Kamoo Bakreste ba Hlōlang Nyeliso ea Pontšeng
U IKUTLOA joang ha e mong a u nyelisa kapa a jala mashano ka uena? Ka tlhaho u utloa bohloko haholo. Lipaki tsa Jehova li thulana le se tšoanang neng le neng ha li hlaseloa ka boitsebiso bo sa nepahalang kapa bo khopamisitsoeng mecheng ea litaba. Empa joalokaha Jesu a boletse ho Mattheu 5:11, 12, li ntse li na le lebaka la ho thaba.
Ka mohlala, buka e ’ngoe ea K’hatholike ea Jeremane e ile ea bolela hore “Paki ka ’ngoe e tlameha ho nehela karolo ea 17 ho isa ho ea 28 lekholong ea chelete eo e e fumanang ntlo-khōlō ea sehlotšoana sena sa bokhelohi.” Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova hase sehlotšoana sa bokhelohi, ’me mosebetsi oa tsona o lefelloa ka ho feletseng ka chelete ea menehelo ea boithatelo. Babali ba bangata ba ile ba khelosoa ke boitsebiso bona bo fosahetseng, boo Lipaki tsa Jehova li bo fumanang bo utloisa bohloko. Empa Bakreste ba ’nete ba lokela ho itšoara joang ha ba nyelisoa mecheng ea litaba?
Mohlala oo Bakreste ba Lokelang ho o Latela
Mattheu khaolo ea 23 e hlalosa ka ho hlaka tsela eo Jesu a ileng a nyatsa bahanyetsi ba hae ba bolumeli kateng bakeng sa boikaketsi ba bona le thetso. Na see se fa Bakreste ba kajeno mohlala oa kamoo ba lokelang ho sebetsana le basomi kateng? Ha ho hlile ha ho joalo. Mor’a Molimo o ile a nyatsa bahanyetsi ba hae ba bolumeli ka lebaka la matla a bolaoli le temohisiso tse khethehileng tseo a neng a e-na le tsona, a etsa joalo molemong oa matšoele a neng a mametse.
Mattheu 15:1-11 e bolela hore Jesu o ile a nyatsoa hobane ho ne ho thoe barutuoa ba hae ha baa sebetsa tumellanong le neano ea Sejode. Jesu o ile a itšoara joang? O ile a ema a tiile, a sa sisinyehe. Liketsahalong tse itseng, Jesu o ile a phehisana khang le basomi ba hae ka ho bua ka bolokolohi le ka sebete, a shanofatsa maikutlo a bona a fosahetseng. Ha re bua ka mokhoa o akaretsang, Bakreste kajeno ha ba fose ha ba leka ho lokisa mashano a mabe haholo a qaloang ka mosebetsi oa bona kapa lithuto, ba leka ho hlakisa boemo ka tsela e nepahetseng le e utloahalang. Ba etsa sena ho thusa batho ba nang le thahasello ea sebele hore ba hlokomele hore ho songoa ha Lipaki tsa Jehova ha hoa lokela ebile ho senya botumo ba tsona.
Empa hlokomela kamoo Jesu a ileng a itšoara kateng nako e khutšoanyane hamorao ha barutuoa ba hae ba mo hlokomelisa: “Na ua tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utloa polelo ea hao na?” Bafarisi ba ne ba ile ba “hlonama”—ba ne ba sa khopeha feela empa ba ile ba fetoha bahanyetsi ba manganga bao Jesu a ileng a ba hana. Kahoo o ile a araba: “Ba tloheleng; ke lifofu tse tsamaisang lifofu.” Ho tsoela pele ho buisana le bahanyetsi ba tletseng bora joalo ho ne ho se na thuso, ho ke ke ha tsoela mang kapa mang molemo, ’me ho ne ho ka fella ka khang ea lefeela. (Mattheu 7:6; 15:12-14; bapisa le 27:11-14.) Likarabo tseo Jesu a ileng a fana ka tsona li bontša hore “nako e teng ea ho khutsa, e teng nako le ea ho bua.”—Moeklesia 3:7.
Lipaki tsa Jehova ha li lebelle hore motho e mong le e mong a li bue hantle. Ha li lebale mantsoe a Jesu: “Ho malimabe lōna, mohla batho bohle ba le rorisang, hobane bontat’a bona ba ne ba etsa baporofeta ba bohata joalo.” (Luka 6:26) C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, o kile a botsoa hore na ke hobane’ng ha a sa itšireletse khahlanong le nyeliso. O ile a araba: “Ha u ema u raha ntja e ’ngoe le e ’ngoe e u boholang, u ke ke ua ea tao.”
Kahoo ha rea lokela ho lumella hore lipuo tsa ba ikemiselitseng ho hanyetsa li re sitise tšebeletsong ea rōna ho Molimo. (Pesaleme ea 119:69) A re ameheng haholo ka mosebetsi oa Bakreste ba ’nete, e leng, ho bolela evangeli. Phello e tla itlisa ke ho ba le menyetla ea ho araba lipotso le ho hlalosa moko-taba oa mosebetsi oa rōna, e leng ho ntlafatsa boitšoaro ba motho le ho mo ruta Lentsoe la Molimo.—Mattheu 24:14; 28:19, 20.
Na U Lokela ho Arabela Litšomong?
Jesu o itse ka balateli ba hae: ‘Ha le ba lefatše . . . ka baka leo, lefatše le le hloile.’ (Johanne 15:19) Litlaleho tse ngata tsa mecha ea litaba tse bokellang nyeliso ho Lipaki tsa Jehova ke pontšo ea lehloeo lena, ’me litlaleho tse joalo li lokela ho hlokomolohuoa. Leha ho le joalo, ka linako tse ling mecha ea litaba e ka ’na ea fana ka boitsebiso bo bontšang ho hloka tsebo ka Lipaki kapa bo khopamisang lintlha tse itseng le ho li hlalosa hampe. Baqolotsi ba bang ba litaba ba ka ’na ba fumana boitsebiso mehloling e leeme. Hore na re hlokomoloha boitsebiso bo fosahetseng bo mecheng ea litaba kapa re sireletsa ’nete ka mekhoa e loketseng ho itšetlehile ka maemo, mohlohlelletsi oa litšomo, le pakane ea hae.
Ka linako tse ling lintlha tsena li ka lokisoa ka lengolo le ngotsoeng hantle le eang ho mohlophisi haeba lengolo leo le hatisoa kaofela. Empa lengolo le joalo le ka ’na la finyella se fapaneng haholo le se reriloeng. Joang? Leshano la pele le ka ’na la phatlalatsoa le ho feta, kapa bahanyetsi ba ka ’na ba fuoa monyetla o eketsehileng oa ho etsa hore mashano kapa lithohako li hatisoe. Maemong a mangata ke bohlale ho siea taba ea lengolo le eang ho mohlophisi matsohong a baholo ba amehang. Haeba tlaleho e fosahetseng ea mecha ea litaba e susumetsa leeme, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ka hlomella liphutheho tsa naha eo ka lintlha tse loketseng boemo boo, kahoo e nolofalletsa bahoeletsi bohle ho fana ka tlhaloso e khotsofatsang ho ba batlisisang.
Na ha e le hantle ka bomong hoa hlokahala hore le amehe ka likhopolo tse joalo tse khopameng? Keletso ea Jesu ea ho ‘ba tlohela,’ ho ba hlokomoloha, ka ho hlakileng ea sebetsa sehlopheng sena sa bahanyetsi. Bakreste ba tšepahalang ba na le mabaka a Bibele a ho qoba bakoenehi le likhopolo tsa bona. (1 Ba-Korinthe 5:11-13; Tite 3:10, 11; 1 Johanne 2:19; 2 Johanne 10, 11) Haeba e mong a na le thahasello ea sebele ea hore na ho songoa ha Lipaki ho thehiloe ’neteng kapa mashanong, hangata tsebo ea hao e nang le motheo o molemo e lekane bakeng sa ho fana ka karabo.—Bona Molula-Qhooa oa March 15, 1986, leqepheng la 13 le la 14.
Haeba u tobane le boitsebiso bo khopameng mecheng ea litaba, ela hloko keletso ea Liproverbia 14:15: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” Switzerland batho ba bangata ba ile ba khopeha ha tlaleho ea mecha ea litaba e amang maikutlo e bolela hore Paki e nyenyane ea ngoanana e ile ea shoa hobane beng ka eona ba ile ba hana ho lumella basebetsi ba bongaka ho e tšela mali. Na ruri seo ke se ileng sa etsahala? Che. Mokuli eo o ile a hana ho tšeloa mali ka mabaka a bolumeli, empa o ile a lumela mofuta o mong oa phekolo e etsoang ka ntle ho mali. Hoja sena se ile sa etsoa hang-hang mohlomong se ka be se ile sa pholosa bophelo ba hae. Empa, sepetlele se ile sa liehisa phekolo ea hae ka ho sa hlokahaleng, ho fihlela mokuli enoa a e-shoa. Tlaleho ea mecha ea litaba ha ea ka ea bua ka lintlha tsena.
Kahoo, hlahlobisisa ka hloko hore na litlaleho tse joalo ke ’nete hakae. Re ka hlalosetsa ba batlisisang hore baholo ba sebaka seo ba sebetsana le maemo a joalo ka tsela e lerato le ka tsela e lumellanang le tataiso ea Bibele. Ho khomarela melao-motheo ha re araba ho re thibela ho potlakela ho etsa liqeto.—Liproverbia 18:13.
Boitsebiso bo Tsoang Mohloling ke ba Bohlokoa
Lekholong la pele la lilemo, batho ba ne ba jala mashano ka Jesu Kreste e le hore ba senye botumo ba hae bo botle, ba bang ba bile ba bolela hore o batla ho phethola ’muso. (Luka 7:34; 23:2; bapisa le Mattheu 22:21.) Hamorao, phutheho ea Bokreste e sa tsoa thehoa e ile ea thulana le khanyetso e sabaletseng e tsoang bolumeling le lefatšeng. Kaha “Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše,” ba bangata ba ile ba shebela bahlanka ba hae tlaase. (1 Ba-Korinthe 1:22-29) Bakreste ba ’nete kajeno ba tlameha ho nahana ka nyeliso, e leng mofuta o itseng oa mahloriso.—Johanne 15:20.
Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova lia ananela ha motho eo li qoqang le eena e le ea seng leeme ’me a bonahatsa boikutlo bo tšoanang le ba ba bang ba baeti ba Pauluse Roma, ba ileng ba re: “Re tšoanetse ho utloa ho uena tsee u li hopotseng; hobane ha e le thuto eo, rea tseba hore e hanoa kahohle.”—Liketso 28:22.
Hlalosetsa batho ba filoeng boitsebiso bo fosahetseng, u etse seo ka bonolo. (Ba-Roma 12:14; bapisa le 2 Timothea 2:25.) Ba memele ho fumana boitsebiso bo mabapi le Lipaki tsa Jehova ho tsona ka botsona, e leng se ba thusang hore ba se ke ba thetsoa ke liqoso tsa bohata. U ka boela ua sebelisa litlhaloso tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower tse fanang ka boitsebiso bo qaqileng mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng, histori ea oona, le lithuto tsa oona.a Filipi o kile a araba Nathanaele ka hore feela a re: “Tloo, u bone.” (Johanne 1:47) Re ka etsa se tšoanang. Mang kapa mang ea ratang, ka mofuthu o lumelloa ho etela Holo ea ’Muso ea sebakeng sa habo e le hore a lemohe ka ho toba hore na Lipaki tsa Jehova ke batho ba mofuta ofe le ba lumelang eng.
U se ke Ua Tšosoa ke Bahanyetsi
Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore nyeliso ha e thibele batho ho fetoha Lipaki! Puisanong ea TV ea batho ba tummeng Jeremane, bakoenehi ba ile ba bua mashano a mangata ka Lipaki. Moshebelli e mong o ile a hlokomela hore mokhabo-puo oa bakoenehi ke lintho tse iqapeloang ’me o ile a susumeletseha ho tsosolosa thuto ea Bibele le Lipaki. E, nyeliso ea phatlalatsa ka linako tse ling e lebisa liphellong tse molemo!—Bapisa le Ba-Filippi 1:12, 13.
Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ba bang ba ne ba tla lebisa tlhokomelo e eketsehileng “litšōmong” ho feta ’neteng. Kahoo o ile a ngola: “Falimeha nthong tsohle, u mamelle bohloko, u etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli, u phethisise tšebetso ea hao.” (2 Timothea 4:3-5) Kahoo u se ke ua itumella ho ferekanngoa, ’me ‘u se ke ua tšosoa leha e le tabeng e le ’ngoe’ ke bahanyetsi ba hao. (Ba-Filippi 1:28) Lula u tsitsitse, u sa ferekana ’me u bolele litaba tse molemo ka thabo, ’me u tla hlōla nyeliso ea pontšeng u sa sisinyehe. E, hopola tšepiso ea Jesu: “Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong; hobane ba hlorisitse joalo baporofeta ba bileng teng pele ho lōna.”—Mattheu 5:11, 12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona libuka tsena, Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara, Lipaki tsa Jehova Lekholong la Mashome a Mabeli la Lilemo, le Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Ha a thulana le bahanyetsi, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ba tloheleng.” O ne a bolela’ng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.”—Mattheu 5:11