Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Sweden
SWEDEN e lutse lehlakoreng le ka bochabela hloahloeng ea Scandinavia ’me e saballa ho ea ka holimo ho Arctic Circle. Lefatšeng ka bophara Sweden e tumme ka ho koaheloa ha eona ke meru e lulang e le metala selemo ho pota, hammoho le ka matša a eona, le lithaba, ’me ke e ’ngoe ea linaha tsa Europe tse se nang baahi ba bangata. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li atlehile ho batla le ho fumana barati ba ’nete moo ho tloha qetellong ea bo-1800. Nahana ka mohlala oa morao tjena.
Mosali e mong o ne a ithuta Bibele le Lipaki, empa monna oa hae o ne a sa rate sena. O ile a bolella mosali oa hae hore a khaotse ho ithuta, ’me mosali a etsa joalo. Monna enoa o ne a sebetsa ntlong ea polokelo ea lihlahisoa tsa thitelo. Ka letsatsi le leng mokhanni oa teraka o ile a tla ntlong ea polokelo le setloholo sa hae sa moshemane ea lilemo li leshome. Ntate-moholo a kōpa monna eo hore a ’ne a hlokomele moshemane ha eena a ntse a laela teraka ea hae. E le hore feela a qalise moqoqo, monna eo a botsa moshemane hore na o ne a amohetse limpho tsa mofuta ofe bakeng sa letsatsi la hae la tsoalo le fetileng. Ho makaleng ha hae, moshemane o ile a mo bolella hore eena le lelapa labo ba ne ba sa keteke matsatsi a tsoalo hobane ke Lipaki tsa Jehova. Moshemane o ile a boela a mo bolella hore o ne a fumana limpho ka linako tse ling tsa selemo le hore ho ne ho se letho le mo lahlehelang kaha o ne a le lelapeng le mofuthu haholo le le nang le lerato. O ile a phaella, ka hore ha ho limpho tse lekanang le seo.
Moshemane eo o ile a khutlela moo ka makhetlo a ’maloa le ntate-moholo oa hae. Lekhetlo ka leng, monna eo o ne a botsa moshemane lipotso tse ngata, ’me o ile a khahloa ka ho tebileng ke tsela e tšepahalang, e tobileng eo moshemane a neng a fana ka likarabo ka eona kantle le ho tsila-tsila. Hape o ile a angoa ke kananelo eo moshemane a neng a e-na le eona bakeng sa melao-motheo ea ’nete le ea bohlokoa. Bosiung bo bong ka mor’a hore monna eo a shebelle lenaneo la thelevishene le bontšang maemo a hlomolang pelo a lefatše, o ile a hlokomela hore o lokela ho hlahloba lintho tsa moea ka ho tebileng haholoanyane. O ile a founela Paki e neng e kile ea ithuta le mosali oa hae hore e boele e tle. Kapele, monna eo o ile a khanneloa thuto ke Paki ’me a hatela pele ka potlako. O ile a kolobetsoa ka la 10 April, 1994. Hona joale mosali oa hae le eena o kolobelitsoe.
Keketseho e Hloka Kaho
Sweden ke lehae la baphaphathehi ba tsoang linaheng tse ling, ’me Lipaki tsa Sweden li ’nile tsa fumana litholoana tse ntle ha li etsa boboleli ho bona. Ka kakaretso mosebetsi o atlehile hoo ho ileng ha hlokahala Liholo tsa ’Muso bakeng sa ho amohela keketseho eo. Ho tloha ka 1986 ho fihlela ka 1993 ho ile ha hahoa Liholo tsa ’Muso tse 37 ka mokhoa oa kaho e potlakileng, ha ka nako e tšoanang liholo tse 8 li ile tsa atolosoa kapa tsa nchafatsoa. Ka 1994 feela, Liholo tsa ’Muso tse supileng tse eketsehileng li ile tsa hahoa, ’me tse tharo tsa nchafatsoa.
Hona joale, ho na le liphutheho tse 65 tse letetseng thuso ea ho haha Holo ea ’Muso e ncha kapa ho atolosa kapa ho nchafatsa eo li ntseng li e sebelisa. Baithaopi ba ka bang 2 500 ba thusa mererong e joalo ea kaho, ’me liphutheho li ananela haholo thuso ea bona e lerato.
Karolo e ka leboea ea Sweden, e kenellang ka holimo ho Arctic Circle, ka linako tse ling e bitsoa naha eo ho eona letsatsi le sa likeleng. Seo se joalo hobane karolong e ’ngoe ea lehlabula ha ho mohla letsatsi le likelang moo. Leha ho le joalo, ho pholletsa le Sweden, leseli la ’nete le lona le tsoela pele ho khanya haholo. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, leseli leo la moea ha le sa tla fifala empa le tla ’ne le khanye haholoanyane ho ea pele.
[Lebokose le leqepheng la 8]
TLALEHO EA NAHA
Selemo sa Tšebeletso sa 1994
TLHŌRŌ EA BA PAKANG: 24 246
KARO-KAROLELANO: Paki e le 1 ho 362
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 40 372
KAROLELANO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 2 509
KAROLELANO EA LITHUTO TSA BIBELE: 11 306
PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 850
PALO EA LIPHUTHEHO: 358
OFISI EA LEKALA: ARBOGA
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ofisi ea lekala le Lehae la Bethele Arboga
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Lipaki tsa pele Hjo li ile tsa sebelisa bese ena e nyenyane ho koahela tšimo ea lisekoere k’hilomithara tse 5 000