Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 2/15 maq. 23-26
  • Dominican Republic—E sa Ntse e Bulehetse Tšibollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Dominican Republic—E sa Ntse e Bulehetse Tšibollo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Tšibollo ea Mofuta o Mong
  • Litlhohonolofatso tsa ho Finyella ba Bang
  • Karabelo e Ntle ea Bacha
  • “Bafuputsi” ba Tsoang Linaheng tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 2/15 maq. 23-26

Dominican Republic—E sa Ntse e Bulehetse Tšibollo

E SA ntse e le mohlankana, Christopher Columbus o ile a qalisa bophelo ba leoatleng boo qetellong bo ileng ba mo lebisa ho sibolleng lihleke-hleke tseo kajeno li tsejoang e le West Indies. Ka December 1492, seketsoana sa hae sa bohlokoahali, Santa María, se ile sa emisa fatše ka leboea ho lebōpo la leoatle la sehleke-hleke sa Española, seo kajeno se tsejoang e le sehleke-hleke sa Hispaniola, se kopanetsoeng ke Haiti le Dominican Republic. Columbus o ile a theha motse oa pele oa batho ba Europe, moo qhobosheane e ileng ea hahoa ka potlako, ’me a e reha La Navidad. Sehleke-hleke sena se ile sa fetoha setsi sa ho batla ha hae ka ho eketsehileng.

Columbus o ile a sibolla hore sehleke-hlekeng seo ho ne ho lula Maindia a Mataino, batho ba batle haholo, ba tšepahalang, le ba nang le moea oa ho amohela baeti ka mofuthu. Ka nako eo ho ne ho e-na le ba hakanyetsoang ho 100 000. Leha ho le joalo, tlas’a tšoaro e thata ea bahlaseli, bao thahasello ea bona e ka sehloohong e neng e le ho fumana khauta, baahi bao e leng matsoalloa a moo ba ile ba fokotseha ka potlako. Ka 1570 ho tlalehoa hore sebakeng seo ho ne ho setse Maindia a Mataino a ka bang 500 feela.

Kajeno, baahi ba Dominican Republic ke batho ba merabe le mebala e mengata, bao baholo-holo ba bona ba ileng ba fallela mona. Leha ho le joalo, ba bonahala ba e-na le mekhoa e metle e mengata ea Mataino, ka ho ba batho ba botsoalle le ba se nang khanyetso. Sena, hammoho le ho lumela ho Molimo ka tieo le ho hlompha Bibele, se entse hore mosebetsi oa ho bolela le ho ruta oa Lipaki tsa Jehova o atlehe ka tsela e ikhethang naheng ena.

Tšibollo ea Mofuta o Mong

Baromuoa ba pele ba Watch Tower, Lennart le Virginia Johnson, ba ile ba fihla Dominican Republic mehleng ea ’musi oa mohatelli Trujillo. Ho ileng ha ba thabisa, ba ile ba sibolla hore batho ba bangata ba ne ba arabela ebile ba amohela molaetsa oa bona oa Bibele kapele. Leha ho le joalo, sena se ne se sa ratoe ke ba boholong le baeletsi ba bona ba bolumeli. Kapele, leqhubu la mahloriso le ile la qhoma, ’me tumelo ea Lipaki tseo tsa pele tsa Dominica e ile ea lekoa ka matla. Ho fihlela kajeno, ho ntse ho buuoa haholo ka botšepehi ba bona le tumelo—esita le ho isa lefung.

Lipaki tsa Jehova, tseo hona joale li ka bang 16 000 naheng eo, li tsebahala haholo. Nakoana e fetileng, liteishene tse hlano tsa thelevishene naheng ka bophara li ile tsa hasa video Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.a

Sena se ile sa tsebahatsa mosebetsi oa Lipaki haholo sechabeng eseng feela metseng e meholoanyane empa hape le litoropong tse nyenyane le libakeng tse ling tsa mahaeng. E le ho latella thahasello, li ile tsa hlophisa phutuho e khethehileng ea ho finyella libakeng tsena tse thōko le ho li isetsa litaba tse molemo tsa ’Muso.

Litlhohonolofatso tsa ho Finyella ba Bang

Lipaki tse ngata tse nyenyane, tse mafolo-folo, le tse chesehang li ile tsa ithaopela ho qeta likhoeli tse peli li bolela masimong ana a hōle. Boiteko ba tsona bo ile ba putsoa haholo. Sebakeng se seng Lipaki tse peli li ile tsa sibolla thahasello e ikhethang. Kaha e ne e le nako ea ho tšoara Sehopotso sa selemo le selemo sa lefu la Jesu, li ile tsa etsa litokisetso ’me tsa mema batho hore ba tle. Holo e ile ea tlala tsoete, eaba li tšoara seboka. Ha seboka se tsoile, li ile tsa makala haholo ha li fumana hore ho ne ho e-na le sehlopha se seng se seholo sa batho kantle ho holo se letetse ho kena ka hare. Kahoo li ile tsa ba memela ka hare ’me tsa pheta lenaneo. Hona joale ho na le phutheho sebakeng seo.

Ho ba botsoalle ha batho le ho fana ha bona ka seatla se bulehileng hangata ho ba susumeletsa hore ba arolelane ’nete ea Bibele eo ba ithutang eona le litho tsa malapa a bona hammoho le ba bang. Seithuti se seng sa Bibele se ile sa e-ba le thabo e khaphatsehang ha qetellong se tšoaneleha hore se ka kopanela tšebeletsong ea ho ea ka ntlo le ntlo. Se ne se se se ntse se khanna lithuto tsa Bibele tse hlano le baahisani ba sona, empa se ne se thabetse ho ba le seabo tšebeletsong haholoanyane.

Mabapi le tšimo e sa sebetsoeng kamehla ke bahoeletsi ba ’Muso, ho etsoa boiteko ba ho bolela ho batho ba libeseng le ba tlang metseng e meholo bakeng sa mesebetsi ea khoebo kapa ho reka mabenkeleng. Sena se lebisitse liphellong tse thabisang, joalokaha ho bontšitsoe ka phihlelo e lengolong le amohetsoeng ke ofisi ea lekala. Le ne le tsoa ho banna ba babeli ba sebakeng se seng sa mahaeng, ba neng ba kōpa thuto ea Bibele. Ha Paki e ba etela, “banna” bao ba ile ba hlahella e le ea lilemo li 10 le ea lilemo li 11. Empa ba ne ba tsebile joang ka tokisetso ea thuto ea Bibele? Ha e le hantle, monna e mong ea tsoang motseng oo o ile a tla motse-moholo ka lebaka la tšebetso e itseng. O ile a teana le Paki seterateng, e ileng ea mo fa pampitšana ’me ea lokisetsa ho ba le thuto e sa lefelloeng ea Bibele le eena. Ha a khutlela motseng oa habo, monna enoa o ile a neha ngoanana oa tikolohong eo ea lilemo li 12 pampitšana eo ’me a ’molella ka tokisetso ea thuto ea Bibele. Ngoanana eo le eena o ile a fetisetsa boitsebiso boo ho bashemane ba babeli, bao kapele-pele ba ileng ba ngola lengolo. Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa le bashemane, ngoanana, monna, hammoho le bana ba hae ba babeli.

Karabelo e Ntle ea Bacha

Ka sebele, bacha, ba hōliselitsoeng ’neteng hammoho le ba bang, ba bonahala ba nka borapeli ba bona ho Molimo ka ho teba. Ka mohlala, Tamar le Keila ngoan’abo, ka bobeli ba ile ba kolobetsoa ha ba le lilemo li 10 ’me ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng ea bopula-maliboho ha ba le lilemo li 11. Wendy Carolina o ne a le lilemo li 12 ha a tšoantšetsa boinehelo ba hae ka kolobetso ea metsing, ’me lilemo tse peli hamorao, ka 1985, o ile a qalisa bopula-maliboho ba kamehla. Kajeno ke tichere e atlehang, e ntseng e thabela tšebeletso ea nako e tletseng. Jovanny e monyenyane, ea kolobelitsoeng ha a le lilemo li 10 ’me ea e-ba pula-maliboho ea kamehla ha a le lilemo li 11, o khanna lithuto tse ’nè tsa lehae tsa Bibele. Ha Rey ea lilemo li leshome a sibolla hore morekisi oa libuka tse sebelisitsoeng o na le bukana e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, Rey o ile a kōpa ’mè oa hae hore a mo rekele eona. O ile a e bala kaofela. Qetellong, ho batla ha hae lingoliloeng tsa Bibele tse eketsehileng ho ile ha mo lebisa ofising ea lekala. Kajeno o thabela tšebeletso ea nako e tletseng, ’me ’mè oa hae le eena o sebeletsa Molimo.

Ke eng se thusitseng bacha baa hammoho le ba bang ho ananela bohlokoa ba lintho tsa moea? Maemong a mangata tataiso ea botsoali e loketseng e phethile karolo ea bohlokoa. Boemo bo bile joalo ka Josué, eo batsoali ba hae ba Bakreste e leng matichere sekolong. Ha molebeli ea tsamaeang a ne a etsa tlhahiso ea hore batsoali ba leke ho thusa bonyane a le mong ho bana ba bona hore a nke tšebeletso ea nako e tletseng, ba ile ba lebisa tlhokomelo ho Josué. Kaha e ne e le seithuti se hlaheletseng, ’muso o ile oa fa Josué thuso ea ho ntšetsa lithuto tsa hae pele bakeng sa hore a ithutele boenjiniere. Ka mor’a selemo le halofo a le univesithi, o ile a amohela memo ea ho kopanela morerong oa kaho mohahong oa ntlo-khōlo ea Lipaki tsa Jehova Dominican Republic. Batsoali ba hae ba ile ba bontša khotsofalo e khōlō ka hore ebe ba nehelane ka mor’a bona tšebeletsong ea Jehova.

“Bafuputsi” ba Tsoang Linaheng tse Ling

Mantsoe a Jesu a hore “kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae” ka sebele a ka sebelisetsoa tšimo ea mona. (Mattheu 9:37) Tlhokahalo e khōlō le karabelo e ntle li susumelitse Lipaki tse tsoang linaheng tse ling ho tla kopanela ho fuputseng matlotlo a sebele a mehleng ea kajeno tšimong ena—batho ba batlang ’nete ka tieo.

Malapa a Lipaki a tsoang sehleke-hlekeng sa boahisani sa Puerto Rico a ile a tla ’me a fumane khotsofalo ea ’nete ka ho sebeletsa libakeng tse fapaneng tsa Dominican Republic. Hlooho e ’ngoe ea lelapa e itse: “Ho khona ho bolela tumelo ea hao le tšepo litsebeng tse utloang ka sebele ho etsa hore ’nete e phele!” Ha Cecilia oa Sweden le Nia oa United States ba hlokomela ka tlhokahalo e teng mona, ba ile ba sebetsa hammoho le basebeletsi ba bang ba bacha ba nako e tletseng. Ba sebeletsa karolong e ka hare ea naha moo ba fumanang hore ho batla ho phahame haholoanyane ebile boemo ba leholimo ke bo itekanetseng. Ka ho tšoanang, holimo-limo lithabeng tse batang tse koahetsoeng ke lifate tsa phaene, malapa a mabeli a Canada a kopane le lelapa la Dominica le khutlileng United States. Ke karolo ea phutheho e nyenyane ’me ba khona ho finyella batho bao ka lilemo tse leshome ba sa kang ba eteloa ke Lipaki tsa Jehova.

Alfredo le Lourdes le bana ba bona ba bahlano ba ile ba khutla New York City ’me ba kopanela phuthehong e nyenyane e toropong e ’ngoe ea tse ntle tsa bohahlauli tse lebōpong la leoatle. Ba thabela hore ebe ba khona ho kopanela ho fumaneng batho ba lipelo li tšepahalang le ho thusa phutheho ho hōla. Roland, ea sebelisang computer ea tsoang Austria, le mosali oa hae, Yuta, ba lula karolong e ka boroa ea naha e chesang, le e omeletseng. Ba bile le thabo ea ho bona ha phutheho e ncha e thehoa ho tloha ha ba fihla. Toropong ea boahisani, sehlopha sa bo-khaitseli ba bararo ba bo-pula-maliboho le banyalani ba tsoang California ba tlalehile hore ba ile ba fumana likōpo tse ngata bakeng sa lithuto tsa Bibele hoo ba neng ba sitoa ho li khanna kaofela ha tsona. Kahoo ba ile ba khothaletsa batho ba thahasellang hore ba be teng libokeng Holong ea ’Muso ea sebakeng seo ’me ba ngole mabitso a bona lethathamong la ba letetseng lithuto tsa Bibele. Mora oabo Yuta Stefan, ka botšepehi o sebeletsa le phutheho e nyenyane toropong e ntle ea Samaná, ho ea ka leboea-bochabela. Ka lilemo tse peli feela, palo ea bahoeletsi ba ’Muso sebakeng seo e imenne habeli.

Ka sebele ho babatsoa lerato le cheseho tse bontšitsoeng ke bana hammoho le ba bang ba tlileng ho tla thusa. Ba amohetse phephetso eseng feela ea ho fallela naheng e ncha e nang le mekhoa ea bophelo le meetlo e fapaneng empa hape, maemong a mangata, ea ho ithuta puo e ncha e le hore ba ka hlokomela litlhoko tsa moea tsa batho ba kang linku. Boiteko ba bona bo feletse ka karabelo e ntle ea batho ba sebakeng seo.

Malapa a mang a Dominica a tlohetse mabotho-botho a metseng e meholo ’me a falletse libakeng tsa mahaeng. Kaofela ha ’ona a putsoa ka ho enneng ka thabo ea ho sibolla matlotlo a sebele a batho ba batlang ’nete ka tieo.

Batho ba neng ba batla matlotlo ba lekholong la bo15 la lilemo ba ile ba tlisa botlamuoa le mahlomola a mangata haholo ho batho ba Mataino bao e leng matsoalloa a moo, eseng litlhohonolofatso. Esita le Columbus ka boeena ha aa ka a rua molemo matlotlong a Lefatše le Lecha. Qetellong o ile a tšoaroa ’me a tlosoa sehleke-hlekeng seo a neng a se sibollotse ’me a khutlela Spain a tlanngoe.

Kajeno phuputso ea mofuta o fapaneng e tsoela pele, ’me letlotlo la bohlokoa haholoanyane le ntse le fumanoa. Batho ba Jehova ba tšoarehile ka ho batla batho ba lipelo li tšepahalang ba arabelang litabeng tse molemo tsa ’Muso. Liphello ke hore letšoele le ntseng le eketseha le thabela tokoloho e ka tlisoang feela ke Lentsoe la Molimo. (Johanne 8:32) Ka thabo ba lebeletse nakong eo naha ena e lithaba, e nang le liphororo tsa metsi tse ratehang, mabōpo a leoatle a matle, le mahaha a hohelang e tlang ho fetoha, eseng feela paradeise ea sehleke-hleke, empa karolo ea lefatše le lecha le kopanyeletsang qitikoe eohle.—2 Petrose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E entsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society.

[’Mapa o leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Dominican Republic

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Ba bacha ba sibolla bohlokoa ba lintho tsa moea ka ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela