Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Bakreste ba ’Nete ba Tla Hlorisoa
HO TLOHA mehleng ea Abele, bahlanka ba bangata ba Jehova ba ’nile ba mamella tlhoriso ea bolumeli. (Luka 11:49-51) ’Me hoo ha ho makatse, hobane Bibele e lemosa hore “bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo”! (2 Timothea 3:12) Ka lebaka leo, kajeno linaheng tse fetang 25, Lipaki tsa Jehova li tlas’a thibelo ’me li mamella tlhoriso.
Naheng eo ho eona Lipaki tsa Jehova li sa thibeloang feela empa li bileng li hlorisoang ke litho tsa bolumeli, bahoeletsi ba fetang 12 000 ba litaba tse molemo ba tsoela pele ho sebetsa ka cheseho, ba ithuta Bibele le batho ba ka holimo ho 15 000. Ha e le hantle, boboleli ba bona bo etsoa ka masene. Ka kakaretso, ba tšoarela liboka tsa bona tsa Bokreste malapeng, ’me ba seli ha ba memela batho ba thahasellang libokeng tse joalo.
Morao tjena ’muso o bontšitse boikutlo ba ho ba bonolo ho Lipaki, tseo hona joale li etsang karolo e khōlō ea mosebetsi oa tsona kantle ho tšitiso e mabifi. Leha ho le joalo, lihlopha tse sa tšoaneng tsa bolumeli li sebelisitse tšusumetso ea tsona ho hlohlelletsa khathatso.
Motseng o mong mokhopi o halefileng oa batho ba 200 ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng o ile oa hoanta ho ea ntlong eo ho eona Lipaki tsa Jehova tse 50 li neng li tšoere seboka sa phutheho. Ba bang har’a mokhopi ba ne ba nkile majoe ’me ba ntse ba hooa mapetjo a bolumeli. Ho ne ho totobetse hore boikemisetso ba bona ke ho hlasela Lipaki le ho senya ntlo. Kamoo ho bonahalang kateng baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ile ba shebella ha ho tšoaroa liboka moo ka nako e itseng ’me ba emela motsotso o loketseng bakeng sa ho hlasela. Mokhopi o ne o se o le haufi le ho kena ntlong eo ha mapolesa a 15 a fihla ’me a laela letšoele leo hore le qhalane. Sena e bile se makatsang ho Lipaki, hobane ha ho le ea mong ho tsona ea neng a ile a ba le nako ea hore a bitse mapolesa.
Leha ho le joalo, liketsahalong tse ling, bahanyetsi ba ile ba atleha haholoanyane. Lipaki tse ’maloa li ile tsa tlisoa nyeoeng ’me tsa ahloleloa ho kena teronkong. Nyeoe e ’ngoe e ile ea lula e sa buuoe ka lilemo tse ’maloa, ’me kamoo ho bonahalang kateng bachochisi ba ne ba feletsoe ke thahasello ho eona. Leha ho le joalo, ka lebaka la tlhohlelletso ea baruti ba sebakeng seo, taba eo e ile ea boela ea tlisoa lekhotleng, ’me Paki ea ahloleloa ho kena teronkong.
Sebakeng se seng sehlopha sa Lipaki se ile sa kopana lapeng bakeng sa ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Hamorao mantsiboeeng ao mapolesa a ’maloa a ile a tšoara mong’a ntlo le moholo ea neng a tsamaisa seboka. Ha ba le seteisheneng sa mapolesa, ba ile ba shapuoa ka sehlōhō. Ba ile ba hlongoa lipotso ka tsela e mabifi ka lihora tse ’maloa. Paki e ’ngoe le eona e ile ea mamella ho hlokofatsoa ka ho koalloa ka selibeng sa metsi a batang.
Ke hobane’ng ha sepolesa se ile sa hlasela ka litsela tse joalo? Hape, sehlopha sa ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng, ka thuso ea baruti ba moo, se ne se tšehelitse liketso tse joalo tsa sepolesa. Hamorao mookameli oa sepolesa o ile a senola hore ho tšoara hoo ho ne ho ile ha etsoa kantle ho tumello ea hae. Ho ile ha kōpuoa tšoarelo, ’me ba ikarabellang ka ho shapa ba ile ba fumana khalemelo.
Ho pholletsa lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, esita leha li talimane le khanyetso e mabifi. Li latela keletso ea Jesu: “Bonang, ke le roma le le joalo ka linku har’a liphiri; ka baka leo, le be bohlale joalo ka linoha, ’me le be ba se nang mano joalo ka maebana-khoroana.”—Mattheu 10:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Abele e bile oa pele oa ho hlorisoa