Hlokomela Bophelo ba Rōna ba Hona Joale
Sena ha se bolele hore re tla be re nepile ha re hlompholla khalalelo ea bophelo ba rōna ba hona joale. Na mong’a fektheri o tla senya nako le chelete ho nchafatsa mochine bakeng sa mosebetsi ea sa o hlokomeleng? Ho e-na le hoo, na mohiri a ke ke a beha mochine o nchafalitsoeng tlhokomelong ea motho ea ileng a etsa se molemohali ho hlokomela oa khale?
Bophelo ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Jehova. Kaha ke eena mohloli o molemo oa mpho eo, o batla hore re e hlokomele. (Pesaleme ea 36:9; Jakobo 1:17) Jesu ha a bua ka kameho ea Jehova bakeng sa batho ba lefatšeng, o ile a re: “Esita le qoba tsa moriri oa lihlooho tsa lōna li baliloe kaofela.” (Luka 12:7) Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba se ke ba bolaea, e leng seo ka tlhaho se neng se akarelletsa ho se ipolae. (Exoda 20:13) Sena se re thusa ho qoba ho talima ho ipolaea e le e ’ngoe ea lintho tse ka khethoang.
Ka ho tseba hore Jehova ka lerato o thahasella boiketlo ba rōna, batho ba tšabang Molimo ba sebelisa melao-motheo ea Bibele ha ba seka-seka mekhoa ea kajeno. Ka mohlala, kaha ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba ‘itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea, ba ntse ba phetha khalalelo ka ho tšaba Molimo,’ ba qoba koae le lithethefatsi tse lemalloang tse fetolang kelello.—2 Ba-Korinthe 7:1.
Thahasello ea Molimo bophelong ba batho e bonoa ka ho eketsehileng keletsong ea hae ea hore ho bolokoe “pelo e nang le khotso” le ho qoba boitšoaro bo bobe. (Liproverbia 14:30; Ba-Galata 5:19-21) Ka ho khomarela litekanyetso tsena tse phahameng, re sireletsoa linthong tse kang bohale bo kotsi bophelong le maloetseng a fetisetsanoang ka ho kopanela likobo.
Kameho ea Jehova bakeng sa bophelo ba batho ba hae e boetse e totobala keletsong ea hae ea hore ho teloe ho ja ho tlōla le ho noa ho tlōla. (Deuteronoma 21:18-21; Liproverbia 23:20, 21) Bakreste ba lemosoa hore batho ba meharo le matahoa ba ke ke ba rua lefa la ’Muso oa Molimo, ke hore, ha ho mohla ba tla fumana bophelo ba sebele. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 1 Petrose 4:3) Ka ho khothalletsa teka-tekano, Jehova o re ruta ho ithuisa molemo.—Esaia 48:17.
Ha re phela ka litekanyetso tsa Molimo, re bontša hore re baballa bophelo ba rōna ba hona joale. Ho hlakile hore sa bohlokoa haholo ke bophelo ba sebele. Kaha ke bophelo bo sa feleng, Bakreste ba ’nete ba bo nka e le ba bohlokoa haholoanyane ho feta bophelo ba bona ba hona joale. Ha Jesu Kreste a tela bophelo ba hae, o ile a ikokobeletsa thato ea Jehova. Ho utloa Ntate oa hae ho ne ho bolela ho hoholo ho eena ho feta bophelo ba hae mona lefatšeng. Tsela ea Jesu e ile ea fella ka tsoho ea hae le hore a fumane bophelo ba ho se shoe leholimong. (Ba-Roma 6:9) Lefu la hae le boetse le bolela bophelo bo sa feleng bakeng sa moloko o utloang oa batho o sebelisang tumelo sehlabelong sa hae sa thekollo.—Ba-Heberu 5:8, 9; 12:2.
Molao oa Bohlokoa Tabeng ea Mali
Hoa utloahala hore balateli ba Jesu ba bontša hore ba nahana joaloka eena. Ba batla ho khahlisa Molimo linthong tsohle, feela joalokaha Kreste a entse. Har’a tse ling, sena se hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba hana ho tšeloa mali, hoo lingaka tse ling li reng ho pholosa bophelo. A re boneng hore na motho a ka bontša joang hore o baballa bophelo ba sebele ka ho hana ho tšeloa mali.
Ho tšoana le Jesu Kreste, Bakreste ba ’nete ba lakatsa ho phela mahlong a Molimo, ’me seo se hloka ho Mo utloa ka ho feletseng. Lentsoe la Molimo le laela balateli ba Kreste hore: ‘Telang tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng, le bofebe.’ (Liketso 15:28, 29) Ke hobane’ng ha molao oo oa mali o ile oa akarelletsoa har’a litaelo tse tlamang Bakreste?
Molao o neng o filoe Baiseraele o ne o hloka hore ho teloe mali. (Levitike 17:13, 14) Bakreste ha ba tlas’a Molao oa Moshe. Empa ba hlokomela hore taelo ea hore ho se ke ha jeoa mali e tlile pele ho Molao oo; e ne e ile ea fuoa Noe ka mor’a Moroallo. (Genese 9:3, 4; Ba-Kolosse 2:13, 14) Taelo ena e ne e sebetsa ho bana bohle ba Noe, bao lichaba tsohle tsa lefatše li tsoileng ho bona. (Genese 10:32) Ho phaella moo, Molao oa Moshe o re thusa ho bona lebaka la hore Molimo a tsitlallele khalalelo ea mali. Ka mor’a ho thibela Baiseraele ho ja mali a mofuta ofe kapa ofe, Molimo o ile a re: “Hobane moea oa nama o maling. Ke le neile ’ona aletareng, a tle a etsetse meea ea lōna pheko, hobane ke ka baka la moea mali a ka etsang pheko.” (Levitike 17:11) Molimo o ile a bolokela mali hore a sebelisoe bakeng sa mahlabelo aletareng. Molao oa hae tabeng ea khalalelo ea mali o senola bolaoli ba hae holim’a bophelo bohle bo lefatšeng. (Ezekiele 18:4; Tšenolo 4:11) Ha re talima bophelo ba rōna ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona, rea hlokomela hore hase ba rōna empa Molimo o mpa a bo behile tlhokomelong ea rōna feela.
Feela joalokaha papisong ea rōna motho ea sebelisang mochine a ne a ikarabella ka oona, re entsoe bahlokomeli ba bophelo ba rōna ba hona joale. U ne u tla etsa joang haeba mochine oa hao o ne o hloka ho lokisoa ’me setei se buella hore o lokisoe ka ho sebelisa lintho tse haneloang ka ho toba bukeng ea litaelo? Na u ne u sa tl’o ea ho litei tse ling ho bona hore na mochine o ka lokisoa tumellanong le litaelo tse bukeng? Bophelo ba batho ke ba bohlokoa ebile bo rarahane haholo ho feta mochine. Lentsoeng la hae le bululetsoeng, buka ea litaelo bakeng sa ho boloka batho ba phela, Moetsi oa rōna o hana ha mali a sebelisetsoa ho boloka bophelo. (Deuteronoma 32:46, 47; Ba-Filippi 2:16) Na hase ho utloahalang ho khomarela litlhokahalong tsa buka eo ea litaelo?
Ka sebele, bakuli ba Bakreste ba batlang hore boloetse ba bona bo se ke ba phekoloa ka mali, ha ba hane phekolo eohle ea meriana. Ba mpa feela ba batla phekolo e tla bontša tlhompho bakeng sa bophelo ba bona—ba hona joale le ba ka moso. Lingaka tse sebete ho hlompha boemo bo nkoang ke Bakreste li paka melemo ea ho ba phekola tumellanong le kōpo ea bona. Ngaka e ’ngoe e buoang e neng e sebelisa mali haholo, e re: “Ho kopana le Lipaki tsa Jehova ho ile ha nketsa hore ke be le litekanyetso tse ncha.” Hona joale le bao eseng Lipaki e leka ho ba phekola ntle ho mali.
Ho Baballa Bophelo ba Sebele
Litekanyetso tse ncha tseo ngaka ee e buoang e ileng ea li fumana ka ho phekola Lipaki tsa Jehova ke life? Hona joale e hlokomela hore ho phekola mokuli ha ho ame feela karolo ea ’mele e anngoeng ke boloetse empa ho ama motho kaofela. Na mokuli a ke ke a lumelloa hore a kōpe tlhokomelo e molemohali bakeng sa boiketlo ba hae ba ’mele, moea, le maikutlo?
Tabeng ea Kumiko ea lilemo li 15, ho tšeloa mali hore ho phekoloe kankere ea hae ea mali e bolaeang e ne e le ntho e mpe ka ho fetisisa e neng e ka khethoa. Ho leka ho lelefatsa bophelo ba hae ka mokhoa ona ka libeke, likhoeli, haesita le tsona lilemo tse seng kae ho ne ho sa lokele se neng se tla qetella se mo lahlehetse. Kaha o ne a nehetse bophelo ba hae ba hona joale ho Jehova Molimo e le e mong oa Lipaki tsa hae, o ne a hlompha khalalelo ea bophelo le mali. Le hoja ntat’ae le beng ka eena ba bang ba ne ba hanyetsa boemo ba hae ka matla, Kumiko o ile a ema a tiile. Ka lekhetlo le leng ngaka ea hae e ile ea mo botsa: “Haeba Molimo oa hao a tšoarela litšito, na a ke ke a u tšoarela le haeba u lumela ho tšeloa mali?” Kumiko o ile a hana ho sekisetsa ebe kahoo o latola tumelo ea hae e theiloeng Bibeleng. O ile a tiisetsa boemong ba hae ‘a ntse a phahamisitse lentsoe la bophelo.’ (Ba-Filippi 2:15) Joalokaha nkhono’ae ea sa lumelang a ile a bolela: “Kumiko o ne a ke ke a latola tumelo ea hae.” Kapele-pele boikutlo ba ntat’ae le nkhono’ae haesita le ba lingaka tse mo phekolang bo ile ba fetoha.
Tumelo e matla ea Kumiko ho Jehova Molimo, ea ka mo tsosang bafung, e ile ea susumetsa lipelo tsa ba bangata. Ha a sa ntse a phela, o ile a ipiletsa ho ntat’ae: “Leha nka shoa, ke tla tsosoa Paradeiseng. Empa haeba u timetsoa ka Harmagedone, ha ke na ho u bona. Kahoo ke kōpa hore u ithute Bibele.” Ntat’ae a ’na a re feela: “Ha u fola, ke tla etsa joalo.” Empa ha Kumiko a bolaoa ke lefu la hae le khahlapetsang, ntat’ae o ile a kenya ka lekeseng la hae la bafu molaetsa o reng: “Ke tla u bona Paradeiseng, Kumiko.” Ka mor’a tšebeletso ea lepato, o ile a bua le ba neng ba le teng tšebeletsong ’me a re: “Ke tšepisitse Kumiko hore ke tla mo bona Paradeiseng. Le hoja ke sa ntse ke sitoa ho lumela ho eona hobane ha kea ithuta ka ho lekaneng, ke ikemiselitse ho hlahloba sena ka hloko. Ke kōpa le nthuse.” Ba bang lapeng habo le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele.
Kumiko o ne a hlompha bophelo ba sebele e le kannete ’me a batla ho phela. O ne a ananela sohle seo lingaka tsa hae li neng li se etsa ho pholosa bophelo ba hae ba hona joale. Leha ho le joalo, ka ho lumellana le litaelo tse bukeng ea litaelo ea ’Mōpi, o ile a paka hore o baballa bophelo ba sebele. Bakeng sa ba limilione, boo e tla ba bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Na u tla ba har’a bona?