Ho Hloa Thaba e Phahameng ho Feta Lithaba Tsa Himalaya
LITHABA tsa Himalaya! Mantsoe ao a etsa hore u nahane ka eng? Ka litlhōrō tse tšabehang, tse letseng leqhoa tseo ho fokang meea ea lifefo ho tsona? Monyaka oa tlhōlo, ho ema ka holimo ho thaba e telele ho feta tsohle lefatšeng? Ho ba bangata ba rōna, e ka ba ntho e thata ho hloa Mount Everest, Lithabeng tsa Himalaya tse Nepal. Leha ho le joalo, kajeno batho ba bangata Nepal ba hloa thaba e phahameng ho feta Lithaba tsa Himalaya! Pele re ka fumana tsa ho hloa thaba ena e khōlō, a re ke re hlahlobeng ’Muso oa Nepal o monyenyane empa o khahlehang.
Nepal—’Muso oa Naha e Lithaba
’Muso oa Nepal ha o-oa tloaeleha hobane ke o mong oa mebuso e ’maloa e sa ntsaneng e busoa ke marena lefatšeng le hore hape hase ’muso oa bohetene, empa ke oa bolumeli. Nepal ke oona feela ’muso oa Bohindu lefatšeng. Boholo ba baahi ba moo ba limilione tse 20 ke Mahindu. Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō setsong sa merabe ea batho ba teng. Ba phelang karolong e ka leboea e lithaba boholo ke ba setso sa Tibet sa Burma, ha lithoteng tse ka boroa teng, batho ba teng boholo e le ba setso sa Indo-Aryan. Puo ea molao naheng eo ke Senepal ’me batho ba ka etsang karolo ea 60 lekholong ke puo ea habo bona. Ba bang bohle ba bua lipuo tsa merabe tse ka holimo ho 18.
Nepal e batla e na le sebōpeho se motopo ka lik’hilomithara tse 880 ho tloha bochabela ho ea bophirimela le ka lik’hilomithara tse 200 ho tloha leboea ho ea boroa. Lithaba tsa Himalaya tse hlollang, tseo e leng moeli o ka leboea, li akarelletsa Mount Everest, tlhōrō e telele ho feta tsohle lefatšeng ka limithara tse 8 848, le litlhōrō tse ling tse robeli tse ka holimo ho limithara tse 8 000. Bohareng ba Nepal ho na le lithaba tse tlaase le matša le liphula. Ho elella ka boroa, moeling oa India, ho na le sebaka se nonneng sa Tarai, sebaka se seholo sa tsa temo.
Motse-moholo Kathmandu, o sebakeng se bohareng, ruri o tlisetsa bahahlauli thabo. O fana ka maeto a sefofane a fetang ka holim’a lithaba tse tsotehang, maeto a ho ea lirapeng tsa liphoofolo tse hlaha le ho hongata ho ka bonoang tikolohong eo. Ka linako tse ling Nepal e bitsoa phula ea melimo hobane bolumeli bo phetha karolo e khōlō bophelong ba batho ba moo. Bolumeli ke le leng la mabaka a etsang hore ba limilione ho pota lefatše ba hloe “thaba” e phahameng ho feta Lithaba tsa Himalaya.
Hoo e ka bang lilemo tse 2 700 tse fetileng, moprofeta oa Moheberu Esaia o ile a bululeloa ho bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo . . . thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa tlhōrōng ea lithaba . . . Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova . . . [a] tle [a] re rute mekhoa ea [hae], re tsamaee litseleng tsa [hae].” (Esaia 2:2, 3) Mona borapeli bo phahameng bo hloekileng ba Jehova, ’Mōpi le Morena ’Musi oa bokahohleng, bo tšoantšoa le thaba, e phahametseng mefuta e meng eohle ea borapeli bo kang lithaba. Ke sehlooho sa mosebetsi o rutang lefatšeng ka bophara o thusang batho ba lapetseng ’nete ho ithuta ka litsela tsa Jehova. Mosebetsi oo o simolohile joang Nepal?
Qaleho e Nyenyane
Lesole le leng la Lebotho la Brithani Ntoeng ea II ea Lefatše le ne le batla bolumeli ba ’nete. Batsoali ba lona bao e neng e le baahi ba Nepal ’me e le Mahindu, ba ne ba sokolohetse Bok’hatholikeng. Ha a ntse a hōla, o ile a bona booatla ba borapeli ba litšoantšo, a hanana le lithuto tse kang tsa mollo oa lihele, ’me a qala ho hlahloba litumelo tsa likereke tsa Boprostanta. Empa o ne a sa khotsofala.
Le tšoeroe ke Majapane ho seo nakong eo e neng e le Rangoon, Burma, lesole lena le ile la rapella hore e se eka le ka pholoha litlhokofatso tsa kampong eo batho ba sebelisoang ka thata e le hore le ka tsoela pele ho batleng ha lona borapeli ba ’nete. Hamorao, le ile la khona ho phonyoha ho batšoari ba lona ’me la thusoa ke tichere e ’ngoe ea sekolo eo le ileng la fumana ha eona bukana e reng Where Are the Dead?, e ngotsoeng ke J. F. Rutherford. Le hlokomela hore se boleloang ke ’nete, le ile la lumela ka cheseho ho ithuta ha Lipaki tsa Jehova li ne li le etetse Rangoon ka 1947. Ka likhoeli tse seng kae, le ile la kolobetsoa, ’me kapele ha latela mosali oa lona e monyenyane. Ba ile ba etsa qeto ea ho khutlela India, ’me ba lula moo ba tsoaletsoeng teng Kalimpong, lithabeng tse ka leboea-bochabela. Bana ba bona ba babeli ba ile ba tsoalloa mona ’me ba kena sekolo teng. Ka March 1970, ba ile ba fallela Kathmandu.
Molao oa Motheo oa Nepal o ne o thibetse ho sokollela batho ba bang litumelong lisele. Motho leha e le ofe ea neng a fumanoa a buella bolumeli boo ho neng ho thoe ke ba basele, o ne a tšoaneloa ke teronko ka lilemo tse supileng, ’me motho ea neng a itsoakanya le bolumeli bo joalo, o ne a ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong a be a lefisoe haholo. Kahoo, bopaki bo ne bo lokela ho etsoa ka hloko. Tšebeletso ea ntlo le ntlo e ne e bolela ho etela ntlo e itseng, ebe ho feteloa sebakeng se seng ’me ho eteloe e ’ngoe moo. Ka ho utloahalang, bopaki bo sa reroang bo ne bo phetha karolo e khōlō ho jaleng litaba tse molemo.
Litholoana li ne li lieha ho bonahala. E e-na le baahi ba ka bang limilione tse leshome, tšimo eo e ne e bonahala e nyahamisa. Lipeō tsa ’nete li ile tsa jaloa ke lelapa lena le le leng ha le ne le pakela metsoalle, bao ba tloaelaneng le bona, bahiri le basebetsi-’moho le bona. Ba ne ba tšoara liboka kamehla lapeng ha bona ’me ba mema ba khahlehang ho kopanela le bona. Qetellong, ka March 1974, ka mor’a lilemo tse ’nè ho jaloa le ho nosetsoa ka phehello, litholoana tsa pele li ile tsa hlaha Nepal—’me le hona li ile tsa hlaha mohloling o sa lebelloang!
Ho etetsoe lelapa le leng, mohoeletsi o ile a buisana le monna ea ruileng eo e neng e le mongoli oa setho sa lelapa la borena. Monna eo o ile a re: “Buisanang le mora oa ka.” Mora o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka mor’a nako, o ile a fetola mosebetsi oa hae kaha o ne a sebetsa k’hasinong ea papali ea chelete. Ntate oa hae, Mohindu ea inehetseng, o ile a mo hanyetsa. Ho ntse ho le joalo, mohlankana enoa o ile a emela Jehova a tiile. Phello? Hamorao ntate oa hae o ile a khaotsa ho mo hanyetsa, ’me sehlopha sa beng ka eena ba haufi-ufi sa amohela ’nete ea Bibele. Hona joale o sebeletsa e le moholo phuthehong ea Bokreste.
E le hore se ka lula se le matla moeeng le ho ela hloko taelo ea Mangolo ea ho se tlohele ho bokana ha sona hammoho, sehlopha se senyenyane sa Kathmandu se ne se tšoarela liboka kamehla lapeng. Empa hangata, baena ba ne ba hlōleha ho ba teng likopanong tse khōloanyane. Ba neng ba khona ba ne ba nka leeto ho ea India bakeng sa likopano—leeto le lelelele le le lefelloang haboima holim’a mekoloko ea lithaba.
E ile ea e-ba ketsahalo e thabisang hakaakang ha lenaneo lohle la kopano ea setereke le ne le tšoaretsoe lelapeng leo ba neng ba tšoarela liboka ho lona! Nahana ka baena ba bane, ho akarelletsa setho sa lekala la India, ba tsamaisa lenaneo lohle! Esita le tšoantšiso ea Bibele e ile ea e-ba teng. Joang? Liselaete li ne li ile tsa nkuoa ha ho ne ho lokisetsoa tšoantšiso ho aperoe liphahlo tsa teng India. Nepal, litšoantšo tseo li ile tsa hlahisoa sekrineng ’me li tsamaisana hammoho le puisano e neng e hatisitsoe. Bamameli ba ile ba e rata. Bamameli bao ba ne ba le bakae ka palo? Batho ba 18!
Thuso e tsoang kantle ho naha mosebetsing oa boboleli e ne e lekanyelitsoe. Mosebetsi oa boromuoa o ne o sa khonehe, ’me ho ne ho se bonolo hore batho ba tsoang linaheng lisele ba fumane mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, Lipaki tse peli tsa Maindia li ile tsa fumana mosebetsi ka linako tse fapaneng Nepal, tsa qeta lilemo tse ’maloa Kathmandu li thusa ho haha phutheho e neng e sa tsoa theoa. Ka selemo sa 1976 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 17 Kathmandu. Baena ba ile ba aha Holo ea bona ea ’Muso ka 1985. Hoba e phethoe, likopano tsa selemo le selemo tsa setereke, hammoho le likopano tse ling, tsa qala ho tšoareloa moo kamehla. Ka sebele, holo eo e ne e le setsi sa borapeli bo hloekileng sebakeng seo se hōle, se lithabeng.
Keketseho ho sa Tsotellehe Mathata
Lilemong tseo tsa pele, mosebetsi oa boboleli, o neng o etsoa ka hloko e khōlō, o ne o sa ka oa tsosa libata masene ho ba boholong. Leha ho le joalo, ho ea qetellong ea 1984, ho ile ha qaloa ho sebelisoa lithibelo. Moena le bo-khaitseli ba bararo ba ile ba tšoaroa ’me ba bolokoa litlamong matsatsi a mane pele ba lokolloa ka temoso ea hore ba se hlole ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona. Motseng o mong, batho ba robong ba ile ba tšoaroa nakong ea thuto ea bona ea Bibele malapeng a bona. Ba tšeletseng ba ile ba koalloa teronkong ka matsatsi a 43. Ho ile ha tšoaroa ba bang ba ’maloa, empa ha se ke ha nkuoa khato ea molao.
Haufinyane tjena ka 1989, baena le bo-khaitseli Thutong e ’ngoe ea Buka ea Phutheho ba ile ba tšoaroa kaofela, ba bolokoa litlamong matsatsi a mararo, ’me ba lokolloa. Ka linako tse ling, ba ne ba kōptjoa ho tekenela polelo e reng ha ba sa tla ruta. Ba ile ba hana. Ba bang ba ile ba lokolloa feela ka mor’a hore ba tekenele polelo e bontšang hore ba ikemiselitse ho tobana le liphello ha ba ka tšoaroa ba ruta hape.
Ho sa tsotellehe mathata a joalo, baena ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. Ka mohlala, ka 1985, selemo ka mor’a hore ’muso o kene lipakeng, ho ile ha e-ba le keketseho ea karolo ea 21 lekholong ea baboleli. Ka khoeli, ka karolelano bahoeletsi ba 35 ba ne ba qeta lihora tse 20 ba bua le ba bang ka borapeli bo hloekileng.
Ha nako e ntse e feta, moea oa phetoho lipolotiking o ile oa qala ho foka Nepal. Bahlanka ba ’muso ba ile ba qala ho elelloa hore Lipaki tsa Jehova hase tšoso. Ha e le hantle, mosebetsi oa bona o rutang oa Bibele o ne o e-na le phello e ntle, e hahang batho, e ba etsang baahi ba molemo. Bahlanka ba ’muso ba elelloa hore se neng se hatisoa e le tlhokahalo ea motheo bakeng sa barapeli ba Jehova e ne e le botšepehi, ho sebetsa ka thata le boitšoaro bo hloekileng.
Bopaki bo botle bo ile ba fanoa ha mosali eo pele e neng e le Mohindu ea inehetseng a fetoha Paki ’me a hana ho amohela tšelo ea mali. Lingaka li ile tsa hlolloa ke qeto ea hae e tiileng le e utloahalang. Mosali enoa o ile a thusoa ho ithuta ’nete ka tataiso ea bukana e lekanang le makasine Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Ho sa tsotellehe khanyetso le litšomo tsa lelapa, o ile a kolobetsoa ka 1990 ha a le haufi le ho ba lilemo tse 70. Hamorao o ile a robeha leoto ’me, a boetse a utloa bohloko ka lebaka la mathata a mang, a tlameha ho ea buuoa. Ka libeke tse peli o ile a ema khahlanong le khatello ea lingaka le beng ka eena ea hore a amohele mali. Qetellong, sehlopha sa lingaka tse buoang se ile sa khona ho mo sebetsa ka katleho ntle ho mali. Le hoja hona joale a se a sa khone ho tsamaea nako e itseng, khaitseli enoa ea tšepahalang o lula hekeng ea hae hoseng ho hong le ho hong ’me o memela ba fetang ka tsela ho lula le eena ’me ba mamele tse ling tsa litaba tse molemo tse thabisang.
Nepal Kajeno
Kajeno ho joang Nepal? Lipaki tsa Jehova li thabela molemo o moholo oa tokoloho ho rapela joalokaha baena ba bona ba etsa lefatšeng ka bophara. Ho tloha nakong eo a le mong kapa ba babeli ba bahloi ba lithaba ba tšoantšetso ba neng ba qala ho ikopanya le ba hloang thaba ea borapeli ba ’nete, palo e eketsehang ea batho e itse, “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova.” Ka 1989, ho ne ho e-na le karolelano ea ba 43 ba kopanelang mosebetsing oa boboleli khoeli le khoeli, ’me ba 204 ba ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste selemong seo.
Joale, Jehova o ile a phakisa a bokellela babatli ba ’nete ka tlung ea hae joalokaha a ne a tšepisitse. (Esaia 60:22) Hase khale haholo ha phutheho ea bobeli e theoa Kathmandu, ’me hona joale ho na le lihlopha tse ka thōko tse peli kantle ho motse-moholo. Ka April 1994, ho ne ho e-na le Bakreste ba 153 ba ileng ba tlaleha mosebetsi oa ho bolela—keketseho ea karolo ea 350 lekholong ka lilemo tse ka tlaase ho tse hlano! Ba ile ba khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 386 le batho ba khahlehang. Sehopotsong ka 1994, ho bile teng palo e hlollang ea ba 580. Ka letsatsi le khethehileng la kopano, ba 635 ba ile ba bokellana holong ’me ba 20 ba itlhahisa bakeng sa kolobetso. Kahoo, keketseho e khōlō e thabeloang ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara e ea etsahala le naheng e nyenyane ea Nepal.
Lilemong tsa morao tjena, palo ea lingoliloeng tse hlahisoang ka puo ea Senepal e eketsehile haholo, ho thusa ba ikokobelitseng ho lula ba tiile ’neteng. Bafetoleli ba koetlisitsoeng ofising ea lekala ea India bakeng sa mekhoa ea ho fetolela le ho sebelisa computer, hona joale ba sebeletsa ka nako e tletseng Kathmandu. Ba hlometse bakeng sa keketseho, bahloi ba lithaba ba puso ea Molimo Nepal ba hatela pele!
Hloella Holimo ho Feta Lithaba Tsa Himalaya
Le uena u ka thabela ho hloa thaba ena e phahameng ho feta Lithaba tsa Himalaya. Ka ho etsa joalo, u tla be u sa ikopanye le ba leng Nepal feela empa le ba limilione “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle le ba lipuo tsohle.” (Tšenolo 7:9) Hammoho le bona, u tla thabela ho rutoa ke ’Mōpi oa lithaba tse tsotehang tsa Nepal. U tla bona ha ’Mōpi a ‘otlolla litaba’ ’me u tla lebella ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le hloekileng le le ntlafalitsoeng.—Esaia 2:4, NW.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Kathmandu
Mount Everest
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Kantle Holong ea ’Muso Kathmandu
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Batho ba bangata ba Nepal ba rua molemo lithutong tsa Bibele