Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 3/15 maq. 21-24
  • Ha Re na Phomolo ea ho Tlohela Mosebetsi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Re na Phomolo ea ho Tlohela Mosebetsi!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Se Etsang Hore ba Thabe
  • Boikemisetso ba ho Fetoha
  • Ho Khothala Tlas’a Mathata a Bophelo
  • Ba Ntse ba Tšoarehile ka ho Tsoelang Pele
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 3/15 maq. 21-24

Ha Re na Phomolo ea ho Tlohela Mosebetsi!

“HA RE NA PHOMOLO EA HO TLOHELA MOSEBETSI” ke boikutlo boo u bo fumanang ha u etela lehaeng le leng le sa tloaelehang Tokyo, Japane. Lelapa la banna le basali ba 22, bao ka karolelano ba leng lilemo li 70, le lula moo. Ha baa kopanngoa ke kamano ea lelapa, empa ba kopantsoe ke thahasello e tšoanang—tšebeletso ea boromuoa. Ba tiiselitse mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng ka kakaretso ea lilemo tse 1 026! Litho tse tharo tse tsofetseng ka ho fetisisa li ne li hlahe ka 1910. Ba supileng ba bona ba qalile tšebeletso ea bona ea nako e tletseng ba sa le lilemong tse ka tlaase ho 20. Ba robong ba bona ba bone khōlo ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Japane ho tloha ha mosebetsi o qaleha ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše.—Esaia 60:22.

Leha ho le joalo, mekato ena e tšeletseng eo pele e neng e le mohaho oa lekala oa Watch Tower ke sebaka sa khothatso, haholo-holo ka lebaka la moea, tšekamelo e ka sehloohong, ea baromuoa ba lulang moo. Le hoja boholo ba bona ba na le mefokolo ’meleng e amanang le botsofali le bophelo bo seng botle, ha ho lea mong oa bahlabani bana ba moea ea itokiselitseng ho tlohela. Lipaki tsa Majapane li ba nchafalelitse mohaho oo ka ho feletseng, tsa ba etsetsa Holo ea ’Muso mokatong o ka tlaase le lift eo ba e palamang.

Se Etsang Hore ba Thabe

Ka hore ebe ba bile kabelong ea bona ka lilemo tse ngata hakaalo, baromuoa bana ba ikutloa hore lena ke lehae la bona. E mong oa litho tse tsofetseng ka ho fetisisa tsa lelapa o itse: “Ha ke ne ke khutletse Australia bakeng sa likopano tsa setereke lehlabuleng lena le fetileng, ke ne ke itokiselitse ho khutlela hae ka mor’a libeke tse peli!” Ba rata batho bao ba ba sebeletsang ebile ba hlaoletse kameho e tebileng ea lerato bakeng sa bona. Baromuoa bohle ba thabela mangolo le melaetsa ea thelefono e hopotsang ka liketsahalo tsa matsatsing a fetileng.

Seo ke phello ea tšebeletso e mafolo-folo. Ba susumetsoa ke ho rata Jehova, baromuoa bana ba ’nile ba bolela Lentsoe la Molimo ka ho potlakileng tlas’a maemo a sa tšoaneng. (Bapisa le 2 Timothea 4:2, NW.) Vera MacKay, ea sebelelitseng Japane ka lilemo tse 37 o re: “Re ile ra ikoetlisetsa hore re thabe hobane feela re sebeletsa Jehova. Esita le haeba ho se na motho ea hlahang monyako, re teng moo bakeng sa ho paka ka Jehova.”

Ba 12 ho baromuoa bana le ka mohla ha baa ka ba e-ba lenyalong, empa ba thabile hore ebe ba khona ho sebeletsa Morena ntle ho tšitiso. (1 Ba-Korinthe 7:35) Gladys Gregory, ea sebelelitseng e le moromuoa ka lilemo tse 43, ke e mong oa bona. O re: “E le hore nka ba le tokoloho e khōloanyane bakeng sa tšebeletso ea Jehova, ke ile ka ea mosebetsing oa bopula-maliboho, hamorao ka ea Gileade [Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower], ’me joale ka nt’o ea mosebetsing oa boromuoa. Ke sa etsa kano ea letho ea ho lula ke le lesoha, ke ’nile ka lula ke le lesoha, ’me joaloka metsoalle e mengata, le ka mohla ha ke e-s’o ikoahlae ka lebaka la seo.”

Boikemisetso ba ho Fetoha

Le hoja batho ba bang ba ba manganga ha ba tsofala, baromuoa bana ba ’nile ba ikemisetsa ho fetoha. Lois Dyer, Molly Heron, le Lena le Margrit Winteler ba ne ba le lehaeng la baromuoa le lenyenyane sebakeng sa bolulo sa Tokyo. Ba ile ba lula moo ka lilemo tse fetang 20 ’me ba ne ba tloaelane le batho ba tikolohong eo. Tšimong ea bona, ba ha Winteler, bao e leng bana ba motho ba ne ba e-na le batho ba 40 bakeng sa litselana tsa bona tsa makasine, ’me Molly le Lois ba ne ba e-na le ba 74 ho tsa bona. Joale, Mokhatlo o ile oa ba kōpa hore ba fallele lehaeng la baromuoa la mekato e tšeletseng hantle feela ka hare ho Tokyo. Lena oa lumela: “Qalong ke ne ke nyahame ebile ke sa thaba.” Leha ho le joalo, joaloka kamehla, ba ile ba fetoha hore ba lumellane le kabelo ea bona e ncha. Hona joale ba ikutloa joang? Lena oa arabela: “Re thabile haholo. Hona joale baena ba babeli ba Bethele ba teng mona ho re phehela le ho hloekisa lehae. Re hlokometsoe hantle haholo.” Kaofela ba lumellana le Lois, ea reng: “Tlhokomelo e lerato eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o re fang eona e re thusa ho tiisetsa.”

Norrine Thompson le eena o ile a fetoha hore a lumellane le maemo a macha. O re: “Ka lilemo tse 15, ke bile le tokelo ea ho tsamaea le monna oa ka [eo ha habo e leng New Zealand] mosebetsing oa setereke nakong eo Japane eohle e neng e le setereke se le seng feela.” Leha ho le joalo, bophelo ba monna oa hae bo ile ba mpefala, ’me o ile a tlameha ho hlōla teko e khōlō ka ho fetisisa bophelong ba hae—lefu la monna oa hae lilemong tse 18 tse fetileng. O re: “Ka nako eo, se ileng sa ’nolofaletsa hore ke tsoele pele mosebetsing oa boromuoa e ne e le lerato le bontšoang ke baena ho pholletsa le Japane, hammoho le thapelo le ho tšoareha tšebeletsong.”

Ho Khothala Tlas’a Mathata a Bophelo

Albert Pastor, eo e leng molebeli oa lehae la baromuoa, o re: “Ba bangata ba na le mofuta o itseng oa bothata ba bophelo, empa ba thabile, ’me takatso ea bona ea ho sebeletsa ke tšobotsi e hlaheletseng.” Bakeng sa ho hlokomela baromuoa bana, ngaka le mosali oa eona, eo e leng mooki, ba abetsoe lehaeng lena.

Ka letsatsi le leng lilemong tse tharo tse fetileng, Elsie Tanigawa, ea ileng a fumana mangolo sehlopheng sa bo11 sa Sekolo sa Gileade, ka tšohanyetso leihlo la hae le letšehali le ile la foufala. Likhoeli tse ’nè hamorao, leihlo la hae le letona le lona le ile la ameha. Elsie o re: “Ka linako tse ling ke ba le ho nyahama hore ebe ha ke khone ho sebeletsa joalokaha nkile ka etsa. Empa ka litokisetso tsohle tse mosa tsa Mokhatlo le thuso e lerato ea molekane oa ka le ba bang, ke tsoela pele ho fumana thabo tšebeletsong ea Jehova.”

Shinichi Tohara le mosali oa hae, Masako, ba neng ba le sehlopheng se le seng sa Gileade le Elsie, ba ile ba tobana le liteko tse ngata mabapi le bophelo ba bona lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ho Shinichi, eo e leng sebui se ipabotseng, ke phephetso e khōlō ho se khone ho bona lintlha tsa hae tseo a li ngotseng ka lebaka la ho hlōleha ho bona. Le hoja a ’nile a feta ho buuoeng ho hoholo le ho honyenyane lilemong tsa morao tjena, mahlo a hae aa phatsima ha a bua ka seithuti sa Bibele se lilemo li 90 seo a se thusang hona joale.

Ho sa tsotellehe ho ba le “phatsa e hlabang ka nameng,” baromuoa bana ba talima mefokolo ea bona joaloka moapostola Pauluse, ea ileng a re: “Mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.” (2 Ba-Korinthe 12:7-10) ’Me ka sebele ba matla! Letsatsi le leng le le leng ba se ba tsohile bakeng sa borapeli ba hoseng ka hora ea bosupa. Ka mor’a lijo tsa hoseng, bao ’mele ea bona e khonang ba ea tšebeletsong ea tšimo ea hoseng.

Richard le Myrtle Shiroma ke ba bang ba ba eang tšebeletsong kamehla. Ka 1978, Myrtle o ile a ba le lefu la stroke le bakoang ke tlhaselo ea ho ruruha le ho satalla ha methapo ea pelo e eang bokong, empa o ile a ba le monna oa hae mosebetsing oa ho tsamaea ho fihlela ka November 1987. Hona joale Richard, eo ka boeena a leng lilemo li 70, o thusa Myrtle ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. O tsoha ka 5:00 hoseng, a mo theole betheng, a mo hlatsoe, a mo apese, a mo tlotse ka setlolo, a be a mo jese. Joale o mo ntša ka setulo sa hae sa likooa ho ea tšebeletsong ea tšimo hoseng ho hong le ho hong, ba e-ea ka ntlo le ntlo ka nako e ka etsang hora ebe ka mor’a moo ba pakela batho ba liemelong tsa libese. Myrtle ha a sa khona ho bua, empa mantsoe a ho qetela ao a ileng a a bua e ne e le Dendo, dendo, eo ka Sejapane e bolelang “Boboleli, boboleli.”

Morali oa bona, Sandra Sumida, o falletse lehaeng la baromuoa ho ba thusa. Sandra o sa tsoa shoeloa ke monna oa hae ea ratehang ka lebaka la tlhaselo ea pelo. O ananela tokisetso e mosa ea Mokhatlo oa Watch Tower ka ho mo abela hore a khutlele Japane ho tsoa Guam, moo a neng a sebelelitse teng e le moromuoa le monna oa hae. O re: “Kamehla ke ne ke ikutloa eka ha kea ba le karolo e khōlō ho thuseng batsoali ba ka kahobane ke ne ke le Guam. Morali’eso, Joanne, o ne a ba hlokomela lehaeng lena. Kahoo ha monyetla o hlaha, ke ile ka o thabela. Ho ikutloa ke hlokahala mona e ’nile ea e-ba pheko ho ’na haesale monna oa ka a e-shoa ka tšohanyetso.”

Ba Ntse ba Tšoarehile ka ho Tsoelang Pele

Esita le hoja baromuoa ba utloa liphello tsa botsofali, ba hana ho tlohela moea oa bona oa boromuoa. (Pesaleme ea 90:10; Ba-Roma 5:12) Jerry le Yoshi Toma, ba neng ba le har’a ba pele ba fumaneng mangolo Gileade ba ileng ba tla Japane, ba sa ntse ba e-ea tšimong ea khoebo karolong e ka tlaase ea motse oa Shibuya. Yoshi o re: “Ha re ne re e-tla mohahong o mekato e ’meli o neng o le mona ka 1949, re ne re tsamaea matlong a chekiloeng maralleng. Hona joale Tokyo e fetohile motse o moholohali. Re tsofetse ’me re ke ke ra etsa haholo joalokaha re ne re tloaetse. Empa ha re khutla boboleling, re khatholohile haholo.”

Lillian Samson e bile moromuoa Japane ka lilemo tse 40 ’me o thabela tšebeletso ea hae haholo. “Hona joale ke thusa mosali ea lilemo li 80 ea neng a ithuta le oa mphato, Adeline Nako, ea khutletseng Hawaii ho ea hlokomela ’mè oa hae ea kulang. Haufinyane tjena mosali enoa e bile mohoeletsi oa ’Muso ka mor’a ho hlōla bothata ba ho rapela baholo-holo. O ile a ea tempeleng ’me a bolella mosali oa moprista hore, ‘Ke sokolohetse Bokresteng!’” Ka lebaka la thabo e joalo bophelong ba hae, le ka mohla Lillian ha a e-s’o ikoahlaele hore ebe ka letsatsi le leng ha a ne a le lilemo li 19, o ile a tlohela mosebetsi oa hae oa boipheliso eaba o qala ho bula maliboho.

Ruth Ulrich le Martha Hess, balekane ba baromuoa ka lilemo tse fetang 45, ba sebelitse ba le lehaeng lena la baromuoa ka lilemo tse 35. Ba itsebahalitse hantle tšimong ena. Molebeli oa potoloho o kile a kōpa Martha: “Na u ka nkalima sefahleho sa hao hore ke ee ka ntlo le ntlo?” Batho ba ne ba tseba sefahleho sa Martha ’me ba nanabela limakasine, ha molebeli oa potoloho a ne a tšoere bothata ho qalisa meqoqo.

Ruth o na le mosali e mong tselaneng ea hae ea limakasine ea sa khoneng ho bala ka lebaka la mathata a bophelo. Ho ntse ho le joalo, mosali enoa o tsoela pele ho amohela limakasine ’me o bile a amohela buka e sekoahelo se thata ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. Ruth o ile a ipotsa hore na o lokela ho tsoela pele a tlisa limakasine kaha ho ne ho bonahala eka ha ho motho ea balang lingoliloeng tseo. Joale ka letsatsi le leng monna oa mosali eo o ile a atamela Ruth a nkile buka ea Ho Batla, eaba o re: “Buka ena ea hlolla! Ke e balile kaofela ka makhetlo a mabeli.” Ruth o ile a qalisa thuto ea Bibele le eena hammoho le mosali oa hae.

Lehae lena la baromuoa ka bolona le hohela batho ba thahasellang. Mantsiboeeng a mang, mohlankana e mong o ile a tla lehaeng lena ’me a re: “Ke utloile hothoe haeba nka tla mona, nka fumana thuso ea ho ithuta Bibele.” Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena. Joaloka moapehi lebenkeleng la lijo la Machaena, o ne a sebetsa le mosali e mong ea neng a khaotsoe ka lilemo tse ngata. Limakasine tse neng li nehelanoe ha mohoeletsi a etetse lebenkeleng leo la lijo li ne li fihlile ka kichineng. Moapehi enoa e mocha o ile a li rata ’me a qala ho hloma lipotso enoa eo pele e neng e le Paki. A sa khone ho li araba, o ile a mo bolella hore a etele lehaeng la baromuoa. Hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang ebile e le pula-maliboho. Hamorao, mosali eo ea khaotsoeng o ile a khutlisetsoa, ’me qetellong le eena e ile ea e-ba pula-maliboho ea kamehla.

Baromuoa bohle ba lehaeng lena ba ananela seo Jehova a ba etselitseng sona. Ba ne ba tsoa Australia, Canada, Hawaii, Switzerland, le United States, ’me ba 11 ba ne ba tsoa sehlopheng sa bo11 kapa lihlopheng tse ka pelenyana tsa sekolo sa Gileade sa baromuoa. Ba bone khatelo-pele ea mosebetsi oa ’Muso Japane ’me ba kopanela maikutlong a Morena Davida, ea itseng: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.” (Pesaleme ea 37:25) E le ho ananela tlhokomelo e lerato ea Molimo, baromuoa bana ba ikemiselitse ho se phomole ka ho tlohela mosebetsi empa ho tsoela pele ba sebeletsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela