Memo e Lerato ho ba Khathetseng
“Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.”—MATTHEU 11:28, NW.
1. Jesu o bone eng Galilea leetong la hae la boraro la boboleli?
HO ELELLA mathoasong a selemo sa 32 C.E., Jesu o ne a le leetong la hae la boraro la boboleli seterekeng sa Galilea. O ne a tsamaea metseng le metsaneng, “a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle.” Ha a ntse a etsa sena, o ile a bona matšoele, “a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.”—Mattheu 9:35, 36.
2. Jesu o ile a thusa batho joang?
2 Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa ho fetang feela ho qenehela matšoele. Ka mor’a ho laela barutuoa ba hae hore ba rapele “Morena oa kotulo,” Jehova Molimo, o ile a ba roma ho ea thusa batho. (Mattheu 9:38; 10:1) Eaba ka boeena o tiisetsa batho tsela ea ho fumana thuso le matšeliso a ’nete. O ile a fetisetsa memo ena e thabisang ho bona: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla. Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela lisoule tsa lōna khatholoho.”—Mattheu 11:28, 29, NW.
3. Memo ea Jesu e ntse e ipiletsa ka ho tšoanang joang kajeno?
3 Kajeno re phela nakong ea ha ba bangata ba ikutloa ba imetsoe. (Ba-Roma 8:22; 2 Timothea 3:1) Ho ba bang, ho fumana litlhoko tsa bophelo ho nka nako ea bona e ngata le matla hoo ba sa beng le nako e lekaneng le malapa a bona, metsoalle kapa ntho leha e le efe e ’ngoe. Ba bangata ba imetsoe ke ho kula ho tebileng, mahlomola, ho tepella maikutlo le mathata a mang a ’meleng le a maikutlong. Ka lebaka la khatello, ba bang ba batla thuso ka ho ikakhela ka setōtsoana ho phehelleng menyaka, ho ja, ho noa esita le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. ’Nete ke hore sena se ba bakela letoto le sa feleng la mathata a eketsehileng le khatello. (Ba-Roma 8:6) Ka ho hlakileng, le kajeno memo ea Jesu e lerato e ntse e ipiletsa joaloka morao koo.
4. Re lokela ho nahana ka lipotso life bakeng sa ho rua molemo memong ea Jesu e lerato?
4 Leha ho le joalo, batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba le tlas’a khatello ea eng, e entseng hore ba bonahale “ba saretsoe, ba khathetse,” e leng ho ileng ha susumelletsa Jesu hore a ba qenehele? Ba ne ba tlameha ho jara meroalo efe, hona memo ea Jesu e ne e tla ba thusa joang? Likarabo tsa lipotso tsena li ka re thusa haholo hore re rue molemo memong ea Jesu e lerato ho ba khathetseng.
Ba “Sehlang le ba Imetsoeng”
5. Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore moapostola Mattheu a tlalehe ketsahalo ena ea tšebeletso ea Jesu?
5 Hoa thahasellisa hore ebe ke Mattheu feela ea ileng a tlaleha ketsahalo ena tšebeletsong ea Jesu. Kaha Mattheu, ea neng a tsejoa hape e le Levi, e ne e le ’mokelli oa lekhetho, o ne a tseba hantle moroalo o mong ka ho khethehileng oo batho ba neng ba o jere. (Mattheu 9:9; Mareka 2:14) Buka ea Daily Life in the Time of Jesus e re: “Makhetho ao [Bajode ba neng ba tlameha] ho a lefa ka chelete le lintho tse ling a ne a le boima ka ho fetisisa, ’me a ne a etsoa boima haholo ke mefuta e ’meli ea lekhetho eo ba neng ba e lefa ka nako e le ’ngoe, makhetho a ’muso le makhetho a bolumeli; ’me ka bobeli a ne a le boima.”
6. (a) Ho ne ho sebelisoa tsamaiso efe ea lekhetho mehleng ea Jesu? (b) Ke hobane’ng ha babokelli ba lekhetho ba ne ba tumme hampe hakaale? (c) Pauluse o ile a utloa ho hlokahala hore a hopotse Bakreste-’moho le eena eng?
6 Tsamaiso ea lekhetho ka nako eo ke eona e entseng hore sena sohle e be moroalo o boima ka ho khethehileng. Liofisiri tsa Roma li ne li fana ka tokelo ea ho bokella makhetho liprovensing ho ba neng ba ipehela theko e phahameng ka ho fetisisa. Le bona, ba ne ba hira batho metseng ho hlokomela mosebetsi oa ho bokella lekhetho. E mong le e mong ea amehang o ne a ikutloa hore ho loketse ho ipatlela phaello kapa kekeletso cheleteng eo a e amohelang ka mor’a ho fumana lekhetho. Ka mohlala, Luka o bolela hore “monna o na a le teng ea bitsoang Sakea; e ne e le molaoli oa balekhetho, hape e ne e le morui.” (Luka 19:2) Ka ho totobetseng Sakea “molaoli oa balekhetho” le ba neng ba le tlas’a tlhokomelo ea hae ba ne ba rua ka ho bakela batho ba bang bofuma. Tlhekefetso le bobolu tse neng li etsoa tsamaisong e joalo li ne li etsa hore batho ba nke babokelli ba lekhetho ba tšoana le baetsalibe le liotsoa, ’me mohlomong maemong a mang e le ka ho loketseng. (Mattheu 9:10; 21:31, 32; Mareka 2:15; Luka 7:34) Kaha batho ba ne ba jere moroalo o boima haholo, ha ho makatse ha moapostola Pauluse a ile a utloa ho hlokahala ho hopotsa Bakreste-’moho le eena hore ba se ke ba tletleba ka lebaka la joko ea Baroma eo ba neng ba le tlas’a eona empa hore ba ‘nehe batho bohle se ba tšoanelang; ea tšoaneloang ke lekhetho, ba mo nehe lekhetho; ea tšoaneloang ke seabo, ba mo nehe seabo.’—Ba-Roma 13:7a; bapisa le Luka 23:2.
7. Melao ea Roma ea kahlolo e ile ea eketsa moroalo oa batho joang?
7 Pauluse o ile a boela a hopotsa Bakreste hore ‘ea tšoaneloang ke tšabo, ba mo tšabe; ea tšoaneloang ke hlompho, ba mo hlomphe.’ (Ba-Roma 13:7b) Baroma ba ne ba tsebahala ka sehlōhō le ka melao ea bona e boima ea kahlolo. Ho shapa ka phafa, ho shapa ka thupa, maemo a boima a teronko le lipolao li ne li sebelisoa hangata bakeng sa ho kenya batho tseleng. (Luka 23:32, 33; Liketso 22:24, 25) Esita le baeta-pele ba Bajode ba ne ba fuoe matla a ho sebelisa kotlo e joalo haeba ba bona ho loketse. (Mattheu 10:17; Liketso 5:40) Ruri tsamaiso e joalo e ne e tuba haholo, kapa esita le ho hatella motho leha e le ofe ea neng a phela tlas’a eona.
8. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba belesa batho moroalo joang?
8 Leha ho le joalo, ho hobe le ho feta makhetho le melao ea Roma, e ne e le moroalo oo baeta-pele ba bolumeli ba mehleng eo ba neng ba o behile holim’a batho feela ba tloaelehileng. Ha e le hantle, ho bonahala hore mofuta ona oa moroalo ke oona oo ka ho khethehileng Jesu a neng a amehile ka oona ha a hlalosa hore batho baa ‘sehla ’me ba imetsoe.’ Jesu o ile a bolela hore ho e-na le ho thusa le ho tšelisa batho ba hateletsoeng, baeta-pele ba bolumeli ba “bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho li sisinya le ka monoana.” (Mattheu 23:4; Luka 11:46) Seo baeta-pele ba bolumeli ba hlileng ba leng sona se bonahala ka ho hlakileng ka Likosepeleng—haholo-holo bangoli le Bafarisi—hore ke sehlopha se ikhohomosang, se hlokang kutloelo-bohloko sa baikaketsi. Ba ne ba eisa batho feela ba tloaelehileng ka hore ha baa ruteha ’me ba litšila, ’me ba ne ba nyatsa melata e neng e le har’a bona. Buka e hlalosang boikutlo ba bona e re: “Kajeno motho ea belesang pere haholo o lokeloa ke qoso. Empa ho thoe’ng ka motho ea belesitseng holim’a ‘batho ba naha’ ba neng ba se na koetliso ea bolumeli melao e 613; ’me ere ha ho se letho leo a ba thusitseng ka lona, a ba nyatse ka hore ha ba lumele ho Molimo?” Ha e le hantle, hoo e neng ehlile e le moroalo e ne e se Molao oa Moshe, empa e ne e le lineano tse ngata tseo batho ba neng ba imelitsoe ka tsona.
Mohloli oa Sebele oa Bothata
9. Maemo a batho mehleng ea Jesu a ne a le joang ha a bapisoa le a mehleng ea Morena Salomone?
9 Ka linako tse ling batho ba ne ba e-ba le moroalo oa lichelete, hoo bofutsana bo neng bo e-ja setsi. Baiseraele ba ne ba tlameha ho lefa makhetho a itekanetseng a neng a boletsoe Molaong oa Moshe. Nakong ea puso ea Salomone, batho ba ile ba kopanela mererong ea sechaba e jang chelete e ngata, e kang ho hahoa ha tempele le mehaho e meng e meholo. (1 Marena 7:1-8; 9:17-19) Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore batho ba ne ba “e-ja, ba e-noa, ba nyakalla. . . . Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feie ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.” (1 Marena 4:20, 25) Phapang e hokae?
10. Lebaka la boemo ba Baiseraele lekholong la pele la lilemo e ne e le lefe?
10 Hafeela sechaba se ntse se tiile borapeling ba ’nete, se ne se fumana kamohelo ea Jehova ’me se hlohonolofatsoa ka tšireletseho le nala ho sa tsotellehe litšenyehelo tse boima tsa sechaba. Leha ho le joalo, Jehova o ile a lemosa hore haeba ‘ba mo furalla, ba sa boloke melao le litaelo tsa hae,’ lintho li ne li tla ba fetohela. Ha e le hantle, ‘Iseraele e ne e tla ba tšōmo le sesomo lichabeng tsohle.’ (1 Marena 9:6, 7) Lintho li ile tsa ba joalo hantle. Iseraele e ile ea busoa ke linaha lisele, ’me ’muso oo o kileng oa e-ba moholo o ile oa fetoha kolone. Ho se natse boikarabelo ba bona ba moea ho bile le liphello tse bohloko hakaakang!
11. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ikutloa hore batho “ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa”?
11 Sena sohle se re thusa ho utloisisa lebaka leo ka lona Jesu a ileng a nka hore batho bao a ba boneng ba ne “ba khathetse, ba saretsoe.” Bana e ne e le Baiseraele, batho ba Jehova, bao ka kakaretso ba neng ba leka ho phela tumellanong le melao ea Molimo le ho phetha borapeli ba bona ka tsela e amohelehang. Leha ho le joalo, ba ne ba tlatlapuoa ’me ba hatelloa eseng feela ke baeta-pele ba lipolotiki le ba khoebo empa hape le ke baeta-pele ba bolumeli ba leng har’a bona. Ba ne ba le “joalo ka linku tse se nang molisa” hobane ho ne ho se ea ba hlokomelang kapa ea ba buellang. Ba ne ba hloka thuso hore ba sebetsane le linnete tse bohloko ka katleho. Memo ea Jesu e lerato le e bonolo e ne e le nakong hakaakang!
Memo ea Jesu Kajeno
12. Bahlanka ba Molimo le batho ba bang ba tšepahalang ba utloa khatello efe kajeno?
12 Boemo boa tšoana kajeno ka litsela tse ngata. Batho ba bangata ba tšepahalang ba leka ho iphelisa ka mekhoa e tšepahalang empa ba fumana hore khatello ea tsamaiso ea lintho le litlhoko tsa bophelo li thata hore li ka mamelloa. Esita le ba nehetseng bophelo ba bona ho Jehova ba angoa ke tsona. Litlaleho li bontša hore ba bang ba bahlanka ba Jehova ba fumana ho ntse ho e-ba thata haholoanyane ho phetha boikarabelo bohle ba bona, esita le hoja ba batla ho etsa joalo. Ba ikutloa ba imetsoe, ba khathetse, ba se na matla. Ba bang ba bile ba ikutloa hore e ne e ka ba thuso haeba ba ne ba ka tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba nyamela kae-kae, e le hore ba ka iphumana hape. Na u kile ua ikutloa ka tsela eo? Na u tseba motho e mong ea haufi le uena ea boemong boo? E, memo ea Jesu e thabisang e na le moelelo o moholo ho rōna kajeno.
13. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jesu a ka re thusa ho fumana phomolo le khatholoho?
13 Pele Jesu a ntša memo ea hae e lerato, o itse: “Ntho tsohle li beiloe ho ’na ke Ntate; ’me ha ho ea tsebang Mora, ha e se Ntate; hape, ha ho ea tsebang Ntate, ha e se Mora, le eo Mora a ratang ho mo koahollela eena.” (Mattheu 11:27) Ka lebaka la kamano ena e haufi ea Jesu le Ntate oa hae, rea tiisetsoa hore ka ho amohela memo ea Jesu le ka ho ba barutuoa ba hae, re ka kena kamanong e haufi, ea botho le Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Ba-Korinthe 1:3; bapisa le Johanne 14:6.) Ho phaella moo, kaha ‘lintho tsohle li behiloe ho eena,’ ke Jesu Kreste feela ea nang le matla a ho laela a ho re imolla meroalo ea rōna. Meroalo efe? Eo litsamaiso tse bolileng tsa lipolotiki, khoebo le bolumeli li re imelitseng ka eona, haesita le moroalo oo sebe seo re se futsitseng le ho se phethahale li re imelitseng ka oona. Ena ke khopolo e khothatsang le e kholisang hakaakang ho tloha sethathong feela!
14. Jesu o ne a tla fana ka khatholoho ka lebaka la ho sehlela eng?
14 Jesu o ile a tsoela pele a re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” (Mattheu 11:28, NW) Ho hlakile hore Jesu o ne a se khahlanong le ho sebetsa ka thata, hobane hangata o ne a bolella barutuoa ba hae hore ba ikitlaetse mosebetsing oo ba neng ba o etsa. (Luka 13:24) Empa ‘ho sehla’ (“ho sebetsa ka thata,” Kingdom Interlinear) ho fana ka maikutlo a mosebetsi o nkang nako e telele le o khathatsang, hangata o se na liphello tse molemo. ’Me ‘ho imeloa’ ho fetisa khopolo ea ho belesoa ho feta ka ho tloaelehileng. Phapang e ka tšoantšoa le e teng pakeng tsa monna ea chekang letlotlo le patiloeng le ea chekang liforo kampong eo ho eona batho ba sebelisoang ka thata. Ba etsa mosebetsi o tšoanang o boima. E mong o phetha mosebetsi ka cheseho, empa e mong, o o nka e le mosebetsi o khathatsang o sa feleng. Se etsang phapang ke sepheo sa mosebetsi kapa ho haella ha sona.
15. (a) Re lokela ho ipotsa lipotso life haeba re ikutloa hore re jere moroalo o boima mahetleng a rōna? (b) Ho ka thoe’ng ka mohloli oa mathata a rōna?
15 Na u ikutloa hore ‘ua sehla le ho imeloa,’ hore ho na le lintho tse ngata haholo tse hlokang nako le matla a hao? Na meroalo ea hao e bonahala e le boima haholo? Haeba ho joalo, ho ka thusa ho ipotsa, ‘Ke sehla tjee bakeng sa eng? Ke jere mojaro oa mofuta ofe?’ Tabeng ena, lilemong tse 80 tse fetileng mohlalosi oa Bibele o ile a re: “Meroalo ea bophelo e oela tlas’a lihlopha tse peli; re ka li bitsa e ipakeloang le e ke keng ea qojoa: e bakoang ke liketso tsa rōna le e sa bakoeng ke tsona.” Eaba o-oa phaella: “Ba bangata ba rōna re tla makala, ho fumana hore ka mor’a ho itlhahlobisisa, boholo ba meroalo ea rōna ke eo re ipakelang eona.”
16. Ke meroalo efe eo ka mokhoa o seng bohlale re ka itjarisang eona?
16 E meng ea meroalo eo re ka ipakelang eona ke efe? Kajeno re phela lefatšeng le ratang lintho tse bonahalang, le ratang menyaka le le nang le boitšoaro bo bobe. (2 Timothea 3:1-5) Esita le Bakreste ba inehetseng ba tlas’a khatello e sa khaotseng ea ho ipapisa le lifeshene le mekhoa ea bophelo ea lefatše lena. Moapostola Johanne o ile a ngola ka “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo.” (1 Johanne 2:16) Tsena ke litšusumetso tse matla tse ka re amang habonolo. Hoa tsebahala hore ba bang ba ’nile ba ikemisetsa ho kena sekolotong se seholo e le hore ba ka thabela menate ea lefatše e eketsehileng kapa ba phehella mokhoa o itseng oa bophelo. ’Me ba fumana hore ba tlameha ho qeta nako e ngata ka ho tlōlisang mosebetsing, kapa ho etsa mesebetsi e ’maloa, bakeng sa ho fumana chelete ea ho lefa likoloto tsa bona.
17. Ke boemo bofe bo ka etsang hore ho be thata haholoanyane ho jara mojaro o itseng, hona bo ka rarolloa joang?
17 Le hoja motho a ka bolela hore ha ho phoso ho ba le tse ling tsa lintho tseo ba bang ba nang le tsona kapa ho etsa tse ling tsa lintho tseo ba bang ba li etsang, ho bohlokoa ho seka-seka hore na ebe ha a ikekelletse mojaro ho sa hlokahale. (1 Ba-Korinthe 10:23) Erekaha motho o khona feela ho jara boima bo itseng eseng ho feta, ho tlameha ho tlosoe lintho tse itseng bakeng sa ho jara mojaro o mong. Hangata, ke lintho tse hlokahalang bakeng sa hore re phele hantle moeeng—thuto ea botho ea Bibele, ho ba teng libokeng le tšebeletsong ea tšimo—tse tlosoang pele. Phello e ba ho lahleheloa ke matla a moea, e leng se etsang hore ho be boima haholoanyane ho jara mojaro. Jesu Kreste o ile a lemosa ka kotsi e joalo ha a ne a re: “Le iponele, hore lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja le ho noa hampe, le ke lipelaelo tsa bophelo bona, ’me letsatsi leo la le tšoara sehlōhō; hobane le tla oela ba ahileng lefatšeng lohle joalo ka sefi.” (Luka 21:34, 35; Ba-Heberu 12:1) Ho thata ho lemoha sefi le ho se balehela haeba motho a imetsoe ’me a khathetse.
Thuso le Khatholoho
18. Jesu o ile a re o tla fa ba tlang ho eena eng?
18 Ka hona, ka lerato Jesu o fana ka pheko: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” (Mattheu 11:28, NW) Mantsoe “khatholla” mona le “khatholoho” temaneng ea 29 a tsoa mantsoeng a Segerike a tšoanang le lentsoe leo phetolelo ea Septuagint e le sebelisang ho fetolela lentsoe la Seheberu bakeng sa “sabatha” kapa “ho boloka sabatha.” (Exoda 16:23) Ka hona, Jesu ha aa ka a tšepisa hore ba tlang ho eena ba ke ke ba hlola ba e-ba le mosebetsi, empa o tšepisitse hore o tla ba khatholla e le hore ba ka lokela mosebetsi oo ba tlamehang ho o phetha tumellanong le morero oa Molimo.
19. Motho ‘o tla ho Jesu’ joang?
19 Leha ho le joalo, motho o ‘tla ho Jesu’ joang? Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Haeba leha e le mang a batla ho ntšala morao, a a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntatele ka ho tsoelang pele.” (Mattheu 16:24, NW) Kahoo, ho tla ho Jesu ho fana ka maikutlo a ho beha thato ea motho tlas’a ea Molimo le ea Kreste, ho amohela mojaro o itseng oa boikarabelo, ho etsa joalo ka ho tsoelang pele. Na ho lebeletsoe ho fetelletseng? Na ho hloka boitelo bo boholo? A re hlahlobeng seo Jesu a se buileng ka mor’a hore a fane ka memo e lerato ho ba khathetseng.
Na Ua Hopola?
◻ Batho mehleng ea Jesu ba ne ba imetsoe ka tsela efe?
◻ Lebaka-baka la bothata ba batho e ne e le lefe?
◻ Re lokela ho itlhahloba joang haeba re nka hore re na le moroalo o boima?
◻ Ke meroalo efe eo ka mokhoa o seng bohlale re ka itjarisang eona?
◻ Ke joang re ka fumanang khatholoho eo Jesu a e tšepisitseng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
E meng ea meroalo eo re ka ’nang ra itlisetsa eona ke efe?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Courtesy of Bahamas Ministry of Tourism